Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 8/8 maq. 5-7
  • Ke Hobane’ng ha Afrika e le Mahlomoleng a Makaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Afrika e le Mahlomoleng a Makaale?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seoa sa Boitšoaro bo Bobe ba Botona le Botšehali
  • Malapa a Qhalaneng
  • Mahlomola a Phekolo ea Bongaka
  • Batho ba se Nang Molato ba Utloang Bohloko
  • Ho Thusa ba Nang le AIDS
    Tsoha!—1994
  • Boemo ba AIDS bo Bobe Hakae Afrika?
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha AIDS e Atile Hakana?
    Tsoha!—1988
  • Lipalo-palo Tse Tšosang Tsa ba Tšoeroeng ke AIDS!
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 8/8 maq. 5-7

Ke Hobane’ng ha Afrika e le Mahlomoleng a Makaale?

JACOB ea lilemo li 42 ke monna ea kulang. O na le AIDS. Hape o tšoaelitse mosali oa hae AIDS. Jacob oa lumela: “Mosali oa ka oa tseba hore o e fumane ho ’na.”

Empa ho tlile joang hore Jacob a tšoaetsoe kokoana-hloko ee e bolaeang? Oa hlalosa: “Ke ne ke lula ke le mong Harare, ke ne ke khanna ho tloha Zambia ho haola le Zimbabwe, ho theosa ho ea Botswana le Swaziland. Mosali oa ka o ne a lula le bana ba rōna ba bane Manicaland [Zimbabwe]. ’Me rōna joaloka bakhanni, ho na le lintho tse ling tseo re li entseng tseo re neng re lokela hore ebe re bile hlokolosi haholoanyane ka tsona.”

Seoa sa Boitšoaro bo Bobe ba Botona le Botšehali

Kajeno seoa sa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ke sona sesosa se seholo sa AIDS Afrika. Mofuputsi oa AIDS, Dawn Mokhobo o hlalosa habonolo feela: “Ka kakaretso, melao ea likamano tsa botona le botšehali ha e sa sebetsa.” Makasine oa African Affairs o bolela hore “karolo e ka boroa ea Sahara e Afrika e bua haholo ka bohlokoa ba bana empa e bua ka ho fokolang ka bohlokoa ba lenyalo. Likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo, esita . . . le haeba li fella ka ho ima, ha li haneloe ka matla.” Ho latela Nature, mocha oo tšoaetso ena e o latelang o qala ka botekatse. Tlaleho eo e re: “Matekatse a basali a jala seoa sena ho basali ba bangata ba nang le molekane a le mong ka baka la banna ba kopanelang boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali le matekatse ana.”

Ke batho ba seng bakae ba ikemiselitseng ho fetola boitšoaro ba bona. Panos Document ha e bua ka AIDS Afrika e ile ea pheta phihlelo e latelang ea phuputso ea bongaka Zaire: “Mantsiboea a mang ha ke qeta ho hlahloba mali sebakeng sa mahae le lingaka tse ling tsa Zaire, li ile tsa intša le banana ba bang ba sebakeng seo. Li ile tsa robala le bona, ’me ke ngaka e le ’ngoe feela e ileng ea sebelisa condom.” Ha e botsa lingaka tse ling ka kotsi ea seo, “li ile tsa tšeha, ’me tsa bolela hore u ke ke oa khaotsa ho thabela bophelo hobane feela u tšaba hore u tla tšoaetsoa.” E, batho ba bangata ba nka ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le mang kapa mang e le “ho thabela bophelo”—boithabiso, monyaka.

Joaloka likarolong tse ngata tsa lefatše, bacha ke bona bao ka ho khethehileng ba nang le tšekamelo ea boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. Phuputso ea haufinyane e entsoeng har’a bacha ba 377 Afrika Boroa e senotse hore ba fetang karolo ea 75 lekholong ba se ba kile ba kopanela likamano tsa botona le botšehali. Ka ho tšoanang, moromuoa ea sebeletsang karolong e ka boroa ea Afrika o hlokometse hore ho ne ho e-na le “banana ba ’maloa ba lilemo li 15 ba neng ba e-s’o ime.” Oa phaella: “Ha u bona mocha oa lesoha, eo e leng moroetsana, ua nahana: ‘Selemong se tlang ka nako ena, e tla be e le moimana.’”

Leha ho le joalo, tabeng ea Afrika, ho boetse ho na le mabaka a mang a ileng a potlakisa ho jaleha ha AIDS.

Malapa a Qhalaneng

Makasine oa Africa South o re: “Hafeela lenane le leholo la banna ba leng lilemong tsa bo-20 le bo-30 ba ntse ba qobelloa ho sebetsa hōle le basali ba bona le malapa—ebang ke ho sebetsa lifekthering litoropong, merafong, masimong kapa ba ntse ba khanna literaka tse tsamaeang libaka tse telele—ho jaloa ha Aids ho tla tsoela pele ka matla.” Batho ba falletseng Afrika ba mamelletse bophelo bo thata. Ha e le mona ba arohane le basali ba bona le malapa, ba bangata ba thatafalloa ho fumana libaka tsa marobalo le mesebetsi litoropong. Ho latela makasine oa African Affairs, khatello ea ho leka ho itjara esita le ho phelisa lelapa koana hae e etsa hore mojaki a “ikutloe a ferekane ’me a bile a haelloa.” Makasine ona o phaella ka ho bolela hore hangata sena se khothalletsa mojaki ho “lahla boikarabelo ba hae ka ho felletseng.”

Ka ho khethehileng litsela tseo literaka li tsamaeang ho tsona li khethollotsoe e le mecha e kotsi ea ho jala AIDS. Mokhanni e mong oa teraka o hlalosa ka hore: “Ke tlameha ho tiiseha hore hohle moo ke eang teng ke tsamaea le kharebe e tla ntlhokomela.” Maemo a tlatsetsang hore AIDS e ate ke sebaka sa bolulo Afrika Bochabela moo matekatse a 600 a tsoelang pele ka khoebo ea oona. Bareki ba oona ba bangata ke bakhanni ba literaka ba tlang ho seo ba se bitsang khefu ea tee. Ho hakanngoa hore palo ea matekatse ana e tšoaetsang kokoana-hloko ea HIV e kaholimo ho karolo ea 80 lekholong. Ho ntse ho le joalo, bakhanni ba literaka ba tšoaelitsoeng ba fetela pele bakeng sa “khefu ea tee” e latelang ’me qetellong ba khutlela malapeng a bona—ba ntse ba jala lefu leo ba le jereng.

Joale ho na le ntoa ea baahi le qoebeshano ea lipolotiki—e leng maemo a etsang hore ho be le baphaphathehi ba limillione. Setsebi sa AIDS Alan Whiteside oa hlokomela: “Moo ho nang le ntoa ea lipolotiki le ea baahi, boitšoaro bo tloaelehileng ba sechaba boa senyeha. . . . Baphaphathehi ba ntseng ba falla ba ka tšoaetsa batho ba bang ba bangata ’me ho ka etsahala hore le bona ba be le balekane ba bangata ba likamano tsa botona le botšehali.”

Mahlomola a Phekolo ea Bongaka

Afrika e haelloang ke chelete e hlōleha ho sebetsana le mathata a eona litabeng tsa bongaka. Bukana e lekanang le makasine Understanding & Preventing AIDS ea hlalosa: “Linaheng tse ngata tsa Afrika chelete e lekanyelitsoeng bakeng sa ho hlokomela bophelo bo botle ba motho a le mong ka selemo e ka tlaase ho chelete e sebelisoang ho lefella tlhahlobo e le ’ngoe ea mali bakeng sa ho bona hore na a na le kokoana-hloko ea AIDS.” Ka ho tšoanang, Keith Edelston, mongoli oa buka AIDS—Countdown to Doomsday o hlalosa hore “esita le sesepa se sebelisoang bakeng sa ho bolaea likokoana-hloko tse leng ho lisebelisoa tsa phekolo kapa lik’hemik’hale tse tloaelehileng tse bolaeang likokoana-hloko bakeng sa ho hlatsoa litšila hangata ha li fumanehe.”

Tloaelo ea ho sebelisa lipeiti tse seng li sebelitse ho bakuli ba bangata linaheng tse ling tsa Afrika e ile ea susumelletsa Edelston ho hlokomelisa: “U be hlokolosi haholo haeba u hloka sepeiti . . . Afrika . . . U batle sepeiti se secha le nalete e ntšoang ka polasetiking e ntseng e koetsoe u ntse u shebile.”

Kotsi ea ho tšoaetsoa ka tsietsi e entse hore lenane la lingaka le fokotsehe. Lingaka tse peli sepetleleng sa Afrika Boroa li ile tsa hlajoa ke linalete ha li ntse li phekola bakuli ba AIDS. Li ile tsa tšoaetsoa ’me tsa shoa. Ka baka leo, lingaka tse tšeletseng tsa melata li ile sa itokolla mosebetsing sepetleleng seo.

Ha ho makatse hore tlas’a maemo a kang ana, batho ba talima tloaelo ea ho tšela mali e le e ’ngoe ea litloaelo tse jalang AIDS! South African Medical Journal ea phaella: “Mali a silafetseng e sa ntse e le sesosa se seholo sa ho jaleha ha lefu lena,” ’me e phaella ka hore “ha e le hantle, ho ntse ho se na mokhoa o sebelisoang bakeng sa ho hlahloba mali Afrika e bohareng ’me bonyane karolo ea 60 lekholong ea batho ba fanang ka mali ke ba tšoaelitsoeng.”

Kahoo, Afrika e se e ntse e hlasetsoe ke litlokotsi tse ngata, e boetse e mahlomoleng a maholo. ’Me har’a liphello tse bohloko ka ho fetisisa tsa seoa sa AIDS Afrika ke se etsahetseng ho basali le bana.

Batho ba se Nang Molato ba Utloang Bohloko

Lucy ke mohlaseluoa oa AIDS ea se nang molato. O ile a tšoaetsoa ke monna oa hae ea neng a kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Hona joale Lucy ke mohlolohali ea lilemo li 23 ’me o sa ntse a loana le maikutlo a hae. O re: “Ke sa ntse ke leka ho nahana hore na ke rate ho mo hopola kapa ke mo hloee ka baka la ho ntšoaetsa.” Maikutlo a Lucy ke mohlala oa bohloko bo tebileng boo AIDS e bo tlisetsang bahlaseluoa ba se nang molato.

Makasine The World Today o re: “Le hoja linaheng tse tsoelang pele moruong banna le basali ba tla tšoaetsoa ke kokoana-hloko ea HIV ka mokhoa o batlang o lekana, mohlomong ho basali phello e tla ba . . . bohloko haholoanyane.” Sena ke ’nete ka ho khethehileng Afrika moo basali ba leng boemong bo utloisang bohloko ka baka la ho se tsebe ho bala, bofutsana le ho tsamaea ha banna—moo ba leng mahlomoleng empa ho se seo ba ka se etsang.

Empa phello e bohloko ka ho fetisisa ea AIDS e baneng. UNICEF (United Nations Children’s Fund [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana]) o lekanyetsa hore basali ba limillione tse 2,9 ba tla bolaoa ke AIDS Afrika lilemong tsena tse leshome ’me bana ba ka bang limillione tse 5,5 e tla ba likhutsana. Mohlanka oa ’muso naheng e ’ngoe e nang le bonyane likhutsana tse 40 000 ka baka la AIDS o tlaleha hore “ho se ho na le metse . . . ea bana feela.”

Tlokotsi ena e bakoa ke bo-’mè ba tšoaetsang bana ba bona. Makasine oa South African Medical Journal o hlalosa hore “potso eo hangata bo-’mè bao litlhahlobo tsa mali li senolang hore ngoan’a bona o na le kokoana-hloko ea HIV ke e reng: ‘Ke mang ea tla shoa pele?’”

Ha ho makatse ha basali ba bangata ba ikutloa hore ba ka tšoaetsoa AIDS habonolo. Ngaka ea Zambia M. Phiri o re: “Basali ba tla mona ho tla botsa hore na ho na le moriana oo ba ka o noang bakeng sa ho itšireletsa khahlanong le bohloko bona . . . Ho na le tšabo ea hore le hoja ba ka itlhokomela, balekane ba bona, banna ba bona, mohlomong ha ba tšepahale. Sena se ba khathatsa haholo.”

Kahoo, ke eng seo motho ea nyetsoeng a ka se etsang haeba a hlokomela hore eena kapa molekane oa hae o ’nile a kopanela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali? Haeba ho lateloa tsela ea ho tšoarela le ho boelana lenyalong, molekane ea leng molato o lokela ho lumela hore ho etsoe litlhahlobo tsa bongaka ho bona hore ha a na kokoana-hloko ea HIV eo mohlomong e ipatileng. (Bapisa le Mattheu 19:9; 1 Ba-Korinthe 7:1-5.) Balekane ba talimaneng le boemo bo joalo ba ka etsa qeto ea ho se kopanele likamano tsa botona le botšehali kapa bonyane ba nke mehato ea ho itšireletsa mabapi le tšoaetso ho fihlela ba tseba sephetho sa litlhahlobo.

Kaha ho nka nako e telele pele kokoana-hloko ea AIDS e hlahella, bacha ba nahanang ka lenyalo ba lokela ho ba hlokolosi haholo pele ba itlama ho nyalana le motho eo pele a neng a sa itšoara hantle le hoja hona joale a phela ka litekanyetso tsa Bokreste. Mabapi le sehlopha sena se kotsing, setsebi sa Tanzania sa AIDS Dr. S. M. Tibangayuka o fana ka tlhahiso ea hore bacha ba hlokomele hore “ho etsoa litlhahlobo tse senolang hore ha ba na kokoana-hloko ea HIV pele ba nyalana.”

Hafeela ho ntse ho na le AIDS Afrika, ’me ha e le hantle lefatšeng lohle, bahlaseluoa ba se nang molato ho kopanyelletsa le banyalani le bana, ba tla utloa bohloko.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho na le mabaka a mangata a ho ata ha AIDS ka sekhahla se tšosang Afrika

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

WHO/E. Hooper

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela