Ke Tšoasehile! Ke Joang Nka Khaotsang ho Bapala Papali ea Chelete?
DAVID oa bolela: “Ke ile ka qalisa ho bapala mechineng ea [slot] ha ke ne ke le lilemo li 13. Ke ile ka fihla boemong boo ke neng nke ke ka feta feela setsing sa boithabiso ke sa kene ka hare ho ea bapala papali ea chelete mechineng ea slot.” E mong eo e bileng sebapali sa papali ea chelete, ea bitsoang Thomas oa lumela: “Ke bile ka utsoetsa metsoalle, lelapa, le basebetsi-’moho le ’na e le hore nka ntšetsa pele temalo ea ka. Ke ile ka bapala papali ea chelete hoo e ka bang ea mofuta o mong le o mong.”
Ka bobeli David le Thomas ba ne ba hōlisitsoe joaloka Bakreste. Ba ile ba tšoaseha papaling ea chelete—ba ile ba tšoaseha bokhobeng bo bolaeang. Bafuputsi ba re manane a mangata ka ho tšosang a bacha a fetohile bahlaseluoa ba lipapali tse ferekanyang tseo ka mano li entsoeng hore li ipiletse likelellong tsa bacha hore ba bapale papali ea chelete. Makasine oa Time o re: “Bafuputsi ba papali ea chelete ba re ho ba hakanyetsoang ho limillione tse robeli bao e leng makhoba a papali ea chelete Amerika, millione e le ’ngoe ke bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20.” Ba bang ba lumela hore karolo ea 4 ho isa ho ea 6 lekholong ea bacha bohle ba lilemo tse ka tlaase ho 20 United States ba bapala papali ea chelete ka mokhoa o sa tloaelehang.
Bacha ba hahamalla mefuta e mengata le e fapa-fapaneng ea tloaelo ena e fosahetseng. Ho latela Mainichi Daily News ho sa tsotellehe melao e thata ea Japane e thibelang bacha ba ntseng ba e-s’o fihle lilemong tsa molao tsa boikarabelo hore ba ka becha, bacha “ba bangata ka ho ntseng ho eketseha hoa tsebisahala hore ba ea [lipanteng] kapa litsing tseo ho bechoang ho tsona, e le ka tloaelo e hōlang ka mokhoa o tšosang.” Ho bapala lottery, ho bechela lipapali, le ho bapala likarete ke tse ling tsa litsela tse ratoang har’a bacha ba inehetseng tšusumetsong ea ho becha.
Bokhoba ba Papali ea Chelete—Liphello
Gordon Moody oa mokhatlo o thusang ba lemaletseng papali ea chelete ho hlōla bokhoba ba bona o bitsoang Gamblers Anonymous, o re: “Qalong [papali ea chelete] ke phihlelo e ncha e hlollang, e tšoana le ho etsa tšibollo e khōlō kapa ho ratana. . . . Ho bapala papali ea ho leka lehlohonolo e ka ba ho thabisang le ho hapang.” (Quit Compulsive Gambling) E, ho batho ba bangata ke ho thabisang ho ba le phihlelo ea ho hapa moputso ka makhetlo a latellanang le ho qhatseha ha lero la adrenaline ho tsamaisanang le hona. Empa u ke ke oa ’na oa hapa ka ho sa feleng moputso oo menyetla ea ho o hapa e leng eo u ke keng oa e laola. Qetellong, motho ea bapalang papali ea chelete oa lahleheloa. ’Me sekoloto le ho mpefala ha boemo ba hae ba lichelete e ba qalo feela ea mathata a hae.
Bokhoba ba ho khanna nako, joaloka ntho e lemalloang, bo ka baka tšenyo e khōlōhali moeeng, boikutlong le boitšoarong. Bo ka hōlisa ka ho uena seo Gordon Moody a se bitsang “bolotsana boo . . . qetellong bo tlang ho u etsa lekhoba.” Re hopotsoa ka mantsoe a moapostola Pauluse: “Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utloa, le bahlanka ba eo le mo utloang, leha e le ba sebe se isang lefung, leha e le ba kutlo e isang ho lokeng?” (Ba-Roma 6:16) Phetolelo ea J. B. Phillips e beha temana ena ka tsela ena: “U ruiloe ke matla ao u khethang ho a utloa.” Nahana, u se u le tlas’a matla a hatellang a tloaelo eo u ke keng oa e laola!
Kaha hangata mocha o bua leshano, o etsa bolotsana, le ho utsoa bakeng sa ho ntšetsa pele tloaelo ea hae, joang kapa joang likamano tsa hae le lelapa labo li tla senyeha. Makasine oa Brithani Young People Now oa hlokomela: “Ha u elelloa hore u fetohile lesholu, mothetsi le ea seng molemo ho batho bao u ba ratang le ba u ratang, boikutlo ba hao ba ho itlhompha bo theoha hampe.” Ha ho makatse, ha The Harvard Mental Health Letter e tlaleha hore makhoba a papali ea chelete a iteketletsa “khatellong e matla, ho kula ho bakoang ke ho tšoenyeha,” le mathata a mangata a ’meleng, joaloka “mathata a mala a sa sebetseng hantle, ho hlobaela, hlooho e opang, khatello e phahameng ea mali, letšoeea, bohloko ba mokokotlo, le bohloko ba ka sefubeng.”
Leha ho le joalo, phello e senyang ka ho fetisisa, ke ho senyeha ha bomoea ba motho. Bibele e nyatsa meharo le lerato la chelete. (1 Ba-Korinthe 5:10, 11; 1 Timothea 6:10) Joaloka bokhoba bofe le bofe, bokhoba ba papali ea chelete ke ‘litšila tsa nama le tsa moea.’ (2 Ba-Korinthe 7:1) Ha u ntse u bapala papali ea chelete ka ho eketsehileng u ntse u silafatsa letsoalo la hao le kamano ea hao le Molimo ka ho eketsehileng.—Bapisa le 1 Timothea 4:2.
Boikemisetso ba ho Tlohela
Ke joang u ka hlōlang ho khomarela ho kang ha letheba ha tloaelo ee? Pele ho tsohle, u tlameha hore u hle u batle ho tlohela sena. Bukeng ea hae Addictions, Liz Hodgkinson o re: “Ha ho mohla ho ka bang le bokhoba bo ka hlōloang ka ntle le haeba lekhoba le hlile le batla ho fetoha.” Sena se bolela ho ithuta ho ba ba “hloeang bobe,” ho nyonya papali ea chelete. (Pesaleme ea 97:10) Joang? Ka ho nahana, eseng ka menyaka ea eona, empa ka liphello tsa eona. Ke “monyaka oa nakoana oa sebe”—na monyaka oa nakoana oa ho hapa moputso o itseng papaling—o tšoanela ho lahleheloa ke bophelo bo sa feleng? (Ba-Heberu 11:25, NW) Ho nahana ka tsela ena ho ka u thusa ho hōlisa boikemisetso ba ho tlohela.
Leha ho le joalo, mofuputsi Liz Hodgkinson oa hlokomela: “Bokhoba ba mofuta ofe le ofe bo ka thopothela motho hoo ho bo tlosa ho ka ’nang ha tšoana le ho khaola letsoho.” Empa Jesu o itse: “Ekare ha leihlo la hao le letona le u lihela, u le honye, ’me u le lahlele hole le uena; hobane ho ka ba molemo ho uena ha setho sa hao se timela se le seng feela, ’mele oohle oa hao o se ke oa lahleloa liheleng [“Gehenna,” NW].” (Mattheu 5:29) Ntho leha e le efe e behang kamano ea hao le Molimo kotsing e tlameha ho tlosoa bophelong ba hao!
Sena se bolela ho hlaolela boitšoaro. Moapostola Pauluse o ne a e-na le litakatso tse ntseng li khutlela ho eena tseo a neng a ka ’na a li lumella hore li mo imele, empa o ile a hana ho ba lekhoba la litakatso tsa hae. O itse: “Ke otla ’mele oa ka le ho o khanna joaloka lekhoba.” (1 Ba-Korinthe 9:27, NW) Le uena u tlameha ho ithuta ho ikhalemela ka matla, u se lumelle litakatso tsa hao hore li u laole.
Ho Fihla Motsong oa Bothata
Leha ho le joalo, ho hlōla ntoeng ena, ho tla hloka ho fetang boikemisetso feela. Hangata bokhoba bo senola mathata a tebileng haholoanyane. Lekhoba le leng la papali ea chelete le bitsoang Dick le re: “Bongoana ba ka e bile bo sa tloaelehang. Ho ne ho se na lerato ho hang ka lelapeng leso. . . . Ke ne ke hobosoa ka mehla. Ke ne ke ikutloa ke se na seriti ho hang.” Phello ea khatello e joalo ea maikutlo, ea e-ba ho leka ho e ntša ka ho bapala papali ea chelete.
Hona joale ba bangata lefapheng la bophelo bo botle ba kelello ba hokahanya bokhoba ba mefuta e sa tšoaneng le maqeba a maikutlo a ileng a tlisoa ke ho hlekefetsoa le ho hlokomolohuoa bongoaneng. Ho sa tsotellehe hore na boemo e bile bofe, ho finyella motsong oa bothata ba hao ho ka u thusa ho bo hlōla. Mopesaleme o ile a rapela: “Ntlhahlobe, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe mehopolo ea ka e ntšoenyang, u bone hore na ke tseleng e mpe, u ntsamaise tseleng ea kamehla eohle.” (Pesaleme ea 139:23, 24, NW) Ho bua le Mokreste ea hōlileng tsebong ka mehopolo ea hao e u tšoenyang, mohlomong moholo oa phutheho, ho ka ’na ha etsa ho eketsehileng ho u thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha u bapala papali ea chelete le hore na u tlameha ho etsa eng ho fetola monahano le mekhoa ea boitšoaro.a
“Ntho e Molemonyana”
Ho latela buka Quit Compulsive Gambling, ho khaotsa “ke feela [bohato] ba pele ntoeng e khahlanong le bothata bona.” Liphetoho tse potlakileng tseleng ea hao ea bophelo le tsona li lokela ho etsoa. Ho ithibela ho khutleleng mokhoeng ona o mobe, u lokela ho qoba ho ba le metsoalle eo u neng u bapala papali ea chelete le eona nakong e fetileng ’me u koekoetle libaka tseo pele u neng u bapala papali ea chelete ho tsona, tse kang li-casino, libaka tsa sechaba tseo ho bapalloang papali ea chelete ea billiards ho tsona, le tse tšoanang le tsona. (Liproverbia 13:20) Sena hase bolele hore u itšehle thajana. (Liproverbia 18:1) Sebeletsa ho hlaolela botsoalle bo molemo, bo thusang ka har’a phutheho ea Bokreste. Ipoloke u tšoarehile mosebetsing o hlahisang litholoana, mesebetsi ea moea le boithabiso bo hahang.
Le hoja Hodgkinson a re hopotsa hore lekhoba le tla hlōla ntoeng ea lona ha feela le “hlokomela hore ho na le molemo oa ho ikhula—le hore ho na le se eketsehileng seo bophelo bo ka fanang ka sona ho feta boiteko ba ho leka ho khotsofatsa bokhoba bona.” Ha e le hantle, ke’ng se neng se ka ba molemo ho feta tšepo eo Bibele e fanang ka eona?
Monna ea bitsoang Roddy o ile a fumana sena e le ’nete. O ipolela e ne e le “lekhoba la papali ea chelete ka ho feletseng” ka lilemo tse 25, ho tloha ha e ne e le mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20. Roddy o ile a leka hoo e ka bang mofuta o mong le o mong oa papali ea chelete—peiso ea lipere, peiso ea lintja, ho bechela sephetho sa lipapali tsa bolo, ho bapala papali ea chelete li-casino. Empa joale o ile a qala ho sebelisa linnete tse ka Lentsoeng la Molimo tseo a ithutileng tsona ho Lipaki tsa Jehova. Roddy o re: “Ka likhoeli tse tharo feela liphetoho tse hlollang haholo li ile tsa e-ba teng.” O ile a khaotsa ho bapala papali ea chelete ’me kajeno o sebeletsa e le moholo ka phuthehong ea Bokreste.
Mohlomong, e ka ’na eaba, u se u ntse u e-na le tsebo e itseng ea lithuto tsa Bibele. Joaloka David le Thomas, ba boletsoeng qalong ea sehlooho sena, e ka ’na eaba ho fihlela hona joale u ’nile oa hlōleha ho etsa linnete tsa Bibele hore e be tsa hao. Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa ‘ikholise ka lintho tse molemo le tse amohelehang le ka thato ea Molimo e phethahetseng’ ka ho etsa boithuto bo tebileng ba Bibele? (Ba-Roma 12:2) Hang ha David le Thomas ba qala ho sebelisa seo ba ithutileng sona ’me ba hlaolela tumelo ea sebele le kholiseho, ba ile ba khona ho hlōla bokhoba ba papali ea chelete. Le uena u ka ho etsa!
Ho ikitlaelletsa ho ithuta Bibele ho tla haha tšepo ea Bibele bakeng sa bokamoso—e leng ntho e molemo ho feta ho bapala papali ea chelete—ho ba ea sebele haholoanyane ho uena. Ka nako e tšoanang, e tla u thusa ho hlaolela kamano ea botho le Molimo. Kahoo u tla ikutloa u lokolohile ho mo “rapela ka phehello” u kōpa thuso, u kholisehile hore o utloisisa maikutlo a hao. (1 Ba-Thessalonika 5:17, NW; Pesaleme ea 103:14) O tla putsa boiteko ba hao bo matla ka ho u fa matla ao u a hlokang ho hlōla ntoeng e khahlanong le bokhoba ba papali ea chelete.—Ba-Galata 6:9; Ba-Filippi 4:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba bangata lefapheng la bophelo bo botle ba kelello ba lumela hore keletso e tsoang ho litsebi ea hlokahala bakeng sa ho felisa bokhoba. Haeba Mokreste a ikhethela phekolo e seng khahlanong le melao-motheo ea Bibele, sena ke qeto ea botho ka ho feletseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Hangata batho ba bapalang papali ea chelete ba bua leshano le ho utsoa bakeng sa ho ntšetsa pele tloaelo ea bona ea ho bapala papali ea chelete