Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 2/8 leq. 3
  • Ho Hlokomela Batsoali Ba Tsofetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlokomela Batsoali Ba Tsofetseng
  • Tsoha!—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fana Ka Tlhokomelo—Ho Sebetsana Ka Katleho le Likhatello tsa Letsatsi ka Leng
    Tsoha!—1994
  • Ho Hlompha Batsoali ba Rōna ba Hōlileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ho Hlokomela ba Hōlileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Hlomphang ba Hōlileng ba Har’a Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 2/8 leq. 3

Ho Hlokomela Batsoali Ba Tsofetseng

“KE NE ke tšoarehile motšehare hape ke tlameha ho tsoha le bosiu, empa ke ne ke ntse ke utloa e le tokelo.” Ke kamoo mosali e mong a ileng a hlalosa ho hlokomela ’mè oa hae ea hōlileng. Ho mosali enoa, le ho ba bang ba bangata, ho hlokomela batsoali ba tsofetseng ke phihlelo e molemo.

Hape ho ntse ho fetoha phihlelo e tloaelehileng haholoanyane. Ho boleloa hore United States sehlopha sa lilemo se hōlang kapele ka ho fetisisa ke sa ba nang le lilemo tse 75 ho ea holimo. Ka 1900, Maamerika a ka tlaase ho milione a ne a le lilemo li 75 kapa ho feta. Ka 1980 hoo e batlang e le a limilione tse leshome a ne a le lilemo tse ka holimo ho 75. Batho ba hōlileng ba phela nako e teletsana, ’me hoo e ka bang karolo ea boraro ea ba lilemo li 85 kapa ho feta ba hloka thuso ea ka mehla.

Le hoja ho fana ka tlhokomelo e ka ba phihlelo e putsang, ho boetse ho tlisa khatello maikutlong. Haeba e mong oa batsoali ba hao kapa ka bobeli ba bona ba tsofetse ’me ba hloka tlhokomelo ea hao, u ka ’na ua fumana hore litšobotsi tse itseng li thata. Ruri ho ba bona feela ha ba ntse ba fokolloa ke bophelo ho u utloisa bohloko. ’Me haeba u fumana thuso e fokolang kapa u sa e fumane ho litho tse ling tsa lelapa, joale boholo ba mosebetsi oa ho fana ka tlhokomelo bo sallane le uena.

Hape u ka ’na ua fumana hore ho sa tsotellehe hore na u hōlile hakae, le ka mohla ha u ikutloe u hōlile ha u na le batsoali ba hao. Tšekamelo ea bona e ka ’na ea e-ba ho u tšoara joaloka ngoana, ’me le uena tšekamelo ea hao e ka ’na ea e-ba ho arabela joaloka ngoana. Ho se fumane tšehetso ea maikutlo e tsoang ho metsoalle ea hao ho ka eketsa tšobotsi e bakang khatello ea maikutlo mosebetsing oa hao oa ho fana ka tlhokomelo.

Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore liphephetso tsa mosebetsi oa ho fana ka tlhokomelo li kena-kenane le ho ba le kamano e haufi-ufi le batsoali ba hao. Ka ho hlakileng Mangolo a laela batho ba baholo hore “ba ke ba qale pele ba sebelise boinehelo ba bomolimo malapeng a bona le ho ’na ba buseletsa batsoali ba bona le bo-ntat’a bona moholo le bo-nkhono ba bona, hobane hona hoa amoheleha mahlong a Molimo.” Ka lehlakoreng le leng, ea ‘lelekisang ’m’ae, ke ngoana e mobe, ea hlabisang lihlong.’—1 Timothea 5:4, NW; Liproverbia 19:26.

Boinehelo ba bomolimo bo bontšoang ka ho hlokomela ba fokolang e ka ba phihlelo e entšang. Empa taba ea pele, u tlameha ho tseba hore na ha e le hantle ke thuso ea mofuta ofe eo batsoali ba hao ba e hlokang ho uena. Lihlooho tse latelang li ka ’na tsa u thusa hore u khetholle litlhoko tseo le ho li khahlanyetsa. ’Me le hoja lihlooho tsena li lebisa tlhokomelo ho se ka etsoang ka lapeng, ho utloisisoa hore maemong a mang, ka lebaka la bophelo bo fokolang haholo kapa botsofali, motsoali a ka ’na a hloka thuso ea litsebi, joaloka e fumanehang lehaeng la maqheku.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela