Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 1/8 leq. 3
  • Ho Fana—Mohloli oa Thabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fana—Mohloli oa Thabo
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thoe’ng ka ho Fana ka Limpho tsa Keresemese?
  • Na ho Fana ka Limpho tsa Keresemese ho na le Kelello?
    Tsoha!—1993
  • Keresemese e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Batho ba Batla ho ba Moeeng oa Keresemese
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 1/8 leq. 3

Ho Fana—Mohloli oa Thabo

Ka mongolli oa Tsoha! Jeremane

KE MANG ea sa thabeleng ho amohela mpho e ratehang? Ke ho thabisang hakaakang ho tseba hore ho na le motho ea tsotellang! Leha ho le joalo, se khotsofatsang ka ho tšoanang ke thabo ea ho fana. Ha e le hantle, ho latela Jesu mothei oa Bokreste, “ho fana ho tlisa thabo e eketsehileng ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35, NW.

Bibele e tlaleha ka mehlala e mengata ea ho fana, ka linako tse ling e le ho fana ka lintho tse ngata haholo. Ha mofumahali oa Sheba a ne a qala ho utloa ka bohlale ba Morena Salomone, o ile a “nea morena litalenta tse lekholo le mashome a mabeli tsa gauda, le libano tse ngata-ngata, le mahakoe a bohlokoa.” (1 Marena 10:10) Theko ea gauda eo ka boeona mehleng ea joale e ne e tla ba ka holimo ho liranta tse limillione tse 127! Ka nako e ’ngoe Faro oa Egepeta o kile a neha e mong oa barali ba hae mpho ea motse ’ohle!—1 Marena 9:16.

Empa limpho ha lia lokela ho ba ngata haholo hore e be mohloli oa thabo. Mohlomong u ka hopola Mosamaria ea molemo eo ka boithatelo a ileng a thusa motho e mong ea neng a le tsietsing setšoantšong sa Jesu. (Luka 10:30-37) Kapa phutheho ea Bokreste e leng Korinthe e ileng ea romella baena ba eona ba hlokang Jerusalema “mpho e mosa.”—1 Ba-Korinthe 16:3, NW.

Leha ho le joalo, mohlomong mohlala o tsebahalang haholo oa ho fana o boletsoeng ka Bibeleng ke oa balepi ba linaleli—bao ka tloaelo ba bitsoang ba bohlale ba bochabela—ba ileng ba tlisetsa Jesu oa lesea limpho. Batho ba bangata ba amahanya tloaelo ea bona ea ho fana ka limpho tsa Keresemese le ketsahalo ena.—Mattheu 2:2-11.

Ho Thoe’ng ka ho Fana ka Limpho tsa Keresemese?

Ka ntle ho pelaelo, ke ka pelo eohle batho ba bangata ba thabelang ho kenoa ke seo ba se bitsang moea oa Keresemese—moea oa ho fana ka limpho. Ba bang ba lokisetsa hantle esale pele, ba ba motlotlo ha ba fumana limpho tse sa tloaelehang le likarete tse loketseng tsa litakaletso tse molemo. Likarete tsa litakaletso tse molemo li ile tsa hlahella ka lekhetlo la pele lilemong tsa bo-1840 Engelane, le hoja ha e le hantle taba ea hore na moqapi oa tsona ke mang e le e bakang khang. Empa ebang ke mpho kapa karete, ba bangata ba fumana thabo ea sebele ea ho fumana ntho e ’ngoe e khethehileng bakeng sa motho e mong ea khethehileng.

Ka lehlakoreng le leng, ho ke ke ha latoloa hore bafani ba bangata ba limpho tsa Keresemese hase batho ba hlalositsoeng serapeng se fetileng. Mong’a lebenkele e mong oa Jeremane o ile a hlokomela sena mabapi le bareki ba rekelang Keresemese: “Ha re ntse re atamela Letsatsi le etellang letsatsi la Keresemese pele, batho ba ferekana ka ho eketsehileng. Qetellong, ba khetha ntho leha e le efe eo ba ka e fumanang.”

Ho fohla har’a letšoele mabenkeleng a phetheselang le ho batla mpho e loketseng ho senyang nako ho etsa hore bareki ba bang ba tletlebe ka khatello ea methapo le ho etsa lintho ka lepotla-potla. Ho latela koranta ea Austria, moreki e mong le e mong oa boraro o tletleba ka “ho etsa lintho ka lepotla-potla,” ’me o bolela hore o tla ikutloa a imolohile “hang ha mofere-fere ona ’ohle o fetile.” Ha bacha ba Jeremane ba ne ba botsoa kamoo ba ikutloang ka teng ka Keresemese, ba ile ba arabela ka mantsoe a kang ana: “Ea ntena,” “Ha u tsebe seo u lokelang ho fana ka sona,” ’me, “E boetse ea tura.”

Ka ho hlakileng, hase motho e mong le e mong ea latsoang ‘thabo e khōloanyane ea ho fana’ eo Jesu a buileng ka eona. Ntle ho pelaelo ho joalo hobane Keresemese ke khoebo e khōlō, ke ntho e tenang batho ba bangata. Ho latela The World Book Encyclopedia, “hoo e ka bang karolo ea bone ea lintho tse rekisoang selemo le selemo mabenkeleng a mangata li rekisoa nakong ea Keresemese.” Ho hlakile hore lefatše la khoebo le rata ho utloa “Jingle Bells” (pina ea Keresemese) e etsoang ke mechine ea lona ea chelete.

Ho hlakile hore ho fana ka limpho tsa Keresemese hangata ho hlōleha ho tlisa thabo eo ho fana ho lokelang ho e tlisa. Mosali e mong oa Mok’hatholike o ile a re: “Ke tšaba Keresemese haholo.”

Ha ho makatse hore e be sesosa sa ho fana ka limpho tsa Keresemese sea belaelloa. Na ka sebele ho na le kelello?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela