Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 3/8 maq. 14-15
  • Lipalo-palo Tse Tšosang Tsa ba Tšoeroeng ke AIDS!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipalo-palo Tse Tšosang Tsa ba Tšoeroeng ke AIDS!
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Seoa se Bolaeang ka ho Fetisisa Historing ea Batho”
    Tsoha!—2002
  • Pheko ea AIDS—E Hlokoa ka Potlako!
    Tsoha!—2004
  • AIDS e ja Setsi Afrika
    Tsoha!—2002
  • Ke Hobane’ng ha Afrika e le Mahlomoleng a Makaale?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 3/8 maq. 14-15

Lipalo-palo Tse Tšosang Tsa ba Tšoeroeng ke AIDS!

Ka mongoli oa Tsoha! Afrika Boroa

THEMBEKA ke ngoanana ea lilemo li 12 ea lulang motseng oa mahaeng o Afrika e ka boroa. Batsoali ba hae ba bolauoe ke AIDS ’me o ile a tlameha ho sala a hlokomela bananyana babo ba bararo, ea nang le lilemo tse leshome, e mong tse tšeletseng ’me e mong tse ’nè. Motlalehi e mong oa litaba o itse: “Banana bana ha ho moo ba ka fumanang chelete ea ho iphelisa teng ’me ba itšetlehile ka ho feletseng ka mohau oa baahelani ba bona . . . ho fumana lofo ea bohobe le litapole tse seng kae.” Foto ea likhutsana tseo tse ’nè tsa banana e ile ea hlahisoa leqepheng le qalang la koranta ea Afrika Boroa e neng e tlaleha litaba tsa Seboka sa bo13 sa Machaba sa Aids, se neng se tšoaretsoe Durban, Afrika Boroa, ka July 2000.

Likhutsana tse limilione tse bakiloeng ke AIDS li tobane le boemo bo tšoanang le ba Thembeka le banab’abo ba bararo. Seboka seo se ile sa tšohla mekhoa ea ho sebetsana le maqakabetsi a eketsehang a AIDS, e kang thuto ea ho thibela AIDS ka ho sebelisa li-condom, ho sebelisa meriana e sa jeng chelete e ngata haholo ea AIDS eo hona joale e seng e fumaneha; hammoho le ho ba le matlōle a eketsehileng bakeng sa hore ho hlahisoe ente ea AIDS. Ho ile ha boela ha tšohloa taba ea hore basali ba pepesehetse ho tšoaroa ke AIDS, haholo-holo banana ba banyenyane.

Ka masoabi, likhutsana tse ngata tsa AIDS li batloa ke banna ba lumelang hore ho kopanela liphate le moroetsana ho tla folisa mafu a tšoaetsanoang ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali. Ho feta moo, banna ba bangata ba ke ke ba nyala ngoanana ntle le hore a be le ngoana pele. Ka hona, ho sebelisa condom ho talingoa e le ho ka sitisang motho ho nyaloa haesita le ho ba ’mè.

Ka bomalimabe, banana ba bangata ha ba tsebe ka likotsi tsa AIDS. Koranta ea Afrika Boroa e bitsoang Sowetan e ile ea bua tjena ka tlaleho e neng e lokolotsoe sebokeng ke ba Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana (UNICEF [United Nations Children’s Fund]): “Patlisiso e entsoeng ke Unicef e fumane hore ba etsang karolo ea 51 lekholong ho banana ba lilemo li 15 ho ea ho tse 19 Afrika Boroa ba ne ba sa tsebe hore motho ea shebahalang a shahlile hantle e ka ’na eaba o tšoaelitsoe HIV ’me a ka ba tšoaetsa eona.”

Lebaka le leng le hasanyang AIDS ke tlhekefetso ea basali tabeng ea ho kopanela liphate. Ranjeni Munusamy ea neng a le teng sebokeng seo o ile a tlaleha tjena ho Sunday Times ea Johannesburg, Afrika Boroa: “Mabifi a lebisoang ho basali, e leng mokhoa o mobe ka ho fetisisa oa ho bontša matla a bonna, a sala e le ’ona a ka sehloohong a thibelang ho itšireletsa le ho itlhokomela khahlanong le HIV. Mekhoa e mengata eo a bontšoang ka eona—peto, ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi, ho otloa ha basali le ho hlekahlekoa ka ho kopanela liphate—e bolela hore hangata ho kopanela liphate ho etsoa ka likhoka, hoo ka bohona e leng kotsi e pepesetsang motho ho tšoaetsoa HIV.”

Lipalo-palo tse lokolotsoeng sebokeng seo li ne li tšosa, joalokaha chate e tsamaeang le sehlooho sena e bontša. Ho hakanngoa hore letsatsi le leng le le leng bacha ba 7 000 le masea a 1 000 ba tšoaetsoa HIV. Ka selemo sa 1999 feela, bana ba ka bang 860 000 ba Afrika e ka boroa ho Sahara ba ile ba lahleheloa ke matichere a bona ka lebaka la AIDS.

Ho latela Medical Research Council of South Africa, batho ba limilione tse 4,2 Afrika Boroa ba na le tšoaetso ea HIV, e leng motho a le mong ho baahi ba bang le ba bang ba 10. Maemo linaheng tsa boahelani a mabe le ho feta. The Natal Witness e tlalehile ka khakanyo e fanoeng ke U.S. Census Bureau: “Palo ea baahi ba linaheng tse ling tsa Afrika tse hlasetsoeng ke Aids haufinyane e tla qala ho fokotseha ha ba limilione ba bolaoa ke lefu lena, ’me bofelong ba lilemo tse leshome ho tloha hona joale, nako e lebeletsoeng ea ho phela ha motho e tla be e theohetse lilemong tse ka bang 30.”

Tlokotsi ena ea AIDS ke bopaki bo eketsehileng ba hore moloko oa batho o phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ tseo Bibele e boletseng esale pele hore li ne li tla hlaha “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) Barati ba Lentsoe la Molimo, Bibele, ba lebeletse tharollo e feletseng le ea ka ho sa feleng bakeng sa AIDS hammoho le mathata a mang a oetseng moloko oa batho. Haufinyane, ’Muso oa Molimo o tla laola lintho lefatšeng. Lefatšeng le lecha la ho loka, bofutsana le khatello e tla ba lintho tsa nakong e fetileng. (Pesaleme ea 72:12-14; 2 Petrose 3:13) Ho e-na le hoo, baahi ba lefatše ba tla boela ba fumane bophelo bo phethahetseng, ’me ha ho le ea mong oa bona ea tla ke a re: “Kea kula.”—Esaia 33:24.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Lefatšeng ka bophara, ho na le likhutsana tse bakiloeng ke AIDS tse ka bang 13 000 000

[Chate/’Mapa o leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

PALO EA BATHO BA BAHOLO (BA LILEMO TSE 15 ho ea ho tse 49) BA NANG LE HIV/AIDS, BOFELONG BA 1999

America Leboea 890 000

Caribbean 350 000

Latin America 1 200 000

Europe Bophirimela 520 000

Europe Bochabela le Bohareng 410 000

Afrika Leboea le Bochabela bo Hare 210 000

Afrika e ka Boroa ho Sahara 23 400 000

Asia Boroa le Boroa-bochabela 5 400 000

Asia Bochabela le Pacific 530 000

Australia le New Zealand 15 000

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Source: UNAIDS

[Krafo/Setšoantšo se leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

KAROLO EA BATHO BA BAHOLO LEKHOLONG (BA LILEMO TSE 15 ho ea ho tse 49) BA NANG LE HIV/AIDS LINAHENG TSE 16 TSA AFRIKA, BOFELONG BA 1999

1 Botswana 35,8%

2 Swaziland 25,2

3 Zimbabwe 25,0

4 Lesotho 23,5

5 Zambia 20,0

6 Afrika Boroa 20,0

7 Namibia 19,5

8 Malawi 16,0

9 Kenya 14,0

10 C.A.R. 14,0

11 Mozambique 13,2

12 Djibouti 11,7

13 Burundi 11,3

14 Rwanda 11,2

15 Côte d’Ivoire 10,7

16 Ethiopia 10,6

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Source: UNAIDS

[Setšoantšo]

Thembeka le banab’abo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo: Brett Eloff

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela