Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
HO BONTŠA ho tšoana le ho se tšoane pakeng tsa tsela eo ba Bochabela le ba Bophirimela ba ketekang Keresemese ka eona, boitsebiso bo mona bo ngotsoe ka sebopeho sa mangolo a mabeli a tsoang ho sengoli sa Lejapane le motsoalle oa sona ea Engelane. Boitsebiso bo tla u thusa ho arabela potso: Na ke lokela ho keteka Keresemese?
David ea Ratehang,
Ba ho eona hape. Bahoebi ba etelletse batho pele joaloka baprista ba baholo. Santa Claus ke eena ea li hulang ka pele. Lifate tsa Keresemese li sebeletsa joaloka letšoao la mokete. ’Me ho nyeheloa likuku le lintho tsa ho bapala tsa Keresemese. Bahoebi ba jala bolumeli ba Keresemese Japane. Thōmo ea bona e atlehile haholo ka lilemo tse fetileng tse mashome a mararo kapa a mane. ’Me palo e khōlō ea Majapane e sokolohetse “bolumeling” bona—bonyane ka matsatsi a mabeli feela ka selemo!
Hona e bile ho ntlhollang. Ke ’nile ka ipotsa hangata hore na ke hobane’ng ha Majapane a mangata hakana, ao boholo ba oona e seng Bakreste, a ka keteka letsatsi la phomolo la “Bokreste.” Majapane a qalile neng ho keteka Keresemese hakana-kana? Ke eng se hlohlelletsang see sohle?
Ha ke batla tšimoloho ea Keresemese ea Majapane, ke fumane taba ena e thahasellisang. Sōseki Natsume, sengoli se tsebisahalang sa mehleng ea Meiji (1868-1912), o ile a romella Shiki Masaoka, seroki se tummeng, karete ea Keresemese a le Engelane, a hlalosa pono e hapang ea Keresemese London bofelong ba selemo sa 1900. Shiki o bile a qapa haiku, thothokiso e khutšoaane ka ho fetisisa ea Sejapane, e buang ka ntlo e nyenyane ea thapelo ka Letsatsi la Keresemese. Ho hlakile hore Japane Keresemese e ne e ntse e le lethapisana qalehong ea lekholo lena la lilemo. Kahoo, hantle-ntle Majapane a ile a keteka Keresemese ea oona ea pele neng?
Mohlomong u ka thahasella ho tseba hore litsebi tse ling li bolela hore Keresemese e ile ea ketekoa sekolong sa banana Ginza khale hoo e ka bang ka selemo sa borobeli sa Meiji (1875). Leha ho le joalo “moetlo oa ho keteka Keresemese ha oa ka oa itsetsepela Japane ho fihlela ka 1945,” kamoo ho hlokometseng The Christian Century. Ke nako eo ka eona Majapane a ileng a bona ha malapa a masole a Maamerika le baromuoa ba keteka Keresemese. Hoba a hlōloe Ntoeng ea II ea Lefatše le kamor’a hore a siuoe a le feela moeeng, Majapane ka kakaretso a ne a hloka ho hong ho ka a hlasimollang.
Keresemese e ile ea khotsofatsa seo a neng a se hloka. Joalokaha u ka inahanela, bahoebi ha baa ka ba senya nako ho sebelisa mekhabiso ea Keresemese ho hōlisa thekiso ea bona ea mafelo a selemo. Sengoli sa likoranta, Kimpei Shiba o re mekhabiso ea Keresemese “e ile ea sebetsa joaloka mohlolo ho hohela bareki.” A eketsa ka hore, “hona ho tsoetsoe ke hore mekhabiso ena e ne e hohela le ho fehla thabo.”
Empa, David, kaha u phela Engelane, mohlomong ha u tsebe hore Majapane a ne a e-na le moetlo oa ho fapanyetsana limpho tsa mafelong a selemo khale pele ho hlaha limpho tsa Keresemese. Kamehla Tšitoe e bile khoeli e phahamisang bahoebi. Batho bao lipache tsa bona li pepetehang ke libonase tsa mafelo a selemo ba reka feela ka “bohlanya.” Monghali Shiba a hlalosa hore: “Moea ona [oa Keresemese],” leha ho le joalo, “o kenya batho moeeng oa thabo le oa ho sebelisa chelete ’me o ba khothaletsa ho reka osei-bo [mpho ea mafelong a selemo] haholoanyane ho feta pele, ka hona moetlo oa ho sebelisa mekhabiso ea Keresemese o tsoetse pele.”
Kajeno, mabenkele a nang le mafapha a sa tšoaneng le barekisi a sebelisa mekhoa eohle ea ho hohela hore a sebelise hamolemohali “moea oa Keresemese” oo ho bonahalang o sebetsa hantle hakana. Baetsi ba lintho tse bapalisoang le mabaka ba eketsa moea ona ho roalla le sa sele. Ka Tšitoe, lithekiso Kiddy Land, mabenkele a maholo a rekisang lintho tse bapalisoang Japane, li phahama ka makhetlo a mane ho feta ka likhoeli tse ling. Ho hakanngoa hore karolo ea 5 ho isa ho ea 10 lekholong ea likuku tsohle tse etsoang Japane selemo le selemo e ka ’na ea bitsoa “likuku tsa Keresemese.”
Ke fumane hore batho ba bang baa khopeha hobane khoebo e laola pono ea Keresemese Japane. Ka mohlala, The Daily Yomiuri e qotsa Moamerika eo e leng khale a phela Japane: “Majapane a amohetse hoo e ka bang maqiti oohle a Keresemese empa ka mokhoa o mong o itseng moea oa nako ena oona ha o eo mona.” O ne a bua ka lehlakore la bolumeli la Keresemese.
Hona ha nketsa hore ke talimisise lehlakore la bolumeli la Keresemese. Ba kenang kereke ba bolela hore Keresemese (la 25 Tšitoe) ke letsatsi leo Kreste a tsoetsoeng ka lona. Ke ile ka makala hakaakang ho fumana ho Encyclopedia of Japanese Religions hore ha ho bopaki bo ka hlahisoang hore Jesu o ile a tsoaloa ka la 25 Tšitoe! Buka ena ea liphuputso e re: “Le hoja letsatsi le nepahetseng leo Jesu a tsoetsoeng ka lona le sa tsejoe, ho ’nile ha ketekoa Keresemese ka la 25 Tšitoe ho tloha hoo e ka bang lekholong la boraro la lilemo . . . Letsatsi lena le nepana hantle le letsatsi la mariha [karolong e ka leboea ea lefatše] la ha letsatsi le tsoa tlung, ’me le ile la nka sebaka sa mokete oa pele ho Bokreste oa ho tsoaloa hape ha Letsatsi.” Ho tsoaloa hape ha Letsatsi? Ke ne ke nahana hore le nkoa e le letsatsi la ho tsoaloa ha Jesu? E be joale ho ka tla joang hore Bakreste ba tšepahalang ba keteke mokete oo qalong ea oona e neng e le mokete oa bohetene oa ha letsatsi le tsoa tlung mariha [karolong e ka leboea ea lefatše]? E ne e se letsatsi la ho tsoaloa ha Jesu empa e ne e le mokete oa ho tsoaloa hape ha Letsatsi. Ho ne ho ka tla joang hore ba kenang kereke ba Bophirima ba nyatse Majapane ka hore ha a na molao ka ho keteka letsatsi la phomolo la “Bokreste” ha bona ka bobona ba ntse ba e-na le mokete o tšoanang?
Ka hona, David, nka thabela ha u ka arabela lipotso tsena tsa ka, kaha li ntšoentse haholo.
Motsoalle oa hao,
lchiro
lchiro ea Ratehang,
Ke u leboha haholo ka lengolo la hao le hlalosang hore na Keresemese e ketekoa joang naheng ea heno. Ho thabisa haholo ho rōna ba Bophirima ho tseba kamoo batho ba Bochabela ba ketekang letsatsi la phomolo la Bophirima.
Ho toba taba, u nepile hantle ha u re Keresemese ke letsatsi la phomolo la bohetene. Hoo e ka bang buka e ’ngoe le e ’ngoe ea litšupiso e tla u bolella hore mokete oa Keresemese o qalehile moketeng oa bohetene oa Saturnalia, mokete oa Baroma bakeng sa molimo oa bona oa temo Saturn.
E, feela joalokaha lōna batho ba Majapane le kentse Keresemese meetlong ea lōna ea Bobuddha le Boshinto, likereke tsa Bokreste-’mōtoana li kentse mekete ea bohetene neanong ea tsona ea “Bokreste.” Ka kutloisiso e itseng e ka ba ea e-ba sebe se seholoanyane hobane ha Majapane a keteka Keresemese e le mokete oa basele, ba kenang kereke ba hlokomela mokete oa bohetene oa Saturnalia e le Keresemese ea “Bokreste.”
Ha e le hantle, ho na le nako eo ka eona mona Engelane ho neng ho entsoe hore mokete oa bolumeli oa Keresemese o haneloe ka molao ka hore ke oa bahetene. Ke nakong eo ka eona Engelane e neng e busoa ke Maphurithene. Bay Colony ea Massachusetts, Amerika-Leboea, Maphurithene a ileng a tloha Engelane ka lebaka la tumelo ea oona a boetse a thibela Keresemese le ho ahlolela ho thaba ka nako ena.
Empa ke nahana hore u lokela ho tseba pono ea Bibele ka ho tsoaka Bokreste le malumeli a bohetene. “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang.” Ke seo moapostola Pauluse a se khothalletsang ho 2 Ba-Korinthe 6:14-16. ’Me temaneng ea 17 o tsoela pele ho qotsa bukeng ea Esaia (52:11, u ka ea sheba teng): “Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena [Jehova]; le se ke la ama sesila.”
Re ka ikarola joang ho ba sa lumelang ha re ntse re keteka mokete o qalehileng malumeling a bohetene? Potso ena e susumelitse Bakreste ba bangata ba tšepahalang ho lahla moetlo oa bona oa ho keteka Keresemese. (U lokela ho thahasella ho phetla Bibele ea hao ho Mattheu 15:3-6 ’me u bale mantsoe a Jesu a ngotsoeng moo.) Empa ho na le mabaka a eketsehileng a ho qoba mekete e joalo.
Haeba la 25 Tšitoe hase letsatsi leo Jesu a tsoetsoeng ka lona, ho keteka letsatsi leo e le letsatsi leo a tsoetsoeng ka lona ho tšoana le ho qala leshano. Joalokaha u boletse lengolong la hao, ke joang Mokreste ea ratang ’nete le ea laeloang hore a tšepahale a ka hōlisang leshano? (Ba-Efese 4:25) Ho qala ka letsatsi ka bolona ho isa paleng ea Santa Claus, Keresemese e tletse mashano. Leha ho le joalo, ho Tšenolo 22:15 Bakreste ba bolelloa hore “bohle ba ratang leshano, le ba le etsang” ba ke ke ba hlohonolofatsoa ke Molimo ka bophelo bo sa feleng.
E be joale ke hobane’ng ha bao ho thoeng ke Bakreste ka Bophirima ba keteka Keresemese? Lebaka le leng ke khoebo, joalokaha ho le joalo naheng ea heno. Nkile ka bala ka mosebeletsi e mong oa Bapthiste oa koana United States ea ileng a bua ka moea o bohloko: “Haeba ho ne ho ka tlosoa lehlakore la khoebo ho hang, batho ba bangata ba ne ba tla ikutloa hore ha baa latsoa letho la Keresemese. Empa lehlakore la bolumeli le ka tlosoa ka ho feletseng ’me palo e khōlō ea batho ha e na ho hlokomela phapang.” Mantsoe ana a sebetsa le hona mona Engelane.
Ho thahasellisang, Bibele e senola tlamahano e haufi-ufi pakeng tsa khoebo le seo e se bitsang “Babylona e moholo.” Hoba e tšoantšetse ho oa ha “Babylona e moholo” enoa, Bibele (ho Tšenolo 18:2, 11-19) e re: “Bahoebi ba lefatše ba tla llela motse oo, ba be ba o hlomohele; hobane mesebetsi ea bona ha e sa tla hlola e rekoa ke motho . . . Bahoebi ba mesebetsi eo, ba entsoeng banoni ke oona, ba tla ema hole, ke ho tšaba likotsi tsa oona, ka ho lla le ka ho hlomoha.”
Na u ka bolela hore na “Babylona e moholo” ke eng? Ke eng e fileng “bahoebi ba lefatše” moo Engelane le Japane liphaello tse khōlō ka ho jala lithuto tsa bohata ka Keresemese? Na hase malumeli a Bokreste-’motoana? E, ke ithutile hore “Babylona e moholo” o emela ’muso oa lefatše ka bophara oa bolumeli ba bohata, ho akarelletsa Bokreste-’mōtoana.
U nahana hore re lokela ho etsa joang? Tlaleho ea Bibele ea “Babylona e moholo” e ile ea nthusa hore ke etse qeto ea hore na ke etse joang. Tšenolo 18:4 e’a phehella: “Tlohang ho eena, lona sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.”
‘Ho tloha ho eena,’ ke hore, ho tlohela bolumeli bo hōlisang mashano, ho ile ha bolela qeto ea makhaola-khang ho ’na. Ha hoa ba bonolo ho itokolla meetlong eohle e tsoakantsoeng le Keresemese. Mona Keresemese ke letsatsi la phomolo la boithabiso le la bolumeli. Ke ile ka tlameha ho ba sebete hore ke ikhethe ho ba bang. Mantsoe ao ke a fumaneng ho Liproverbia 29:25 a ipakile e le thuso: “Ho tšaba batho ho isa sefing; empa ea tšepang Jehova o beiloe phahameng.”
Ke ile ka bona lintlha tsena ka thuso ea Lipaki tsa Jehova. Batho ba likete Engelane ba nkile bohato bo tšoanang ’me ba ‘tlohile Babylona e moholo’ le mekhoa eohle ea eona ea bolumeli ba bohata, ho akarelletsa mokete oa Keresemese. Empa ha ho bolele hore ha re hlomphe Jesu Kreste. Rea mo hlompha, e seng ka ho bontša “moea oa Keresemese” hang feela ka selemo, empa ka ho bontša moea o kang oa Kreste selemo sohle.
Motsoalle oa hao ea tšepahalang,
David
(Bona Ba-Efese 4:20-24; Ba-Filippi 2:1-6; Ba-Kolosse 3:1-14 bakeng sa moea o kang oa Kreste oo ba lekang ho o hlaolela.—Mohlophisi.)
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 4]
Bahoebi ba tšoana le baprista ba baholo. Santa Claus ke eena ea li hulang ka pele
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]
Bahoebi ba ile ba sebelisa Keresemese ho hōlisa thekiso ea mafelo a selemo
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]
Hona ha nkhannela hore ke shebe lehlakore la bolumeli la Keresemese
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ka baka leo, tsoang har’a bona . . . le se ke la ama sesila
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
‘Bahoebi ba lefatše ba llela motse oo’
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 7]
“Ho tšaba batho ho isa sefing; empa ea tšepang Jehovah o beiloe phahameng”