U ka Laola Maikutlo a Hao Joang?
BA BANGATA kajeno ba chachehela ho susumetseha maikutlong. Ba itšusumetsa ka ho khanna ka lebelo, lipapali tse kotsi, ho kopanela liphate hoo e seng hoa molao le ka lithethefatsi tse susumetsang. Bonneteng, lefatše lena la khoebo le boithabiso le hatisa hore ho’a hlokahala ho ba le liphihlelo tsa maikutlo. Ka hona, ba bangata ha ba khone ho mamella khotso le khutso, ba ikutloa hore ba tlameha ho fumana maikutlo a bona a hlasimolohile haholoanyane bophelong.
Ke ’nete hore kaofela re na le maikutlo. Ka mohlala, ha re bososela, re tšeha, kapa re lla, re bontša hore na maikutlo a rōna ke afe ka motsotso oo. Empa na u ne u tseba hore maikutlo a ka ama ’mele oa hao, joaloka ho fetola phallo ea mali, ho otla hoa pelo le ho fufuleloa? A ka boetse a baka le bohloko ba ’mele, joaloka hlooho e opang, mala a bohloko le mathata a mokokotlo. Ka hona, hangata batho ba batla maikutlo a monate ’me ba qoba a mabe. Batho ba bang ba leka ho qoba a mabe ka ho lora ba ntse ba shebile le ka ho ja le ho noa ho tlolisang. Ka lehlakoreng le leng, maikutlo a tsitsitseng a eketsa boiketlo. Liproverbia 14:30 e re: ‘Telo e tšoeu [“bonolo,” NW] e phelisa ’mele oa motho.”
Ka ho thabisang, Lentsoe la Molimo le bolela mefuta eohle ea maikutlo a motho, a kang lerato, lehloeo, thabo, bohloko, sebete le tšabo. U ka ’na ua hopola hore ka nako e ’ngoe ‘Jesu o ile a lla,’ a bontša boikutlo ba hae ka lefu la motsoalle. (Johanne 11:35) Josefa a loanela ho thiba menyepetsi “hobane pelo ea hae e ne e hlomohela moen’ae,” eo a neng a sa ka a ’mona ka lilemo.—Genese 43:30.
Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Laola Maikutlo a Hao?
Kaha re phela “mehleng ea khatello” ’me ha rea phethahala, maikutlo a mangata a mabe a nanarela bophelo ba rōna ho feta a matle. (2 Timothea 3:1-5, Revised Standard) Joalokaha Bibele e bolela, “hloriso [“khatello,”NW] e ee e hlantše ea hlalefileng.” (Moeklesia 7:7) Ka hona haeba re sa leke ho laola maikutlo a sa lakatseheng, re ka senya likamano tsa rōna le malapa a rōna, bao re kenang sekolo le bona, bao re sebetsang le bona le metsoalle ea rōna ea Bakreste.
Ka tlhaho, kaofela re angoa maikutlong ke seo Bibele e se bitsang “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11, NW) Ka mohlala, banyalani, ba neng ba le tšebeletsong ea nako e tletseng, ba ile ba fumana hore ba utsoelitsoe boholo ba thepa ea bona ha ba khutlela phaposing ea bona. Sena sa ba hlonamisa, hoo ba ileng ba ikutloa ba kula. Ho ile hoa ba nka matsatsi a seng makae ho boetse ba khona ho laola maikutlo a bona. Hang ha ba hlaphohetsoe, ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa “ho tšelisa ba llang.”—Esaia 61:2.
Kapa mohlomong u tseba batho ba itumellang hore maikutlo a bona a susumetsoe ke lipale tse tsoelang pele tsa TV kapa tsa seea-le-moea. Ba itšoantša le libapali tseno tsa tsona hoo ba beng ba llisoe ke tšōmo eo e se nang taba. Nahana hape ka taba ea mosali ea sa nyaloang ea phelang a le mong. Ka bosiu bo bong a qala ho shebella baesekopo e tšosang. Le hoja “a ne a tšohetse lefu,” o ne a sitoa ho emisa ho e shebella. Kamor’a moo a thatafalloa ke ho robala. Ha a qetella a ile le boroko bo hlobaetsang, u ka inahanela seo a ileng a se lora: lithotsela tseo ho nahanoang hore bosiu li tsoha ho ea noa mali a batho ba robetseng le lintho tse tšabehang. Taba ke hore: Re angoa maikutlo ke lintho tse etsahalang moo re leng teng. Ka hona, ruri re tlameha ho ba ba khethang, re qoba lintho tse kotsi kapa tse tšoenyang botsitso ba maikutlo a rōna ka mokhoa o sa hlokahaleng.
Ho Hatisa Maikutlo a Bohlokoa
Ka lehlakoreng le leng, Lentsoe la Molimo le buella hore re “be ba itekanetseng mekhoeng,” ba sebelisang ‘likelello tsa rōna.’ (Tite 2:2, NW; Ba-Roma 12:1, NW) Hoo ha ho bolele hore re tšoanela ho ithiba hoo re sulafalloang ke bophelo. Maikutlo a laoloang ka nepo a natefisa bophelo. Ka mohlala, Bibele e re: “Ha ho molemo o fetang oa hore motho a thabele mesebetsi ea hae.”—Moeklesia 3:22.
Ka lebaka leo, ho etsa hore bophelo e be bo thabisang ka ’nete, re ka ithuta ho hlaolela maikutlo a matle. Sena, ho e-na le menahano e mebe, se ka re thusa ho “chesehela ho etsa se molemo.” (Tite 2:14, New International Version) Maikutlo a tiileng, a hloekileng, a matlafatsa boikemisetso le phehello e le hore ho ka finyelloa se molemo. Ke ’nete hore Bakreste ba’a tseba hore ha ba phethe lintho tšebeletsong ea Molimo ka lebaka la monahano o motle feela. Ho e-na le hoo, ba hlokomela tlhokahalo ea ho itšetleha ka ho feletseng ka moea oa Jehova e le hore ba ka tobana le bokamoso. (Luka 11:13; Liproverbia 19:21) E be joale re ka laola maikutlo a rōna ’me ra phahamisa a tla re tsoela molemo joang?
“Le se ke la Ipelaetsa”
Ka lebaka la liphello tsa oona tse kotsi, maikutlo a kang bohale, mōna, lehloeo le tšabo a tšoaneloa ho laoloa. Ho bontša kamoo re ka etsang sena, nahana ka boikutlo bo le bong feela: pelaelo.
Nakong e fetileng matla a Molimo a sebetsang a matlafalitse bahlanka ba oona ba pelo li ratang le ba tšepahalang, joalokaha a etsa kajeno. A tataisoa ke moea o halalelang, Jesu a boloka pono e ntle ka ho thahasella ka matla litaba tsa moea. O khothallelitse balateli ba hae hore ba ‘se ke ba ipelaetsa.’ (Luka 12:29) Le kamohla o ne a sa belaelle tlhokomelo ea Ntate oa hae e lerato. (Johanne 15:9, 10) Cheseho le thahasello tsa hae tse khōlō ha li ea ka tsa thibeloa ke bolutu le pherekano. Ka mokhoa o tšoanang, haeba le uena u batla ho laola pelaelo e tlotseng, tlatsa kelello ea hao ka ‘lintho tse rorisehang.’ (Ba-Filippi 4:8, TLP) E, kholiseho ho Jehova e ka falatsa mehopolo e mebe.
Ka mohlala, ngoanana e monyenyane ea holofetseng oa São Paulo, Brazil, a ngongorehisoa ke khaello ea hae ea litsebo le ke bokamoso ba hae. O ne a hlokomela bana ba banyenyane lapeng ha batsoali ba hae ba sebetsa. A ikutloa a se na thuso, a ngola: “Ke tšohile hore ke tla qetella ke hlanya, ke etsa ntho e se nang kelello. Ke bile ka nahana le ho ipolaea. Ke ikutloa hore le ka mohla nke ke ka khona ho nyaloa.” Kamor’a ho fumana lengolo le neng le mo khothalletsa ho eketsa thuto ea hae ea Bibele, o ngotse: “Ke ile ka qala ho ikutloa hore qetellong ho na le motho ea neng a thahasella ho hlophisa mathata a ka. Le mpontšitse kamoo e leng hoa bohlokoa kateng ho phela tsamaisong e ncha ea Jehova.” Ka hona, ho e-na le ho ngongoreha feela, ke hobane’ng ha u sa ipeele lipakane tse hlakileng, haholo-holo tsa moea, joaloka ho etsa ho hongata ho haseng litaba tse molemo tsa ’Muso kapa ho qeta nako e ngata u ithuta Lentsoe la Molimo?
Ke ’nete, khatholoho ea nakoana e ka ’na ea tlisoa ke ho phomola, ho otlolla maoto, ho fetola kemiso kapa sebaka, kapa ho mamela ’mino o thobang. Leha ho le joalo, ho itšetlehile ka lintho tseo re li rutiloeng kapa tseo re fetileng har’a tsona, re ka ’na ra ba ba sekametseng mehopolong e mebe le lipelaelong. Ka lebaka lena, bohlale le boikemisetso bo matla ha li ea lekana ho hlahisa khotso ea kelello kapa ho lebisa motho mohaung oa Molimo. Re tšoanela ho ithuta ho ‘lahlela lipelaelo tsohle tsa rōna holim’a oona [“Jehova,” NW].’ Re ka etsa sena ‘hobane o’a re hlokomela.’—1 Petrose 5:7.
Thahasello ea Molimo ea Botho ho Uena
’Mōpi ha aa ka a rera hore bohle ba tšoane ’me ba itšoare ka tsela e tšoanang. Ka Bibeleng, o fane ka melao-metheo e tataisang e tšoanelehang le e lekaneng bakeng sa bohle. O boetse o re file mehlala e hlakileng ea kamoo a bontšang thahasello ea hae ea botho boiketlong ba bahlanka ba hae. “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng . . . Mahlomola a ea lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntša ho ’ona kaofela.” (Pesaleme ea 34:18, 19) Ha e le hantle, Jehova o tseba maikutlo a rōna a kahare-hare, esita le lintho tse re khathatsang le meokho ea rōna. Pesaleme ea 56:8 e ho bontša ka tsela ena: “U bokelle meokho ea ka lekukeng la hao. Ha ke re, e ngoliloe bukeng ea hao na?” Ka hona, ha re hloka haholo, esita leha re le ‘bafumanehi le basenyehi,’ Jehova e ka ba ‘thuso ea rōna le mopholosi oa rōna.’ (Pesaleme ea 40:17) Empa feela ho hlile ho batloa eng ho uena ho fumana thuso ena?
Kananelo ea makhabane a ipabotseng a Molimo, “mehauhelo” ea hae, e re thusa ho qoba ho inahana ka borōna ka mokhoa o tlōlisang. (2 Ba-Korinthe 1:3, 4) Ka boikhabi re ke ke ra latela maikutlo a rōna ka bofofu hobane pelo ea motho e ka ba “mano,” ea lebisa liketsong tse bothoto, esita le likamanong tse se nang boitšoaro. (Jeremia 17:9) Ka mohlala, mosali ea nyetsoeng oa Latin Amerika a khahloa ke monna ea hahileng haufi le eena. A susumelitsoe ke maikutlo a hae, aa lokafatsa ka takatso ea hae ea ho mo “thusa.” Ka lehlohonolo, a batla keletso ea moea Bakresteng ba hōlileng. Ka kananelo e phahamisitsoeng ea makhabane a Molimo, a emisa kamano eo. Hona joale ka thabo o re: “Lenyalo la ka le ile la bolokoa.” Ruri, bohle re etsa hantle ha re hlaolela taba-tabelo ea ho rutoa ke Jehova le ho atamela ho eena.—Pesaleme ea 19:7-11.
Tumelo e matla, eo e leng, tebello e kholisehileng le tšepo e tiileng, li kolekela boikutlong bo botle, athe ho se tsebe ho susumetsa pelaelo le tšabo. (Ba-Heberu 11:6) Bonneteng, monahano o mobe kapa lipelaelo li ka re hlōlisa moo re neng re tla atleha. Khaello ea tumelo e bontša hore ho’a hlokahala ho haha tšepo e eketsehileng matleng a Molimo a ho nka bohato. (1 Johanne 5:10) Ke hoa bohlokoa hakaakang hee, ho itšetleha ka Molimo, re sa phetse ho rapella thuso ea ho laola maikutlo a rōna!—Jakobo 1:5.
Boitaolo le mosa, le tsona ke makhabane ao re tšoanelang ho a hlaolela e le hore re ka ba le likamano tse molemo le ba bang. “Ea pelo e ikhutselitseng o na le kutloisiso,” o laola maikutlo a hae. (Liproverbia 17:27) Ntle le mona, moapostola Pauluse o ngotse: “Mosa oa lōna o tsejoe ke batho bohle,” kahoo o kolekele bophelong bo hlophehileng le bo tletseng khotso.—Ba-Filippi 4:5.
Lerato ho ba bang le phahamisa maikutlo a thabisang ka ho fetisisa, le labalabela ho khothatsa ba bang le ho ba etsa hore ba ikutloe ba lokolohile. “Tloaelanang hamonate ka lerato la boena; le ’ne le beane pele ka hlomphano.” “Lerato lea mamella ’me le mosa; ha le mōna leha e le ho ikhantša kapa ho ikhohomosa; lerato ha le itšoare hampe kapa ho ipatlela tsa lona kapa ho halefa; lerato ha le boloke tlaleho ea liphoso.”—Ba-Roma 12:10; 1 Ba-Korinthe 13:4, 5, Today’s English Version.
Haeba u tsoela pele ho hlaolela makhabane ana, u ka ba le tšepo e sa thekeseleng ea thuso ea Jehova. Joalokaha Pauluse a ngotse: “Khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 4:7.
U Batla ho Etsa Eng?
Le hoja e mong le e mong a ka hlokomela tlhokahalo ea hae ea ho laola maikutlo a itseng hamolemonyana, re ka tšepa hore re ka fumana khatelo-pele le thabo e eketsehileng. Ho finyella seo, re tšoanela ho ba hlokolosi haholo hore re se lore re ntse re shebile kapa ho inehela maikutlong a sa laoleheng a kang ho ngongoreha ho sa hlokahaleng. Ho e-na le hoo, re ikitlaetseng ho hlaolela maikutlo a matle, a hloekileng ho ba le khotso ka borōna, ho ba khotsong le metsoalle ea rōna le Molimo.
E, ke hoa bohlokoa ho ikemisetsa ho etsa joalo, re lebelletse letsatsi la ha Jehova a tla “kholisa tse utloang kaofela.” (Pesaleme ea 145:16) Ka hona, sebeletsa ka tieo ho thabela bophelo tsamaisong e ncha ea lintho ea Molimo e tletseng khotso. Ho etsa joalo ho bile ho tla kolekela le thabong ea hao ea hona joale, boikutlo bo lakatsehang ka ho fetisisa ruri.