Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 1/8 maq. 13-20
  • Lintho Tseo Leholiotsoana Andrew le sa Kang la li Felisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tseo Leholiotsoana Andrew le sa Kang la li Felisa
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leholiotsoana Andrew le ne le sa Qenehele Motho
  • Litšoaneleho tsa Motho tse Molemohali le tse Mpe Haholo
  • “U se Nyahamisoe ke ho se Etse Letho”
  • ‘Nakong e Tlang re Tla Falla!’
  • Karabelo ea Mecha ea Litaba
  • E Ile ea Etsoa Joang?
  • Ho Hōla Hammoho Leratong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Liketso tsa Jehova tse Pholosang Hona Joale
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Mamela Temoso ho Ile ha Etsa Phapang
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 1/8 maq. 13-20

Lintho Tseo Leholiotsoana Andrew le sa Kang la li Felisa

HO NA le maholiotsoana, ’me ho na le maholiotsoana a senyang ho feta a mang.a A mang a nkoa e le feela moea o matla, o tlisang pula ea sekhohola ebile o fothola lifate. Ho ne ho na le Leholiotsoana Andrew Florida e ka boroa (August 24, 1992) le Louisiana (August 26, 1992), Leholiotsoana Iniki sehleke-hlekeng sa Kauai, Hawaii (September 12, 1992), le Leholiotsoana (Typhoon) Omar le bileng teng Guam (August 28, 1992).

A ile a baka tšenyo e ileng ea etsa liranta tse limillione tse likete. Batho ba bangata ba ile ba shoa Florida. Malapa a likete a ile a sala a se na mahae. Baemeli ba liinshorense ba ne ba tletse-tletse hohle mahaeng a senyehileng ba batla beng ba ’ona ’me ba ngola licheke tse lefang litšenyehelo.

Tlaleho e tsoang Komiting ea Thuso ea Phallelo ea Fort Lauderdale ea Lipaki tsa Jehova e boletse hore mahaeng a 1 033 a Lipaki tsa Jehova a leng sebakeng seo a 518 a ne a le boemong ba ho lokisoa. Ha tekanyo eo e ka sebelisoa mahaeng a batho bohle, ho tla bolela hore bonyane ho ile ha senyeha mahae a etsang karolo ea 50 lekholong a neng a le tseleng ea Andrew. Ka morao ho tšenyo, ba lehlohonolo ho ba le lehae leo ho ka luloang ho lona ba ne ba leka ho omisa phahlo ea ntlo le likharetene le ho ntša seretse se sesoeu se kang letsopa se bakiloeng ke siling e ileng ea oa ka baka la moroallo oa pula o ileng oa kena marulelong a senyehileng. Ba bangata ba fumane ho le thata ho sheba masupi a mahae a bona. Bao mohlomong ba senyehetsoeng haholo ke ba lulang lik’haraveneng.

Leholiotsoana Andrew le ne le sa Qenehele Motho

Banyalani ba bang ba joalo e ne e le Leonard le Terry Kieffer. Ha ba khutlela hape sebakeng sa mahae a bona a lik’haravene Florida City, ba ile ba lokela ho itsebahatsa hekeng ea tlhahlobo ea masole hore ba khone ho kena sebakeng seo. Seo ba se boneng e ne e le sebaka sa mahae sa lik’haravene se neng se shebahala joalokaha eka se otliloe ka liqhomane tse matla tse makholo—empa li sa siea mekoti eo li e chekileng. Lifate li ne li fothotsoe. Masenke a senyehileng a aluminium, ao pele e neng e le mabota le marulelo a mahae, a ne a fanyehiloe lifateng ’me a lepeletse makaleng a lifate joaloka mekhabiso ea mokete o sa tloaelehang. Mehala ea motlakase e ne e oetse hohle fatše, lipalo tsa lehong li ne li robehile joaloka lithutsoana tsa mollo. Makoloi a ne a phethohile ’me a soahlamane.

Bob van Dyk, eo ntlo ea hae e ncha e ileng ea boleloa e sa tšoanelehele hore batho ba ka lula ho eona, o ile a hlalosa boemo bo ka tlung ea hae: “Siling e ile ea oela fatše, e roba se robehang, e koba se kobehang ’me e re ntša mabali, rōna ba ka tsoang mabali.”

Thepa ea botho, lintho tsa bana tsa ho bapala, liaparo, litšoantšo, libuka, li ne li tletse hohle e le khopotso e utloisang bohloko ea mokhoa oa bophelo oa nakong e fetileng. Katse e ntšo e jeoang ke bolutu e ne e solla e se na morero holim’a lithōle. E ile ea sheba ba ha Kieffer ka tsela e nang le lipotso. Mekholutsoane e menyenyane e ne e ntse e matha holim’a lintho tseo pele e neng e le thepa ea bohlokoa ea motho. Monkho oa lijo tse bolileng, tse tšolohileng ha lihatsetsi li robeha, o ne o tletse hohle. Nģeng tsohle ho ne ho bonahala tšenyo e matla—eo kaofela e bakiloeng ke lifefo, meea e matla, e fokang ka lebelo le fetang lik’hilomithara tse 260 ka hora.

E ne e le masisa-pelo ho beng ba matlo ana le batho ba lulang ho ’ona. Ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho haha lelapa le ho phela hammoho mahaeng a bona a khethehileng, ha ba khutla ka mor’a sefefo ba ile ba fumana lintho tsohle li soahlamane li bile li qhalane. Ba ha Kieffer ba ne ba fumane lintho tse ling tsa bona ketelong ea bona ea pele, empa ho batla thepa ea bona ka hloko lithōleng tsa lelapa tse setseng ho ne ho ba utloisa bohloko haholo. Leha ho le joalo, ba ne ba ananela hore ba sa ntse ba phela ’me ba khona ho sebeletsa Molimo.

Leholiotsoana Andrew le ne le sa qenehele letho. Libaka tsa mabenkele, lifeme, le libaka tsa ho boloka thepa—tsohle e ile ea ba lintho tse hlaseloang ka matla ke tlhaho. Melao ea motho ea fokolang ea kaho ha ea ka ea thibela tšenyo.

Litšoaneleho tsa Motho tse Molemohali le tse Mpe Haholo

Thuso e ile ea qala ho fihla Florida e tsoa naheng eohle ha mekhatlo e fapaneng ea phallelo e hlophisoa. Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se Brooklyn, New York, se ile sa arabela hang-hang ’me sa hlophisa komiti ea phallelo ho sebeletsa ka ntle ho Holo ea Kopano ea Fort Lauderdale. Hape e ile ea fana ka chelete e ngata bakeng sa ho reka thepa, lijo, le lintho tse hlokoang kapele. Ka lebaka lena, Lipaki li bile har’a ba pele ba ileng ba arabela boemong ’me tsa qala ho mema baithaopi. Ha e le hantle, ba bangata ba ile ba tla ntle le ho bitsoa.

Basebetsi ba Lipaki ba ile ba fihla ba tsoa California, Carolina Leboea, Oregon, Washington State, Pennsylvania, Missouri, le libakeng tse ling tse ngata. Komiti ea Kaho ea Lebatooa ea Virginia eo hangata e hahang Liholo tsa ’Muso e ile ea romela sehlopha sa Lipaki tse 18 bakeng sa ho lokisa marulelo. Ho li nkile lihora tse 18 ho fihla moo. Basebetsi ba phallelo ba ile ba nka matsatsi a phomolo kapa nako e lumeletsoeng ea ho se be teng mosebetsing ’me ba palama ho pholletsa le naha, lik’hilomithara tse makholo esita le tse likete, bakeng sa ho finyella Lipaki-’moho le bona tse tsietsing.

Thuso ea bohlokoa e bile sehlopha se tsoang sebakeng se Charleston e Carolina Boroa. Ba bile le phihlelo ea Leholiotsoana Hugo morao ka 1989. Ba ne ba tseba se ka lebelloang ’me kapele ba ile ba hlophisa lintho tsa phallelo, ho akareletsa le mechine e fehlang motlakase le thepa ea kaho. Ka libeke tse peli feela lihlopha tsa baithaopi li ne li omisitse matlo a ka bang 800 ’me li se li lokisitse marulelo a mangata.

Banyalani ba bangata bao eseng Lipaki le baahisani ba ile ba rua molemo thusong e fanoang ke lihlopha tsa Lipaki tse lokisang marulelo. Ron Clarke ea tsoang West Homestead o ile a tlaleha: “Ruri balekane ba sa lumelang ba ile ba khahloa ke hona hohle. Ba ne ba ntša meokho, ba makalitsoe ke seo Lipaki li ba etselitseng sona.” Mabapi le monna ea sa lumelang oa Paki e ’ngoe, o ile a phaella: “Monna o nyakaletse haholo—hona joale Lipaki li mo kenyetsa marulelo.”

Paki e ’ngoe e ile ea bua ka baahisani ba eona bao e neng e se Lipaki bao e neng e ba lekola bosiu bo bong le bo bong. Ba ile ba re ba ne ba le boemong bo molemo. Ka letsatsi la bohlano, mosali o ile a sitoa ho laola maikutlo a hae ’me a lla. “Ha re na maleiri a lesea. Re se re tla felloa ke lijo tsa lesea. Ha re na lijo le metsi a lekaneng.” Monna oa hae o ne a hloka lilithara tse 20 tsa petrole empa ho se moo a ka e fumanang teng. Letsatsing lona leo, Paki e ile ea ba tlisetsa sohle seo ba neng ba se hloka ho tsoa polokelong ea lintho tsa phallelo Holong ea ’Muso. Mosali o ile a ntša meokho ea teboho. Monna o ile a ntša monehelo mosebetsing oa phallelo.

Karolo ea bohlokoa e ile ea phethoa ke baholo le bahlanka ba sebeletsang ba phutheho ba sebelitseng hammoho ho hlophisa thepa ea phallelo Liholong tsa ’Muso tse lokisitsoeng tse fapaneng sebakeng sa koluoa. Ba sebelitse ba sa khathale ho fumana Lipaki tsohle le ho tseba litlhoko tsa tsona. Ka ho fapaneng, ofisiri ea Sesole sa Moeeng e ile ea qotsoa e re ka boiteko bo entsoeng ba ho fana ka thepa ea phallelo sebakeng se seng: “Balaoli bohle ba batla ho fana ka litaelo feela, empa ha ho ea batlang ho etsa mosebetsi ka tsela e tšepahalang le hore a hle a etse mosebetsi o silafatsang.”

Likolua li ka hlahisa litšobotsi tse molemohali le tse mpe haholo ho batho. Mohlala oa litšobotsi tse mpe haholo ke bosholu. Lelapa le leng la Lipaki le ile la etsa qeto ea hore bonyane le ka sireletsa sehatsetsi sa lona le mochini o hlatsoang liaparo bakeng sa hore li sebelisoe setsing sa phallelo se Holong ea ’Muso. Ba ile ba ea Holong ho lata teraka. Pele ba khutla, masholu a ne a utsoitse lintho tseo ka bobeli!

Paki e boneng ka mahlo e ile ea tlaleha: “Ha re ntse re tsamaea literateng tse se nang batho, re ile ra bona matlo a nang le matšoao a lemosang masholu hore a se atamele. Matšoao a mang a ne a re, ‘Masholu a Tlameha ho Shoa’ le, ‘Masholu a Tla Thunngoa.’ Le leng le ne le re, ‘Masholu a mabeli a thuntsoe. Le leng le shoele.’ Mabenkele a mangata a ile a utsoetsoa haholo.” Ho latela sajene ea Karolo ea bo82 ea Lifofane tse Tsamaisang Lintho, bonyane ke lesholu le le leng le ileng la tšoaroa le ho bolaoa ke batho.

Masholu a mangata a ile a tšoaroa. Ho bonahala eka koluoeng e ’ngoe le e ’ngoe lihlopha tsa linokoane li ikemiselitse ho hlasela joaloka manong. ’Me esita le batho bao eseng batlōli ba molao ba susumetseha ho kenya letsoho bosholung. Bolumeli, melao-motheo ea se nepahetseng le se fosahetseng, le boitšoaro li bonahala li nyamela tlas’a takatso ea ho fumana ntho e itseng ntle le ho e lefella.

Tsoha! e ile ea bolelloa hore qalong masole a ’maloa a ile a utsoetsoa lithunya tse se nang likulo ke masholu a tšoereng lithunya tse hlahletseng. Masole a mang a ile a utluoa a bolela hore a ne a talima setsi sa phallelo sa Holo ea ’Muso joaloka seliba lehoatateng “hobane,” joalokaha a ne a bolela, “lōna Lipaki ha le tšoare lithunya.”

“U se Nyahamisoe ke ho se Etse Letho”

Lipaki tsa Jehova li ithutile eng liphihlelong tsa tsona koluoeng ea tlhaho? Ho nchafatsa mesebetsi ea moea kapele kamoo ho khonehang. Ed Rumsey, molebeli Homestead, o ile a bolella Tsoha! hore Holo e ’ngoe ea ’Muso e mekato e ’meli e ne e se e loketse liboka ka Laboraro le latelang ’Mantaha oa leholiotsoana. Marulelo a mang a ne a fefohile, siling e oele, ’me metsi a kene ka hare. Basebetsi ba baithaopi ba ile ba lokisa Liholo tsa ’Muso kapele hore li tšoanelehele liboka le hore li ka sebelisoa e le libaka tseo ho tsona balaoli ba fumanang litaelo le ho li fetisetsa ho ba bang bakeng sa ho laola mosebetsi oa phallelo sebakeng sa bona se senyehileng. Libaka tsa ho phehela li ile tsa lokisetsoa e le hore lijo li ka fuoa batho ba senyehetsoeng le basebetsi ba phallelo.

Fermín Pastrana, moholo ea tsoang Phuthehong ea Sepanishe ea Princeton, o tlalehile hore malapa a supileng phuthehong ea habo ea Lipaki tse 80 a senyehetsoe ke mahae a ’ona ka ho feletseng. Ke tlhahiso efe eo a ileng a e etsa bakeng sa pheko ea bothata bona ho Lipaki-’moho le ’ona? “Lla haeba ho hlokahala hore u lle. Empa u se nyahamisoe ke ho se etse letho. E-ba mafolo-folo ho thuseng ba bang, ’me, haeba u khona, tsoela tšebeletsong. U se ke ua khaotsa ho ea libokeng tsa rōna tsa Bokreste. Rarolla hoo u ka ho rarollang, empa u se ke ua tšoenyeha ka boemo bo se nang tharollo.” Ka baka leo, kapele Lipaki li ne li bolela ebile li isa mabokose a phallelo ka ntlo le ntlo. Andrew ha ea ka ea fefola cheseho ea tsona.

‘Nakong e Tlang re Tla Falla!’

Sharon Castro, ea lilemo li 37 ea tsoang Cutler Ridge o ile a bolella Tsoha! pale ea hae: “Ntate oa ka o ile a etsa qeto ea hore re se ke ra falla. O ne a ikutloa hore kaha leholiotsoana la ho qetela ha lea ka la fihla lebōpong la Florida, Andrew e tla etsa se tšoanang. O ne a sa tl’o koala lifensetere ka lehong. Ka lehlohonolo ngoan’eso o ile a fihla ’me a phehella hore ho koaloe lifensetere ka lehong. Ka ntle ho pelaelo seo a ileng a se etsa se ile sa boloka bophelo ba rōna. Lifensetere tsa rōna li ka be li ile tsa pshatleha, ’me re ka be re ile ra khaoha likoto.

“Hoo e ka bang ka 4:30 hoseng, motlakase o ile oa tima. Lerata le ka ntle le ne le tšosa. E ne eka molumo oa terene e khōlō. Ho ne ho utloahala molumo oa ho petsoha ha lifate le mehaho ha e peperana le ho heleha. Re ile ra fumana hamorao hore molumo o tšosang o phahameng e ne e le lerata la lipekere tse telele tsa marulelo a ntlo ea rōna tse neng li tsomuha. Kamore e nyenyane e ka marulelong e ile ea fefoha, ’me karolo ea boraro ea marulelo e ile ea fefoha. Qetello e bile hore rōna ba 12, ho akareletsa ’mè oa ka ea holofetseng le nkhono ea lilemo li 90, re ile ra lokela ho ipata kamoreng e ka hare e se nang lifensetere. Re ne re kholisehile hore re tlil’o shoela moo.”

O ithutile thuto efe phihlelong ee? “Nakong e tlang ha ba re bolella hore re falle, re tla falla—re ke ke ra botsa lipotso. Re tla ela hloko litemoso. Hape ke ithutile ho arolelana lintho le ba bang le ho phela ka lintho tse fokolang. ’Me kea tseba hore ho lokile ho lla, ho hlomoha, le ho tobana le boemo ba sebele.”

Karabelo ea Mecha ea Litaba

Esita le mecha ea litaba e ile ea hlokomela kamoo Lipaki li hlophisehileng hantle ka teng. Savannah Evening Press e ile ea ba le sehlooho se seholo “Lipaki tsa Jehova li Fumana Hore Lia Amoheloa Florida Boroa,” ’me The Miami Herald e ile ea tsebisa: “Lipaki li Hlokomela Lipaki-’moho le Tsona—le ba Bang.” E ile ea bolela: “Bekeng ena ha ho batho ba khahlelang mamati ha Lipaki tsa Jehova li ba etela Homestead—haeba ba sa na le mamati ao ba ka a khahlelang. Lipaki tse ka bang 3 000 tsa baithaopi tse tsoang likarolong tsohle tsa naha li ile tsa kopana sebakeng sa kolua, bakeng sa ho phallela Lipaki-’moho le tsona pele, ebe li thusa ba bang. . . . Mokhatlo o mong le o mong oa sesole o ka honohela tsela ea Lipaki ea ho etsa mosebetsi o tsoileng matsoho, ho ba le taolo le ho sebetsa hantle ha tsona.”

Lipaki li tloaetse ho hlophisa litokisetso tsa ho fepa batho ba bangata likopanong tsa tsona tse nyenyane le tse khōlō. Ho feta moo, li hlophisitse Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa tse makholo lefatšeng lohle bakeng sa ho haha Liholo tsa ’Muso le Liholo tse khōlō tsa Kopano. Ka hona, li na le lebotho le koetlisitsoeng la basebetsi le ikemiselitseng ho arabela pitsong lihoreng tse ’maloa feela ka mor’a ho amohela tsebiso.

Leha ho le joalo, ho na le lebaka le leng—boikutlo ba tsona. Tlaleho eona eo e tsoela pele: “Ha ho lekhotla la babusi. Ha ho batho ba loantšanang hobane ba nahana hore ba phahame. Ho e-na le hoo, basebetsi ba bonahala ba thabile ebile ba sebelisana ho sa tsotellehe hore hoa chesa, ho litšila kapa ba khathetse hakae.” Hoo ho ile ha hlalosoa joang? Paki e ’ngoe e ile ea araba: “Hona ho bakoa ke kamano ea rōna le Molimo e re susumeletsang ho bontša lerato la rōna ho ba bang.” Eo ke ntho eo Andrew e sa kang ea e tlosa, lerato la Bokreste la Lipaki.—Johanne 13:34, 35.

Papiso e thahasellisang ke ea hore Lipaki li ne li bonahala li ithutile ho hong lifateng. Paki e ’ngoe e boneng ka mahlo e hlalositse taba ka tsela ena: “Ha ke ntse ke tsamaea sebakeng sena, ke ile ka hlokomela hore lifate tse khōlō tse makholo li ile tsa fothoha ’me tsa oela fatše. Ke hobane’ng ha ho bile joalo? Li ne li thibela moea haholo ka baka la boholo ba tsona, ’me li ne li na le metso e pharaletseng empa e sa teba. Ka lehlakoreng le leng, lifate tsa palema tse tšesaane tse ngata li ile tsa sala li eme. Li ile tsa kobeha le moea, tse ling li ile tsa felloa ke mahlaku a tsona, empa tse ngata li ile tsa sala li eme ka metso.”

Lipaki li ne li e-na le metso e tebileng ea tumelo Lentsoeng la Molimo ’me li ne li tenyetseha tseleng eo li neng li itšoara ka eona. Matlotlo le mahae ha ea ka ea ba lintho tsa bohlokoa haholo ho tsona. Bonyane li ne li phela ’me li ka tsoela pele ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe maemo a utloisang bohloko. Bophelo ke ntho eo Andrew e sa kang ea li amoha eona.

E Ile ea Etsoa Joang?

K’hamphani ea Anheuser Busch e ile ea fana ka metsi a ho noa a tletseng teraka. Ha teraka e fihla, mokhanni o ile a botsa ofisiri hore e lokela ho isa metsi hokae. O ile a bolelloa hore batho ba hlophisehileng hantle ke Lipaki. Ha e le hantle, beke ka mor’a hore Andrew e hlasele, liphahlo tse ka tlalang literaka tse 70 li ile tsa fihla Holong ea Kopano ea Fort Lauderdale ea Lipaki tsa Jehova.

Moithaopi oa tlaleha: “Kahoo re ile ra fumana metsi a nooang a tletseng teraka. Hang-hang re ile ra a kenyeletsa le lijo tse ling tseo re neng re li romela litsing tsa kabo ea liphallelo tse leng Liholong tsa ’Muso. A ile a abeloa baena le baahisani ba neng ba a hloka sebakeng seo.” K’hamphani ea pampiri ea Washington State e ile ea nehela lijana tsa pampiri tse 250 000.

Qalong, balaoli ba toropo ba ne ba romela baithaopi bao eseng Lipaki Liholong tsa ’Muso, ba re, ‘Ke bona feela batho ba hlophisehileng ka ho loketseng.’ Qetellong sesole se ile sa fihla ’me sa qala ho hloma litsi tsa liphallelo tsa lijo le metsi le metse ea litente.

Setsi sa pele sa ho aba liphallelo sa Lipaki se ileng sa hlongoa ke komiti ea liphallelo Holong ea Kopano ea Fort Lauderdale, se ne se ka ba bohōle ba lik’hilomithara tse 60 ka leboea ho sebaka sa kolua haufi le Homestead. Ho fokotsa mosebetsi o mongata, setsi sa ho aba liphallelo se ile sa hlongoa Holong ea Kopano ea Plant City e haufi le Orlando, e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 400 ka leboea bophirimela ho sebaka sa kolua. Liphallelo tse ngata li ile tsa fetisoa moo bakeng sa ho hlophuoa le ho pakoa. Komiti e ne e kōpa seo e neng e se hloka Plant City letsatsi ka leng, ’me literaka tse khōlō li ne li sebelisoa bakeng sa leeto la ho ea Fort Lauderdale le nkang lihora tse hlano.

Eaba seteishene sena sa ho aba liphallelo se sebelisoa bakeng sa ho aba lijo, lisebelisoa, mechine e fehlang motlakase, le lintho tse ling tse neng li hlokahala Liholong tsa ’Muso tse tharo tse neng li lokisitsoe bohareng ba sebaka sa kolua. Sebakeng seo, Lipaki tse tšoanelehang li ne li hlophisa lihlopha tsa ho haha le tsa ho hloekisa hore li etele mahae a makholo a neng a hloka tlhokomelo. Likichene le mela ea lijo li ile tsa etsoa mabaleng a Holo ea ’Muso, ’me batho bohle ba ne ba amoheloa hore ba tl’o fumana thuso. Esita le masole a mang a ile a ja lijo sebakeng seo ’me hamorao a bonoa a kenya menehelo ka hare ho mabokose a menehelo.

Ha banna ba tšoarehile ba lokisa matlo, basali ba bang ba ne ba lokisa lijo. Ba bang ba ne ba tsoile ba etela batho bao ba neng ba ka ba fumana hore ba tle ba arolelane le bona tlhaloso ea Bibele ea likolua tsa tlhaho ’me hape le ho fana ka mabokose a liphallelo ho ba a hlokang. E mong oa bao e ne e le Teresa Pereda. Lehae la hae le ne le senyehile, ’me lifensetere tsa koloi ea hae li pshatlehile—leha ho le joalo koloi ea hae e ne e tletse mabokose a liphallelo ’me e loketse ho ea ho baahisani ba hae. Monna oa hae, Lazaro, o ne a phathahane a sebetsa ho e ’ngoe ea Liholo tsa ’Muso.—Moeklesia 9:11; Luka 21:11, 25.

Bakeng sa ba bangata ba se nang mahae, bolulo bo bong bo ile ba fumanoa malapeng a Lipaki a sa angoang ke Andrew. Ba bang ba ile ba lula lik’haraveneng tse alimiloeng kapa li nehetsoe bakeng sa ’ona morero oo. Ba bang ba ile ba lula litenteng tse ileng tsa hlongoa ke sesole. Ba bang ba ile ba nka mahae a bona e le tahlehelo ’me ba lula le metsoalle le beng ka bona likarolong tse ling tsa naha. Ba ne ba se na mahae kapa mesebetsi. Ho ne ho se motlakase, ho se metsi, ho se tsamaiso ea likhoere-khoere e tšoanelehang—kahoo ba ile ba iketsetsa tharollo e molemohali.

Thuto e ’ngoe e ileng ea ithutoa ke bohle e ile ea boleloa hantle ke Paki e buang Sepanishe: “Re leboha haholo ka thuto eo re ithutileng eona ka lipakane tsa rōna tsa bophelo. U ka sebetsa lilemo tse 15 kapa tse 20 u haha lehae la hao, u bokella lintho tse bonahalang, ebe ka hora e le ’ngoe feela, hohle hoo ho felile. Hona ho re thusa ho hlokomela lipakane tsa rōna tsa moea, ho nolofatsa bophelo ba rōna le hore re hle re nahane ka ho sebeletsa Jehova.”

Ho joalokaha moapostola Pauluse a boletse: “Empa tse neng li le moruo ho ’na, ke li entse tšenyehelo ka baka la Kreste. Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tšenyehelo, ha li ka bapisoa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena oa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, ’me ke li etsa lithōle, ke tle ke rue Kreste.”—Ba-Filippi 3:7, 8.

Likolua tsa tlhaho ke karolo ea bophelo ba lefatše la rōna la hona joale. Haeba re mamela litemoso tse tsoang ho balaoli, bonyane re ka boloka bophelo ba rōna. Mohlomong mahae le lintho tse bonahalang li ka lahleha, empa kamano ea Mokreste le “Molimo oa matšeliso ’ohle” e lokela ho matlafatsoa. Esita le haeba ba bang ba ka shoa koluoeng, Jesu o ile a tšepisa tsoho bakeng sa bona lefatšeng le lecha la Molimo le tsosolositsoeng—lefatše leo ho seng mohla le tla bona matšoenyeho le lefu tse bakoang ke likolua tsa tlhaho.—2 Ba-Korinthe 1:3, 4; Esaia 11:9; Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:3, 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Leholiotsoana ke “sefefo se matla se bang teng libakeng tse chesang tse leng ka holimo ho karolo e ka Leboea ea Leoatle la Atlantic seo moea o fihlelang lebelo le ka holimo ho 75 mph (121 km/hr).” (The Concise Columbia Encyclopedia) Typhoon ke “leholiotsoana le hlahang karolong ea bophirimela ea Pacific kapa Leoatleng la Chaena.”—The American Heritage Dictionary of the English Language.

[Lebokose le leqepheng la 20]

O ne a Maketse ka ho Feletseng

Sehlopha sa Lipaki tse 11 sa ba basoeu se ile sa fihla se tsoa Tampa, Florida, ho thusa mosebetsing oa phallelo. Ba ile ba fumana lisebelisoa ’me ba qala ho lokisa marulelo a Paki ea motho e motšo. Ha ngoana oa ngoan’abo eo eseng Paki a fihla, o ne a makaletse seo a se bonang—o ne a maketse ka ho feletseng ho fumana sehlopha sa Lipaki tsa ba basoeu se fihlile pele ho eena ’me se lokisa marulelo a lehae la rangoan’ae. O ne a khahliloe hoo a ileng a thusa mosebetsing oa kaho.

O ile a re lekhetlong le latelang ha Lipaki li fihla ha hae, o tla kōpa thuto ea Bibele. Ha a ntse a bua le sehlopha sa Tampa, ho ile ha bonahala hore o tsoa sebakeng sa bona. Ka ntle le tšenyo ea nako moholo ea neng a le sehlopheng seo o ile a etsa litokisetso bakeng sa thuto ea Bibele bekeng e latelang! Joalokaha Paki e ’ngoe e boletse, hona ho paka hore ha ho hlokahale hore o kokote menyakong feela ho fana ka bopaki—u ka kokota le marulelong!

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Leholiotsoana Andrew ha lea siea letho, ’me ke methoaela ea mehaho e setseng

K’haravene ea lelapa la Kieffer—le mesaletsa ea eona

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Rebecca Pérez, barali ba hae, le batho ba bang ba 11 ba ile ba pholoha ba le ka sebakeng sena se senyenyane

Masole a ile a fihla ho thibela bosholu (ka holimo ka letsohong le letona); mabenkele ao ho utsoitsoeng ho ’ona (ka letsohong le letona)

Leholiotsoana le ile la fefola marulelo, ’me la jala-jala makoloi hohle

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Liphallelo li ile tsa hlophisoa Liholong tsa ’Muso

Lik’haravene li ile tsa tlamelloa lifateng; lintho tsa ho bapalisa ngoana li lahletsoe holim’a materase; lingoliloeng tsa Bibele li har’a lithōle; Lipaki tse kang Teresa Pereda, li isetsa baahisani ba tsona liphallelo

Monehelo oa thepa ea kaho. Ho khetha liaparo le ho li hlopha

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Baithaopi ba tsoang hohle United States ba ile ba thusa mosebetsing oa phallelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela