Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 7/8 maq. 9-11
  • Basali—Na baa Hlomphuoa Mosebetsing?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Basali—Na baa Hlomphuoa Mosebetsing?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Banna Bao e Leng Bahatelli
  • Basali le Molao
  • Ho Hleka-hlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali—Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • Basali—Na baa Hlomphuoa ka Lapeng?
    Tsoha!—1992
  • Nka Sebetsana Joang le ho Hleka-hlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali?
    Tsoha!—2000
  • Basali—Na baa Hlomphuoa Kajeno?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 7/8 maq. 9-11

Basali—Na baa Hlomphuoa Mosebetsing?

“Banna ba bangata ebang ke masoha kapa ba lenyalong, ba talima basali joaloka lintho tse ka hlaseloang habonolo.”—Jenny, eo e neng e le mongoli litabeng tsa molao.

“Ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali le ho hlekefetsoa ha basali tikolohong ea sepetlele ke ntho e tsebahalang ka ho pharalletseng.”—Sarah, mooki ea koetlisitsoeng le ho ngolisoa ka molao.

“Nako le nako mosebetsing ke ne ke oka-okeloa ka lipontšo tsa boitšoaro bo bobe.”—Jean, mooki ea koetlisitsoeng le ho ngolisoa ka molao.

NA MAEMO ana ke mekhelo, kapa ke kobo-anela? Tsoha! e ile ea buisana le basali ba bangata ba nang le phihlelo mosebetsing. Na basebetsi-’moho le bona ba banna ba ne ba ba hlompha le ho ba tšoara ka tsela e ba fang seriti? Tsena ke tse ling tsa litlhaloso tsa bona:

Sarah, mooki ea tsoang New Jersey, U.S.A., ea nang le phihlelo ea lilemo tse robong lipetleleng tsa sesole tsa U.S. o re: “Ke hopola ha ke sa sebetsa San Antonio, Texas, ’me ho ile ha hlaha sekheo sa mosebetsi Lefapheng la Phekolo ea Liphio. Ke ile ka botsa sehlopha sa lingaka hore na ke eng seo ke lokelang ho se etsa hore ke fumane mosebetsi oo. E ’ngoe e ile ea araba ka ho bososela: ‘Robala le ngaka e ikarabellang.’ Ke ile ka re: ‘Tlas’a maemo ana ha ke batle mosebetsi oo.’ Empa ke kamoo ho reroang ka teng hore na u fumana mosebetsi le ho phahamisoa. Mosali o lokela ho inehela takatsong e matla ea monna oa mohatelli.

“Ka lekhetlo le leng ke ne ke sebetsa ka lefapheng la batho ba kulang haholo ke ntse ke lokisa lipeipi tse jesang mokuli ha ngaka e fihla e mphathatsa maraong. Ke ne ke halefile ’me ka tsoa ka kamoreng eo ho ikela ho e haufi. E ile ea ntšala morao ’me ea bua ntho e ’ngoe e hlohlontšang litsebe. Ke ile ka e otla hore e be e oele ka moqomong oa lithōle! Ke ile ka khutlela ho mokuli. Ha ho mohla e kileng ea ntlhekefetsa hape!”

Miriam, mosali ea nyetsoeng ea tsoang Egepeta eo pele a neng a etsa mosebetsi oa bongoli ofising Cairo, o hlalositse boemo ba basali ba sebetsang tikolohong ea Mamosleme Egepeta. “Basali ba apara ka tsela e hlomphehang haholoanyane ho feta lichabeng tsa ka Bophirimela. Ha kea ka ka bona ho hlekefetsoa [ha basali] ka likamano tsa botona le botšehali moo ke sebetsang teng. Empa ho na le tlhekefetso ea likamano tsa botona le botšehali tseleng ea Cairo ho isa bohōleng boo lekareche la pele la terene le boloketsoeng basali.”

Jean, mosali ea khutsitseng empa e le ea ikemiselitseng ea nang le phihlelo ea lilemo tse 20 joaloka mooki, o re: “Ke ile ka latela mokhoa o thata oa ho se laetsane le mang kapa mang mosebetsing. Empa ho hlekefetsoa hona ho ile ha tla ebang ke ne ke sebetsana le lingaka kapa bahlokomeli sepetlele. Kaofela ha bona ba ne ba nahana hore ba mphahametse ka kelello. Haeba rōna baoki re sa ‘sebelisane’ le bona litakatsong tsa bona tsa ho kopanela likamano tsa botona le botšehali, joale ba ke ke ba re thusa ha ho hlokahala hore re phahamisetse mokuli betheng le ho etsa mesebetsi e meng e kang eo.”

Jenny o sebelitse joaloka mongoli litabeng tsa molao ka lilemo tse supileng. O hlalosa seo a ileng a se bona ha a ntse a sebetsa le babuelli ba molao. “Banna ba bangata, ebang ke masoha kapa ba lenyalong, ba talima basali joaloka lintho tse ka hlaseloang habonolo. Boikutlo ba bona e ne e le hore: ‘Re sebelitse hore re be babuelli ba molao, ’me basali ke tokelo e ’ngoe ea rōna.’” Ho bonahala bopaki bo bontša hore litsebi tse ling le tsona li na le khopolo e tšoanang. Empa ke eng seo mosali a ka se etsang ho fokotsa ho hlekefetsoa hona?

Darlene, Moamerika oa motho e motšo ea sebetsang joaloka mongoli le mohlokomeli ntlong ea ho jela o re: “Ho ka hlaha liphoso haeba u hlōleha ho ipehela meeli ea boitšoaro. Haeba monna a qala ho u bapalisa, ’me le uena u mo bapalisa, joale habonolo feela lintho li tsoa taolong. Ka makhetlo a fapaneng ke ile ka lokela ho hlakisa boemo ba ka. Ke ile ka bua mantsoe a kang: ‘Nka ananela haholo haeba u ke ke ua bua le ’na ka mokhoa oo.’ Ka lekhetlo le leng nkile ka re: ‘Joaloka mosali ea nyetsoeng, ke khopisoa ke seo u se buang, ’me ke tšepa hore monna oa ka a ke ke a se ananela.’

“Ntlha ke hore, haeba u batla ho hlomphuoa, u lokela ho sebeletsa tlhompho. Ha ke bone kamoo mosali a ka fumanang tlhompho ka teng haeba a leka ho soasoa le banna ka mesoaso e mebe le e fanang ka maikutlo a likamano tsa botona le botšehali. Haeba u sa hlakise meeli mahareng a puo le boitšoaro tse amohelehang le tse sa amoheleheng, joale monna e mong o tla leka ho tšela moeli oo.”

Banna Bao e Leng Bahatelli

Connie, eo e leng mooki ea nang le phihlelo ea lilemo tse 14, o hlalosa mofuta o mong oa ho hlekefetsoa o ka hlahang ka tšohanyetso libakeng tse ngata tsa mesebetsi. “Ke ne ke sebetsa le ngaka mosebetsing o tloaelehileng oa ho kenya masela a mang a ho tlama maqeba. Ke ile ka latela mehato eohle ea litekanyetso tseo ke ithutileng tsona. Ke tseba sohle ka mokhoa oa ho boloka leqeba le masela a le tlamellang a hloekile le lintho tse ling. Empa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e sa loka ho ngaka eo. E ile ea nkhahlapetsa le ho nyelisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e etsang. Ntho ena ea ho nyenyefatsa basali e jele setsi. Banna ba bang ba na le bothata ba ho iphahamisa, ’me ho bonahala ba batla ho sebelisa matla ao ba nang le ’ona ho hatella basali bao ba sebetsang le bona.”

Sarah, ea qotsitsoeng pelenyana, o ile a eketsa phihlelo ea hae tabeng ena. “Ke ne ke lokisetsa hore motho a buuoe ha ke ne ke hlahloba matšoao a ho phela hantle ha mokuli. EKG ea hae [electrocardiogram] e ne e feto-fetoha hoo ke ileng ka tseba hore ha a boemong ba hore a ka buuoa. Ke ile ka etsa phoso ka ho hlokomelisa ngaka e buoang ka sena. E ne e halefile hampe ’me karabo ea eona e bile: ‘Baoki ba lokela ho hlokomela likotlolo tseo bakuli ba ithusetsang ho tsona eseng li-EKG.’ Kahoo ke ile ka hlokomelisa ngaka e khōlō e robatsang ka lithethefatsi, ’me ea bolela hore tlas’a maemo a joalo, sehlopha sa eona ke sona se tla sebelisana le ngaka e buoang. Joale ngaka eo e buoang e ile ea reteleha ’me ka ho makatsang ea bolella mosali oa monna eo hore ke molato ha e le mona monna oa hae a e-s’o buuoe! Boemong bo joalo mosali a ke ke a hlōla. Hobane’ng? Hobane u sokela boikutlo ba hae ba boiphamiso u sa hlokomele.”

Ka ho hlakileng, hangata basali baa hlekefetsoa le ho tšoaroa ka ho hloka tlhompho mosebetsing. Empa boemo ba bona ke bofe molaong?

Basali le Molao

Linaheng tse ling ho ile ha nka basali makholo a lilemo ho fumana boemo bo lekanang le ba banna tlas’a molao. Esita le moo molao o hlakisang ho lekana, hangata ho na le lekhalo le leholo le arolang se tsejoang le se etsoang.

Buka ea Machaba a Kopaneng The World’s Women—1970-1990 e re: “Boholo ba lekhalo lena [la leano la ’muso] le sebōpehong sa melao e hanelang basali hore ba lekane le banna litokelong tsa bona tsa ho ba le litša, ho alima chelete le ho ba le karolo likonterakeng.” Mosali e mong ea tsoang Uganda o itse: “Re tsoela pele ho ba batho ba tlaasana—e, ba tlaasana le ho feta hobane bara ba rōna ba re etelletse pele. Ka linako tse ling esita le lipokola le literekere li tšoaroa hamolemo ho re feta.”

Buka ea Khale haholo Men and Women e re: “Ka 1920, Molao oa bo19 o Lokisang Molao oa Motheo oa United States o ile oa tiisa hore basali ba na le tokelo ea ho khetha—e se e le nako e telele hoba ba fumane tokelo eo linaheng tse ngata tsa Europe. Empa litokelo tsa ho khetha ha lia ka tsa fanoa Brithani ho fihlela ka 1928 (le ho fihlela ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše Japane).” Bakeng sa ho etsa boipelaetso ba leeme la lipolotiki ho basali, mosali oa Brithani ea buellang litokelo tsa basali tsa ho khetha, Emily Wilding Davison, ka 1913 o ile a itihela kapel’a pere ea Morena, Derby ’me o ile a shoa. Ebile moshoela litokelo tsa basali.

’Nete ea hore ho ea bofelong ba 1990, Senate ea U.S. e ile ea nahana ka “Molao oa Pefo Khahlanong le Basali” e bontša hore sehlopha sa ketsa-melao se okametsoeng ke banna se ile sa lieha ho arabela litlhokong tsa basali.

Tlhaloso ena e khutšoanyane ea ho tšoara basali hampe lefatšeng ka bophara e lebisa potsong e reng: Na lintho li tla ke li fetohe? Ke eng se hlokahalang bakeng sa ho fetola boemo boo? Lihlooho tse peli tse latelang li tla tšohla lipotso tsena.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ke Bo-mang ba Sebetsang ka Thata ka ho Fetisisa?

“Basali ba etsa likarolo tse peli ho tse tharo tsa mosebetsi oa lefatše. Ke bona ba hlahisang karolo ea 60 ho isa ho 80 lekholong ea lijo tsa Afrika le Asia, le karolo ea 40 lekholong ea lijo tsa Latin America. Leha ho le joalo, ba fumana feela karolo ea leshome ea moputso oa lefatše ’me ba na le thepa e ka tlaase ho karolo e le ’ngoe lekholong ea thepa ea lefatše. Ba har’a mafutsana a futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng.”—May You Be the Mother of a Hundred Sons, e ngotsoeng ke Elisabeth Bumiller.

“’Nete ke hore [likarolong tse ling tsa lefatše] banana ba banyenyane ha ba kene sekolo hobane ha ho metsi a hloekileng bakeng sa ho nooa. . . . Ke ile ka bona banana ba hōlileng ba il’o kha metsi a nooang bohōle ba lik’hilomithara tse 20 ’me ka linako tse ling bohōle ba lik’hilomithara tse 30, ’me sena se nka letsatsi lohle. Nakong eo banana bana ba fihlang lilemong tse 14 kapa tse 15, . . . ha ho mohla ba kileng ba ea sekolong, ’me ha ho mohla ba kileng ba ithuta ntho leha e le efe.”—Jacques-Yves Cousteau, The Unesco Courier, November 1991.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha hoa lokela ho lumelloa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela