Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 3/8 maq. 10-26
  • Ke Hobane’ng ha Re Lokela ho Falla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Re Lokela ho Falla?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Malapa a Lulang a Falla
  • Maikutlo a Ferekaneng
  • Lebaka Leo ho Falla ho Bakang Khatello
  • Ho Sebetsana ka Katleho le ho Falla
  • Nka Tloaela Joang Moo Re Falletseng Teng?
    Tsoha!—1994
  • “Tloha Naheng ea Heno le ho Bang ka Uena”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ke Hobane’ng ha Motsoalle oa ka oa Hlooho ea Khomo a Falletse?
    Tsoha!—1997
  • Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 3/8 maq. 10-26

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha Re Lokela ho Falla?

U fihla hae u tsoa sekolong u na le merero e mengata ea mafelo-beke—ho qeta letsatsi lebōpong la leoatle, papali ea bolo, ho qeta nako mantsiboeeng a khutsitseng u bala hore u be nakong. Empa ha ’Mè oa hao a fihla hae a tsoa mosebetsing, sefahleho sa hae se u bolella hore phoso e teng. O re: ‘Kajeno ba mphile khetho lipakeng tsa ho isoa sebakeng se seng ka mosebetsi kapa ho lelekoa. Ho bonahala eka re tla tlameha ho falla.’ Hang-hang u ikutloa u tepeletse.

HAEBA lelapa leno le tla falla haufi, ha u mong. Linaheng tse ling tse tsoetseng pele moruong, ho falla ho fetohile tsela ea bophelo ea malapa a mangata. Ka mohlala, United States Lefapha la ho Baloa ha Sechaba le hakanya hore moahi ea tloaelehileng oa Amerika o fetola libaka tsa bolulo ka makhetlo a 12 nakong ea bophelo ba hae. Koana, selemo se seng le se seng bacha ba ka bang limilione tse 12 ba Maamerika ba ba le likhatello tsa ho falla! Leha ho le joalo, lipalo tse joalo ha li khothatse ha e le lelapa leno le fallang. U ka ikutloa u nyahamisitsoe ke tebello eo. U ka botsa ka pelo e bohloko: ‘Ke hobane’ng ha re lokela ho falla?’

Malapa a Lulang a Falla

Hangata lelapa le na le boikhethelo bo fokolang tabeng eo. Mehleng ea Bibele lelapa la Elimeleke le Naomi le ile la qobelleha ho balehela naheng ea boahelani ea Moabe ha tlala e hlasela Iseraele. (Ruthe 1:1, 2) Batsoali ba bangata kajeno ba iphumana ba le boemong bo tšoanang bo sithabetsang. Linaheng tse hōlang moruong, komello le ho se tsotelloe ha tikoloho ho qobeletse ba limilione ho fallela metseng e petetsaneng le libakeng tsa liphallelo—kapa linaheng tse ling. Linaheng tsa Bophirimela, ho nyehla ha moruo ho qobeletse lifektheri le likhoebo tse ngata ho koaloa. Libaka tsa mapolasi tse kileng tsa tloha li beha haholo ha li sa etsa phaello. Mesebetsi e se e fumaneha ka thata. Ka hona batsoali ba hao ba ka hloka boikhethelo haese hore ba fallele sebakeng se atlehang haholoanyane.

Leha ho le joalo, hase malapa ’ohle a fallang ho balehela bofutsana. Ho nyolloa boemong mosebetsing, sebaka se secha sa mosebetsi oa motsoali, ho qhalana ha lenyalo, bophelo bo fokolang, maemo a leholimo a boima—ana kaofela ke mabaka a tloaelehileng ao ka ’ona malapa a mang a fallang. Setsebi sa kahisano John D. Kasarda o hlokomela lebaka le leng le tummeng: “Ho na le khopolo ea hore metse e meholo e kotsi haholoanyane kajeno. Lithethefatsi, ka ho khetheha, li bakile keketseho e potlakileng ea tlōlo ea molao ho batho le thepa.” Ba bang ba na le boikutlo ba hore e ka ba ho sireletsehileng haholoanyane ho lula metseng e thōko le toropo kapa toropong e nyenyane.

Mehleng ea Bibele, Abrahama o ile a falla lehaeng la hae le mabotho-botho Ure bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa Molimo. (Genese 12:1; Ba-Heberu 11:8) Ka ho tšoanang kajeno, malapa a mang a Lipaki tsa Jehova a ’nile a fallela libakeng tseo ho nang le tlhokahalo ea baboleli ba eketsehileng ba molaetsa oa ’Muso. (Mattheu 24:14) Ba bang ba qalile ho kopanela le phutheho ea boahisani moo ho nang le tlhokahalo ea balebeli kapa bahlanka ba sebeletsang. Le hoja ho falla ho joalo ho ke ke ha bolela ho fetola sebaka sa bolulo, empa ho bolela ho tloaelana le batho basele le maemo a fapaneng.

Ho sa tsotellehe hore na lebaka leo lelapa leno le fallang ka lona ke lefe, mohlomong e ne e se tlhahiso ea hao. Ka ho utloahalang, u ke ke ua thaba ka ho feletseng ka hona.

Maikutlo a Ferekaneng

Ha se ho falla hohle ho hobe. Justin ea lilemo li 12 o tiisa sefahleho ha a hopola lehae labo le fetileng motseng o moholo. O re: “Ho ne ho tšabeha. Ho ne ho e-na le pefo e ngata tikolohong ea rōna. U ne u ke ke ua tsamaea lijarete tse 50 [limithara] ho tloha hae u sa tšoenyehe ka likenke. Batho ba ne ba lula ba inotleletse ka matlung a bona. Ke ne ke o hloile. Ha ke utloa hore re fallela thōko le toropo, ke ne ke nyakaletse.”

Ho ntse ho le joalo, khopolo ea ho siea metsoalle ea hao le tikoloho e tloaelehileng ho ka u bakela maikutlo a ferekaneng. Anita e mocha o ile a ba le maikutlo a joalo ha a utloa hore lelapa labo lea falla. Oa hopola: “Ke ne ke qetile boholo ba bophelo ba ka setsing sa sesole sa U.S. Engelane. Ka sebele ke ne ke ikutloa ke le moahi oa Brithani ho feta oa Amerika. Ha ke le lilemo li leshome, ke ile ka utloa hore ntate oa ka o khutlisetsoa United States ka mosebetsi, New Mexico—lehoatata! Qalong ke ne ke sa tsebe hore ke nahane’ng. Ke ne ke thabile haholo empa ke sa iketla. Ke ne ke sa batle ho siea metsoalle ea ka. Eo e ne e le eona karolo e mpe ka ho fetisisa ea ho falla.”

Lebaka Leo ho Falla ho Bakang Khatello

Kajeno, ho bonahala bacha ka ho khetheha ba hlaseloa habonolo ke likhatello tsa ho falla. Reader’s Digest ea hlokomela: “Litsebi tsa bophelo ba kelello li re bolella hore esita le ho falla ho talingoang e le ntlafatso ke phihlelo e bohloko, e bakang khatello ea maikutlo.”

Tabeng ea pele, thabo le tebello ea ho falla li baka khatello e le tsona. Tieho e ke keng ea qojoa le litšitiso li eketsa khatello. Bibele e re: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” (Liproverbia 13:12) Makasine Parents o re esita leha e mong le e mong a ho lebeletse, “ho falla ho ka hlahisa masoabi a mangata le taba-tabelo lithong tsa lelapa. Sena se bakoa ke hobane ho salisa batho hantle ho tsosa maikutlo a tahlehelo le ho se kholisehe ka se sa tsejoeng.” Kahoo ho tloaelehile ho feta tlas’a maikutlo a mangata—ho tšoha, khalefo, tsieleho, esita le ho tepella maikutlo.

The Teenager’s Survival Guide to Moving ea hlokomela: “Ho falla ho bolela ho fetang feela ho fetola aterese ea hao. Ho bolela ho fetola litšobotsi tse ngata tsa sehlooho tsa bophelo ba hao—moo u kenang sekolo, matichere a hao, mesebetsi ea hao, metsoalle ea hao. ’Me ka linako tsohle phetoho e thata, esita le haeba e le ntlafatso.” Mosebeletsi oa sechaba Myra Herbert o bolela hore ho falla khafetsa ho ka baka “ho hlōleha le masoabi.” Tabeng ea pele, bana ba fallang haholo “ba fetola mananeo a sekolo hangata ’me haholo-holo haeba ba se lihlooho li bonolo, baa nyahlatsa kae-kae tseleng.” O bontša hore ho siea metsoalle, “ho thata haholo-holo” bakeng sa bacha.

Ho Sebetsana ka Katleho le ho Falla

Joale, ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha tebello ea ho falla e ka etsa hore u tšohe, u hloname, kapa u halefe. Ho ntse ho le joalo, ho pitika maikutlong a fosahetseng ho tla thatafatsa lintho le ho feta. Ho molemo ha u leka ho hlaolela pono ea lintho e lokileng. Maikutlo a fosahetseng, a kang ho ba le taba-tabelo kapa ho ba masoabing, ke a loketseng tlas’a maemo ana. Hangata maikutlo ana aa fela ka mor’a nako. Khabareng, leka ho lebisa tlhokomelo melemong ea ho falla.

Anita, ea boletsoeng pejana, o se a le lilemo li 15 ’me o se a falletse hape. Oa hopola: “Ha ke falla, ke ile ka utloa bohloko. Empa ke ile ka sheba lehlakore le lokileng—hore ke tla kopana le batho ba bacha ’me ke ee libakeng tse thahasellisang.” O thabile hape o tloaetse lehae labo le lecha.

Ka linako tse ling, ho sa tsotellehe boiteko ba hao bo molemo, maikutlo a fosahetseng a ka qophella. Ha ho le joalo, u se ke ua a hlokomoloha. Etsoe, “moea o hlomohileng” o ka u ntša kotsi ’meleng. (Liproverbia 17:22) Mohlomong u lokela ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng tabeng ea hore u hloka phomolo, boitlhakiso ba ’mele, kapa lijo tse nepahetseng. Ka nako e tšoanang, u ka ’na ua hloka ho bua ka maikutlo a hao, haholo-holo le batsoali ba hao. (Liproverbia 23:26) Ba tsebise matšoenyeho a hao le seo u amehileng ka sona.

Ka mohlala, na u hlabehisitsoe ke ho tlameha ho lahla thepa eo u e ratang hobane ‘ho se na sebaka se lekaneng’? Kapa na u na le boikutlo ba hore ho falla hoo ho atamelane le nako ea lihlahlobo tsa sekolo le hore u ka tlas’a khatello e matla haholo? Ho sa tsotellehe hore na pelaelo ea hao ke efe, Liproverbia 13:10 (NW) ea re hopotsa: “Ka boikhohomoso motho o hlahisa ntoa feela, empa ho ba eletsanang hammoho ho na le bohlale.” Batsoali ba hao ba ka ’na ba bontša ho nahanela ho itseng. Ha ho se joalo, bonyane, ba ka u utloela bohloko, ba u tšehetsa, le ho u fa tiisetso.

U se ke ua lumella litaba tsa bo-ba-re kapa lipale tse tšosang ka lehae leno le lecha ho nyatsa boiteko ba hao ba ho boloka maikutlo a lokileng. Liproverbia 14:15 e re: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” Iphumanele linnete. Anita o re: “Ke ile ka ea laebraring ka ea etsa lipatlisiso ka semelo le moetlo oa libaka tseo re ileng ra fallela ho tsona.” Mohlomong u ka etela lehae la hao le lecha pele ho nako haeba u sa fallele hōle haholo. Sena se ka thusa haholo ho khaotsa lipelaelo tsa hao le ho u hlophisa ka kelellong bakeng sa ho falla hoo.

Ha e le hantle, ho falla ho ke ke ha e-ba bonolo. The Teenager’s Survival Guide to Moving, e etsa tlhahiso: “Pele u falla, etela libaka tseo u li ratang haholo ka lekhetlo la ho qetela . . . , ’me u li salise hantle.” U ka ’na ua batla ho etsa albamo ea lifoto kapa buka e nang le litšoantšo le lintho tse ling bakeng sa ho boloka mehopolo ea hao. Habohlokoa ka ho fetisisa, iphe nako ea ho salisa metsoalle ea hao hantle. E kholise hore kamano ea lōna ha e-ea fela. Moapostola Johanne o ile a sebelisa ‘pampiri le enke’ bakeng sa ho ntšetsa setsoalle sa hae pele le bao a neng a ba rata, le uena u ka etsa joalo! (2 Johanne 12) Ka boikemisetso le boiteko, esita le setsoalle se hōle se ka tsoela pele.

Ka mor’a nako meokho ea hao ea litumeliso e tla fela, ’me u tla talimana le phephetso ea ho tloaela lehae leno le lecha—seo ke sehlooho se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ke hobane’ng u sa etse lipatlisiso esale pele ’me u ithute ka lehae leno le lecha?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela