Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 10/8 maq. 8-9
  • Kamoo ba Bang ba Ithutileng ho Hlōla Maikutlo A Fosahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo ba Bang ba Ithutileng ho Hlōla Maikutlo A Fosahetseng
  • Tsoha!—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo A Fosahetseng—Na u ka a Hlōla?
    Tsoha!—1992
  • Maikutlo A Fosahetseng—A ka Hlōloa Joang?
    Tsoha!—1992
  • U ka Laola Maikutlo a Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Nka Laola Maikutlo a ka Joang?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 10/8 maq. 8-9

Kamoo ba Bang ba Ithutileng ho Hlōla Maikutlo A Fosahetseng

KA LINAKO tse ling motho e mong le e mong o ba le maikutlo a fosahetseng. Ka baka la mathata a matla, a joaloka ho kula ho tebileng, botsofali, kapa lefu la baratuoa, batho ba bang ba ka ba le maikutlo a fosahetseng a tebileng a ka amang bophelo ba bona hampe.

Leha ho le joalo, esita le har’a batho bao maikutlo a fosahetseng a tebileng ka ho bona, ho na le ba ithutileng ho laola maikutlo ana e le hore ba ka tsoela pele ho etsa mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi hamolemo. Mehlala e latelang ke ea batho ba joalo, joalokaha makasine oa Tsoha! o ile oa buisana le bona.

Janis o ntse a phekoloa lefu le amang maikutlo a hae. Leha ho le joalo, Oa bolela: “Ke ile ka hlokomela hore tsela e molemo haholo ea ho sebetsana ka katleho le bothata bona ke ho laola mehopolo ea ka. Ke etsa sena ka ho etsetsa ba bang lintho tse kang likuku le ho ba rokela lintho tse itseng. Hape ke etsa boiteko bo khethehileng ba ho nahana ka mehopolo e thabisang ka linako tsohle le liketsahalo tsa nakong e tlang tseo ke li lebelletseng ka thahasello. Ka baka la ho kula ha ka, lintho tsena kaofela ha li bonolo. Ka linako tse ling ho ne ho ka ba bonolo haholoanyane ho inehela le ho ba le maikutlo a fosahetseng. Empa liphello tse molemo li lokeloa ke boiteko.”

Ka mor’a lilemo tse 45 a kene lenyalong, monna oa Ethel o ile a shoa. Le hoja a sa ka a qoba ho utloa bohloko, Ethel o khona ho laola maikutlo a hae. Oa hlalosa: “Ke lula ke tšoarehile ke etsetsa ba bang lintho tse itseng. Ka mohlala, ke thabela ho ruta ba bang ka merero ea Molimo joalokaha e fumanoa ka Bibeleng. Mosali e mong e mocha o ne a thabetse lintho tse molemo tseo a neng a ithuta tsona haholo hoo kananelo ea hae e ileng ea nthusa hore ke nyakalle haholoanyane. Ha ke ntse ke tsitsisa mohopolo oa ka linthong tse nepahetseng tse ka Bibeleng e le hore nka li ruta batho ba bang, sena se nthusa hore ke leleke mehopolo e mebe ka kelellong ea ka. Hape, basali ba bacha ho mpheta ba tla ho ’na hore ke ba thuse ka mathata a fapaneng, ’me ho buisana le bona ka lintho tse nepahetseng tseo ba ka li etsang bophelong ba bona le hona ho nthusa hore ke hlōle maikutlo a fosahetseng.”

Arthur o ile a phathahana le ho ba mafolo-folo ka lilemo tse ngata. Joale, ka baka la ho kula ho tebileng, o ile a tlameha ho khaotsa ho sebetsa mosebetsi oa boipheliso le ho lekanyetsa mesebetsi eo a neng a e etsa ka ntle ho lelapa. Arthur o ile a ikutloa a tepelletse maikutlo a bile a se na thuso ka likhoeli tse ngata. O ile a sebetsana le maikutlo aa joang? “Ke ile ka khaotsa ho lula ke nahana ka lintho tseo ke neng ke se ke sa khone ho li etsa. Ho e-na le hoo, ke ile ka tsepamisa monahano oa ka linthong tseo nka li etsang ho thusa batho ba bang hore ba intlafatse le ho ba khothatsa ha ba tepelletse maikutlo. Ka baka la ho koalloa lapeng la ka, ke sebelisa thelefono haholo. Ha ke ntse ke phathahane tabeng ea ho thusa le ho khothatsa ba bang, ke bile le nako e nyenyane ea ho ikutloela bohloko.”

Ka mor’a letoto la likoluoa, tse akarelletsang lefu la monna oa hae, Nita ka ho utloahalang o ile a ba le masoabi a maholo le ho tepella maikutlo ho matla. Ha nako e ntse e feta o ile a ithuta ho laola maikutlo ao: “Ha maikutlo a ho soaba a nkaparela, ke batla tsela e molemo ea ho a ntša. Ke iqobella ho tsamaea ka morero oa ho otlolla maoto, ho letsetsa motsoalle ea mosa, ho mamela ’mino, kapa ho etsa ntho leha e le efe eo ke nang le phihlelo ea hore e tla felisa ho tepella maikutlo. Ke leka ho itšoara ka tsela e bontšang mohau hantle feela joalokaha ke ne nka tšoara motsoalle ea molemo.”

Mary o bile le mathata a matla a ho kula ka lilemo tse 32. Ka baka la ho ba setulong sa batho ba holofetseng ka linako tsohle, o tloha hae ha a ea ngakeng feela. Ke joang Mary a qobang ho ferekanngoa ke ho nyahama? Oa hlalosa: “Monna oa ka o ile a ntšehetsa haholo. Hape, ke atisa ho bala libuka tse hahang. Ke letsetsa metsoalle ea ka joalo-joalo, ’me hangata ke etsa boiteko ba ho ba memela lapeng la ka. Ke thabela ketelo ea bona ’me ha ke sebelise menyetla eo bakeng sa ho belaela kapa ho ikutloela bohloko. Ha ke lule ke ntse ke nahana ka lintho tse seng molemo bophelong ba ka hobane ke na le lintho tse ngata tse nepahetseng tse ntsoelang molemo.”

Ka tlhaho Margaret ke motho ea nahanang lintho tse molemo. O re: “Ha maikutlo a fosahetseng a hlahella, ke ea ho motho ea nahanang lintho tse nepahetseng—eseng ea nang le likhopolo—empa motho ea ntsebang hantle le ea tla nkhopotsa lintho tseo ke ileng ka atleha ho li etsa le ho nkhothatsa.”

Rose Marie o ile a buuoa ka makhetlo a mahlano ho theosa le lilemo, ’me eena le monna oa hae ba ile ba shoelloa ke bah’abo bona ba supileng haufinyane ka nako e ka etsang selemo le halofo. Ruri, khatello ea maemo ana e ile ea hlahisa maikutlo a fosahetseng. Leha ho le joalo, ha ba nahane lintho tseo ka linako tsohle. Kaha ke Lipaki tsa Jehova, ba tšehelitsoe ke tšepo e molemo le e tšelisang eo Bibele e fanang ka eona ea lefatše le lecha la ho loka le haufi moo Molimo a “tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” Esita le bafu ba tla tsosoa, hobane joalokaha Jesu a boletse, “nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa [lentsoe la Mor’a Molimo]; ’me ba tla tsoa ho ’ona.”—Tšenolo 21:4; Johanne 5:28, 29.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Janis o laola maikutlo a hae ka ho etsetsa ba bang lintho, ho nahana ka mehopolo e thabisang ka linako tsohle le ho lebella liketsahalo tsa nakong e tlang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela