Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 10/8 maq. 16-18
  • Na ke Hōla ka ho Tloaelehileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Hōla ka ho Tloaelehileng?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mathata a ho Hōla
  • Ba Liehang ho Hōla
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Bothata
  • Ke Hobane’ng ha ke Hōla Kapele Hakaale?
    Tsoha!—1993
  • Ho Etsahala Eng ’Meleng oa Ka?
    Tsoha!—1990
  • ‘Ho Etsahala Eng ka ’Na?’
    Tsoha!—2004
  • Ho Etsahala’ng ka ’Mele oa Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 10/8 maq. 16-18

Baha Baa Botse . . .

Na ke Hōla ka ho Tloaelehileng?

“Ke ne ke le e mong oa bana ba banyenyane ka ho fetisisa tlelaseng ea ka—’me boima ba ka bo ne bo fokola ka ho fetisisa. Ke ne ke sa rate matsoho a ka. Ke ne ke nahana hore a masesanyane haholo. Ke ile ka ba ka romella odoro ea pokello ea mekhoa ea ho ikoetlisa e neng e phatlalalitsoe karolong e ka morao ea buka ea metlae. Leha ho le joalo ha e-ea ka ea sebetsa.”—Eric.

“Ha ke bolelele bo lekaneng. Ke lilemo li 13 ’me ke bolelele ba [limithara tse 1,5] feela. Bohle ba tlelaseng ea ka ba balelelenyana! Ha e le hantle, ho na le bashemane ba bang ba bakhutšoanyane, empa ho ka etsahala hore ebe ba tla hōla nakong ea lehlabula. Ha e le hantle, ha ke rate ho ba mokhutšoanyane! Ha ke khone ho bona letho! Ke lakatsa eka nka ba molelele hanyenyane hona joale.”—Kerri.

BOLELELE bo feteletseng! Bokhutšoanyane bo feteletseng! Botenya bo feteletseng! Bosesanyane bo feteletseng! Ana hase feela mantsoe a phephetsang a tsoang ho lithaka tse sehlōhō. Bacha ba bangata ba ikahlola ka tsela ena nako le nako ha ba icheba ka seiponeng. Ngoanana e mokhutšoanyane oa Spain ea bitsoang Mari oa hopola: “Ha ke ne ke le lilemo li 13, ke ne ke sa rate nko ea ka; e ne le sephara hoo ke ileng ka nahana hore e hloka ho buuoa! Hape ke ne ke e-na le seemo se sebe! Ausi oa ka o ne a e-na le mose o neng o mo tšoanela seemong se setle sa hae. Ha ke ne ke leka ho u tena, bohle ba ne tšeha.”

Ha u le nakong ea “palesa ea bocha,” haholo-holo nakong eo e ferekanyang ea liphetoho tse potlakileng tsa ’mele le maikutlo e tsebahalang ka hore ke ho kena boroetsaneng kapa bohlankaneng, ho bonolo hore u be le maikutlo a mabe ka bouena. (1 Ba-Korinthe 7:36) Seo u ka se bonang, ke hore lithaka tsa hao lia hōla ho ba batho ba baholo ba balelele, ba hohelang. Empa ho ka bonahala eka uena ha u hōle—kapa u hōla ho feta tekano. Phuputso e ’ngoe e senotse hore palo e nyarosang ea bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba etsang karolo ea 56 lekholong ha baa khotsofala ka ’mele ea bona. Bafuputsi Jane Norman le Myron W. Harris ba bolela hore boholo ba bacha bao ba sa khotsofalang ba ne ba ikutloa hore ba ne ba le “bakhutšoanyane haholo” kapa hore ba ne “ba sa hōla ka ho lekaneng.”

Bacha ba bangata ba boetse ba amehile ka khōlo ea litho tsa ’mele ea bona; baa ipotsa hore na ebe ba phetse hantle kapa che. Buka Growing Into Love, ea Kathryn Watterson Burkhart ea hlalosa: “Maikutlo a boitlhompho ho [bacha], tlhōlisano le seriti sa botho li metse ’meleng ea bona, ka hona e-ba habohlokoa ka ho fetisisa hore ebe ’mele ea bona e hōla ka tsela e tšoanetseng.” Joale, hase ho makatsang, hore hangata bacha ba hlile ba belaela ka maemo (a kang koetlisong ea ’mele) moo batho ba talimisisang ’mele ea bona—kapa ba e bapisang. Moshemane e mong e monyenyane o itse: “Ke ikutloa ke sa lokoloha ho hang ho hlapa ’moho le bashemane ba bang sekolong.”

Na ha ua thaba ke tsela eo ’mele oa hao o hōlang ka eona? Joale, khaotsa ho belaela! Ka ho hlakileng u hlile u phetse hantle.

Mathata a ho Hōla

Ho kena boroetsaneng kapa bohlankaneng ke phetoho ea tlhaho le ea bophelo bo botle. Esita le Jesu Kreste o ile a feta mona, “a tsoela-pele tlhalefong hape a hōla ’meleng.” (Luka 2:52, NW) Ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng ho akarelletsa ho hōla ha litho tsa ho beleha.a Leha ho le joalo, ho boetse ho akarelletsa khōlo e sekhahla e sa lebelloang, hangata e imena habeli ho tsela eo a hōlang ka eona selemo le selemo. Mohlankana ea bitsoang Danny oa hopola: “Ke qalile ke hōla ka [lisentimithara tse leshome] ka selemo. Ha ke le lilemo li 13 ke ne ke le bolelele ba [limithara tse 1,8].

Leha ho le joalo, hangata banana ba qala ho hōla ka sekhahla hoo e ka bang lilemo tse peli pele ho bashemane. Kahoo ha ngoanana a le lilemo li 12 a ka ba molelele ho feta moshemane eo a kenang sekolo le eena. Mohlomong o tla thabela bolelele bona ka nakoana. Nakong ea lilemo li se kae, bashemane ba bangata ba tla ba balelele ba be ba mo fete.

Esita leha ho le joalo, ho hōla ho sekhahla ho ntse ho na le mathata. Hangata, likarolo tsa pele tse bang khōlō ke maoto. Ka nakoana maoto a hao a ka ba maholo ho feta ’mele oa hao. Mongoli Lynda Madaras o qotsa ngoanana e mong e monyenyane a re: “Ha ke le lilemo tse 11 ke ne ke le bophahamo ba [limithara tse 1,5] feela, empa ke ne ke roala lieta tsa saese 8. Ke ile ka nahana, Oho, haeba maoto a ka a tsoela-pele ho hōla, a tl’o ba maholo haholo! Empa hona joale ke lilemo li 16, ’me ke bolelele ba [limithara tse 1,7], empa maoto a ka a ntse a lekanoa ke saese 8.” Khōlo e sekhahla ea litlhafu tsa hao, lirope, le ’mele li latela kapele.

Ntho e ka u nyahamisang le ho feta e ka ba setšoantšo se fetohang seo u se bonang ka seiponeng. Mongoli Lynda Madaras ho The What’s Happening to My Body? Book for Girls oa hlalosa: “Ha u ntse u kena boroetsaneng, sefahleho sa hao sea fetoha. Selelu sa hao sea lelefala ’me sefahleho sa hao sea tlala.” Sena ke ’nete ka banana le bashemane. Ho nka nakoana pele sefahleho sa hao se bonahala se leka-lekane hantle.

Ka lebaka la hobane likarolo tse fapaneng tsa ’mele oa hao li hōla ka lebelo le fapaneng, matsoho a hao le maoto a ka bonahala a e-ba malelele ka ho tlontlollang. Christine, eo hamorao a ileng a hōla ho ba motho e moholo ea hohelang oa hopola: “Matsoho a ka a ne a bonahala eka a hohoba fatše.” Hangata nako e tlontlollang ea ho se lekane ha litho tsa ’mele e ka etsahala pele ’mele oa hao o bonahala ‘o tlamahantsoe hammoho manonyeletsong ’ohle.’—Ba-Efese 4:16, BPN.

Ba Liehang ho Hōla

Leha ho le joalo, nako ea bohlankana kapa boroetsana e ka ba ntho e makatsang. Ka linako tse ling motho ea lilemo li 12 a ka bonahala eka o lilemo li 20. Empa ho bacha ba bang, ho bonahala maro a susumetsang ’mele a sa sebetse ka nako. Moshemane e mong e monyenyane ea bitsoang Willie, o ile a ipelaetsa: “Ke e mong oa bana ba bakhutšoanyane ka ho fetisisa tlelaseng, ’me kea tseba hore na ho joang ho phephetsoa.” Haeba u iphumana u lokela ho ema ka litšetše e le hore u ka sheba lithaka tsa hao ka mahlong, u se ke ua tšoha. Hangata, sena se bolela feela hore ’mele oa hao o hōla butlenyana ho feta ea bana ba kenang sekolo le uena.b

Ke ’nete hore ho ba mokhutšoanyane kapa ho bonahala u le monyenyane haholo ho feta lithaka tsa hao e ka ba ntho e sa thabiseng. Allison ea lilemo li 16 oa ipelaetsa: “Kea tseba hore ke bonahala joaloka ngoana e monyenyane, ’me ke ho hloile!” Na u ka potlakisa khōlo? Che, empa u ka ho nolofatsa. Ho Jobo 8:11 Bibele e re: “Na moseme o ka mela moo mohlaka o leng sieo na? Kapa lehlaka le ka ata moo metsi a leng sieo na?” Joale feela kaha semela se hōla ka lebaka la tikoloho e loketseng le lijo tse nepahetseng, ka ho tšoanang le uena u hloka ho phomola ho lekaneng le lijo tse loketseng. Ho itšetleha ka lijo tse se nang bohlokoa ho tla tlosa lijo tseo ’mele o li hlokang bakeng sa khōlo e nepahetseng.

Ka ntle ho mabaka a tloaelehileng a tlhokomelo ea bophelo, ho na le ho honyenyane hoo u ka ho etsang ka khōlo ea ’mele oa hao. Empa ka nako e ’ngoe ho hōla ha hao ho sekhahla ho tla qala. Ha e le hantle, u ka ’na ua tsoela pele u hōla ka mor’a hore lithaka tsa hao li fihlele bolelele bo lekaneng. Mohlankana e mong ea bitsoang John oa hopola: “Ha ke ne ke le sehlopheng sa borobeli, ke ne ke le oa bobeli e molelelenyana ka tlelaseng, empa nakong ea lehlabula ke ile ka hōla ka tšohanyetso. Ha ke le sehlopheng sa borobong, ke ne ke batla ke le molelele ka ho fetisisa tlelaseng.” Re hopotsoa ka maele a boholo-holo: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo; empa ha ho hlaha seo motho a se lumang, ke sefate sa bophelo.”—Liproverbia 13:12.

Leha ho le joalo, ha ho na tiiso ea hore u tla ke u be molelele joalokaha eka u ntšetsa maholi. Haeba u na le batsoali ba bakhutšoanyane, ka ho loketseng le uena u tl’o ba le seemo se sekhutšoanyane. Leha ho le joalo, ho ba mokhutšoanyane ho feta metsoalle ea hao ho ka u bakela mathata.

Kamoo U ka Sebetsanang le Bothata

Le hoja Molimo a sa ahlole motho ka seemo sa hae, batho ba kelello li fokolang ba atisa ho etsa joalo. Liphuputso li bontša hore bacha ba na le tšekamelo ea ho talima ba liehang ho hōla e le ba sa hoheleng ’me ba hlile ba sa tšoanelehe ho feta bacha ba bonahalang ba hōlile. Ba ka boela ba koekoetla metsoalle ea pele e seng e sa bonahale e ba lokela hobane ba bonahala ba le banyenyane. Sena se ka ama boitlhompho ba hao ka ho teba. Phuputso e ’ngoe e bontšitse hore nako e telele ka mor’a hore bacha ba liehang ho hōla ba lekane le ba kenang sekolo le bona, maikutlo a ho se felle a ka lieha ho hlakoha.

U ka sebetsana le bothata joang? Bacha ba bang ba liehang ho hōla e-ba ba thotseng ’me baa ikhula. Empa leha ho le joalo ba bang—haholo-holo bashemane—e-ba bo-mponeng ba kotsi ba nang le pono e fosahetseng ea ho ikhapela tlhokomelo. Empa ha ho le e ’ngoe ea liketso tse joalo e tla u hapela metsoalle ea ’nete. Ha nako e ntse e tsamaea, batho ba tla u rata ka lebaka la seo u leng sona, eseng ka ponahalo ea hao. Haeba u bontša thahasello ea sebele ho ba bang ’me u hlaolela mosa le ho fana, batho ba bangata ba tla u rata. (Liproverbia 11:25; Ba-Filippi 2:4) Haeba ba bang ba tsoela pele ho u phephetsa le ho u khesa, leka ho buisana le batsoali ba hao ka bothata bona. Ba ka u fa likeletso tse sebetsang.

Hopola hape hore Molimo “o talima pelo.” (1 Samuele 16:7) Bibele e bolela hore Morena Saule e ne e le e mong oa banna ba balelele ka ho fetisisa le e motle ka ho fetisisa Iseraeleng. Empa o ile a hlōleha joaloka morena le joaloka monna. (1 Samuele 9:2) Ka lehlakoreng le leng, monna ea neng a bitsoa Zakea o “na a le mokhutšoanyane boemong.” Leha ho le joalo o ile a hlohonolofatsoa ka tokelo ea ho amohela Mor’a Molimo. (Luka 19:2-5) Seo e hlileng e leng sa bohlokoa ke seo motho a leng sona ka hare. ’Me haeba ’mele oa hao o sa hōle kapele joalokaha u rata, u ka tšelisoa ke ho tseba hore sena ke ntho e tloaelehileng. “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona,” ’me qetellong ’mele oa hao o tla qala ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng. (Moeklesia 3:1) Ka ho fapaneng, bacha ba bangata ba belaela ka hore ’mele ea bona e hōla kapele ho feta. Bothata bona ba bona bo tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . .” se hlahang tokollong ea Tsoha! ea February 8, 1990.

b Litsebi tse ling li eletsa hore haeba mocha a sa fete liphetohong leha e le life tse nakong ea bohlankana kapa boroetsana ha a le lilemo li 15, o tlameha ho hlahlojoa ke ngaka hore mathata leha e le afe a tebileng a bophelo bo botle a thibeloe.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Hangata banana ba qala khōlo ea bona e sekhahla hoo e ka bang lilemo tse peli pele ho bashemane. Leha ho le joalo, kapele bashemane ba bangata ba tla qetella ba le balelele ba be ba fete banana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela