‘Ho Etsahala Eng ka ’Na?’
“Ka letsatsi le leng ha ke tsoha, ho bile joalokaha eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e fetohile. Ke ne ke le motho ea fapaneng ’meleng o fapaneng.”—Sam.
LILEMO TSA BOCHA ke eng? Ka mantsoe a bonolo feela, ke nako ea bophelo bo pakeng tsa bongoana le ho ba motho e moholo. Ke nakong eo motho a bang le liphetoho tse khōlō—’meleng, maikutlong esita le kamanong ea hae le batho. Ka kutloisiso e ’ngoe, ho kena lilemong tsa bocha ke ntho e thabisang. Etsoe ho bolela hore u tseleng ea ho ba motho e moholo. Ka lehlakoreng le leng, maikutlo a macha a qala ho hlaha nakong ena ea bophelo, ’me a mang a ’ona e ka ba a ferekanyang—esita le ho tšosa.
Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore u tšabe lilemo tsa bocha. Ke ’nete hore li na le mathata a tsona. Empa hape li fana ka monyetla o babatsehang oa hore u kene ka thabo lilemong tsa ho ba motho e moholo. A re boneng hore na joang—pele, ka ho hlahloba a mang a mathata ao ba lilemong tsa bocha ba tobanang le ’ona.
Ho Kena Bonneng Kapa Bosaling
Lilemong tsa bocha, ho ba le liphetoho ’meleng oa hao ho u lokisetsa ho ba le bana. Mokhoa ona, o bitsoang ka hore ke ho kena bonneng kapa bosaling, o fela ka mor’a lilemo, ’me ha o ame feela khōlo ea litho tsa hao tsa ho ikatisa, joalokaha re tla bona.
Hangata banana ba qala ho kena bosaling ha ba le lilemo tse pakeng tsa 10 le 12, ha bashanyana ba bangata bona ba qala ha ba le pakeng tsa lilemo tse 12 le 14. Leha ho le joalo, tsena ke likarolelano feela. Ho latela buka ea The New Teenage Body Book, “motho e mong le e mong o ba le nako ea hae ea ho ba le liphetoho tse sa tšoaneng tsa ho kena bonneng kapa bosaling.” E ea phaella: “Ho na le nako e pharaletseng haholo eo ho thoeng ke e tloaelehileng.” Kahoo ha ho letho le phoso ka uena ha u qala ho kena bonneng kapa bosaling pele—kapa ka mor’a—lithaka tsa hao.
Neng le neng ha ho kena bonneng kapa bosaling ho qala, ho ka ama ponahalo ea hao, tsela eo u ikutloang ka eona, le tsela eo u talimang lefatše le u pota-potileng ka eona. Nahana ka tse ling tsa litšobotsi tse hlollang empa e le tse phephetsang tsa boemo bona bo ikhethang bophelong.
‘Ho Etsahala’ng ’Meleng oa Ka?’
Ho kena bonneng kapa bosaling ho qala ka ho eketseha ha li-hormone, haholo-holo tsa estrogen bananeng, le testosterone bashanyaneng. Phetoho ea li-hormone e batla e ikarabella phetohong e latelang e bonahalang e le ea mohlolo ’meleng. Ha e le hantle, hang ha ho kena bonneng kapa bosaling ho qala, ’mele oa hao o hōla ka lebelo le makatsang ho tloha ha u le lesea.
Nakong ena litho tsa hao tsa botona kapa tsa botšehali li qala ho hōla, empa leo ke lehlakore le leng feela la ho hōla ’meleng. U ka ’na ua hōla ka potlako ua ba molelele, hoo e bang ka lebelo le sa tloaelehang. Le hoja ha u sa le ngoana e ka ’na eaba u ne u hōla ka lisenthimithara tse hlano ka selemo, e ke ke ea e-ba mohlolo hore u hōle ka makhetlo a imenneng habeli nakong ea ha u kena bonneng kapa bosaling.
Nakong ena, u ka ’na ua ikutloa u sa lokoloha ka tsela e itseng. Sena se tloaelehile. Hopola hore litho tse fapaneng tsa ’mele oa hao li ka ’na tsa hōla ka lebelo le fapaneng. Phello e ka ba ho etsa lintho ka bothotonyana. Empa u se ke ua fela pelo—u ke ke ua lula u etsa lintho ka bothotonyana joalo. Ho se phutholohe hoo ho bakoang ke lilemo tsa bocha ho tla feta.
Nakong ea ho fetela bosaling, banana ba qala ho ea khoeling, e leng ho tsoa mali, maro le linamanyana tse qaqapolotsehileng leboteng la pōpelo, khoeli le khoeli.a Ka tloaelo, ho ea khoeling ho tsamaisana le mahlaba hammoho le ho theoha ha tekanyo ea li-hormone. Ho qala ho ea khoeling e ka ba ntho e tšoenyang kaha ho ama ’mele hammoho le maikutlo. Teresa eo hona joale a leng lilemo li 17, oa hopola: “Ka tšohanyetso, ke ile ka tlameha ho tobana le sena. Se ile sa mpherekanya maikutlo ’me e ne e le ntho e bohloko. Hape e ne e le ntho ea khoeli le khoeli!”
Ha u qala ho ea khoeling, ha ho lebaka la hore u tšohe. Etsoe ke pontšo ea hore ’mele oa hao o sebetsa hantle. Ha nako e ntse e e-ea, u tla tloaela ho sebetsana hamolemo le boemo bo seng monate ba ho ilela khoeli. Ka mohlala, ba bang ba fumana ho ikoetlisa kamehla ho fokotsa mahlaba. Empa batho baa fapana. U ka ’na ua fumana hore ho hlokahala hore u fokotse ho sebetsa haholo ha u le linakong. Ithute ho “mamela” ’mele oa hao ’me u o fe seo u se hlokang.
Ha ba le lilemong tsa bocha, banana le bashanyana ba ameha haholo ka ponahalo ea bona. Teresa o boletse tjena ka lekunutung: “Ke nakong eo ke ileng ka qala ho hlokomela—le ho ameha—ka hore na batho ba bang ba nahana hore ke shebahala joang.” O tsoela pele: “’Me ke utloa ke tenoa ke tsela eo ke shebahalang ka eona nako e khōlō le e nyane. Moriri oa ka ha u lule ka tsela eo ke batlang kateng, liaparo tsa ka ha li ntule hantle, ebile ha ho bonahale ke fumana liaparo tseo ke hlileng ke li ratang!”
’Mele oa hao le oona o ka ’na oa u makatsa ka litsela tse ling. Ka mohlala, litšoelesa tsa hao tsa mofufutso li ka ’na tsa qala ho sebetsa ka matla nakong ea ha u kena bonneng kapa bosaling, e leng ho ka ’nang ha u etsa hore u fufuleloe haholo. Ho tola kapa ho shaoara kamehla, le ho etsa bonnete ba hore u apara liaparo tse hloekileng, ho ka u thusa ho laola monko oa ’mele. Le linyanyatsi tse nkhisang hamonate kapa lithibela-mofufutso le tsona li ka thusa.
Hape nakong ea ho kena bonneng kapa bosaling, litšoelesa tsa mafura ’meleng oa hao li sebetsa haholoanyane, e leng se ka fellang ka lihloba le maqoqomete a makhopho. Ngoanana e mong ea bitsoang Ann o tletleba ka ho re: “Kamehla ho bonahala ke hlaseloa ke lihloba nakong eo ke batlang ho shebahala ke le motle ka ho fetisisa. Ebe ke ntho eo ke inahanelang eona, kapa lihloba li lalla hona mohla ke sa li batleng ka ho fetisisa?” Maqoqomete a makhopho le ’ona a baketse Teresa bothata. O re: “A nketsa hore ke ikutloe ke le mobe ebile ke itšaba, hobane ha batho ba ncheba, ke nahana hore ba shebile ’ona!”
Bashanyana le bona ba ka ’na ba ba le mathata a letlalo. Ha e le hantle, litsebi tse ling li bolela hore bashanyana ke bona ba bang le mathata a letlalo ho feta banana. Ebang u mohlankana kapa u moroetsana, u ka rua molemo ka ho hlatsoa libaka tse mafura ’meleng oa hao kamehla, ho akarelletsa sefahleho, molala, mahetla, mokokotlo le sefuba. Ho phaella moo, ho hlatsoa moriri oa hao ka sesepa khafetsa ho ka thusa ho thibela mafura hore a theohele ’meleng. Hape, ho na le lihlahisoa tse etselitsoeng ho loantša maqoqomete a makhopho le lihloba. Teresa o re: “Batsoali ba ka ba nthusitse ho fumana lintho tse hloekisang letlalo le litlolo tsa letlalo. Hape ba nthusitse hore ke se ke ka ja lijo tse se nang molemo phepong. Ha ke sa je lijo tse se nang molemo phepong ’me ke noa metsi a mangata, hangata maqoqomete a ka a makhopho aa fela.”
Phetoho e ’ngoe e bang teng ’meleng e amang bashanyana ka ho khetheha e amana le lentsoe. Nakong eo u kenang bonneng, ho ka etsahala hore kolu ea hao e tebe le ho lelefala, e leng ho fellang ka hore butle-butle lentsoe la hao le be letenya. Bill o etsahalletsoe ke sena a sa hlokomele le ho hlokomela. O re: “Ke ne ke sa hlokomele hore lentsoe la ka le fetohile, ho fihlela batho ba khaotsa ho nahana hore ke ’mè kapa khaitseli ea ka ha ke ne ke araba mohala.”
Ka linako tse ling ha lentsoe la hao le ntse le bōpeha le ka ’na la falesa—e leng ho phahama ka tšohanyetso u sa ho lebella ho hang. Tyrone, ha a hetla morao bocheng ba hae, o re: “E ne e le ntho e soabisang ka ho fetisisa. Nako le nako ha ke tšoha kapa ke thaba, ke nakong eo ho neng ho etsahala sena. Ke ne ke leka hore ke se ke ka nkeha maikutlo haholo, empa ke ne ke nkeha maikutlo.” Tyrone o oa phaella: “Ka mor’a selemo, kapa ho ’na e bile ka mor’a lilemo tse peli, ho ile ha khaotsa ho etsahala.” Haeba sena se u etsahalla, u se ke ua nyahama! Lentsoe la hao le lona le tla qetella le tsitsitse ’me le tebile.
‘Ke Hobane’ng ha ke Ikutloa ka Tsela Ee?’
Ke ntho e tloaelehileng hore batho ba lilemong tsa bocha ba be le maikutlo a sithabetsang. Ka mohlala, u ka ’na ua fumana hore uena le metsoalle ea hao ea hlooho ea khomo ea bongoaneng, setsoalle sa lōna se qalile ho fokotseha butle-butle. Eseng hore ho bile le ho qabana ho itseng ho hoholo. Mohlomong ha le sa thahasella lintho tse tšoanang. Esita le batsoali ba hao—bao pele u neng u ba mathela ha u batla matšeliso le tšireletseho—ba ka bonahala ba se ba siiloe ke nako hape ba se ba sa atamelehe.
Sena sohle se ka siea mocha a ikutloa a le bolutung. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Bafuputsi ba bang ba boletse hore batho ba lilemong tsa bocha ba jeoa ke bolutu khafetsa ho feta ha e sa le bana kapa ha ba se ba hōlile.” Ka ho tšaba hore ba bang ba tla u talima u le mokhelo, u ka ’na ua ba le tšekamelo ea ho ikhutsetsa le ho se ntše maikutlo a hao. Kapa mohlomong u leqe ho bontša batho ba bang thahasello, u nyahame hoo u nkang hore ha ho hlile ha ho motho ea ratang ha u e-ba motsoalle oa hae.
Batho ba bangata ba bacha ba ba le linako tseo ba jeoang ke bolutu ka tsona, ’me ho joalo le ka batho ba bangata ba baholo. Ntho ea bohlokoa eo u lokelang ho e hopola ke hore, qetellong maikutlo ana a tla feta.b Hopola hore kaha u lilemong tsa bocha, hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka uena e ea fetoha. Tsela eo u talimang bophelo ka eona, eo u talimang ba bang ka eona le eo u italimang ka eona e lula e ntse e fetoha. Ka sebele, motho eo u ’monang ka seiponeng ha u icheba, ka linako tse ling a ka ’na a bonahala e le motho osele ka ho feletseng! U ka ’na ua ikutloa joaloka Steve ea lilemo li 17, ea ileng a lumela, “Ho thata haholo hore u re u oa itseba ha uena ka bouena o fetoha ka potlako.”
E ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa ho loantša bolutu ke ho thahasella batho ba bang. Hona ho ka ’na ha bolela ho tseba ba bang bao eseng karolo ea lithaka tsa hao. Na ho na le ba bang ba hōlileng bao u ba tsebang ba ka thabelang ketelo ea botsoalle? Na u ka ba etsetsa mesebetsi e itseng, haholo-holo ha ba hloka thuso? Bibele e khothalletsa bohle—bacha le batho ba baholo—hore ba “atolohe” leratong la bona le mofuthu. (2 Bakorinthe 6:11-13) Ho etsa joalo ho ka u bulela menyetla e babatsehang.
Temana ea Bibele e qotsitsoeng ka holimo ke o mong oa melao-motheo e mengata e thusitseng bacha ba Bakreste hore ba sebetsane ka katleho le liphephetso tsa lilemo tsa bocha. Ha u bala sehlooho se latelang, hlahloba kamoo Lentsoe la Molimo le ka bang le tšusumetso e matla kateng bophelong ba hao ha u ntse u hōla u e-ba motho e moholo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Qalong, linako tsa ho ea khoeling li ka tla hangata ka khoeli kapa tsa tlōlisa likhoeli. Ka linako tse ling, mali a ka phalla ka bongata ho feta linakong tse ling. Liketsahalo tsena tsohle ha lia lokela ho u tšosa. Leha ho le joalo, haeba linako tsa hao tsa ho ea khoeling li sa tsitsa ka nako e etsang selemo kapa tse peli, eo e ka ’na ea e-ba pontšo ea hore u lokela ho ea ngakeng.
b Haeba bolutu bo phehella kapa u tleloa ke maikutlo a ho ipolaea, u lokela ho batla thuso. Potlakela ho bua le batsoali ba hao kapa le motho e mong e moholo eo u ka mo bolellang makunutu a hao.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Batsoali ha Baa Phethahala
“Ha ke sa le ngoana, ke ne ke nahana hore batsoali ba ka ba phethahetse. Joale ha ke se ke le lilemong tsa bocha, ba ne ba se ba se bohlale joalokaha ke ne ke nahana. Seo ke se bolelang ke hore ke ile ka hlokomela hore batsoali ba ka ha baa phethahala, ’me seo se ile sa etsa hore ke ferekane. Ka bomalimabe, ho hlokomela sena ho ile ha nketsa hore ke belaelle maikutlo le kahlolo ea bona. Leha ho le joalo, ka ho ithuta haboima, ke boetse ke ba hlompha ka ho feletseng. Ke ’nete, ha baa phethahala, empa hangata ba nepile. ’Me esita le haeba ba sa nepa, e ntse e le batsoali ba ka. Butle-butle re ba metsoalle, e leng seo ke nahanang hore hangata sea etsahala ka bana le batsoali ba bona.”—Teresa ea lilemo li 17.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bacha ba bangata ba thehile maqhaama a botsoalle le batho ba bang ba hōlileng