Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 9/8 leq. 3
  • Morabe Ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morabe Ke Eng?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba ho Arola Batho
  • “Tšōmo e Kotsi ka ho Fetisisa ea Motho”
  • Ha Batho Ba Merabe Eohle Ba Phela Hammoho Ka Khotso
    Tsoha!—1993
  • Ho Thoe’ng ka ho Ikutloa U le Motlotlo ka Morabe oa Heno?
    Tsoha!—1998
  • Merabe ea Batho
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Molimo o Nka Hore ho na le Morabe o Phahametseng e Meng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 9/8 leq. 3

Morabe Ke Eng?

MORABE! Lentsoe leo le etsa hore u nahane ka eng? Ho batho ba bang le bolela khethollo le khatello. Ho ba bang, le bolela lehloeo, merusu, esita le polao.

Ho tloha merusung ea merabe United States ho isa khethollong ea merabe Afrika Boroa, ho tloha lintoeng tsa lihlopha tsa merabe Europe Bochabela ho isa lintoeng libakeng tse kang Sri Lanka le Pakistan—morabe e ’nile ea e-ba sesosa sa ho utloa bohloko ho hoholo ha batho le tšenyo.

Empa ke hobane’ng ha lintho li le joalo? Esita le linaheng tseo batho ba bonahalang ba mamellana hoo e batlang e le linthong tsohle, ke hobane’ng ha morabe e le taba eo ho amehiloeng ka eona hakaale? Ke eng se etsang hore morabe e be sesosa sa pherekano le ho hloka toka tse kaale? Ha e behoa habonolo feela, ke hobane’ng ha batho ba merabe e fapaneng ba sitoa ho sebelisana?

Ho araba lipotso tsena, ho hlokahala hore re tsebe se eketsehileng ho feta feela hore na morabe ke eng le hore na merabe e fapana ka litsela life. Hape re tlameha ho utloisisa karolo eo histori e e phethang likamanong tsa hona joale tsa merabe. Leha ho le joalo, pele, a re shebeng seo saense e ka re bolellang sona ka taba ena.

Bothata ba ho Arola Batho

Batho ba phelang likarolong tse fapaneng tsa lefatše ba na le litšobotsi tsa ’mele tse sa tšoaneng. Tsena li akarelletsa ’mala oa letlalo, sebōpeho sa litšobotsi tsa sefahleho, moriri, joalo-joalo. Liphapang tse joalo tsa ’mele li khetholla morabe o mong ho o mong.

Kahoo, ka tloaelo batho ba bua ka ba basoeu le ba batšo, ba lebisa tlhokomelo ’maleng oa letlalo. Empa batho ba boetse ba bua ka Mahispanic, Maasia, Mascandinavia, Bajode, le Marussia. Litlhaloso tsena tsa ho qetela ha li bue ka litšobotsi tsa ’mele empa ka phapang ea sebaka sa bolulo, bochaba, kapa setso. Kahoo ho batho ba bangata, morabe ha o lekanngoe ka litšobotsi tsa ’mele feela empa hape le ka litloaelo, puo, setso, bolumeli, le bochaba.

Leha ho le joalo, ka ho thahasellisang bangoli ba bang ba taba ena ba qea-qea ho sebelisa lentsoe “morabe” ho hang; ba kenya lentsoe leo ka har’a matšoao a ho qotsa nako e ’ngoe le e ’ngoe ha le hlaha. Ba bang ba qoba ho le sebelisa ka ho feletseng ’me sebakeng sa lona ba sebelisa lipolelo tse kang “lihlopha tsa lichaba,” “lihlopha,” “baahi,” le “mefuta.” Hobane’ng? Ke hobane lentsoe “morabe,” joalokaha le utloisisoa ka tloaelo, le imelitsoe ke meelelo le litlhaloso hoo tšebeliso ea lona, ntle le tlhakiso e nepahetseng, hangata e sirang ntlha eo ho buisanoang ka eona.

Ho litsebi tsa thuto ea bophelo le litsebi tsa thuto ea ’mele, morabe hangata o hlalosoa e le feela “karolo ea mofuta e nang le litšobotsi tsa ’mele tse e arolang baahing ba bang ba mofuta oo.” Leha ho le joalo, potso ke hore, Ke litšobotsi life tse ka sebelisoang ho hlalosa lihlopha tse fapaneng tsa mefuta ea batho?

Lintho tse kang ’mala oa letlalo, ’mala oa moriri le sebōpeho sa oona, sebōpeho sa mahlo le nko, boholo ba boko, le mofuta oa mali li ’nile tsa hlahisoa, empa ha ho le e ’ngoe ea tsona e ipakileng e khotsofatsa ka ho feletseng bakeng sa ho khetholla mefuta ea moloko oa batho. Sena ke hobane ha ho na sehlopha sa batho seo ka tlhaho litho tsohle tsa sona li tšoanang hantle litšobotsing tse joalo.

Nka ’mala oa letlalo. Batho ba bangata ba lumela hore moloko oa batho o ka aroloa habonolo ka lihlopha tse hlano tsa merabe ka ’mala oa letlalo: ba basoeu, ba batšo, ba basootho, ba basehla, le ba bafubelu. Morabe o mosoeu ka tloaelo ho nahanoa hore o na le letlalo le lesoeu, moriri o ’mala o khanyang, le mahlo a maputsoa. Leha ho le joalo, ha e le hantle, ho na le phapang e khōlō ’maleng oa moriri, ’maleng oa mahlo, le ’maleng oa letlalo har’a litho tsa morabe o bitsoang o mosoeu. Buka The Human Species ea tlaleha: “Hase hore ke kajeno feela ho se nang baahi Europe bao boholo ba litho tsa bona e leng tsa mofuta o le mong; ho hang ha ho e-s’o be le baahi ba joalo.”

Ka sebele, ho khetholla mefuta ea batho ho thata, joalokaha buka The Kinds of Mankind e hlokomela: “Sohle seo ho bonahalang hore re khona ho se bolela ke hore: le hoja batho bohle ba sa shebahale ba tšoana le batho ba bang bohle, ’me le hoja ka ho hlakileng re ka bona litsela tse ngata tseo batho ba shebahalang ba fapane ka tsona, bo-rasaense ba ntse ba sa lumellane hore na hantle ho na le mefuta e mekae ea moloko oa batho. Ba ntse ba e-s’o etse qeto ea hore na ke mehato efe eo re ka e sebelisang ho tseba hore na motho ke oa moloko ofe. Bo-rasaense ba bang ba batla ho tlohela patlisiso eo ’me ba re bothata boo bo boima haholo—hore ha ho na tharollo!”

Sena sohle se ka bonahala se ferekanya. Ha ho talingoa taba ea hore bo-rasaense ba bonahala ba fumana bothata bo fokolang ho khetholla liphoofolo le limela ka lihlopha, ka mefuta, le likarolo tsa mefuta, ke hobane’ng ha ba e-na le bothata bo bokaale ba ho khetholla batho ka merabe?

“Tšōmo e Kotsi ka ho Fetisisa ea Motho”

Ho latela setsebi sa thuto ea ’mele oa motho Ashley Montagu, batho ba bangata ba lumela hore “litšobotsi tsa ’mele le tsa kelello li momahane, hore liphapang tsa ’mele li amahana le liphapang tse batlang li ikhethile tsa matla a kelello, le hore liphapang tsena li ka lekanyetsoa ka liteko tsa IQ le se finyeletsoeng ke baahi bana.”

Kahoo, batho ba bangata ba lumela hore kaha merabe e na le litšobotsi tsa ’mele tse fapaneng, merabe e meng e fetisa e meng ka bohlale ’me e meng e ea fokola. Leha ho le joalo, Montagu o bitsa monahano o joalo “tšōmo e kotsi ka ho fetisisa ea motho.” Litsebi tse ling li lumellana le eena.

Morton Klass le Hal Hellman baa hlalosa ho The Kinds of Mankind: “Batho baa fapana ka bomong; har’a baahi bohle ho na le ba bohlale haholo le lithoto. Empa, ka mor’a lipatlisiso tsohle, litsebi tse ikarabellang ha lia fumana bopaki boo li ka bo amohelang ba liphapang tsa kaheho lipakeng tsa lichaba mabapi le bohlale kapa matla.”

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha ba bangata ba tsoela pele ho lumela hore liphapang tse fokolang tsa ’mele tse ka holimo li bolela hore merabe e fapane ka ho feletseng? Ha e le hantle, ke joang morabe o ileng oa fetoha bothata bo boholo hakaale? Re tla hlahloba lintlha tsena sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela