AIDS Afrika—Temoso ho Lefatše!
“HAEBA u ba le moratuoa a le mong ka selemo ka lilemo tse tšeletseng, ’me baratuoa ba hao le bona ba etsa joalo, qetellong u tla be u kopanetse likamano tsa botona le botšehali le batho ba 45 000.” Khakanyo ena e bonolo e entsoe ke Dr. K. E. Sapire, ea qotsitsoeng makasineng oa Afrika Boroa Continuing Medical Education e bontša monyetla o moholohali oa ho tšoaetsoa AIDS o leng teng ho batho ba kopanelang boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.
Ke hobane’ng ha sena se tobisitsoe Afrika ka ho khethehileng?
Hobane se etsahalang mona ke temoso ho lefatše. Afrika ha se sona feela sebaka seo boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo jeleng setsi. Ke bothata ba lefatše lohle. Setsebi sa AIDS Dr. Dennis Sifris o re: “Qetellong, motho e mong le e mong ea kopanelang likamano tsa botona le botšehali lefatšeng ea nang le balekane ba fetang a le mong o kotsing.” Ka ho tšoanang, ho latela makasine oa U.S.News & World Report, o re ho latela litekanyetso tsa kajeno, esita le “lenyalo hase tiiso ea hore motho o tla kopanela likamano tsa botona le botšehali le molekane a le mong feela—kapa ea hore o tla tšepahala ho eena—’me kahoo ha ho na tšireletso e phethahetseng khahlanong le AIDS.”
Kahoo, ka mabaka a utloahalang, makasine oa African Affairs oa hlokomelisa: “Seoa sena se ka boela sa hlahella libakeng tse ling.” Sena sohle se bontša hore tlokotsi ea Afrika e tla hlaha le libakeng tse ling tse ngata tsa lefatše.
Ka mohlala, makasine oa Newsweek o tlaleha hore Brazil “manane a batho ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali le balekane ba bangata a fumane AIDS ho baratuoa ba bona ba tšoaelitsoeng.” Lefapha la bophelo bo botle la naha eo le hakanya hore batho ba ka bang halofo ea millione ba se ba na le kokoana-hloko ea HIV. Dr. Carlos Alberto Morais de Sá, motsamaisi oa liphuputso tsa AIDS Sepetleleng sa Univesithi sa Rio de Janeiro Gaffrée e Guinle o re: “Haeba ho se letho le etsoang, re tla talimana le tlokotsi ea bophelo bo botle ba sechaba.”
United States le eona ea sokeloa. Makasine oa Time oa tlaleha: “Le hoja lenane la liketsahalo tsa batho ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali le balekane ba bangata le le lenyenyane ha ho bapisoa, selemong se fetileng [1990], ka potlako le ile la nyolohela ho karolo ea 40 lekholong kapele ho feta karolo leha e le efe.” Beke ka mor’a hore ho senoloe hore semathi se tsebahalang Magic Johnson se ne se tšoaelitsoe AIDS ka baka la ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le balekane ba bangata, melaetsa ea thelefono ea batho ba khathatsehileng e ne e kena ka bongata lefapheng la bongaka bakeng sa ho kōpa boitsebiso bo eketsehileng ka bohloko bona.
Asia maemo a bontša ho atamela ha tlokotsi. Karolo eo ea lefatše e latsoitse keketseho ea kokoana-hloko ea HIV e neng e batla e le sieo ka 1988 empa e le ka holim’a millione kajeno! Dr. Jim McDermott ka mor’a phuputso e hlokang leeme Asia, o ile a tlaleha hore: “Tekanyo ea tšoaetso Afrika e bonahala e le e itekanetseng ha ho bapisoa.” O phaella ka ho re: “Ke kholisehile hore Asia e tla ba eona sebaka se seholohali sa bahlaseluoa koluoeng ea Aids lefatšeng ka bophara.”
Ho leka ho beha kontinente kapa morabe leha e le ofe molato bakeng sa tšimoloho ea AIDS le ho jaleha ha eona ha ho na molemo. Ho joalokaha hlooho ea Sekolo sa Bophelo bo Botle Univesiting ea Michigan, U.S.A., Dr. June Osborn, a hlalosa ka ho tobileng feela: “Habohlokoa ha se hore na u mang empa ke hore na u etsa eng.”
Na AIDS e tla tsoela pele ka tšenyo ea eona hohle? Na ho na le tharollo kapa na qetellong AIDS e tla fokotsa palo ea baahi likarolong tse khōlō tsa kontinente ea Afrika le likarolo tse ling tsa lefatše?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
WHO photo by H. Anenden; background: NASA photo