Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 10/8 maq. 5-8
  • Re ka Sireletsa Bana Ba Rōna Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Sireletsa Bana Ba Rōna Joang?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ruta Ngoana oa Hao!
  • Thuto ea Hao e Lokela ho ba e Feletseng
  • Ho ba Bohlale Joaloka Linoha
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
  • Batsoali ba ka Ruta Bana ka Thobalano Joang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 10/8 maq. 5-8

Re ka Sireletsa Bana Ba Rōna Joang?

“U se ke ua ba ua bolela. E tla ba lekunutu la rōna.”

“Ha ho motho ea tla u kholoa.”

“Haeba u bolela, batsoali ba hao ba tla u hloea. Ba tla tseba hore e ne e le molato oa hao.”

“Ha u sa batla ho ba motsoalle oa ka ea khethehileng?”

“Na u batla ha ke ea teronkong?” “Ke tla bolaea batsoali ba hao haeba u ka bolela.”

KA MOR’A ho sebelisa bana ho khotsofatsa litakatso tse litšila, ka mor’a ho ba amoha tšireletseho ea bona le boikutlo ba bona ba ho hloka molato, ba betang bana ba ntse ba batla ho hong ho bahlaseluoa ba bona—HO THŌLA. Bakeng sa ho tiisa ho thōla hoo, ba sebelisa lihlong, lekunutu, esita le ho tšosa ho totobetseng. Ka hona bana ba amohuoa sebetsa sa bona se molemohali khahlanong le ho betoa—takatso ea ho bolela, ho bua le ho kōpa tšireletso ho motho e moholo.

Ho utloisang bohloko ke hore, esita le batho ba baholo hangata ba khema ba sa hlokomele le batho ba betang bana. Joang? Ka ho hana ho hlokomela kotsi ena, ka ho hōlisa boikutlo ba ho e etsa lekunutu, ka ho lumela litšōmo tse phetoang hangata. Ho hloka tsebo, ho hloka boitsebiso, le ho thōla li sireletsa ba betang, eseng bahlaseluoa.

Ka mohlala, haufinyane Seboka sa Canada sa Babishopo ba K’hatholike se ile sa fihlela qeto ea hore e ne e le “’momori o akaretsang oa ho thōla” o lumellang ho betoa ha bana ho tšabehang ho tsoela pele har’a baruti ba K’hatholike ka mashome a lilemo. Makasine oa Time, ha o tlaleha ka seoa se pharaletseng sa ho betoa ha bana ke batho ba amanang le bona, le oona o ile oa hlahisa “’momori oa ho thōla” e le lebaka le “thusang hore ketsahalo eo e sehlōhō e ’ne e tsoele pele ho ea ho ile” ka malapeng.

Leha ho le joalo, Time e ile ea hlokomela hore ’momori ona o se o ntse o fela. Hobane’ng? Ka bokhutšoaane, lebaka ke thuto. Ho joalokaha makasine oa Asiaweek o ile oa bolela: “Litsebi tsohle li lumellana hore tšireletso e molemohali khahlanong le ho betoa ha bana ke ho ba hlokolosi ha sechaba.” Hore batsoali ba sireletse bana ba bona, ba tlameha ho utloisisa bonnete ba tšokelo ena. U se ke ua hloka tsebo ka lebaka la lipono tse fosahetseng tse sireletsang ba betang bana li sa sireletse bana.—Bona lebokose le ka tlaase.

Ruta Ngoana oa Hao!

Morena Salomone ea bohlale o ile a bolella mora oa hae hore tsebo, bohlale, le matla a ho nahana li ka mo sireletsa ‘khahlanong le tsela ea bobe, tsa mo khelosa ho ba buang tse khopo.’ (Liproverbia 2:10-12) Na hase sona seo bana ba se hlokang? Pampitšana ea FBI Child Molesters: A Behavioral Analysis e re ka tlas’a sehlooho “Mohlaseluoa ea Nepahetseng”: “Ho bana ba bangata litaba tsa botona le botšehali ke taba e sa lokelang ho boleloa eo ba amohelang boitsebiso bo fokolang bo nepahetseng ka eona, haholo-holo ho batsoali ba bona.” U se ke ua lumella hore bana ba hao e be “bahlaseluoa ba nepahetseng.” Ba rute ka litaba tsa botona le botšehali.a Ka mohlala, ha ho ngoana ea lokelang ho fihla lilemong tsa bohlankana kapa boroetsana a sa tsebe kamoo ’mele o tlang ho fetoha ka teng nakong eo. Ho hloka tsebo ho tla ba ferekanya, ho ba hlabise lihlong—’me ho etse hore ba hlaseloe habonolo.

Mosali eo re tla ’mitsa Janet o ile a betoa ha e sa le ngoana, ’me lilemo hamorao bana ba hae ba babeli ba ile ba betoa. Oa hopola: “Tsela eo re hōlisitsoeng ka eona, le ka mohla re ne re sa bue ka litaba tsa botona le botšehali. Kahoo ke ile ka hōla ke hlabisoa lihlong ke hona. Ho ne ho soabisa. ’Me ha ke e-ba le bana, e ne e ntse e le ntho e tšoanang. Ke ne ke khona ho bua le bana ba batho ba bang empa eseng ba ka. Ke nahana hore seo ha sea loka hobane bana ba hlaseloa habonolo haeba u sa bue le bona ka lintho tsena.”

Thibelo ea ho hleka-hlekoa e ka rutoa esale qalong. Ha u ruta bana ba hao mabitso a likarolo tsa ’mele tse kang setho sa botšehali, matsoele, litono, setho sa botona, ba bolelle hore libaka tsena tsa ’mele li lokile, li khethehile—empa ke litho tsa botho. “Batho ba bang ha baa lumelloa ho li tšoara-tšoara—esita le ’Mè kapa Ntate—esita le ngaka ntle le haeba ’Mè kapa Ntate ba le teng kapa ba itse ho lokile.”b Ka ho loketseng, lipolelo tse joalo li lokela ho hlaha ho batsoali ka bobeli kapa ho bahlokomeli ka bobeli.

Ho The Safe Child Book, Sherryll Kraizer o hlokomela hore le hoja bana ba sa lokela ho qea-qea ho iphapanya, ho hoeletsa, kapa ho baleha ’meti, bana ba bangata ba betoang ba hlalosa hamorao hore ba ne ba sa batle ho bonahala ba se na mekhoa e metle. Kahoo bana ba lokela ho tseba hore esita le batho ba bang ba baholo ba etsa lintho tse mpe ’me le ngoana ha aa lokela ho mamela mang kapa mang ea mo bolellang ho etsa ntho e fosahetseng. Linakong tse joalo ngoana o na le tokelo e felletseng ea ho hana, joalokaha Daniele le metsoalle ea hae ba ile ba hana ha batho ba baholo ba Babylona ba batla hore ba je lijo tse sa hloekang.—Daniele 1:4, 8; 3:16-18.

Kofuto e ’ngoe ea ho ruta e khothaletsoang haholo ke papali ea “U ka etsa joang haeba . . . ?” Ka mohlala, u ka botsa: “U ka etsa joang haeba tichere ea hao e u bolella hore u otle ngoana e mong? U ka etsa joang?” Kapa: “U ka etsa joang haeba (’Mè, Ntate, moruti, lepolesa) ba u bolella hore u itsubeletse moahong o moholo u ipolaee?” Karabo ea ngoana e ka ’na ea se ke ea e-ba e lekaneng kapa e ka ba e fosahetseng, empa u se ke ua mo khalemela ka ho kharuma. Papali eo ha ea lokela ho akareletsa boiteko ba ho tšosa; ha e le hantle, litsebi li khothaletsa hore e bapaloe ka mokhoa o bonolo, o lerato, le o tletseng papali.

Ha u qeta, ruta bana ho thibela lipontšo tsa lerato tse sa lokelang kapa tse etsang hore ba ikutloe ba sa phuthuloha. Ka mohlala, botsa, “U ka etsa joang haeba motsoalle oa ’Mè kapa Ntate a batla ho u aka ka tsela e etsang hore u ikutloe ka tsela e makatsang?”c Hangata ke habohlokoa ho khothaletsa ngoana ho bontša seo a ka se etsang, le e etsa papali ea “Ha re nke hore mohlomong.”

Ka tsela e tšoanang, bana ba ka ithuta ho thibela maqiti a mang a batho ba betang. Ka mohlala, u ka botsa: “U ka etsa joang haeba motho a ka re, ‘Ua tseba ke’ng, ke u rata ho feta batho bohle. Ha u batle ho ba motsoalle oa ka?’” Ha ngoana a ithuta ho qhela maqiti a joalo, tšohla a mang. U ka ’na ua botsa: “Haeba motho e mong a re, ‘Ha u batle ho nkutloisa bohloko, na ha ho joalo?’ U tla re’ng?” Bontša ngoana kamoo a lokelang ho hana ka mantsoe le ka boitšisinyo ba ’mele bo hlakileng, bo tiileng. Hopola hore batho ba betang bana ka tloaelo ba sebelisa mekhoa e sa hlokomeleheng qalong. Kahoo ngoana o tlameha ho rutoa ho hana ka tieo le ho re, “Ke il’o bolela.”

Thuto ea Hao e Lokela ho ba e Feletseng

U se ke ua lekanyetsa thuto e joalo puisanong e le ’ngoe feela. Bana ba hloka hore ntho e be e phetoe. Sebelisa kahlolo ea hao ho lekanyetsa hore na thuto e joalo e lokela ho ba e tobileng hakae. Empa e lokela ho ba e feletseng.

Ka mohlala, kholiseha hore u thibela esale pele boiteko bofe kapa bofe boo ’meti a ka bo etsang ho theha tumellano ea lekunutu. Bana ba lokela ho tseba hore le ka mohla ha hoa loka hore motho e moholo a ba kōpe ho patela e mong oa batsoali ba bona lekunutu. Ba kholise hore ka linako tsohle ho loketse hore ba bolele—le haeba ba ne ba tšepisitse hore ba ke ke ba etsa joalo. (Bapisa le Numere 30:12, 16.) Ba bang ba betang ba tšosa ngoana ka hore ba tla bolela hore u entse phoso e itseng haeba ba tseba hore ngoana o tlotse molao o itseng oa lelapa. Molaetsa e ba hore “nke ke ka bolela haeba u sa bolele.” Kahoo bana ba lokela ho tseba hore batsoali ba bona ba ke ke ba ba halefela ha ba bolela—esita le tlas’a maemo ana. Ba ke ke ba hlaheloa ke kotsi haeba ba bolela.

Thuto ea hao e boetse e lokela ho hlophisetsa bana ho ema khahlanong le litšokelo. Ba bang ba betang ba ’nile ba bolaea liphoofotsoana ka pel’a ngoana ’me ba sokela hore ba tla etsa se tšoanang ka batsoali ba ngoana eo. Ba bang ba ’nile ba lemosa mohlaseluoa oa bona hore ba tla beta ngoana ea mo hlahlamang. Kahoo ruta bana hore ka linako tsohle ba bolele ka seo ’meti a se entseng, ho sa tsotellehe litšokelo tse tšosang tse entsoeng.

Tabeng ena Bibele e ka ba kofuto e thusang ea thuto. Hobane e hatisa ka ho hlakileng ho ba matla ’ohle ha Jehova, ’me e ka etsa hore litšokelo tsa ’meti li se ke tsa hlola li tšosa haholo. Ho hlokahala hore bana ba tsebe hore ho sa tsotellehe litšokelo tse etsoang, Jehova o khona ho thusa batho ba hae. (Daniele 3:8-30) Esita le haeba batho ba babe ba utloisa bao Jehova a ba ratang bohloko, ka linako tsohle a ka fetola kotsi hamorao ’me a etsa hore lintho li boele li loke. (Jobo, likhaolo 1, 2; 42:10-17; Esaia 65:17) Ba kholise hore Jehova o bona lintho tsohle, ho akareletsa batho ba etsang lintho tse mpe le batho ba lokileng ba etsang sohle se matleng a bona ho li qhela.—Bapisa le Ba-Heberu 4:13.

Ho ba Bohlale Joaloka Linoha

Hase batho bohle ba betang bana ba otlang ngoana e le hore ba ’mete. Ka tloaelo ba khetha ho theha setsoalle le bana pele. Ka hona keletso ea Jesu ea ho ba “bohlale joale ka linoha” ke e loketseng. (Mattheu 10:16) Kaloso e haufi ea batsoali ba lerato ke e ’ngoe ea litšireletso tse molemohali khahlanong le peto. Ba bang ba betang ba batla ngoana ea mong sebakeng sa sechaba ’me ba qale moqoqo bakeng sa ho phahamisa taba-tabelo ea ngoana. (“Na u rata lithuthuthu?” “Tl’o bone malinyane a lintja ka koloing ea ka.”) Ke ’nete, u ke ke ua ba le bana ba hao ka linako tsohle. ’Me litsebi tsa tlhokomelo ea bana li hlokometse hore bana ba hloka ho etsa lintho tse itseng ba le bang. Empa batsoali ba bohlale ba hlokolosi ka ho se fe bana tokoloho e ngata pele ho nako.

Kholiseha hore u tseba hantle batho ba baholo kapa bacha ba baholoanyane ba tloaelaneng le bana ba hao, u ela hloko haholoanyane ha u etsa qeto ea hore na ke mang ea tla hlokomela bana ba hao ha u le sieo. Hlokomela ba salang le bana ba etsang hore bana ba hao ba ikutloe ka tsela e sa tloaelehang kapa ba sa phutholoha. Ka ho tšoanang, hlokomela bacha ba bonahalang ba na le thahasello e ngata haholo baneng ba banyenyane ’me ba se na metsoalle eo e leng lithaka tsa bona. Hlahlobisisa libaka tseo ho siuoang bana ho tsona motšehare le likolo. Potoloha sebaka seo sohle ’me u buisane le ba sebetsang moo, u talima ka hloko kamoo ba sebelisanang le bana. Botsa hore na baa tsotella haeba u e-tla ho tla hloela bana ba hao ka linako tse sa lebelloang; haeba seo se sa lumelloe, ba ise sebakeng se seng.—Bona Tsoha! ea December 8, 1987, maqephe 3-11.

Leha ho le joalo, ’nete e bohloko ke hore esita le batsoali ba molemohali ba ke ke ba laola sohle se etsahallang bana ba bona.—Moeklesia 9:11.

Haeba batsoali ba sebelisana hammoho, ho na le ntho eo ba ka khonang ho e laola: tikoloho ea lelapa. ’Me kaha lapeng ke sebaka seo ho betoa ho hongata ha bana ho etsahalang ho sona, re tla tšohla ntlha eo sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona litokollo tsa Tsoha! tsa March 8, 1992, maqephe 3-11, le Awake! ea July 8, 1992, leqephe 30.

b Ka ho hlakileng, batsoali ba tlameha ho hlatsoa le ho apesa bana ba bona ba banyenyane haholo, ’me ka linako tseo batsoali ba hlatsoa litho tsa bona tsa botho. Empa ruta bana ba hao ho itlhatsoa esale qalong; litsebi tse ling tsa tlhokomelo ea bana li khothaletsa hore ba ithute ho hlatsoa litho tsa bona tsa botho ha ba le lilemo li tharo haeba ho khoneha.

c Litsebi tse ling li hlokomelisa hore ha u qobella ngoana oa hao ho aka kapa ho haka motho e mong le e mong ea batlang lipontšo tse joalo tsa lerato, u ka ’na ua fokolisa thuto ena. Kahoo, batsoali ba bang ba ruta bana ba bona ho kōpa tšoarelo kapa ho etsa ho hong ka tlhompho ha ho etsoa likōpo tse sa batloeng.

[Lebokose le leqepheng la 7]

O Ile a Hoeletsa ho Kōpa Thuso

SEHLOOHO sa litaba sa koranta ea United States The Arizona Republic ea May 5, 1993, se ile sa re: “Ho Ipiletsa ho Jehova ho Sitisa Tlhaselo ea ’Meti ho Mocha.” Eo ho boleloang hore ke ’meti o ile a koetela mocha eo ea lilemo li 13 a mo supile ka sethunya, ’me a mo isa ntlong ea hae. Eitse ha mocha a hoeletsa, “Jehova, nthuse!” ’meti eo o ile a thothomela ’me a lokolla moshemane eo. Hamorao mapolesa a ile a tšoara monna eo.

Le hoja ho bitsa lebitso la Jehova ka sebele ho loketse maemong a joalo, hoo ha ho bolele hore bahlanka ba Molimo ba tla lokoloha litlhaselong ‘mehleng ena ea qetello’ e bohloko. (2 Timothea 3:1-5, 13) Ka lebaka leo batsoali ba Bakreste ba tlameha ho ruta bana ba bona hore ba be hlokolosi ka batho bohle bao ba sa ba tloaelang, ho sa tsotellehe matla ao ho ka bonahalang ba e-na le ’ona.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ruta bana ho sebelisa mantsoe le boitšisinyo ba ’mele bo hlakileng, bo tiileng ho thibela mehato e sa lokelang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela