Ho Fana Ka Tlhokomelo—Ho Sebetsana Ka Katleho le Likhatello tsa Letsatsi ka Leng
HAEBA ho fana ka tlhokomelo ho u bakela likhatello tse itseng, haholo-holo tseo u neng u sa li lebella, u ka ba le tšekamelo ea ho ikutloa u le molato. U ka ’na ua ipotsa: ‘Na ho na le phoso e itseng kamanong ea ka le batsoali ba ka? Na batho ba baholo lichabeng tse ngata ha ba phele le batsoali ba bona ka thabo bophelo bohle ba bona?’
Mohlomong boemo ba hao bo fapane. E ka ’na eaba batsoali ba hao ba falletse ha hao ka mor’a hore ba phele ba le thōko le uena ka lilemo tse 20, 30, 40 kapa le ho feta moo. Sena se bolela hore uena le batsoali ba hao le se le na le mekhoa ea bophelo le litloaelo tse sa itšetlehang ka tsa e mong ka nako e ngata haholoanyane bophelong ba lōna. Ha mashome a ’maloa a lilemo a ntse a feta, mekhoa eo ea bophelo le litloaelo e ka ’na eaba li ’nile tsa fapana haholo. Empa hona joale, joaloka motho ea fanang ka tlhokomelo, u tobane le tlhoko ea ho amahanya bophelo ba hao hore bo lumellane le ba batho ba tlhokomelong ea hao. Sena se ka ba thata haholoanyane ho feta haeba u ne u ’nile ua phela hammoho le bona ka nako e telele.
Hape, batsoali ba bang e ka ’na eaba ba kula haholo, kapa ba hloka tlhokomelo e khethehileng haholoanyane ka litsela tse itseng. Le hoja ka ho babatsehang, e ka ’na eaba u ntse u fana ka se hlokahalang ’me u bona ho sa hlokahale hona joale hore u ise batsoali ba hao lehaeng la maqheku, ka ho utloahalang boemo bona bo tlisa likhatello tsa letsatsi ka leng ho lōna kaofela. Ho hlokomela batsoali ba hao ke ha tlhaho. Ho tsofala le ho kula hase lintho tsa tlhaho. Le ka mohla ’Mōpi o ne a sa rera hore batho ba felloe ke matla le bophelo ka lebaka la ho tsofala. Ka hona, u se ke ua nahana hore ho na le ho phoso ka uena hobane boemo bo batla ho eketsehileng, maikutlong, le ’meleng, ho feta kamoo u neng u lebeletse kateng.—Genese 1:26-31; Pesaleme ea 90:10.
Kahoo likhatello tse amanang le ho fana ka tlhokomelo hase hakaalo hore li bonahatsa kamano e fokolang lipakeng tsa hao le batsoali ba hao. Haholo-holo haeba u ne u thabela kamano e ntle le bona pele ba hloka thuso ea hao, mohlomong mathata leha e le afe ao u bang le ’ona a tsoaloa ke liphephetso tse ka hlahisoang ke ho fana ka tlhokomelo. U ka sebetsana ka katleho le likhatello tsa letsatsi le letsatsi joang?
Ho Sebetsana le Maikutlo a ho ba Molato
Ka linako tse ling esita le batho ba etsang sohle seo ba ka se khonang le seo ba lokelang ho se etsa bakeng sa batsoali ba bona ba ikutloa ba le molato ka ho se etse ho eketsehileng. Leha ho le joalo, boikutlo ba ho ba molato bo sa lokelang e ka ba bothata. U ka ’na ua iphumana u etsa liqeto tse reretsoeng ho u imolla boikutlong ba ho ba molato empa li se hakaalo molemong oa lithahasello tsa hao kapa tsa batsoali ba hao. Ka mohlala, ho ne ho tla etsahala’ng haeba, mosali, a ne a ka fokotsa maikutlo a hae a sa lokelang a ho ba molato, ka ho tšoareha haholo tšebetsong ea ho fana ka tlhokomelo ho isa bohōleng ba hore a hlokomolohe monna oa hae le bana ba hae? Eena, monna oa hae, le bana ba hae ba ne ba tla utloisoa bohloko ke liphello. Kahoo u se ke ua lumella boikutlo bo sa lokelang ba ho ba molato hore bo laole bophelo ba hao.
Na ka linako tse ling u ikutloa u le molato hobane ho bonahala eka le ka mohla u ke ke ua etsetsa batsoali ba hao se lekaneng? Ho ka etsahala hore ebe litlhoko tsa batsoali li feta seo u ka khonang ho fana ka sona. Mohlomong boemo e ka ’na ea e-ba hore, ho sa tsotellehe seo u se etsang, ka mehla ho ntse ho e-na le se eketsehileng se ka etsoang. Ho feta moo, haeba u talima ho fana ka tlhokomelo e le mokhoa oa ho lefa batsoali ba hao bakeng sa sohle seo ba u etselitseng sona ha u ntse u hōla tlhokomelong ea bona, u tla ikutloa u le molato ka mehla, hobane u ke ke ua khona ho ba lefa ka botlalo.
Buka You and Your Aging Parents e bontša tlhokahalo ea ho etsa qeto ka hore na u tla etsetsa batsoali ba hao ho hongata hakae. E re: “U tla be u ipholositse haholo ho tepelleng maikutlong haeba u theha [liqeto tsa hao] haholo-holo ho seo u ka khonang ho se etsa, eseng ho seo u ka ratang ho se etsa kapa esita le seo u lokelang ho se etsa.”
E, lekanyetsa ka tsela ea sebele seo u ka se lebellang ho uena. Ho ka ’na ha thusa haeba u thathamisa lithuso tsa motsoalle eo u mo tšepang ea tsebang matla a hao, mefokolo ea hao, le boemo ba lelapa la hao. Na u ka khona ho tlisa batsoali ba hao ha hao? Na u na le sebaka se lekaneng? Na ba tla lumela ho tla lula le uena? Haeba batsoali ba hao ba sa lule le uena, u ka khona ho ba etela hangata hakae, hona neng? Haeba u etsa seo u ka se khonang, ha ho hlokahale hore u ikutloe u le molato. Haeba u ikutloa u le molato ho ntse ho le joalo, talima boikutlo bo joalo e le bo sa lokelang ’me u bo hanele ho laola liqeto tsa hao.
Arolelanang Mojaro
Buka ea Bibele ea Moeklesia e bontša kamoo ho sa utloahaleng kateng ho ba “e mobe ka ho fetisisa” kapa ho ba “ea lokileng ka ho fetisisa” le hore ho ba ea lokileng ka ho fetisisa ho ka u bakela hore ‘u itimeletse.’ (Moeklesia 7:16-18) Sena se ka etsahala haeba u leka ho finyella se fetang seo u batlang ho se etsa, seo u ka khonang ho se etsa, esita le seo u lokelang ho se etsa.
Haeba u se u ntse u e-na le kemiso e feletseng pele u qala ho hlokomela batsoali ba hao, u tlameha ho tlosa mesebetsi e meng lenaneng kapa u fumane thuso. Leha ho le joalo, ba bangata ba hlokang thuso baa tsila-tsila ho e kōpa. Ba ka ’na ba ikutloa ba le lihlong kapa ba bolela hore ba bang ha baa ikemisetsa ho thusa. Leha ho le joalo, u intša kotsi esita le bohle ba leng pel’a hao haeba u ikhehlemanya. Bukeng ea hae e buang ka ho fana ka tlhokomelo, mongoli E. Jane Mall o bitsa ho itlama ho joalo ka lebanta le sa kopeng motho “boloetse ba moshoela-tumelo.” Oa eletsa: “U lokela ho ba le almanaka ea lintho tse tlang pele, ’me lintho tse tharo tse tlang pele ho uena e lokela ho ba nako le [molekane] oa hao, nako le bana ba hao ’moho le metsoalle ea hao, le nako bakeng sa hao.”
E, ho ka ’na ha hlokahala hore u arolelane mojaro. Kahoo u ka fumana thuso hokae? Lelapa, metsoalle, baahelani, le batho ba koetliselitsoeng ho hlokomela metsofe ba ka fana ka thuso eo. Empa u tlameha ho kōpa thuso. ’Me u tlameha ho e kōpa ka ho toba. Hase ka mehla litlhahiso li sebetsang. U ka ’na ua makala hore na ke ba bakae le hore na ke bo mang ba ikemiselitseng ho u thusa haeba u tsebahatsa litlhoko tsa hao ka ho hlaka, ’me ebile e le tse totobetseng. Ka mohlala, u ka ’na ua kōpa motho e mong hore a u thuse ho hloekisa ntlo. Haeba seo se tla u tlisetsa phomolo e itseng eo u e hlokang, joale ena hase nako ea hore u tsitlallele ho itlhoekisetsa ntlo hobane u re ‘ha ho motho e mong ea tla e hloekisa hantle.’
Haeba u e-na le bana beno kapa bo-khaitseli, le bona ba ka kopanela boikarabellong ba ho hlokomela batsoali ba bona. Mohlomong ho fihlela hona joale, u se u fane ka tlhokomelo eohle kapa karolo e khōlō ea eona, u nahana hore bana beno le bo-khaitseli’ao ha ba khone kapa ha baa ikemisetsa. Leha ho le joalo, na u se u kile oa kōpa thuso ea bona ka ho toba? Batho ba bang ba tla arabela hamolemo—haeba ba hlakisetsoa hore thuso ea hlokahala.
Ba bang ba batla hore tlhokomelo ea motsoali e be taolong ea bona ka ho feletseng e le ha ba leka ho fumana kamohelo ea motsoali. Kapa ba ka ’na ba ba le boikutlo ba ho tšepahala ka ho phethahatsa mosebetsi oo kaofela ba le bang. Ba ka ’na ba belaela ka hore ba bang ba ke ke ba thusa ka ho fana ka tlhokomelo, empa ba ka ’na ba boela ba bontša ka mantsoe le liketso tsa hore ba rata ha ho le joalo. Sena e ka ba mokhoa oa ho ba ea lokileng ka ho fetisisa. Empa ke hobane’ng ha u itlisetsa mathata a sa hlokahaleng? Haeba thuso e fumaneha, e kōpe, ’me u e sebelise.
Tlhokomeliso: U se ke ua lebella hore bana beno le bo-khaitseli’ao ba tla arolelana le uena boikarabelo ka ho lekana. Le hoja ka linako tse ling ba ka khona ho etsa joalo, hangata maemo a bona a etsa hore ho be thata, kapa ho se khonehe. Maemong a mangata ke ho utloahalang haholoanyane hore setho se le seng sa lelapa e be mohlokomeli ea ka sehloohong, ha litho tse ling tsa lelapa, haholo-holo bana beno le bo-khaitseli, ba ka tlatsetsa ka lichelete le ka ho letsa thelefono, ho eta, kapa ho isa batsoali ba bona ha bona ka linako tse ling kapa ho nka maeto a mafelo-beke le bona.
Ho Phela Hammoho
Ho phela hammoho ho ka hlahisa liphapang tse nyenyane. Mekhoa eo habonolo feela u neng u ka e tlōlisa mahlo holimo ha e etsoa ke motsoalle oa hao ho ka ’na ha bonahala e sa mamellehe ha e etsoa ke setho se haufi-ufi sa lelapa.
Ho phaella moo, motsoali oa hao a ka ’na a bua ntho e ’ngoe e kang, ‘Ke lakatsa eka u ka be u qeta nako e ngatanyana le ’na, empa kea tseba hore u tšoarehile haholo hore u ka etsa seo.’ Molaetsa oo o ka pata khopolo ea hore ehlile ha u hlokomele motsoali oa hao ka ho lekaneng. U ka ’na ua arabela polelo e joalo ka khalefo. Ho e-na le ho halefa, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemonyana hore u lebise tlhokomelo kamehong ea sebele ea motsoali oa hao, e leng ea ho qeta nako e ngatanyana le eena? Esita le haeba u ke ke ua lumela kōpo eo, ho hlalosa litaba ka mosa ho tla hlahisa liphello tse molemonyana ho feta ho fana ka karabo e tletseng khalefo.—Liproverbia 12:18.
Boiteko bo tiileng ba ho hlaolela litšoaneleho tse khothaletsoang ka Bibeleng bo tla etsa hore u lule u le mosa empa u tiile ha ho hlokahala. Buka ea Bibele ea Ba-Kolosse e lumela ka tieo hore ka linako tse ling ‘e mong a ka ba le komang le e mong.’ E re laela hore re ‘tsoele pele re mamellana ’me re tšoarelane ka bolokolohi.’ E boetse e re khothaletsa hore re apare “maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko, mosa, kelello e ikokobelitseng, bonolo, le tiisetso.” (Ba-Kolosse 3:12-14, NW) Ruri litšoaneleho tse joalo li tla thusa ho fokotsa liphapang tsa ho phela hammoho haholo.
Esita le haeba ka linako tse ling u etsa phoso, u felloa ke mamello, le ho bua ntho eo u lakatsang eka u ka be u sa e bua, ‘letsatsi le se ke la phirimela bohale ba hao.’ Kōpa tšoarelo kapele, ’me u lebale taba eo. U se ke ua e lumella hore e fetohe mohloli o mong oa ho ba le maikutlo a molato.—Ba-Efese 4:26, 27.
Ho Fumana Nako ea Boinotši
Haeba uena le batsoali ba hao le lula ka tlung e le ’ngoe, u ka ’na ua fumana ho le thata ho fumana nako ea boinotši. Leha ho le joalo, uena le batsoali ba hao le hloka nako e itseng ea ho ba boinotšing. U ka ’na ua buisana le bona ka bothata bona ’me la fihlela tumellano ea hore linako le libaka tse itseng ke tsa ho ba boinotšing bakeng sa hao kapa litho tse haufi tsa lelapa la hao feela. Ka mohlala, malapeng a mang, empa eseng ’ohle, lemati le koetsoeng le nang le letšoao le reng se-ke-ua-tšoenya le ka ’na la utloisisoa ke bohle e le le bontšang sebaka sa ho ba boinotšing kapa nako bakeng sa motho eo ea ka hare.
Haeba kamore e se na lemati, ntho e sirelang kapa e khaolang ka lehare e ka sebeletsa morero o tšoanang. Khopotso e masene e ka ba e loketseng haeba boinotši bo hlokahalang bo ferekanngoa ho sa lebelloa. Taba ke hore, tlhoko ea motho ka mong ea ho ba boinotšing e lokela ho hlomphuoa ke bohle ka lapeng.
Tokelo
Hopola hore le hoja ho fokolloa ke bophelo leha e le hofe hoa batsoali ba hao ho u utloisa bohloko, ’Mōpi oa rōna, Jehova, o batla hore re be le thabo e itekanetseng esita le ha re feta maemong a lekang. Mosebetsi ona o ka ’na oa boela oa u atametsa haufinyane le Jehova ha u ntse u itšetleha ho eena ka thapelo. Mohlokomeli e mong o ile a ho hlalosa tjena: “Ka mehla ke ne ke le haufi le Jehova, empa ho fana ka tlhokomelo ho nthutile ho itšetleha ka eena ka ho feletseng. Ho ne ho tšoana le phapang ea ho letsetsa motho ea hōle thelefono le ho ba le motho eo ka sebele. Jehova o ne a e-na le ’na.”
Ho fana ka tlhokomelo ke tokelo ebile ka ho tšoanang ke tšoanelo. Buisana le batsoali ba hao e le hore u ka tseba litlhoko tsa bona. Fana ka se hlokahalang, ’me u thabele ho etsa joalo.—Ba-Filippi 4:4-7; 1 Petrose 5:7.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Ho Etsa Hore ho Fana ka Tlhokomelo e be ho Thabisang
1. Seo ka kakaretso batsoali ba se batlang ho bana ba bona ba seng ba hōlile ke ho ikopanya le bona ka seqo ka mokhoa oa boleng bo phahameng. Sena se hloka hore u atamele haufi le batsoali ba hao ’me u senole litšobotsi tsa hao tsa bohlokoa. Sena se ka ba thata kamanong ea motsoali le ngoana oa hae eo e leng motho e moholo. Boikutlo leha e le bofe ba ho ahlolana ka mahlakoreng ka bobeli e tla ba tšitiso. Ho hlokahala hore boikutlo bo joalo bo behelloe ka thōko e le hore ho finyelloe kamano e haufi-ufi.
2. Haeba e mong oa batsoali ba hao a u bolella bothata kapa seo a amehileng ka sona, mamela ka kutloelo-bohloko. Likarabo tse nyenyefatsang maikutlo a bona li ka mpefatsa maikutlo a mabe, tse kang: ‘Ha ho bile ha ho hobe hakaalo’ kapa, ‘Kea tseba, le ’na lintho tse joalo lia nketsahalla.’ U tla atleha haholoanyane haeba u leka ho khetholla maikutlo a ka hare a batsoali ba hao, joale a amohele ’me u a arolelane le bona (‘Ho bonahala u hlile u le bothateng hajoale, empa re tla bo sebetsa hammoho’).—Liproverbia 20:5.
3. Haeba u molekane oa motho ea ka sehloohong ea fanang ka tlhokomelo, e-ba ea tšehetsang ’meleng le maikutlong. Buisana le molekane oa hao; ho seng joalo ho se utloisisane ho tla ba teng. Tšehetso ea molekane e etsa phapang e khōlō. Mosali e mong o ile a tletleba ka hore ho se fumane tšehetso lelapeng la hae ho ne ho le “thata haholoanyane ho sebetsana le hona ho feta ho hlokomela ’mè [oa hae] ka bohona.” Ka lehlakoreng le leng, o ile a ananela ka ho teba thuso ea motsoalle ea neng a mo phomotsa ka linako tse itseng. O itse: “Ho ile ha nkama pelo ha a fana ka thuso. Hoo e ne e le ho bontša lerato ho ’na, ’me ho ile ha nkatametsa pel’a hae haholoanyane.”
[Lebokose le leqepheng la 10]
Haeba U Fumana Tlhokomelo
E ka ’na eaba ke uena ea fumanang tlhokomelo. Ke eng seo u ka se etsang ho boloka kamano e leka-lekaneng le e nang le khotso pakeng tsa hao le bana ba hao?
Batsoali ba bang ba etsa phoso ea ho leka ho fumana matla a ho laola lintho ka ho belaela, ho batla ho tseba litaba tsa ba bang, kapa ho tsosa boikutlo ba ho ba molato. Mohlomong ua tseba hore sena se fella ka matla a fokolang a ho laola lintho le khatello e eketsehileng maikutlong. Liphello li ba molemonyana ha u bontša bana ba hao bao e leng batho ba baholo hore ua ba hlompha, u hlompha boinotši ba bona, le pono ea bona ea litaba, esita le haeba u sa lumellane le bona. Ho babatsa bana ba hao ka mehla ho ka ba le liphello tse molemo. Ngoana e mong eo e seng e le motho e moholo o itse: “Ngoana o batla kamohelo ea batsoali ba hae ho sa tsotellehe hore na o lilemong life.”
Boemong bo joalo moo ho nang le lerato le hlompho, buisana le bana ba hao ka litlhoko tsa hao. Hangata litlhahiso tse sa tobang li baka kotsi ho e-na le ho hlahisa molemo, kahoo toba taba, empa ka mosa. Esita le haeba uena le bana ba hao le sa lumellane ka taba e itseng, masene a hao a tla tlatsetsa kamanong e haufi-ufi le e nang le botšepehi e se nang ho se utloisisane.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Ha u hlokomela batsoali ba hao, hape e-ba le nako bakeng sa molekane oa hao, bana ba hao, le bakeng sa hao