Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 5/8 maq. 13-16
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setsebi sa Pele sa Thuto ea Bophelo ba Liphoofolo se Bula Tsela
  • Babylona e Hohle
  • Ho Hatela Pele Butle-butle
  • E, Magerike ao a Bileng Teng ka Mehla
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
    Tsoha!—1993
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
    Tsoha!—1993
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
    Tsoha!—1993
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 5/8 maq. 13-16

Karolo 2

Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele

Ho Batla Hoa Qaleha

THE World Book Encyclopedia e re: “Ha ho motho ea tsebang hore na ke mang oa pele ea ileng a sibolla mollo, ea ileng a qapa lebili, ea ileng a ntšetsa seqha le motsu pele, kapa ea lekileng ho hlalosa ho chaba le ho likela ha letsatsi.” Empa ho sibolla, ho qapa, ho ntšetsa pele, kamoo ho kileng ha hlalosoa ka teng, li bontša hore ha ho mohla lefatše le kileng la lula le sa fetohe.

Lintho tsena tse finyeletsoeng e bile mehato ea pele leetong la ho batla ’nete leo hona joale le nkileng lilemo tse ka bang 6 000. Ka mehla batho ba ’nile ba e-ba le taba-tabelo, ba batla ho utloisisa lintho tse phelang le tse sa pheleng tse leng lefatšeng le ba potolohileng. Ba ’nile ba e-ba le thahasello ea ho sebelisa seo ba ithutang sona, ho se sebelisa ka tsela e atlehang hore ba ithuise molemo. Takatso ena e matla ea tlhaho ea tsebo le ho lakatsa ho e sebelisa e ’nile ea e-ba eona matla a susumetsang moloko oa batho ho batla ’nete ea saense ka ho tsoelang pele.

Ho hlakile hore boiteko ba pele ba ho kenya tsebo ea saense tšebetsong ka tsela e sebetsang bo ne bo sa bitsoe theknoloji joalokaha e tsebahala kajeno. Ka lebaka leo, le batho ka bomong ba entseng boiteko bo joalo ba ne ba sa bitsoe bo-rasaense. Ha e le hantle, saense ka kutloisiso ea eona ea kajeno e ne e se teng karolong e khōloanyane ea ho ba teng ha moloko oa batho. Ho fihlela morao lekholong la bo14 la lilemo, ha seroki sa Lenyesemane Chaucer a ne a sebelisa lentsoe “saense,” o ne a mpa a bolela mefuta e fapaneng ea tsebo. Sena se ne se le tumellanong le ho batla motso oa lentsoe o nang le tlhaloso ea lentsoe la Selatine le bolelang “ho tseba.”

Setsebi sa Pele sa Thuto ea Bophelo ba Liphoofolo se Bula Tsela

Ho sa tsotellehe hore na thuto ena e ne e bitsoa eng pele, saense e qalile tšimong ea Edene ha batho ba qala ho hlahloba lefatše le ba potolohileng. Esita le pele Eva a bōptjoa, Adama o ile a laeloa ho rea liphoofolo mabitso. Hore a li rehe mabitso a loketseng ho ne ho hloka hore ka hloko a ithute litšobotsi tsa tsona le mekhoa ea tsona. Kajeno, re bitsa saense ena ea bophelo ba liphoofolo zoology.—Genese 2:19.

Letsibolo la Adama le Eva, Kaine, o ile “a haha motse,” ’me e tlameha ebe o ne a e-na le tsebo e lekaneng ea saense ho teha lisebelisoa tse hlokahalang. Hamorao, se seng sa litloholo tsa hae, Tubale-Kaine, se ne se bitsoa “lelala la lintho tse entsoeng ka lethose le tšepe.” Ho totobetse hore tsebo ea saense le theknoloji e ne e se e eketsehile ka nako eo.—Genese 4:17-22, BPN.

Nakong eo Egepeta e neng e ba ’muso oa lefatše—e leng oona o boletsoeng pele ka Bibeleng—tsebo ea saense e ne e se e hatetse pele hoo Baegepeta ba ileng ba tseba ho haha li-pyramid tse khōlōhali. The New Encyclopædia Britannica, e re ho etsuoa ha li-pyramid tsena, “ho ile ha finyelloa ka katleho ka mor’a liteko tse ngata, tseo ho tsona ho ileng ha rarolloa mathata a maholo a boenjinere.” Ho rarolla mathata ana ho ne ho hloka tsebo e ngata ea lipalo ’me sena se bontša hore ho ne ho se ho na le tsebo e itseng ea lipalo e amanang le tsebo ea saense.

Ho hlakile hore taba-tabelo ea saense e ne e sa lekanyetsoa feela ho Baegepeta. Bababylona, ka ntle le ho etsa almanaka, ba ile ba qalisa tsamaiso ea lipalo le ea ho lekanya. Bochabela bo Hōle, tsoelo-pele ea Machaena e ile ea etsa tlatsetso tsa bohlokoa saenseng. Baholo-holo ba pele ba meloko ea Inca le Maya Amerika ba ile ba ntšetsa pele tsoelo-pele eo hamorao e ileng ea makatsa bafuputsi ba Europe ba neng ba sa lebella hore “lichaba tse sa tsoelang pele” li ka finyella seo.

Leha ho le joalo, hase lintho tsohle tseo batho bana ba boholo-holo ba neng ba li talima e le ’nete ea saense tse ileng tsa ipaka li nepahetse ho latela saense. The World Book Encyclopedia e re bolella hore hammoho le lisebelisoa tsa bohlokoa tse entsoeng ke Bababylona bakeng sa liphuputso tsa saense, “ba ile ba boela ba ntšetsa pele le saense ea bohata ea bolepi ba linaleli.”a

Babylona e Hohle

Ho liithuti tsa Bibele Babylona ea boholo-holo e tšoana hantle le borapeli ba bohata. Ho bolepi ba linaleli bo neng bo sebelisoa moo, ho ne ho lumeloa hore molimo o fapaneng o ne o busa karolo e ’ngoe ea maholimo. Bibele, e rutang hore ho na le Molimo a le mong feela oa ’nete, e nepile tumellanong le saense ka ho lahlela matjoing saense ea bohata e tsebahalang e le bolepi ba linaleli.—Deuteronoma 18:10-12, BPN; 1 Ba-Korinthe 8:6; 12:6; Ba-Efese 4:6.

Bolumeli e ne e le karolo ea bohlokoa bophelong ba batho ba pele. Kahoo hoa utloahala hore tsebo ea saense ha ea ka ea tsoela pele ka ntle ho litumelo le likhopolo tsa bolumeli. Sena ka ho khethehileng se ka bonoa saenseng ea bongaka.

The New Encyclopædia Britannica e re: “Litokomane tsa boholo-holo tse tšoantšitseng batho ba Egepeta le meriana nakong ea ’Muso oa Khale, li bontša hore boselamose le bolumeli li ne li tsamaisana ka ho feletseng ’me karolo e ’ngoe e ne e theiloe phihlelong le ho hlokomela se etsahalang le ho beha mabaka phekolong ea bongaka le hore leselamose le leholo la lelapa la Faro le ne le atisa ho sebeletsa joaloka ngaka e khōlō ea sechaba.”

Mehleng ea leloko la boraro letotong la borena ba Egepeta, setsebi sa meriana se neng se bitsoa Imhotep se ile sa tsebahala joaloka ngaka e nang le tsebo e ngata. Lilemo tse ka tlaase ho lekholo ka mor’a lefu la hae, o ile a rapeloa joaloka molimo oa Egepeta oa meriana. Ho ea qetellong ea lekholo la botšelela la lilemo B.C.E., o ile a phahamisetsoa boemong ba ho ba molimo o moholo. Britannica e re litempele tse nehetsoeng ho eena “hangata li ne li subuhlellana ka bakuli ba neng ba rapela le ho robala moo ka tumelo ea hore molimo oo o ne o tla ba senolela lipheko litorong tsa bona.”

Bafolisi ba Baegepeta le Bababylona ba ne ba susumetsoa haholo ke likhopolo tsa bolumeli. The Book of Popular Science e re: “Khopolo e neng e atile ka lefu ka nako eo, le bakeng sa meloko e neng e tla tla e ne e le hore feberu, mafu a tšoaetsanoang, mahloko le mahlaba a ne a bakoa ke meea e mebe, kapa bademona, a futuhelang ’mele.” Ka lebaka leo liphekolo tsa meriana ka kakaretso li ne li ameha linyehelong tsa bolumeli, kapa mantsoe a boloi.

Lekholong la bone le la bohlano B.C.E., ngaka ea Legerike e bitsoang Hippocrates e ile ea phephetsa pono ena. O tsebahala haholo ka kano ea Hippocrates eo ka kakaretso e talingoang e le eona e akarelitseng melao ea boitšoaro ea lingaka. Buka Moments of Discovery—The Origins of Science e hlokometse hore Hippocrates o ne a boetse a le “har’a bo-pula-maliboho ba ileng ba phehisana le baruti bakeng sa ho fumana tlhaloso ea mafu a tšoereng batho.” O ile a batla lisosa tsa tlhaho tsa mafu ka ho sebelisa meriana ka mokhoa oa saense. Mabaka le phihlelo li ile tsa qala ho nkela tumela-khoela ea bolumeli le bonohe sebaka.

Hippocrates o ile a nka mohato o nepahetseng oa ho arola meriana ho melao ea bolumeli. Leha ho le joalo, le kajeno re sa ntse re hopotsoa ka semelo sa meriana bolumeling. Letšoao la molimo oa Magerike la bongaka la Asclepius, la lere le nang le noha e ithatileng ka lona, ho ka menahanoa le mehlala ka lona ho ea fihla litempeleng tsa boholo-holo tsa ho folisa moo linoha tse halalelang li neng li bolokoa teng. Ho latela The Encyclopedia of Religion, linoha tsena li emela “tekanyetso e itseng ea ho nchafatsoa ha bophelo le ho tsoaloa hape bophelong bo botle ba ’mele.”

Hamorao Hippocrates o ile a tsebahala e le pula-maliboho oa bongaka. Empa sena ha sea ka sa mo thibela hore ka linako tse ling a fose lintho ho latela saense. The Book of Popular Science e re bolella hore tse ling tsa likhopolo tsa hae tseo e neng e se ’nete “li utloahala e hlile e se lintho tsa sebele ho rōna kajeno” empa eona buka ena e hlokomelisa khahlanong le boikhohomoso ba bongaka ka ho re: “Tse ling tsa likhopolo tsa bongaka tseo hona joale li boleloang ka tieo mohlomong li tla bonahala e se tsa sebele molokong oa nakong e tlang.”

Ho Hatela Pele Butle-butle

Kahoo, ho sibolloa ha ’nete ea saense ho ile ha tsoela pele butle-butle, ’me ho ne ho itšetlehile feela ka ho hloaea linnete likhopolong tse fosahetseng nakong ea lilemo tse makholo. Empa hore sena se khonehe, seo moloko o mong o se fumaneng se ne se fetisetsoa ho moloko o hlahlamang ka mokhoa o nepahetseng. Ka ho hlakileng, tsela e ’ngoe ea ho etsa sena e ne e le ho fetisa boitsebiso ka molomo kaha batho ba bōpiloe ba na le matla a ho bua.—Bapisa le Genese 2:23.

Leha ho le joalo, mokhoa ona oa ho bolellana se ileng sa etsahala e ne e ke ke ea e-ba o tšepahalang ka ho lekaneng ho fana ka boitsebiso bo nepahetseng boo saense le theknoloji li bo hlokang. Ka ho hlakileng ho ne ho hlokahala tsela ea ho boloka boitsebiso ka mokhoa o ngotsoeng.

Ha ho tsejoe hore na batho ba qalile neng ho ngola. Empa hang hoba ba etse joalo, ba ne ba e-na le mokhoa o babatsehang oa ho fetisa boitsebiso boo ba bang ba neng ba ka haha holim’a bona. Pele ho qaptjoa pampiri—mohlomong Chaena hoo e ka bang ka 105 C.E.—ho ne ho ngolloa holim’a lintho tse kang matlapa a letsopa, loli, le matlalo a ho ngolla.

Tsoelo-pele e khōlō ea saense e ka be e sa khoneha ka ntle ho mokhoa oa lipalo le ho lekanya. Bohlokoa ba tsona bo ne bo le bo boholo haholo. Ka ho bitsa ho sebelisoa ha lipalo “morero oa lefatše lohle,” The Book of Popular Science e re hopotsa hore “ho hlahlobisisoa ha tsona ho lebisitse tsoelo-peleng e ngata ea bohlokoa saenseng.” Lipalo li boetse li sebeletsa e le “kofuto ea bohlokoa ho setsebi sa chemistry, ngaka, setsebi sa linaleli, moenjinere le ba bang.”

Nakong e fetang makholo a lilemo mabaka a mang a ile a potlakisa ho batla ’nete ea saense. Ka mohlala, maeto. The Book of Popular Science ea hlalosa: “Motho ea etelang linaheng lisele a ka ’na a fumana taba-tabelo ea hae e leotsoa ke lintho tseo a qalang ho li bona, melumo, menko le litatso. O tla susumelletseha ho botsa hore na ke hobane’ng ha lintho li fapane hakaalo naheng eo a sa e tloaelang; ’me boitekong ba hae ba ho khotsofatsa taba-tabelo ea hae, o tla bokella tsebo. Ho bile joalo ka Magerike a boholo-holo.”

E, Magerike ao a Bileng Teng ka Mehla

Bala ka histori ea bolumeli, lipolotiki kapa khoebo, u tla fumana litšupiso tse ngata tse buang ka Magerike. Ke mang ea e-song ho utloe ka bo-rafilosofi ba bona ba tummeng, e leng lentsoe le nkiloeng lentsoeng la Segerike phi·lo·so·phiʹa, le bolelang “lerato la tsebo”? Ho rata ha Magerike bohlale le tsebo li ne li tsebahala lekholong la pele la lilemo ha moapostola oa Mokreste Pauluse a etela naha ea bona. O ile a bua ka bo-rafilosofi ba Baepikure le ba Bastoike, bao joaloka “Baathene bohle le bajaki ba melata ba ne ba sa etse letho, haese ho bolela kapa ho utloa ho hong ho hocha.”—Liketso 17:18-21, BPN.

Kahoo hase ho makatsang hore ho lichaba tsohle tsa boholo-holo, Magerike ke ’ona a sietseng saense lefa le leholohali. The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Boiteko ba filosofi ea Magerike ba ho fana ka khopolo ea sebōpeho sa bokahohle bo ile ba nka sebaka sa litšōmo tse mabapi le tšimoloho ea bokahohle eo qetellong e ileng ea lebisa litšibollong tse sebetsang tsa saense.”

Ha e le hantle, bo-rafilosofi ba bang ba Magerike ba entse tlatsetso ea bohlokoa bakeng sa ho batla ’nete ea saense. Ba ile ba ikitlaetsa ka matla ho felisa likhopolo tse fosahetseng le menahano ea ba tlileng pele ho bona, ha ka nako e tšoanang ba ntse ba haha holim’a metheo ea seo ba se fumanang se nepahetse. (Bona lebokose bakeng sa mehlala.) Kahoo, bo-rafilosofi ba Bagerike ba maobane ke bona ba batlileng ba nahana haufi-ufi joaloka bo-rasaense ba kajeno ho feta batho leha e le bafe ba boholo-holo. Ka bomalimabe, ho fihlela morao tjena ho ’nile ha sebelisoa lentsoe “filosofi ea tlhaho” bakeng sa ho hlalosa makala a fapaneng a saense.

Ha nako e ntse e tsamaea Greece e ratang filosofi e ile ea pupetsoa ke lipolotiki tsa ’Muso oa Roma o neng o sa tsoa thehoa bocha. Na sena se bile le phello leha e le efe khatelo-peleng ea saense? Kapa na ho tla ha Bokreste ho ne ho tla etsa phapang? Karolo 3 sehloohong se latelang e tla arabela.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bolepi ba linaleli (astrology), ke ho ithuta ka motsamao oa linaleli ka tumelo ea hore li susumetsa bophelo ba batho kapa ho lepa bokamoso, ha boa lokela ho kopanngoa le astronomy, e leng ho ithuta ka linaleli, lipolanete le lintho tse ling tse leng sepaka-pakeng ka ntle le ho fana ka maikutlo a tšebelisano le meea.

[Lebokose le leqepheng la 15]

“Bo-rasaense” ba Magerike ba Pele ho Mehla ea Bokreste

THALES oa Miletus (oa lekholong la botšelela la lilemo), o tsebahala haholo ka mosebetsi oa hae lipalong le tumelo ea hae ea hore lintho tsohle tse leng teng li entsoe ka metsi, o ile a ba le mokhoa oa ho lekanyetsa boholo ba bokahohle, boo The New Encyclopædia Britannica e bolelang hore e ne e le “ba bohlokoa bakeng sa tsoelo-pele ea saense” ka hloko.

Socrates (oa lekholong la bohlano la lilemo) The Book of Popular Science e mo bitsa “’mōpi oa mokhoa oa ho botsisisa—ho behelana mabaka ka sepheo sa ho fumana ’nete—ho leng haufi le mokhoa oa ’nete ea saense.”

Democritus oa Abdera (oa lekholong la bohlano ho ea ho la bone la lilemo) o ile a thusa ho rala motheo bakeng sa khopolo ea hore bokahohle bo entsoe ka likaroloana tse nyenyane ka ho fetisisa tse ke keng tsa arohana, le ho bolokoa ha matla.

Plato (oa lekholong la bohlano ho isa ho la bone la lilemo) o ile a theha Sekolo se Phahameng Athens joaloka setsi sa ho hahamalla liphuputso tsa filosofi le saense.

Aristotle (oa lekholong la bone la lilemo), setsebi sa biology, se ileng sa theha Lyceum, e leng setsi sa thuto ea saense se etsang liphuputso mafapheng a mangata. Ka lilemo tse fetang 1 500, likhopolo tsa hae e bile tsona tse laolang likhopolong tsa saense, ’me o ile a nkoa e le molaoli ea phahameng oa saense.

Euclid (oa lekholong la bone la lilemo), setsebi sa boholo-holo se tummeng haholo sa lipalo, o tsebahala haholo ka ho bokella tsebo ea “geometry,” e leng lentsoe la Segerike le bolelang “ho lekanya naha.”

Hipparchus oa Nicaea (oa lekholong bobeli la lilemo), setsebi se khethehileng sa linaleli le moqapi oa trigonometry, o ile a hlophisa linaleli ka ho ea ka khanya ea tsona, e leng tsamaiso ea motheo e ntseng e sebelisoa. Ke eena ea tlileng pele ho Ptolemy, setsebi se tummeng sa jeokrafi le linaleli sa lekholo la bobeli la lilemo C.E., ea ileng a ntšetsa pele se sibolotsoeng ke Hipparchus ’me a ruta hore lefatše le bohareng ba bokahohle.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Lere la Asclepius, le nang le noha e ithatileng ka lona, ke khopotso ea hore saense ha ea ka ea tsoela pele ka ntle ho tšusumetso ea bolumeli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela