Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 12/1 maq. 10-13
  • Liketso tsa Jehova tse Pholosang Hona Joale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liketso tsa Jehova tse Pholosang Hona Joale
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerato Ketsong
  • Boena ba Lefatše ka Bophara
  • Mohloli oa Tšireletso ea ’Nete
  • Ho Hōla Hammoho Leratong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lintho Tseo Leholiotsoana Andrew le sa Kang la li Felisa
    Tsoha!—1993
  • Ntho eo Sefefo Leha e le Sefe se ke Keng sa e Hohola
    Tsoha!—2003
  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 12/1 maq. 10-13

Liketso tsa Jehova tse Pholosang Hona Joale

BIBELE e re bolella sena ka Jehova: “Mahlomola a ea lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntša ho ’ona kaofela” ’me, “Jehova o tseba kamoo a ka lokollang batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”—Pesaleme ea 34:19; 2 Petrose 2:9, NW.

Ke joang Jehova a thusang batho ba hae ha ba le matšoenyehong? Haa ho etse ka ho lebisa matla a tlhaho hosele kapa ka ketso ea matla a mang a phahametseng a tlhaho, joalokaha batho ba bangata ba nahana hore o lokela ho etsa joalo, empa ke ka matla a mang ao batho ba bangata ba sitoang ho a utloisisa e le kannete—lerato. E, Jehova o rata batho ba hae, ’me o hōlisitse har’a bona lerato e mong ho e mong le matla hoo a khonang ho finyella bakeng sa bona seo ho bonahalang e batla e le mohlolo.—1 Johanne 4:10-12, 21.

Ba bang ba ka ’na ba pheha khang ka hore boemong ba tlokotsi, se hlokahalang ke lijo, meriana le lisebelisoa—eseng lerato. Ka ho hlakileng, lijo, meriana, le lisebelisoa ke tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o beha mabaka tjena: “Leha nka ba le tumelo eohle, ka ba ka falatsa le lithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho. ’Me leha nka aba maruo a ka ’ohle, ka fana ka ’ona, kapa leha nka tela ’mele oa ka hore o chesoe, ha ke se na lerato, tseo ha li nthuse letho.”—1 Ba-Korinthe 13:2, 3.

Hangata re bala ka liphallelo tse behiloeng boema-kepe tse ntseng li bola kapa li jeoa ke litoeba ha batho ba hlokang ba e-shoa ke maloetse le tlala. Kapa ho hobe le ho feta, liphallelo tse joalo li ka ’na tsa e-ba taolong ea batho ba meharo le ba sa tšepahaleng ba iketsetsang phaello ea botho ka tsona. Kahoo, ho etsa hore liphallelo li fumanehe le ho tiisa hore li tsoela ba leng matšoenyehong molemo ke lintho tse peli tse fapaneng. Lerato la ’nete le kameho li ka etsa phapang.

Lerato Ketsong

Ka September 1992, Leholiotsoana Iniki le ile la hlasela baahi ba 55 000 ba sehleke-hleke sa Hawaii sa Kauai. Ka moea o matla oa lebelo la lik’hilomithara tse 210 ka hora le ka sekhahla sa lik’hilomithara tse fetang 260 ka hora, o ile oa bolaea batho ba babeli ’me ba 98 ba tsoa likotsi, oa senya mahae a etsang karolo ea 75 lekholong, oa siea batho ba 8 000 ba se na mahae, oa baka tšenyo e ileng ea hakanyetsoa liranteng tse limilione tse likete li tharo. Har’a ba phelang sehleke-hlekeng sena se senyenyane e ne e le Lipaki tsa Jehova tse ka bang 800 liphuthehong tse tšeletseng. Li ile tsa tsoella joang?

Pele Iniki e ka hlasela, baholo ba phutheho, tlas’a tataiso ea molebeli ea tsamaeang, ba ne ba se ba ile ba kopana le litho tsohle tsa phutheho e le ho tiisa hore ha li kotsing ’me li sireletsehile, li le malala-a-laotsoe bakeng sa tlhaselo eo e mabifi. Tlhokomelo eo e lerato e ile ea sebeletsa e le e sireletsang likotsing tse mpe kapa ho shoa har’a Lipaki.—Bapisa le Esaia 32:1, 2.

Le hoja mecha ea puisano le lipalangoang li ne li senyehile hampe, baemeli ba bararo ba ofisi ea lekala la Watch Tower Bible and Tract Society Honolulu ba ile ba ba har’a ba ileng ba fihla pele sebakeng seo ka mor’a leholiotsoana, kaha ba ne ba ile ba fuoa tumello e khethehileng ke ba lefapha la tšireletso ea sechaba hore ba ka ea Kauai ka sefofane. Hang-hang ba ile ba iteanya le Lipaki tsa sebakeng seo, ’me hoseng ho latelang, ba hlophisa seboka bakeng sa ho rala meralo e hlokolosi bakeng sa liphallelo. Ho ile ha thehoa komiti ea liphallelo bakeng sa ho lekanyetsa litlhoko le ho fumana thepa e hlokahalang ka thuso ea ofisi ea lekala la Honolulu. Ba sebetsa bosiu le motšehare ba sa khaotse, ba ile ba tsamaisa mosebetsi oa ho isa liphallelo ho ba hlokang le ho hloekisa le ho lokisa mahae a neng a senyehile.

Lipaki tse lihleke-hlekeng tse ling li ile tsa arabela kapele bakeng sa baena ba tsona ba hlokang. Hang-hang hoba boema-fofane ba Kauai bo buloe, Lipaki tse 70 li ile tsa ea moo ka sefofane ho ea thusa. Thepa ea liphallelo e jang R300 000, e akaretsang lijenereitara, litofo tsa parafine, mabone, le lijo li ile tsa romeloa. E ’ngoe ea Liholo tsa ’Muso sehleke-hlekeng seo e ile ea sebelisoa joaloka setsi sa polokelo ea thepa; leha ho le joalo, ho ne ho e-na le tšabo ea hore thepa eo e ka ’na ea nkoa ka mahahapa. Joale literaka tse ling tsa Sesole li ile tsa emisoa moo ho pakoang makoloi Holong ea ’Muso, ’me bakhanni ba kōpa hore na ba ka emisa literaka tsa bona moo. Masole a neng a siiloe moo bakeng sa ho lebela literaka tseo a ile a boela a fokotsa bothata ba hore thepa ea liphallelo e ka nkoa ka mahahapa.

Baena ba ile ba nka lijenereitara ho tloha ntlong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ba li sebelisa lehaeng ka leng ka lihora tse peli kapa tse tharo bakeng sa ho thusa batho hore lihatsetsi tsa bona li tsoele pele li sebetsa. Lihlopha tsa baena li ile tsa romeloa ka potlako mahaeng a fapa-fapaneng ho thusa ka tlhoekiso le ho lokisa moo ho senyehileng. Ha ba sebetsa ntlong ea khaitseli eo monna oa hae a ’nileng a mo hanyetsa ka mabifi nakong e fetileng, monna oa hae o ile a ameha hoo sohle seo a neng a ka se etsa e neng e le ho shebella le ho lla. Moeti ea neng a e-tsoa karolong ea k’honthinente ea ileng a bona sehlopha se seng sa Lipaki se ntse se sebetsa o ile a hlolloa haholo ke boitšoaro le tlhophiso ea sona hoo a ileng a se atamela ’me a se botsa hore na ke’ng se etsang hore e be se fapaneng hakaalo. Ha moena a hlalosa hore e ne e le ka lebaka la lerato la sona ho Molimo le ho Bakreste-’moho, monna eo o ile a arabela: “Ke joang nka tsebang Molimo?” (Mattheu 22:37-40) Eaba oa phaella: “Le hlophisehile haholo hoo mohlomong ke tla fumana e mong oa lōna a se a ntse a nkemetse lapeng ha ka ha ke khutlela Florida!”

Ka kakaretso, Lipaki tsa Jehova li ile tsa thusa tlhoekisong le ho lokiseng mahae a 295 Kauai. Ho ana, a 207 a ne a hloka litokiso tse fokolang, empa a 54 a ne a senyehile hampe, ’me a 19 a senyehile ka ho feletseng. Mosebetsi oa tsona o ile oa akareletsa ho ea ho Paki e ’ngoe le e ’ngoe e tsejoang sehleke-hlekeng seo e le ho tiisa hore e mong le e mong o ne a hlokomelehile. Ha ho tlisoa liphallelo ho khaitseli e mong, moahelani oa hae oa Mobuddha o ile a hlokomela hore eena o ne a sa amohela leha e se e le sephutheloana sa tee feela ho sehlopha sa habo. Mosali e mong eo ntlo ea hae e ileng ea hloekisoa ke sehlopha sa Lipaki, o ile a re: “Le ’nile la tla ha ka ka nako e telele, ’me ke ne ke nahana ka lōna le le baahelani ba molemo, empa pontšo ena ea lerato la boahelani e mpontša seo mokhatlo oa lōna o hlophisitsoeng o leng sona. Kea le leboha bakeng sa mosebetsi oohle oa lōna o boima.”

Ka ntle le ho hlokomela litlhoko tsa lintho tse bonahalang tsa Bakreste-’moho le bona, ba neng ba ikarabella ka liphallelo ba ne ba amehile ka ho tšoanang ka boiketlo ba bona ba moea. Matsatsi a ka tlaase ho a mabeli ka mor’a leholiotsoana, liphutheho tse ’maloa li ne li se li ntse li tšoere liboka tsa tsona. Kapele-pele, lihlotšoana tse nyenyane tsa thuto ea buka li ile tsa tsosolosoa. Baholo ba leshome ba tsoang lihleke-hlekeng tse ling ba ile ba tla Kauai ho tla thusa baholo ba sebaka seo e le hore maeto a bolisa a ka etsoa ho Paki e ’ngoe le e ’ngoe sehleke-hlekeng seo. Ka Sontaha se latelang, liphutheho tsohle tse tšeletseng li ile tsa tšoara Thuto ea Molula-Qhooa, puo ea metsotso e 30 mabapi le mesebetsi ea liphallelo ka setho sa Komiti ea Liphallelo, le puo ea metsotso e 30 e phethang ka setho sa Komiti ea Lekala se neng se tlile se e-tsoa Honolulu ka morero ona. Tlaleho ea paki e boneng ka mahlo e re: “Bohle ba ile ba tšelisoa ke tataiso e molemo e fanoeng ’me ba ikutloa ba le malala-a-laotsoe moeeng bakeng sa ho sebetsana le mathata a bona a setseng. Ba bangata har’a bamameli ba ile ba lla ha lenaneo le phethoa, ’me ho ile ha itlisa feela hore ba etse litlatse.”

Boena ba Lefatše ka Bophara

Lerato le joalo le kameho ke letšoao la batho ba Jehova lefatšeng ka bophara. Ha Sefefo Val se puputla Western Samoa hoo e ka bang selemo pejana, se ile sa baka tšenyo e khōlō, empa Lipaki tsa Jehova likarolong tse ling tsa lefatše li ile tsa potlakela ho thusa baena ba tsona moo. Hamorao, ha ’muso o fana ka chelete ho malumeli ’ohle—ho akareletsa le Lipaki tsa Jehova—bakeng sa hore a lokise meaho ea ’ona, Lipaki li ile tsa khutlisa chelete eo le lengolo le bolelang hore litšenyehelo tsohle tsa tsona li ne li se li lokisitsoe, ’me chelete eo e ne e ka sebelisetsoa ho lokisa meaho e meng ea ’muso. Ketso ea tsona e ile ea tlalehoa koranteng ea litaba ea sebakeng seo. Ha e hlokomela sena, ofisiri e ’ngoe ea ’muso e ile ea bolella Paki hore e ikutloa e batla e soabisitsoe ke kereke ea eona hobane e amohetse chelete e tsoang ’musong le hoja meaho eohle ea eona e neng e senyehile nakong ea sefefo e ne e sirelelitsoe ka inshorense.

Ka ho tšoanang, ka September 1992, ha Nōka ea Ouvèze e ka boroa-bochabela ho Fora e ne e e-ja litlhokoa ’me e ripitla Vaison-la-Romaine le metse e 15 e ka mathōko, Lipaki li ile tsa arabela ka potlako. Moroallo oo o ile oa bolaea batho ba 40 ka bosiu bo le bong, oa senya mahae a 400 ka ho feletseng, oa senya le a mang a makholo, oa siea malapa a mang a likete a se na metsi kapa motlakase. Esale ka meso hoseng ho latelang, Lipaki tse tsoang liphuthehong tsa sebaka seo e bile tsona tsa pele tse ileng tsa tla ho tla thusa bahlaseluoa ba moroallo. Ba neng ba hloka mahae ba ile ba fuoa bolulo ka lerato ke malapa a Lipaki sebakeng seo. Lipaki tse makholo li ile tsa tla li e-tsoa hōle le haufi bakeng sa ho tla fana ka thuso. Ho ile ha thehoa komiti ea liphallelo motseng o haufi oa Orange bakeng sa ho hokahanya mosebetsi oa lihlopha tse ’nè tsa baithaopi, ba neng ba tlosa seretse le ho hloekisa matlo, ba hlatsoa liqubuhali tsa liaparo tse tletseng seretse, ba lokisa le ho aba lijo le metsi a nooang ho pholletsa le libaka tse amehileng. Ba bile ba ithaopela le ho hloekisa sekolo sa sebakeng seo le meaho e ’maloa ea ’masepala. Mosebetsi oa bona o sa khathaleng o ile oa ananeloa ke baena ba bona le batho ba motseng oo ka ho tšoanang.

Libakeng tse ling tse ngata, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokofatsoa ke likoluoa, tse kang meroallo, likhohola, le litšisinyeho tsa lefatše, ho tšoana feela le mang kapa mang. Kaha li utloisisa hore tsena ke liphello tsa maemo a sa lebelloang kapa a ke keng a thibeloa, ha li behe Molimo molato kapa motho leha e le mang e mong. (Moeklesia 9:11, NW) Ho e-na le hoo, li kholisehile hore lerato le nang le boitelo la balumeli-’moho le tsona le tla li pholosa ho sa tsotellehe maemo a tlokotsi a ka ’nang a li oela holimo. Liketso tseo tse lerato ke phello ea tumelo e tšoanang eo li nang le eona. Morutuoa Jakobo oa hlalosa: “Ha ngoan’abo lōna, kapa khaitseli ea lōna, ba hlobotse, ’me ba hloka lijo tsa letsatsi le leng le le leng, ’me e mong ho lōna a re ho bona: E-eang ka khotso, le futhumale, le khore! athe ha lea ba nea tse batloang ke ’mele ea bona, ho thusa’ng? Ka mokhoa o joalo, le eona tumelo, ha e se na mesebetsi, e ichoeletse ruri.”—Jakobo 2:15-17.

Mohloli oa Tšireletso ea ’Nete

Ho e-na le ho lebella hore Molimo a kenelle tabeng ka tsela ea mohlolo, Lipaki tsa Jehova lia hlokomela hore tšireletso e lokela ho fumanoa boeneng ba tsona ba Bokreste lefatšeng ka bophara. Ha e le hantle, seo boena boo bo ka khonang ho se finyella linakong tsa matšoenyeho ke ho batlang e le mohlolo. Li hopola mantsoe a Jesu a fumanoang ho Mattheu 17:20: “Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ea mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, ’me ho ka be ho se letho le le sitang.” E, litšitiso tse kang lithaba lia nyamela ha tumelo ea ’nete ea Bokreste, e tsamaisanang le lerato, e sebelisoa.

Batho ba Jehova lefatšeng ka bophara ba utloa letsoho la Molimo oa bona le sireletsang linakong tsena tse sa tsitsang le tse kotsi. Ba ikutloa joalokaha ho entse mopesaleme: “Ke sekama ka khotso, ke be ke ithoballe ka khotso, hobane, Jehova, ke uena u ’notši ea nkahisang boiketlong.” (Pesaleme ea 4:8) Ka kholiseho, ba beha tlhokomelo ea bona mosebetsing oo ba nang le oona: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) ’Me ka kholiseho ba talimile pele phethahatsong ea tšepiso ea Jehova ea lefatše le lecha la khotso le ho loka, moo ba ke keng ba hlola ba tobana le likoluoa tsa mofuta leha e le ofe, tse bakiloeng ke batho kapa tsa tlhaho.—Mikea 4:4.

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

Lipaki li ile tsa tla li e-tsoa hōle le haufi ho tla thusa bahlaseluoa ba moroallo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela