Ke Hobane’ng Ha Morabe e le Bothata Bo Boholo Hakaale?
HO TLOHA qalong ea histori e tlalehiloeng, khopolo ea hore ho na le lekhalo lipakeng tsa “bona” le “rōna” e ’nile ea laola menahano ea batho. Ba bangata ba ikholisitse hore ke bona feela batho ba feletseng ba nang le litsela tse nepahetseng tsa ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Sena ke seo bo-rasaense ba se bitsang ethnocentrism, khopolo ea hore litsela tsa batho ba habo motho e mong ke tsona feela tseo e leng tsa bohlokoa.
Ka mohlala, Bagerike ba boholo-holo ba ne ba tella “babarebare,” lentsoe le neng le sebelisoa ho mang kapa mang eo eseng Mogerike. Lentsoe “babarebare,” le ile la hlaha ka lebaka la tsela eo lipuo tsa balichaba li neng li utloahala ka teng litsebeng tsa Bagerike, eka ke “bare-bare” e ngata e se nang kelello. Baegepeta pele ho Bagerike le Baroma ka morao le bona ba ne ba ikutloa ba phahame ho feta batho ba bang ntle le bona.
Ka lilemo tse makholo Machaena a ne a bitsa naha ea oona Zhong Guo, kapa ’Muso o Bohareng, hobane ba ne ba kholisehile hore Chaena ke bohare ba lefatše haeba e se ba bokahohle. Hamorao, ha baromuoa ba Maeurope ba moriri o mofubelu, mahlo a matala, le lebala le lefubelu ba fihla Chaena, Machaena a ile a ba bitsa “bo-diabolose ba balichaba.” Ka ho tšoanang, ha ba Bochabela ba qala ho fihla Europe le Amerika Leboea, mahlo a bona a bopapi le meetlo e neng e nkoa e makatsa e ile ea ba etsa bahlaseluoa ba ho nyefoloa le ho belaelloa habonolo.
Leha ho le joalo, ho na le ’nete e hlakileng e ka hlahlojoang, joalokaha buka The Kinds of Mankind e re: “Ho lumela hore [morabe] oa motho o phahametse e meng ho bonolo; ho leka ho paka seo, ka ho sebelisa se fumanoeng ke saense, ke taba e fapaneng ka ho feletseng.” Liteko tsa ho paka hore morabe o mong o phahametse o mong li batla li le ncha. Setsebi sa thuto ea ’mele oa motho Ashley Montagu se ile sa ngola hore “khopolo ea hore ho na le merabe ea tlhaho kapa ea thuto ea bophelo ea moloko oa batho e fapanang ka likelello haesita le ’meleng ke khopolo e ileng ea hlaha karolong ea ho qetela ea lekholo la bo18 la lilemo.”
Ke hobane’ng ha tseko ea bophahamo ba morabe e ile ea ata hakaale nakong ea lekholo la bo18 le la bo19 la lilemo?
Khoebo ea Makhoba le Merabe
Lebaka le leholo ke hore khoebo ea makhoba e neng e tlisa phaello e ne e se e fihletse tlhōrō ea eona ka nako eo, ’me Maafrika a likete tse makholo a ne a nkoa ka khang ’me a qobelloa bokhoba Europe le Amerika. Hangata malapa a ne a qhalana, banna, basali, le bana ba romeloa likarolong tse fapaneng tsa lefatše, ba ke ke ba hlola ba bonana hape. Ke joang bahoebi ba makhoba le ba ruileng makhoba, bao boholo ba bona ba neng ba ipolela hore ke Bakreste, ba neng ba ka emela liketso tse joalo tse se nang botho?
Ka ho atisa pono ea hore Maafrika a matšo ka tlhaho a ne a le ka tlaase. Rafilosofi oa Scotland David Hume o ile a ngola lekholong la bo18 la lilemo: “Ke na le tšekamelo ea ho lumela hore Manegro ’ohle, ’me ka kakaretso mefuta eohle ea batho ka tlhaho e ka tlaase ho ba basoeu.” Ha e le hantle, Hume o ne a bolela hore motho a ke ke a fumana “boqapi bo bohlale har’a [Manegro], mesebetsi ea matsoho e entsoeng ka bokhabane, kapa lisaense.”
Leha ho le joalo, lipolelo tse joalo li ne li fosahetse. The World Book Encyclopedia (1973) e ile ea hlokomela: “Mebuso e tsoetseng pele ea Manegro e ne e le teng likarolong tse fapaneng tsa Afrika lilemo tse makholo tse fetileng. . . . Lipakeng tsa 1200 le 1600, univesithi ea Manegro le Maarabia e ne e tsoela pele hantle Timbuktu e Afrika Bophirima ’me e ile ea tuma Spain eohle, Afrika Leboea, le Bochabela bo Hare.” Leha ho le joalo, ba neng ba ameha khoebong ea makhoba ba ile ba potlakela ho ba le pono ea bo-rafilosofi ba kang Hume ea hore ba batšo ke morabe o ka tlaase ho ba basoeu, ha e le hantle, ebile hase batho ba feletseng.
Bolumeli le Morabe
Bahoebi ba makhoba ba ne ba fumana tšehetso e khōlō ka lipono tsa bona tsa khethollo ea morabe ho baeta-pele ba bolumeli. Ho tloha ka bo-1450, litaelo tsa bapapa ba Roma e K’hatholike li ile tsa ananela ho hatella le ho etsa “bahetene” le “bao eseng balumeli” makhoba e le hore “liphefumolohi” tsa bona li ka pholosoa bakeng sa “’Muso oa Molimo.” Ka mor’a ho amohela tlhohonolofatso ea kereke, babatlisisi ba Europe ba pele le bahoebi ba makhoba ha baa ka ba tšoenngoa ke letsoalo ka tšoaro ena ea bona e khopo ea batho bana bao e leng matsoalloa a sebaka se itseng.
Buka Slavery and Human Progress e re: “Ka bo-1760, joalokaha e ka ba ’nete ka makholo a lilemo a latelang a mangata, ho etsoa makhoba ha batho ba batšo ho ile ha ananeloa ke banna ba likereke le baruti ba bolumeli ba K’hatholike, Chache, Luthere, Presbyteri, le Reformed. Ha ho na kereke ea mehleng ea kajeno kapa sehlotšoana sa bokhelohi tse neng li lekile ho nyahamisa litho tsa tsona ho rua kapa ho etsa khoebo ea makhoba a batho ba batšo.”
Le hoja likereke tse ling li ne li bua ka boena ba Bokreste ba bokahohle, li ne li boetse li khothaletsa lithuto tse ileng tsa tiisa tsekisano ea merabe. Ka mohlala, Encyclopaedia Judaica e bolela hore “ke feela ka mor’a lintoa tse telele le lipuisano tsa thuto ea bolumeli moo Maspanishe a ileng a hlokomela hore matsoalloa a Amerika ao a a fumaneng ke batho ba nang le liphefumolohi.”
Taba e ne e le hore hafeela “liphefumolohi” tsa batho ba merabe e joalo ea matsoalloa a sebaka se itseng ba ne ba “pholositsoe” ka ho sokolleloa Bokresteng, e ne e se habohlokoa hore na ba ne ba tšoaroa joang ’meleng. ’Me ha ho tluoa boemong ba ba batšo, baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba ile ba pheha khang hore ba ne ba rohakiloe ke Molimo. Mangolo a ile a sebelisoa hampe ho leka ho paka sena. Baruti Robert Jamieson, A. R. Fausset, le David Brown, tlhalosong ea bona ea Bibele, baa tiisa: “Ho rohakoe Kanana [Genese 9:25]—kahlolo ena e ile ea phethahatsoa ha ho timetsoa Bakanana—ha Egepeta e lihoa, le ka ho etsoa makhoba ha Maafrika, litloholo tsa Kama.”—Commentary, Critical and Explanatory, on the Whole Bible.
Thuto ea hore ntate-moholo oa morabe o motšo o ne a rohakiloe ho hang ha e rutoe ka Bibeleng. ’Nete ke hore, morabe o motšo ke litloholo tsa Kushe, eseng Kanana. Lekholong la bo18 la lilemo, John Woolman o ile a pheha khang hore ho sebelisa thohako ena ea Bibele ho lokafatsa ho etsoa makhoba ha batho ba batšo, ho ba amoha litokelo tsa bona tsa tlhaho, “ke khopolo e mpe haholo hore e ka amoheloa kelellong ea motho ofe kapa ofe eo ka tieo a ratang ho laoloa ke melao-motheo e tiileng.”
Likhopolo Tseo ho Thoeng ke tsa Saense le Morabe
Khopolo e hlahisoang e le ea saense e ile ea boela ea fana ka tlatsetso ea eona boitekong ba ho tšehetsa khopolo ea hore ba batšo ke morabe o tlaase. Buka Essay on the Inequality of Races, e ngotsoeng ke mongoli oa Lefora oa lekholo la bo19 la lilemo Joseph de Gobineau, e ile ea rala motheo oa hore libuka tse ngata tse joalo li o latele. Ho eona, Gobineau o ile a arola batho ka merabe e meraro e fapaneng ka ho latellana ha ho ipabola ha eona: ba basoeu, ba basehla, le ba batšo. O ile a bolela hore litšoaneleho tse ikhethang tsa morabe o mong le o mong li ne li le maling le hore ho tsoakana hofe kapa hofe ka ho nyalana ha merabe e fapaneng ho ne ho tla fella ka ho theoha le ho lahleheloa ke litšoaneleho tse phahameng.
Gobineau o ile a pheha khang ka hore ho kile ha e-ba le morabe o hloekileng oa batho ba basoeu, ba balelele, ba meriri e mesehla, ba mahlo a maputsoa bao a ileng a ba bitsa Maaryan. O ile a pheha khang hore, ke Maaryan, a ileng a hlahisa tsoelo-pele le puo e bitsoang Sanskrit India, ’me ke Maaryan a ileng a theha tsoelo-pele Greece le Roma tsa boholo-holo. Empa ka ho nyalana le batho ba moo ba tlaase, tsoelo-pele ena e kileng ea e-ba e babatsehang e ile ea lahleha, hammoho le bohlale bo tsotehang le litšoaneleho tse ntle tsa morabe oa Maaryan. Gobineau o ile a tiisa hore, batho ba atametseng haufi-ufi le Maaryan a hloekileng ba ntseng ba le teng, ba ka fumanoa Europe e ka leboea, e leng, har’a Manordic, le batho ba Jeremane, ha ho atolosoa.
Likhopolo tsa motheo tsa Gobineau—merabe e likarolo li tharo, lefutso la mali, morabe oa Aryan—li ne li se na motheo oa saense ho hang, ’me li hlakotsoe ka ho feletseng ke batho ba saense ba kajeno. Ho ntse ho le joalo, li ile tsa amoheloa ka potlako ke ba bang. Har’a bona e ne e le monna oa Lenyesemane, Houston Stewart Chamberlain, ea ileng a rata likhopolo tsa Gobineau haholo hoo a ileng a ea lula Jeremane ’me a etella pele bohato ba hore ke ka Majeremane feela ho nang le tšepo ea ho boloka bohloeki ba morabe oa Aryan. Ka ho hlakileng, libuka tsa Chamberlain li ile tsa baloa haholo Jeremane, ’me phello e ile ea e-ba e tšabehang.
Phello e Tšabehang ea Khethollo ea Morabe
Adolf Hitler bukeng ea hae Mein Kampf (Ntoa ea Ka), o ile a tiisa hore morabe oa Jeremane e ne e le morabe o phahameng oa Aryan o neng o reretsoe ho busa lefatše. Hitler o ne a na le maikutlo a hore Bajode, bao a neng a bolela hore baa ikarabella bakeng sa ho senngoa ha moruo oa Jeremane, e ne e le tšitiso qetellong ena e khanyang. Kahoo ho ile ha latela ho felisoa ha Bajode le lihlopha tse ling tse fokolang tsa Europe, e leng nako eo ntle le pelaelo e neng e le e lefifi ka ho fetisisa ea histori ea motho. Ena e ne e le phello e tšabehang ea likhopolo tsa khethollo ea merabe, ho akarelletsa le tsa Gobineau le Chamberlain.
Leha ho le joalo, ho tšabeha hoo ha hoa ka ha fella Europe. Ka mose oane ho leoatle sebakeng se bitsoang lefatše le lecha, likhopolo tse joalo tse se nang motheo li ile tsa tlisa ho utloa bohloko ho hoholo melokong ea batho ba se nang molato. Le hoja makhoba a Maafrika a ile a qetella a lokolotsoe United States ka Ntoa ea Lehae, ho ile ha fetisoa melao literekeng tse ngata e neng e thibela ba batšo ho ba le litokelo tseo baahi ba bang ba neng ba li thabela. Hobane’ng? Baahi ba basoeu ba ne ba nahana hore morabe o motšo o ne o se na tekanyetso ea bohlale ea hore o ka nka karolo mesebetsing ea sechaba le ’musong.
Kamoo maikutlo a khethollo ea merabe a neng a tebile ka teng ho bontšoa ke nyeoe e amang molao o khahlanong le ho nyalana ha morabe o mosoeu le e meng. Molao ona o ne o thibela ho nyalana ha batho ba batšo le ba basoeu. Ha moahloli e mong a liha kahlolo ho banyalani ba bang ba neng ba tlotse molao ona, o ile a re: “Molimo ea Matla ’Ohle o entse merabe ea ba basoeu, ba batšo, ba basehla, ba Malay le ba bafubelu, ’me A ba beha lik’hontinenteng tse fapaneng, ’me hoja hoa se be le ho kena-kenana le tokisetso ea Hae ho ka be ho se na lebaka la manyalo a joalo.”
Moahloli enoa o ile a bua sena, eseng lekholong la bo19 la lilemo hape eseng sebakeng se hōle le sa khale, empa ka 1958—le hona e se le lik’hilomithara tse 100 ho tloha Moahong oa Lekhotla la U.S.! Ka sebele, ke ka 1967 feela ha Lekhotla le ka Holimo-limo la U.S. le felisa melao eohle e neng e le khahlanong le ho nyalana ha batho ba merabe e fapaneng.
Melao e joalo e khethollang—haesita le khethollo likolong, likerekeng, le libakeng tse ling tsa sechaba tsa thuto le khethollo mosebetsing le matlong—e ile ea baka pherekano ea lehae, lipontšo tsa nyatso, le pefo tseo e ’nileng ea e-ba karolo ea bophelo United States le libakeng tse ling tse ngata. Esita le haeba motho a sa nahane tšenyo ea bophelo le thepa, tsieleho, lehloeo, le tlotlollo le ho utloa bohloko ha batho tseo e ’nileng ea e-ba liphello li ka talingoa feela e le mahlabisa-lihlong le ho tlotlolleha ha sechaba se bitsoang se tsoetseng pele.
Kahoo, khethollo ea merabe e fetohile e ’ngoe ea matla a arolang ka ho fetisisa sechabeng. Ka sebele, ho hloka hore rōna kaofela re itlhahlobe lipelong tsa rōna, re ipotse: Na ke qhela lithuto leha e le life tse bolelang hore morabe o mong o phahametse o mong? Na ke lekile ho ntša maikutlo ’ohle ao e ka bang a salletse a ho phahamela merabe e meng?
Ho boetse ho loketse hore re botse: Ho na le tšepo efe ea hore khethollo ea merabe le tsitsipano, tse atileng hakaale kajeno, li tla ke li felisoe? Na batho ba bochaba bo fapaneng, lipuo, le meetlo, ba tla ke ba phele hammoho ka khotso?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Batho ba bangata ba basoeu ba ne ba sa talime batho ba batšo e le ba feletseng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Reproduced from DESPOTISM—A Pictorial History of Tyranny
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Likampo tsa polao tsa Nazi e ne e le phello e tšabehang ea likhopolo tsa khethollo ea merabe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. National Archives photo