Karolo 1
Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
“LE TLA tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Mantsoe ana a bohlale a atisang ho qotsoa a ile a buuoa ke motho eo batho ba limillione ba mo talimang e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela.a Le hoja sebui se ne se supa ’nete ea bolumeli, litšobotsing tse ling tsa mosebetsi ’nete e ka lokolla batho.
Ka mohlala, ’nete ea saense e lokolotse batho likhopolong tse ngata tsa bohata, tse kang hore lefatše le sephara, le hore lefatše ke karolo e bohareng ea bokahohle, le hore mocheso ke mokeli-keli o bitsoang calory, le hore moea o silafetseng o baka mafu, le hore athomo ke karolo e nyenyane ka ho fetisisa eo lintho li entsoeng ka eona. Ho sebetsa ha linnete tsa saense ho bonahalang liindastering, esita le mekhoeng ea puisano le ea lipalangoang, ho lokolotse batho bokhobeng bo sa hlokahaleng ’me ho isa bohōleng bo itseng, ho lokolotse batho khaellong ea nako le sebaka. Linnete tsa saense se sebelisitsoeng merianeng tse thibelang mafu le tlhokomelong ea bophelo li thusitse ho lokolla batho mafung a tlang pele ho nako kapa tšabo ea mafu.
Saense—Ha e le Hantle ke Eng?
Ho latela The World Book Encyclopedia, “saense e akareletsa tsebo ea motho e pharaletseng e amanang le linnete tse tlamahantsoeng ka melao-motheo (melao).” Ka ho utloahalang, ho na le mefuta e fapa-fapaneng ea saense. Buka The Scientist e re: “Ho inahaneloa hore, hoo e batlang e le mofuta o mong le o mong oa tsebo o ka etsoa hore ebe saense, kaha ho latela tlhaloso, lekala la tsebo le fetoha saense ha le phehelloa ka mokhoa oa saense.”
Sena se etsa hore litlhaloso tse ling li be thata bakeng sa ho hlalosoa ka ho nepahetseng, hobane moo saense e ’ngoe e qalisang teng ke moo e ’ngoe e qetellang teng. Ha e le hantle, ho latela The World Book Encyclopedia, “maemong a mang, ho na le moo lisaense li tšoanang haholo hoo ho thehiloeng makala a mangata a tsebo a kopanyang likarolo tse peli kapa ho feta tsa lisaense.” Leha ho le joalo, libuka tse ngata li bua ka likarolo tse ’nè tse khōlō: lisaense tsa physical, lisaense tsa biology, tsa tulisano sechabeng le tsa lipalo (mathematics) le melao-motheo ea ho nahana.
Na thuto ea lipalo ke saense? E, ka ntle ho mekhoa e itseng e kopaneng ea ho lekanya, tsela e itseng ea ho lekanya boholo ba ntho, bonyenyane ba eona, bongata ba tsona, hore li ’maloa hakae, li bohōle bo bokae, li haufi hakae, ho chesa hakae le hore ho bata hakae, liphuputso tse hlahisang litholoana li ne li ke ke tsa e-ba bonolo. Ka baka leo, lipalo li ’nile tsa bitsoa “Mofumahali le Mosebeletsi oa Lisaense.”
Ho lisaense tsa physical, tsena li kopanyeletsa chemistry, physics le astronomy. Lihlopha tse ka sehloohong tsa lisaense tsa biology ke botany le zoology, ha lisaense tsa tulisano li kopanyeletsa anthropology, sociology, economics, saense ea lipolotiki le psychology. (Bona lebokose leqepheng la 8.)
Ho lokela hore ho etsoe phapang mahareng a pure science le applied science. Pure science e amana haholo le linnete tsa saense le melao-motheo ka boeona; ’me applied science eona e amana le ho sebelisoa ha lintho tseo ka tsela ea sebele. Kajeno applied science e boetse e tsebahala e le theknoloji.
Ho Ithuta ka Liphoso
Bolumeli le saense ke mehlala e ’meli ea takatso ea moloko oa batho ea ho batla ho tseba ’nete. Empa ho na le phapang ea bohlokoa kamoo ’nete ea bolumeli e fapanang le ’nete ea saense ka teng. Mohlomong mofuputsi oa ’nete ea bolumeli o tla ea Bibeleng e Halalelang, Koran, Talmud, Li-veda, kapa Tripitaka, ho itšetlehile ka hore na ke Mokreste, Momosleme, Mojode, Mohindu kapa Mobuddha. Ke moo a tla fumana seo bolumeli ba hae bo se nkang e le tšenolo ea ’nete ea bolumeli, mohlomong e nkiloeng mohloling o tsoang ho Molimo ka hoo o talingoa joaloka mohloli o le mong feela oa matla.
Leha ho le joalo, mofuputsi oa ’nete ea saense ha a na mohloli o le mong feela oa matla oo a ka retelehelang ho oona—ebang ke buka kapa motho. ’Nete ea saense ha e senoloe; ea sibolloa. Sena se ile sa hatella ka matla mokhoa oa ho ithuta ka liphoso, moo hangata mofuputsi oa ’nete ea saense a iphumanang a suha lerapo la puleng. Empa ka ho latela mehato e mene mohato ka mohato, o phehella ho batla ho hlahisang litholoana. (Bona lebokose “Ho Fumana ’Nete ka Tsela ea Saense.”) Leha ho le joalo, litlhōlo tsa saense li ketekoa tlhōlong ea saense kaha likhopolo tseo pele li neng li amoheloa li se li latoloa ho hleka tsela bakeng sa tse ncha tse talingoang e le tse batlang li nepahetse haholoanyane.
Ho sa tsotellehe mokhoa ona o sa nepahalang, makholong a lilemo a fetileng bo-rasaense ba bokeletse tsebo e ngata haholo ea saense. Le hoja hangata ba entse phoso, ba ile ba khona ho tseba ho lokisa liqeto tse ngata tse fosahetseng pele ho etsoa tšenyo e tebileng. Ha e le hantle, ha feela tsebo e sa nepahalang e sa ntse e le teng har’a meeli ea pure science, ho baka likotsi tse tebileng ho fokola haholo. Empa ha ho etsoa boiteko ba ho fetola pure science e nang le liphoso ho ba applied science, liphello li ka ba kotsi haholo.
Ka mohlala, nahana ka saense e ileng ea nolofatsa tsebo ea ho etsa chefu e bolaeang likokoanyana. Tsebo ena e ile ea nkoa e le ea bohlokoa ho fihlela ha phuputso ea saense e senola hore e ’ngoe ea lichefu tsena e siea masalla a kotsi bophelong bo botle ba batho. Libakeng tse ling haufi le leoatle la Aral, le leng Uzbekistan le Kazakhstan, ho sibollotsoe kamano mahareng a tšebeliso e pharalletseng ea lichefu tse bolaeang likokoanyana le sekhahla sa kankere ea ’metso ka makhetlo a supileng sechabeng ka kakaretso.
Ka baka la molemo oo li fanang ka oona, li-spray tse bolaeang likokoanyana li ile tsa tloaeleha haholo—ho fihlela ha phuputso ea saense e fana ka tlhahiso ea hore li ne li tlatsetsa tšenyong ea lera le sireletsang lefatše la ozone ka potlako e khōlō, ha e le hantle, ka potlako e khōlō ho feta kamoo ho kileng ha nahanoa ka teng. Kahoo, letšolo la ho batla ’nete ea saense ke mokhoa o tsoelang pele. “Linnete” tsa saense tsa kajeno hosane li ka nkoa e le phoso, ’me mohlomong e le phoso e tebileng haholoanyane, ’me linnete tsa saense tsa hosane e ka ba likhopolo tsa maobane.
Lebaka Leo Saense e Lokelang ho re Thahasellisa
Saense le theknoloji li entse ho hongata bakeng sa ho rala motheo oa lefatše la rōna la hona joale. Frederick Seitz, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Sechaba oa Saense oa United States o ile a re: “Saense, e ileng ea qalisa phihlelo e khōlō ea monahano, joale e fetoha e ’ngoe ea litšiea tsa motheo tsa tsela ea rōna ea bophelo.” Kahoo, phuputso ea saense kajeno e na le tlhaloso e tšoanang le ea tsoelo-pele. Motho leha e le mang ea belaellang tsoelo-pele ea saense ea morao-rao o ipeha kotsing ea ho bitsoa “ea sa khemeng le saense.” Seo batho ba bang ba se bitsang tsoelo-pele ea saense ho bona ke se arolang batho ba khemang le linako ho ba saletseng morao.
Ha ho makatse ha sethothokisi sa lekholo la bo20 la lilemo sa Brithani W. H. Auden se ile sa hlokomela: “Banna ba sebele ba nkileng mohato mehleng ea rōna, ba fetolang lefatše, hase bo-ralipolotiki le baeta-pele ba lefatše, empa ke bo-rasaense.”
Ke batho ba ’maloa ba neng ba tla latola hore lefatše le hloka ho fetoloa. Empa na saense e ka tseba ho etsa joalo? Na e ka tseba ho sibolla linnete tse hlokahalang ho sebetsana ka katleho le liphephetso tsena tse khethehileng tseo lekholo la bo21 le li hlahisitseng? Na linnete tsee li ka ithutoa ka lebelo le leholo ka ho lekaneng ho lokolla batho tšabong ea tlokotsi ea lefatše lohle e atamelang?
Linus Pauling ea hapileng moputso oa Nobel ka makhetlo a mabeli o itse: “Ho hlokahala hore motho e mong le e mong ea phelang lefatšeng a be le kutloisiso e itseng ka sebōpeho le liphello tsa saense.” Ke ka morero oa ho neha babali ba rōna kutloisiso ena e itseng e hlokahalang re hatisang letoto la lihlooho “Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele.” Kholiseha hore u bala Karolo 2, tokollong ea rōna e latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kreste Jesu. Bona buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e hatisitsoeng ka 1991 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
HO FUMANA ’NETE KA TSELA EA SAENSE
1. Hlokomela se etsahalang.
2. Ho itšetlehiloe ho se etsahalang, nahana ka khopolo (theory) ea seo mohlomong e leng ’nete.
3. Leka khopolo ka ho eketsehileng ka ho hlokomela se etsahalang le ka liteko.
4. Hlokomela haeba lintho tse nahannoeng esale pele tse thehiloeng khopolong eba ’nete.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
LITLHALOSO TSA LISAENSE
ANTHROPOLOGY ke ho ithuta ka batho ponong ea biology, tulisano le morabe.
ASTRONOMY ke ho ithuta ka linaleli, lipolanete le lintho tse ling tsa tlhaho tse leng sepaka-pakeng.
BIOLOGY ke ho ithuta kamoo lintho tse phelang li sebetsang ka teng le ho hlophisoa ha limela le liphoofolo ka likarolo tsa tsona.
BOTANY ke le leng la makala a mabeli a maholo a biology, ke ho ithuta ka bophelo ba limela.
CHEMISTRY ke ho ithuta ka libōpeho tsa lintho (properties) le metsoako ea tsona le tsela eo li sebetsang ka teng ha li kopana le tse ling.
MATHEMATICS ke ho ithuta ka linomoro, bongata ba lintho, libōpeho le likamano tsa tsona.
PHYSICS ke thuto ea matla le lintho tse kang leseli, molumo, khatello le matla a khoheli ea lintho.
PSYCHOLOGY ke ho ithuta kelello ea motho le boitšoaro ba hae.
ZOOLOGY ke lekala la bobeli le leholo la biology, ke ho ithuta bophelo ba liphoofolo.