Pono Ea Bibele
Mekoloko ea Boipelaetso le Lipontšo tsa Nyatso—Na li ka Fetola Lefatše?
SEHLOOHO sa karolo e bontšang maikutlo a bahatisi kapa bahlophisi ba koranta ea National Catholic Reporter, e leng koranta ea Roma e K’hatholike, pele ho qhoma ntoa ea Koung ea Persia ka 1991 se ne se baleha tjena: “Re Tlameha ho Ntša Maikutlo a Rōna ka Sebete, Re Tlameha ho Etsa Lipontšo tsa Nyatso Phatlalatsa.” Ha se phehella babali hore ba kopanele limacheng le lipontšong tsa nyatso tsa khotso ho pholletsa le United States, se ile sa tsoela pele: “Ho tla hlokahala batho ba limillione le boiteko bo matla bakeng sa ho finyella khotso e tla felisa ho hloka tsebo ha tsamaiso ena le boikakaso ba eona. . . . Batho ba lokela ho etsa lipontšo tsa nyatso phatlalatsa.”
Lipolelo tse susumeletsang ketsong joalo li utluoa hangata kajeno. Ka baka la likoluoa tsa lipolotiki, moruo le tikoloho tse sokelang boiketlo ba moloko oa batho, batho ba ikutloa ba tlamehile ho “etsa lipontšo tsa nyatso phatlalatsa” ka mokhoa oa mekoloko ea boipelaetso, litebelo, le lipontšo tsa nyatso. Litseko tsena li tloha tabeng ea ho felisa tlōlo ea molao ea baahelani ho ea ho ho theha khotso ea lefatše. Ka ho thahasellisang bongata ba lipontšo tsena tsa nyatso li lumelloa ke mekhatlo ea kereke le baeta-pele ba bolumeli.
Leha ho le joalo, na ho loketse hore Bakreste ba kopanele lipontšong tse joalo? ’Me na mekoloko ea boipelaetso—ho sa tsotellehe hore na e ka sebōpeho sa ho macha ho merusu kapa litebelo tseo ho tsona ho khantšoang likerese ka mokhoa oa ho siama—ruri li ka fetola lefatše hore e be sebaka se molemonyana?
Lipontšo tsa Nyatso—Pono ea Mokreste
Setsebi se seng sa kahisano se ile sa hlalosa lipontšo tsa nyatso e le “mofuta oa polelo ea lipolotiki o sebetsang ka tsela e khethehileng . . . bakeng sa ho susumetsa balaoli ba sa etseng letho hore ba nke khato e loketseng.” E, batho ba machang mekolokong ea boipelaetso kapa ba etsang lipontšo tsa nyatso hangata ba etsa sena ka tšepo ea hore boiteko ba bona bo matla bo ka lokisa ho hloka toka le tšenyeho e bonoang tsamaisong ea hona joale ea sechaba le lipolotiki.
Leha ho le joalo, ke mohlala ofe oo Jesu Kreste a o sietseng balateli ba hae? Jesu o phetse nakong eo sechaba sa Bajode se ileng sa iphumana se le tlas’a Puso ea Roma ea bommpoli. Ka sebele, batho ba ne ba na le takatso e matla ea ho lokoloha khatellong ea Roma. Leha ho le joalo, le ka mohla Jesu ha a ka a khothaletsa balateli ba hae ho etsa pontšo ea nyatso, ho macha mekolokong ea boipelaetso kapa ho ameha litabeng tsa lipolotiki ka tsela leha e le efe. Ho fapana le seo, o ile a bua khafetsa a bolela hore barutuoa ba hae “hase ba lefatše.”—Johanne 15:19; 17:16; bona le Johanne 6:15.
Ka ho tšoanang, ha Jesu a ne a kenngoa litlamong ka leeme ke bahlanka ba ’muso, ha a ka ba a lokisetsa mokoloko oa boipelaetso, le hoja ka sebele a ne a ka be a ile a ho etsa hoja o ne a ka khetha joalo. Ho e-na le hoo, o ile a bolella ’musi oa Moroma: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.” (Johanne 18:33-36) Ha a ne a tobane le khang ena, Jesu ha a ka a lokisetsa mekoloko ea boipelaetso, hobane o ne a hlokomela bohlokoa ba hore a lule a sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki. ’Me o ile a phehella balateli ba hae hore ba etse se tšoanang.
Kahoo ho kopanela lipontšong tsa nyatso ho ne ho tla tlōla molao-motheo o ka sehloohong oa Bokreste oa ho se nke lehlakore o neng o rutoa ke Jesu. Ho feta moo, ho kopanela ho joalo ho ne ho ka fella le ka ho ameha boitšoarong bo bong boo e seng ba Bokreste. Ka tsela efe? Lipontšo tsa nyatso tse etsoang ka morero o molemo hangata li qetella li na le moea oa borabele, ’me ba kopanelang ho tsona ba ba le moea oa ntoa, ba sebelisa puo e litšila kapa e bontšang mabifi. Ho kopanela maqiting a tlōlo ea molao kapa a phetohelo ho ka ’na ha mema tlhokomelo, empa ha ho lumellane le keletso ea Bibele ea ho “ikokobeletsa ba boholong” le ho “ba le khotso le batho bohle.” (Ba-Roma 12:18; 13:1, NW) Ho e-na le ho ba khothaletsa hore ba hanyetse ’muso, Bibele e phehella Bakreste hore ba be le boitšoaro bo botle har’a batho le ho lula ba ikokobelelitse mebuso ea batho, esita leha ho le thata ho thabisa ba boholong kapa e le batho ba se nang kahlolo e molemo.—1 Petrose 2:12, 13, 18.
Ba bang ba re: ‘Empa hase lipontšo tsohle tsa nyatso tse nang le moea oa ntoa kapa tse mabifi.’ Ke ’nete, ’me lipontšo tse ling tsa nyatso ho bonahala li hlahisa liphello tse molemo. Empa na lipontšo tsa nyatso—esita le haeba e le tsa khotso ’me li etsoa ka morero o molemo—ruri li ka fetola lefatše hore e be sebaka se molemo?
Na li ka Fetola Lefatše?
Bakreste ba amehile ka ho teba ka baahelahi ba bona ’me ba batla ho ba thusa. Empa na ruri ho kopanela lipontšong tsa nyatso ke mokhoa o molemo oa ho fana ka thuso? Buka Demonstration Democracy ea bolela: “Ho na le moeli ho se ka finyelloang ke sesebelisoa leha e le sefe sa polelo ea lipolotiki.” Ho ke ke ha latoloa hore ho felisa bomalimabe boo moloko oa batho o talimaneng le bona ho hloka liphetoho tse ke keng tsa finyelloa ka mekoloko ea boipelaetso kapa ho macha.
Jesu o ile a bua taba e tšoanang ha a bua ka tsamaiso ea bolumeli e bileng teng lilemong tse makholo tse fetileng nakong ea hae. Mabapi le tsamaiso eo ea boikaketsi ea borapeli ba Bafarisi, o itse: “Ha ho motho ea ka beang setsiba se secha seaparong se tsofetseng, hobane setsiba se kenntsoeng se ka hahola seaparo, sa eketsa taboho.” (Mattheu 9:16) Jesu o ne a fetisa ntlha efe? Hore Bakreste ba ’nete ba ne ba ke ke ba phela tumellanong le litsamaiso tse khopo le tse feletsoeng ke nako tse neng li loketse ho felisoa. O ile a hlokomela hore ho lapa tsamaiso e se nang thuso ha ho na molemo.
Ho joalo le ka tsamaiso ea lefatše e entseng hore moloko oa batho o hlaseloe ke ho hloka toka, bokhopo le khatello. Moeklesia 1:15 e e hlalosa ka nepo ha e re: “Ho khopameng ho ke ke ha inamoloha.” E, tsamaiso ea lefatše ea kajeno e ke ke ea lokisoa, ho sa tsotellehe boiteko ba batho ba nang le litšoaneleho tse molemo haholo. Hobane’ng? Hobane, joalokaha 1 Johanne 5:19 e bolela, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” Satane Diabolose. Jesu o ile a mo bitsa “morena oa lefatše lena.” (Johanne 12:31) Ha feela tsamaiso ena e ntse e le tlas’a tšusumetso ea Satane, ha ho tekanyo leha e le efe ea selapa e tla tlisa tokoloho ea ka ho sa feleng.
Sena ha se bolele hore Bakreste ba iphapanyelitse mathata a lefatše kapa ha baa ikemisetsa ho nka bohato bo loketseng. Ha e le hantle, Bakreste ba boleletsoe hore ba be mafolo-folo haholo, eseng tabeng ea ho ipelaetsa, empa mosebetsing oa ho bolela le ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo—eona puso ea ’Muso eo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba e rapelle. (Mattheu 6:10; 24:14) Bibele e bontša hore ’Muso ona o ke ke oa leka ho pholosa lefatše lena le ke keng la lokisoa; o tla felisa ka ho feletseng lipuso tse khopo tsa lefatše le litaolo tsa sechaba tseo hona joale li hatellang moloko oa batho ’me o tla li nkela sebaka ka tsamaiso e ka tlisang toka ea ’nete le ho loka lefatšeng lohle. (Daniele 2:44) Tlas’a tsamaiso e joalo, ha ho motho ea tla tlameha ho macha mekolokong ea boipelaetso hobane Jehova Molimo, ea ‘khotsofatsang takatso ea lintho tsohle tse phelang,’ o tla etsa hore litlhoko tsa rōna tsohle li khotsofatsoe ka ho feletseng.—Pesaleme ea 145:16, NW.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]
Labor strike, Leslie’s