Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 11/8 maq. 3-5
  • Ke Mang ea Sireletsang Liphoofolo tse Hlaha tsa Afrika?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Sireletsang Liphoofolo tse Hlaha tsa Afrika?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seriti sa Khanya e Fetileng
  • Na ho na le Sebaka se Lekaneng Bakeng sa Batho le Liphoofolo?
    Tsoha!—1993
  • Bibele e Re’ng ka Liphoofolo Tse Hlaha Tse Fokotsehileng ka 73% ha li Bapisoa le Tsa Lilemo Tse 50 Tse Fetileng?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ea Tla Sireletsa Liphoofolo tsa Rōna tse Hlaha
    Tsoha!—1993
  • Liphoofolo Tse Hlaha Tsa Afrika Tse Felang—Na li Tla Lula li le Teng?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 11/8 maq. 3-5

Ke Mang ea Sireletsang Liphoofolo tse Hlaha tsa Afrika?

KA MONGOLLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA

HO ’NILE ha buuoa lintho tse seng monate ka tsela eo Maafrika a talimang lefa la ’ona la liphoofolo tse hlaha. Baeti ba bang ba re: ‘Ha ba na kananelo ea sebele ka lona; ba le talima feela e le mohloli oa lijo le chelete.’ Lebaka la liqeto tse joalo ke lefe? Hangata libaka tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha li tlala bahahlauli ba Bophirima ’me matsoalloa a sebaka seo a fokola haholo. Empa morena e mong oa Mozulu Afrika Boroa o kile a hlalosa: “Ho na le mathata a sitisang batho ba batšo ho etela libaka tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha. Ho rōna polokelo ea liphoofolo tse hlaha ke boiketlo boo e leng batho ba ’maloa feela ba batšo ba leng boemong ba lichelete ba ho bo thabela.”

Maafrika a mangata kajeno, ho fapana le bo-ntat’a bona moholo, a hōlela maqhofeng metseng e meholo, moo ba leng thōko le liphoofolo tse hlaha. Hape, hangata batho ba lulang mahaeng ke bahlaseluoa ba bofutsana le ho hlokomolohuoa. Mohlokomeli e mong oa liphoofolo tse hlaha oa naha e ’ngoe ea Afrika Bophirima o ile a hlalosa: “Ke likhorane feela tse ka khonang ho boloka liphoofolo tse hlaha feela ka mabaka a botle, moetlo le thuto.”

Ho sa tsotellehe mabaka ana a fosahetseng, liphoofolo tse hlaha ke ntho ea sehlooho e tloaelehileng mesebetsing ea matsoho e entsoeng ka bokhabane ea Afrika, joalokaha ho etela mabenkele a lintho tse sa tloaelehang a Afrika ho ka tiisa. Thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e senola liphoofolo tse hlaha e le ntho ea sehlooho ea mesebetsi ea matsoho e entsoeng ka bokhabane ea Afrika ho tloha mehleng ea boholo-holo. Na seo hase bopaki ba kananelo ea botle ba liphoofolo tse hlaha?

Nahana ka taba ea Abel le Rebecca, ba qetileng matsatsi a mangata libakeng tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha tsa Afrika e ka boroa. Leha ho le joalo, ka bobeli ba hōletse metseng ea batho ba batšo ea Afrika Boroa. Thahasello ea Rebecca liphoofolong tse hlaha e ile ea qala ka lebaka la libaka tsa sechaba tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha tsa Johannesburg le Pretoria. Oa hlalosa: “Ha ke sa le ngoana, nako feela eo ka eona re neng re bona liphoofolo tse hlaha ke ha re ne re etetse libaka tsena tsa liphoofolo tse hlaha.”

Lerato la Abel liphoofolong tse hlaha le ile la qala ka tsela e fapaneng. Hangata o ne a qeta matsatsi a phomolo a sekolo mahaeng le batsoali ba ’mè oa hae. Oa hopola: “Ntate-moholo o ne a ee a supe liphoofolo tse fapaneng ’me a hlalose mekhoa ea tsona. Ke hopola a mpolella ka sele le nonyana e nyenyane e bohlale, tšehlo, eo ho lumeloang hore e lebisa liphoofolo moo linotši li ahetseng teng.” Abel o pheta phihlelo ena e hlollang ea ha e sa le moshemane ea lilemo li 12.

“Ka letsatsi le leng, ha re ntse re tsamaea sekhoeng, ntate-moholo o ile a ntlhokomelisa nonyana e neng e bonahala eka ea re bitsa. E ne e le tšehlo. Kahoo re ile ra latela nonyana eo ha e ntse e fofa ho tloha sehlahleng se seng ho ea ho se seng. Sena se ile sa tsoela pele nako e fetang halofo ea hora. Qetellong nonyana eo e ile ea lula lekaleng le leng ’me ea khaotsa ho re bitsa. Ntate-moholo o ile a re re tlameha ho qamaka moo linotši li ahetseng teng. Joalokaha re ne re lebeletse, kapele re ile ra bona linotši li ntse li kena mokoting tlas’a lefika. Ka hloko ntate-moholo o ile a ntša mahe a linotši. Eaba o nka lekheha le nang le libōkō tse nyenyane tse qetang ho qhotsoa ’me a le beha holim’a lefika. Hona e ne e le tsela ea ho leboha nonyana eo ka ho re isa moo linotši li ahetseng teng.”

Kamano ena e hlollang pakeng tsa motho le tšehlo e ’nile ea tiisoa hantle ke litsebi tsa thuto ea linonyana. Abel o tsoela pele: “Nke ke ka hlola ke lebala phihlelo eo. E ile ea etsa hore ke batle ho ithuta ho eketsehileng ka liphoofolo tse hlaha.”

Eo e kileng ea e-ba mohlabani oa Masai oa Tanzania, Solomon ole Saibull, eo hamorao a ileng a tšoanelehela ho ba ’moloki oa liphoofolo tse hlaha, o ile a hlakisa taba ha ka bonolo a hlalosetsa mongoli oa Bophirima: “Ke tseba Maafrika a mangata a sa ananeleng feela moruo oa ho bolokoa ha liphoofolo tse hlaha, empa hape le bohlokoa bo ke keng ba lekanngoa . . . Bana ke batho—Maafrika—ba ka lulang ’me ba shebella Tlhaho ha e itlhahisa ka litsela tse fapa-fapaneng tse bontšang bohlale. Ho likela ha letsatsi maralleng a pherese, pono ea limela tse ngata le ponahalo ea linōka le liphula, ho se tšoane, le bongata ba libōpuoa tse lokolohileng ka ho feletseng—kaofela li etsa letšoele la lintho tse hlollang. Na ka sebele, boikutlo bona bo botle ha boa lekanyetsoa Europe le Amerika feela?”

E, ho tloha ho baahi ba boemo bo tlaase ba metse ea batho ba batšo ho ea ho bo-rasaense ba rutehileng haholo—ke mang ea ke keng a hlolloa ke lefa la liphoofolo tse hlaha la Afrika? Seithuti sa bongaka ba liphoofolo sa Lejeremane seo haufinyane se neng se etetse Afrika Boroa le Kruger National Park ea teng, se ile sa re: “Ke fumane tlhaho le liphoofolo tse hlaha e le tsona lintho tse thahasellisang le tse hlollang ka ho fetisisa naheng ena. Ka lebaka la mefuta e seng mekae ea liphoofolo tse khōlō le ho haella ha sebaka Jeremane, boikhathollo le poloko ea tlhaho ka tekanyo ena ke ntho e ncha ka ho feletseng ho ’na.”

Bahahlauli ba boetse ba hoheloa ke libaka tse khōlō tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha Botswana, Namibia, le Zimbabwe. Empa mohlomong moo liphoofolo tse khōlō li fumanoang ka bongata haholo Afrika ke Serengeti National Park ea Tanzania le Masai Mara Game Reserve ea Kenya le ho li potoloha. Libaka tsena tse tummeng li arolelana moeli ’me liphoofolo ha lia koalloa. Makasine oa International Wildlife oa hlalosa: “Serengeti le Mara hammoho li na le palo e khōlō ka ho fetisisa ea liphoofolo tse hlaha: lipulumo tse 1 700 000, mabele a 500 000, liqoaha tse 200 000, liphofu tse 18 000, hammoho le lenane le phahameng la litlou, litau le li-cheetah.”

John Ledger, mohlophisi oa makasine oa Afrika Boroa Endangered Wildlife, o ile a etela Kenya ka lekhetlo la pele ka 1992 ’me a e hlalosa e le ‘sebaka se hlollang.’ O ile a ngola hore Masai Mara “e lokela hore ebe e tšoana le tsela eo lefatše le neng le le ka eona maobane ha Cornwallis Harris [mongoli le setsōmi sa lekholo la bo19 la lilemo] a le bona, ha a hloela bohare ba Afrika Boroa ka bo-1820. Libaka tse nang le joang bo nammeng, lifate tsa leoka tse qalikaneng, le liphoofolo tse ngata tse hlaha, ho fihlela moo mahlo a ka bonang teng!”

Seriti sa Khanya e Fetileng

Ka masoabi, karolong e khōlō ea Afrika kajeno, re bona liphoofolo tse fokolang ho feta tseo baahi ba Europe ba ileng ba li bona makholong a fetileng a lilemo. Ka mohlala, ka 1824 motho oa pele e mosoeu o ile a aha sebakeng seo qetellong se ileng sa tsejoa e le kolone ea Brithani ea Natala (eo hona joale e seng e le profensi ea Afrika Boroa). Kolone eo e nyenyane e ne e tletse liphoofolo tse hlaha hoo likhau tse fumanoang ka ho tsōma le thepa e ’ngoe e ileng ea e-ba khoebo ea sebaka seo e khōlō. Selemong se seng, ho ile ha romeloa matlalo a lipulumo le a liqoaha a ka bang 62 000 ho tloha koung ea Durban, ’me selemong se seng se ileng sa ikhetha, ho ile ha romeloa mose litone tse fetang tse 19 tsa manaka a tlou. Kapele, baahi ba basoeu ba ne ba se ba feta 30 000, empa bongata ba liphoofolo tse hlaha bo ne bo se bo timelitsoe. ’Maseterata oa Natala o ile a tlaleha ka 1878: “Ho setse liphoofolo tse hlaha tse fokolang haholo.”

Pale e tšoanang e bohloko e ka phetoa le likarolong tse ling tsa Afrika moo mebuso ea likolone e ileng ea lumella hore ho felisoa ha liphoofolo tse hlaha ho tsoele pele ho fihlela lekholong la bo20 la lilemo. Nka ka mohlala Angola, e ileng ea fumana boipuso ho Portugal ka 1975. Michael Main oa ngola bukeng ea hae Kalahari: “Tlaleho ea ’muso o fetileng oa bokolone ha e khahlise. E le hore Setereke sa Huila se ka lokolleloa metebo ea likhomo, Diploma Legislativo Number 2242 ea 1950 e neng e tumme hampe e ile ea bolela hore sebaka seo ke tikoloho eo ho ka tsongoang ho eona ka bolokolohi. Ka lebaka leo, ho ile ha bolaoa liphoofolo tse ngata tse hlaha . . . Hoo e batlang e le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō e ile ea felisoa. Ho ’nile ha hakanyetsoa hore polao eo e ile ea akareletsa litšukulu tse ntšo tse 1 000, lithuhlo tse likete tse ’maloa, lipulumo, liqoaha, le linare tse mashome a likete. Diploma eo ha ea ka ea hlakoloa nako e ka etsang lilemo tse peli le halofo, e leng nako eo ka eona tšenyo e neng e se e entsoe, ’me ho ne ho se ho se liphoofolo tse setseng.”

Empa boemo ke bofe kajeno, hona ke bokamoso ba mofuta ofe bo teng bakeng sa liphoofolo tse hlaha tsa Afrika?

[Lebokose le leqepheng la 5]

Ho Etsa Chelete ha Liphoofolo tse Hlaha

Libaka tsa Afrika tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha le libaka tsa boikhathollo tsa sechaba li qalikane kontinenteng ena e khōlō sebakeng se hakanyetsoang ho li-square k’hilomithara tse 850 000. Seo se lekana le sebaka se seholo ho feta Brithani le Jeremane li kopane.

Ho tse ngata tsa libaka tsena tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha, ho ka bonoa ho bitsoang mefuta e meholo e mehlano ea liphoofolo tse hlaha—litlou, litšukulu, litau, linkoe, le linare. Ho tloha ka lintsu tse khōlō tse fofang sebakeng ho ea ho likhola-bolokoe tse nyenyane tse ntseng li theta lipolokoe tsa tsona tsa moiteli ka tseleng, ho na le libōpuoa tse ngata tse khahlisang mahlo.

Bahahlauli ba likete ba tsoang mose ho maoatle ba ananela liphoofolo tsena tse hlaha. Selemo se seng le se seng ba tlisa liranta tse fetang limilione tse likete li tharo linaheng tse hlokomelang batho ba ratang liphoofolo tse hlaha. E, ho bolokoa ha liphoofolo tse hlaha ho kenya chelete.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Nakoana e fetileng ho ile ha bolaoa liphoofolo tse hlaha tse likete-kete selemo le selemo bakeng sa likhau le matlalo Afrika Boroa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Africana Museum, Johannesburg

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela