Ea Tla Sireletsa Liphoofolo tsa Rōna tse Hlaha
HO TLOHA qalong ea histori ea batho, motho o ’nile a nyakallisoa ke ho ithuta ka liphoofolo tse hlaha. Leha ho le joalo, ka masoabi, ka mor’a hore Molimo a fe motho tumello ea ho ekeletsa nama lijong tsa hae, kananelo bakeng sa liphoofolo tse hlaha e ile ea qetella e le polao e sa hlokahaleng le ho bolaea liphoofolo ka sehlōhō hore ba fumane likhau.—Genese 2:19, 20; 9:2; 10:9; 25:27.
Empa batho ba bang ba ile ba tsoela pele ho hlolloa ke liphoofolo tse hlaha tsa lefatše. Hoo e ka bang lilemo tse 3 000 tse fetileng, mantsoe a Pesaleme ea 104 a ile a ngoloa ke morati oa liphoofolo tse hlaha. O bolela liphoofolo tse fapaneng tse hlaha ka mabitso, joaloka liqoaha, litau, lipōli tsa thaba, lipela, le mokotatsie. Ka ho ithuta ha hae linonyana, lipina tsa linonyana, le liphoofolo tse hlaha, mopesaleme o ile a susumeletseha ho hooa ka thoriso: “[Jehova] u e entse kaofela ka bohlale.”—Pesaleme ea 104:10-12, 17-21, 24.
Ka sebele, Jehova Molimo ka nepo o khahlisoa ke mesebetsi ea hae e hlollang ea pōpo. (Genese 1:31) Kahoo, re ka kholiseha hore a ke ke a lumella hore liphoofolo tse hlaha tse setseng tsa lefatše li felisoe. Tumellanong le seo, Molimo o ile a bululela mopesaleme ho tlaleha boitsebiso boo e tlamehang ho ba litaba tse monate ho barati bohle ba liphoofolo tse hlaha. Re bolelloa hore “lefatše . . . le ke ke la sisinngoa ka ho sa eeng kae, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5, NW) Kameho e joalo ea boiketlo ba ka ho sa feleng ba polanete ena ka sebele e akareletsa libōpuoa tse phelang ho eona. (Esaia 45:18) Jesu Kreste o ile a netefatsa kameho ea Molimo ka libōpuoa tse hlaha ha a re: “Lirobele tse hlano hleka ha li rekoe ka peni tse peli na? Leha ho le joalo, Molimo ha o lebale le se seng sa tsona.” (Luka 12:6) Kameho ea Molimo ka libōpuoa tsa hae e boetse e hlahisitsoe ho Pesaleme ea 104, temana 14, e balehang tjena: “O melisetsa makhomo joang, o nea batho limela tse ba lokelang; o ntša bohobe bolemeng ba mobu.”
Tumellanong le linnete tsena, Jehova Molimo a ke ke a mamella ka ho sa feleng batho ba mo latolang le ba sokelang bokamoso ba lefatše le liphoofolo tse hlaha tsa lona. Ha e tiisa sena, Pesaleme ea 104 e phethela ka mantsoe ana a kholisang: “Baetsalibe a ba ke ba timelle lefatšeng, ba babe ba lese ho ba teng!”—Pesaleme ea 104:35.
Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Molimo o boletse boikemisetso ba hae ba “ho senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Nakong eo, boprofeta bo bong bo ntseng bo phethahatsoa hona joale ka tsela ea tšoantšetso bo tla phethahala ka tsela ea sebele. Ka mohlala, ka moprofeta oa hae Hosea, Jehova Molimo o re: “Ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le liphoofolo tsa naha, le linonyana tsa leholimo, le tse hahabang lefatšeng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntoa lefatšeng, ’me ke tla ba ahisa ka khotso.”—Hosea 2:18; Esaia 11:6-9.
Ak’u nahane u le lefatšeng leo le tlang la Paradeise. E tla ba nako e monate hakaakang! U ka ’na ua ipotsa: ‘Empa ho hlokahala eng hore motho a fumane litlhohonolofatso tse joalo e le lefa?’ Ntlheng ea pele, ho hlokahala ho ithuta Lentsoe la Molimo. Joale, ho ba ikokobeletsang tataiso ea Bibele, Jehova Molimo o fana ka tšepiso ena e hlollang: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.