Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 3/8 maq. 3-4
  • Seo e Leng ’Nete ka Peto

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo e Leng ’Nete ka Peto
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha e Eketseha?
  • “Peto ea Bobeli”
  • Litšōmo tsa Peto le Linnete
  • Kamoo ho ka Sebetsanoang le Peto ka Katleho
    Tsoha!—1993
  • Kamoo Peto e ka Thibeloang
    Tsoha!—1993
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Nka Itšireletsa Joang ho Batho ba Hlekefetsang ba Bang ka Thobalano?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 3/8 maq. 3-4

Seo e Leng ’Nete ka Peto

NAKONG eo u qetang ho bala leqephe lena, mosali o tla be a betiloe kae-kae United States. O tla be a le mong ’me o tla tšosoa ka ketso e itseng ea pefo le ea ho nyelisoa ke motho e mong eo mohlomong a mo tsebang. A ka ’na a shapuoa. A ka ’na a hanyetsa. Ha ho pelaelo hore o tla tšaba ho bolaoa.

Peto ke mofuta oa tlōlo ea molao e mabifi e atang ka potlako United States, e seng e ntse e e-na le liketsahalo tsa peto tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng. Ho latela litlaleho tsa mapolesa, ho na le liteko tsa ho beta tse 16, ’me ka karolelano basali ba 10 baa betoa hora e ’ngoe le e ’ngoe. Liketsahalong tsena kopanyeletsa ’nete ea hore ho ka etsahala hore ebe lipeto tse sa tlalehoang li feta tse tlalehiloeng ka makhetlo a leshome!

United States hase eona feela naha e nang le lipalo-palo tsena tse tšosang. Fora lenane la bahlaseluoa ba ileng ba tlaleha hore ba betiloe le nyolohile ka karolo ea 62 lekholong pakeng tsa 1985 le 1990. Ka 1990, Canada e ile ea ba le litlaleho tsa litlhaselo tse etsoang ka likamano tsa botona le botšehali tse imenneng habeli ho ea fihla ho 27 000 ka lilemo tse tšeletseng feela. Jeremane e ile ea tlaleha tlhaselo e le ’ngoe eo ho eona mosali a hlaseloang ka likamano tsa botona le botšehali ka metsotso e meng le e meng e supileng.

Peto e utloisa le banna ba se nang molato bohloko.a Elizabeth Powell eo e leng setsebi sa kelello o itse banna “ba utloisoa bohloko ke ho phela sechabeng seo ho sona halofo ea baahi e nang le lebaka la ho hloea, ho belaela le ho tšoha.” Ba ka ’na ba hlaseloa le ke ho tlameha ho tšoenyeha ka linako tsohle ka basali ba bona, bo-’mè, likhaitseli, barali le metsoalle kapa ba tlameha ho hlōla boikutlo ba ho ba molato le ho utloa bohloko ha motho e mong eo ba mo ratang e e-ba mohlaseluoa oa peto.

Ke Hobane’ng ha e Eketseha?

Peto ea eketseha lichabeng tse lumellang pefo le ho laola basali tabeng ea likamano tsa botona le botšehali ka baka la botšehali ba bona. Linaheng tse ngata, banna le basali ba hlaseloa ka melaetsa e kotsi le boitsebiso bo fosahetseng ka likamano tsa botona le botšehali ho tloha bonyenyaneng, bo tsoang mecheng ea litaba, lapeng le ho lithaka tsa bona. Ba ithuta likhopolo tse kotsi tsa hore likamano tsa botona le botšehali le pefo lia amana le hore basali ba teng bakeng sa ho khotsofatsa litakatso tsa banna tsa likamano tsa botona le botšehali, ho sa tsotellehe hore na takatso ea basali ke efe.

Hlokomela maikutlo a Jay, eo e leng tlelereke e kenyang lirekoto lifaeleng e lilemo li 23. O itse: “Batho ba bolela hore u lokela ho kopanela likamano tsa botona le botšehali hangata le basali ba bangata e le hore u ka ba monna oa sebele. Joale, ke’ng se etsahalang haeba u sa ho etse? Joale na u monna oa sebele?” Ka baka la khatello eo, haeba mosali a mo halefisitse kapa a mo ferekantse maikutlo a ka ’na a mo beta.

Maikutlo a mabifi le a bontšang ho ba hlaha joalo mabapi le basali a atile linaheng tseo litloaelo tsa tsona li sekametseng petong, mofuputsi Linda Ledray oa lumela: “Ho isa tekanyong e khōlō motho ea betang o itšoara ka tsela eo sechaba se e khothaletsang.” Libaesekopo le thelevishene li tlatsetsa ho seo sechaba se se khothaletsang. Peto ke sehlooho se tloaelehileng se fumanoang ho lingoliloeng le litšoantšong tsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, empa lingoliloeng tsena le litšoantšo hase tsona feela tse molato. Liphuputso li bontšitse hore libaesekopo tse bontšang pefo li sa bontše likamano tsa botona le botšehali li fella ka maikutlo a mabifi haholoanyane mabapi le basali ho feta libaesekopo tse bontšang boitšoaro bo litšila ba botona le botšehali empa li sa bontše pefo. Powell o boletse hore thelevishene le eona ea akareletsoa ha e “bontša tse ling tsa liketsahalo tsa boitšoaro bo litšila ba botona le botšehali bo etsoang libakeng tsohle.” Ho thoe’ng ka molaetsa o tsoang mecheng ea litaba? “Ha u halefile, hlekefetsa motho e mong.”

Molaetsa oo o fetotsoe hore o sebetse likamanong tsa letsatsi le leng le le leng, ka liphello tse tšosang. Lefatšeng le ntseng le lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho eketsehileng, banna hangata ba na le boikutlo ba hore basali ba ba kolota likamano tsa botona le botšehali, haholo-holo haeba monna a sebelisa chelete ea hae molemong oa mosali kapa qalong a ne a bonahala a ka lumela kōpo ea hae ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le eena.

Mongoli oa likoranta Robin Warshaw o itse: “Ha ho tluoa tabeng ea likamano tsa botona le botšehali, hangata ho re ‘che’ ha ho bolele letho ha mantsoe ao a buuoa ke motho e motšehali.” ’Me hangata, sena se fella ka peto.

“Peto ea Bobeli”

Kathi o ne a le lilemo li 15 ha a ne a betoa ke litho tse tharo tsa sehlopha sa hockey sa sekolo se phahameng seo a neng a se kena. Ha lelapa labo le hlahlela nyeoe lekhotleng la molao, o ile a koekoetloa le ho hobosoa ke metsoalle, baahelani le batho bao a sa ba tsebeng. Lelapa le ile la bolelloa: “U ka lebella hore bashemane ba etse lintho tse joalo.” Sekolong Kathi o ile a rohakoa, ’me ho ile ha siuoa melaetsa e tšosang holim’a k’habote ea hae. Kahlolo ea bashemane ba mo betileng e ile ea fanyehoa ’me ba etsa mosebetsi oa sechaba ’me ba tsoela pele e le bahale ba lipapali sekolong. Kathi o ile a otloa ka ho hobosoa ka likhoeli tse ’maloa. Qetellong o ile a ipolaea.

Taba ea Kathi ke mohlala o tšosang oa tsela eo ka eona hangata bahlaseluoa ba peto ba hlaseloang pele ’meleng ke batho ba ba betang, ebe ba hlaseloa maikutlong ke ba bang. Basali ba bangata ba hlokomela hore maikutlo ao batho ba nang le ’ona ka peto le ho hlalosoa hampe ha eona ho fella ka hore mohlaseluoa a beoe molato bakeng sa tlōlo ea molao. Metsoalle, lelapa, mapolesa, lingaka, baahloli le makhotla a baahloli—ba neng ba loketse ho thusa mohlaseluoa—ba ka kopanela litlhalosong tseo tse fosahetseng ’me ba utloisa mohlaseluoa bohloko ka tsela e batlileng e teba e tšoanang le ea motho ea mo betileng. Bothata ba ho beoa molato bo tebile haholo hoo ba bang ba bo bitsitseng “peto ea bobeli.”

Litšōmo tsa peto li haha boikutlo ba bohata ba ho sireletseha. Ka mantsoe a mang, haeba u ka fumana phoso e itseng boitšoarong ba mohlaseluoa oa peto—o ne a apara liaparo tse mo penyang kapa o ne a tsamaea a le mong bosiu kapa ruri o ne a batla ho kopanela likamano tsa botona le botšehali—uena kapa baratuoa ba hao le tla sireletseha haeba le qoba boitšoaro bo joalo; kahoo le ka mohla le ke ke la betoa. Ka lehlakoreng le leng, taba ea hore peto ke ketsahalo ea pefo e se nang kelello e ka etsahallang motho e mong le e mong, ho sa tsotellehe hore na o apara joang, ke e tšosang hore motho a ka e amohela.

Mosali e mong, ea ileng a betoa ke motho eo a neng a nahana hore o “mosa, oa hlompheha,” oa kōpa: “Ntho e mpe ka ho fetisisa eo u ka e etsang ke ho lumela hore e ke ke ea etsahala ho uena.”

Litšōmo tsa Peto le Linnete

Lipolelo tse latelang ke litlhaloso tse fosahetseng ka peto tseo batho ba ’nileng ba li tšehetsa ka nako e telele tseo morero oa tsona e leng ho beha mohlaseluoa molato le ho ntšetsa pele maikutlo a khothatsang batho ba betang:

Tšōmo: Peto e etsahala feela ha mosali a hlaseloa ke motho eo a sa mo tsebeng.

’Nete: Basali ba bangata ba betoang ba hlaseloa ke motho eo ba mo tsebang le eo ba neng ba mo tšepa. Phuputso e ’ngoe e senotse hore karolo ea 84 lekholong ea bahlaseluoa e ne e tseba batho ba e hlaselang le hore karolo ea 57 lekholong ea lipeto e ile ea etsahala nakong ea taetsano. Mosali a le mong ho ba supileng ea nyetsoeng o tla betoa ke monna oa hae.b Lipeto ke liketsahalo tsa pefo le tse kotsi ka tsela e amang maikutlo ho sa tsotellehe hore na motho ea hlaselang ke motho eo mohlaseluoa a sa mo tsebeng, molekane kapa motho eo ba laetsaneng le eena.

Tšōmo: Ke peto hafeela ka mor’a moo mosali a bontša bopaki bo bonahalang ba ho hanyetsa, bo kang letetetso.

’Nete: Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba hanyetsa ka ho loana kapa che, ke basali ba seng bakae ba bontšang bopaki bo bonahalang, bo kang matetetso kapa maqeba.

Tšōmo: Mohlaseluoa oa peto o jara karolo ea molato ka ntle le haeba a hanyetsa ka ho nka bohato.

’Nete: Ho latela tlhaloso ea peto e etsahala ha ho sebelisoa matla kapa ho etsoa tšoso ea hore ho tla sebelisoa matla bakeng sa ho kopanela likamano tsa botona le botšehali, tsa mofuta leha e le ofe, khahlanong le thato ea motho. Ke ho sebelisa matla khahlanong le mohlaseluoa ea sa rateng ho etsang hore motho e be ea betang. Kahoo, mohlaseluoa oa peto ha a na molato oa bohlola. Joaloka mohlaseluoa oa likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba amanang haufi, a ka ’na a tlameha ho inehela ketsong eo a sa rateng ho e etsa ka baka la matla ao a hlokomelang hore a sebelisoa ke e mong holim’a hae. Ha mosali a qobelloa ho inehela ho motho ea betang ka baka la tšabo kapa ho ferekana, ha ho bolele hore o lumela ketso ena. Ho lumela ho itšetlehile ka khetho e sa susumetsoeng ke litšoso ’me e etsoa ka ho nka bohato bo itseng eseng ka ho se etse letho.

Tšōmo: Peto ke ketso e susumetsoang ke takatso e matla.

’Nete: Peto ke ketso ea pefo. Banna ha ba bete ka baka la takatso ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali feela, empa e le hore ba ka ikutloa ba na le matla holim’a motho e mong.c

Tšōmo: Mosali a ka qholotsa kapa a phephetsa monna ho isa bohōleng boo ho bona a ke keng a hlola a laola litšusumetso tsa takatso ea hae ea likamano tsa botona le botšehali.

’Nete: Banna ba betang ha ba na takatso e matla ea likamano tsa botona le botšehali e fetang ea banna ba bang. Ho e-na le hoo, karolo ea boraro ea batho bohle ba betang ha ea ka ea khona ho phetha ketso ea likamano tsa botona le botšehali. Maemong a mangata lipeto ke liketsahalo tse reriloeng, eseng tsa tšohanyetso. Motho eo mohlaseluoa a sa mo tsebeng le eo a mo tsebang hangata ba lokisetsa hore bahlaseluoa ba bona ba be boemong bo kotsi—motho eo mohlaseluoa a sa mo tsebeng o etsa sena ka ho latella mohlaseluoa ho fihlela ha a le mong, motho eo mohlaseluoa a mo tsebang o etsa sena ka ho lokisetsa boemo boo ho bona mohlaseluoa a tla ba thōko le batho ba bang.

Tšōmo: Basali ba bua mashano ka peto e le hore ba ka iphetetsa ka monna kapa hobane ba ikutloa ba le molato ka ho kopanela likamano tsa botona le botšehali.

’Nete: Litlaleho tsa bohata ka peto li hlaha ka bongata bo tšoanang le ba tsa pefo e ’ngoe le e ’ngoe: karolo ea 2 lekholong. Ka lehlakoreng le leng, bafuputsi ba lumela hore peto e tlalehoa ka makhetlo a fokolang haholo.

Tšōmo: Mosali a ka “kōpa” ho betoa ka ho apara liaparo tse phephetsang, ho noa joala, ho lumella monna hore a mo lefelle litšenyehelo tsa taetsano kapa ho ea lelapeng la monna.

’Nete: Ho ba le kahlolo e seng molemo, ho se be masene kapa ho hloka tsebo, ha ho bolele hore mosali o lokela ho betoa. Batho ba betang ba jara boikarabelo bo feletseng bakeng sa peto.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hoo e ka bang mohlaseluoa oa peto a le mong ho ba leshome ke monna.

b Peto e etsahalang lenyalong e etsahala ha monna a koebetella mosali oa hae ’me a mo qobella hore a kopanele likamano tsa botona le botšehali le eena. Banna ba bang ba ka ’na ba lumela hore “matla a bolaoli” ao moapostola Pauluse a bolelang hore monna o na le oona holim’a ’mele oa mosali oa hae ke a feletseng. Leha ho le joalo, hape Pauluse o ile a bolela hore ‘banna ba tlameha ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona.’ Moapostola Petrose o bolela hore banna ba lokela hore ba ‘nehe basali tlhompho kaha ke lipitsa tse fokolang batho ba batšehali.’ Sena ha se fane ka monyetla oa pefo kapa likamano tsa botona le botšehali tse qobelloang.—1 Ba-Korinthe 7:3-5, NW; Ba-Efese 5:25, 28, 29; 1 Petrose 3:7, NW; Ba-Kolosse 3:5, 6; 1 Ba-Thessalonika 4:3-7.

c “Morero oa tlōlo ea molao hase ho kopanela ‘likamano tsa botona le botšehali’ empa ho e-na le hoo ketso ea likamano tsa botona le botšehali ke sesebelisoa seo motho ea betang a se sebelisang bakeng sa ho etsa tlōlo ea molao e mabifi.”—Wanda Keyes-Robinson, mookameli oa lefapha le itseng la Lekala la Tlōlo ea Molao ea Likamano tsa Botona le Botšehali, Motseng oa Baltimore, Maryland.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

United States, mosali a le mong ho ba bang le ba bang ba bane e ka ’na ea ba mohlaseluoa oa peto kapa oa teko ea ho beta

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

Peto e eketseha lichabeng tse mamellang pefo le likamano tsa botona le botšehali tse litšila

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela