Nka Tloaela Joang Moo Re Falletseng Teng?
NA LELAPA leno le sa tsoa falla? Joale mohlomong ua lumela hore ke liphihlelo tse fokolang bophelong tse boima hakaalo—kapa tse khatello e kaalo. ’Me ka mor’a hore lebokose la ho qetela le pakolloe ’me thepa ea ho qetela ea ka tlung e behoe sebakeng sa eona, u ntse u ka ikutloa u le tlas’a khatello ea maikutlo, u soabile, kapa u tšoenyehile. Ha ho tsotelehe hore na lehae leno le lecha kapa folete e ncha ke ea boemo bo phahameng kapa bo tlaase ka ho khathatsang matla ho sebaka seo le neng le lula ho sona pele. U ntse u hloloheloa ntlo ea heno ea pele, sekolo seo u neng u se kena, ’me haholo-holo metsoalle ea hao.
Ka ho hlakileng, ho tloaelehile hore motho a hlōloheloe lehae labo la khale. Empa Bibele ea eletsa: “Se re: Ke ka’ng ha matsatsi a khale a bile molemo ho a kajeno? Leha u botsa taba e joalo, hase potso e hlalefileng.” (Moeklesia 7:10) Bohlale bo u thusa ho hlahloba lintho ka kelello e hlaphohetsoeng. Ha e le hantle, ‘matsatsi a fetileng’ lehaeng la heno la khale a ne a hlile a sa phethahala—mohlomong a ne a le hōle haholo le hoo. Kahoo, ho fapana le ho senya bophelo ba hao, ho falla ho ka u fa menyetla e mecha le melemo. Leha ho le joalo, ho tloaela moo u falletseng teng ha ho bonolo. Joale, ke eng e ka u thusang ho etsa joalo?
Phutholoha
Mantsoe a pina e ’ngoe ea khale ke ’nete: “Hohle moo ke khonang ho phutholoha ke lehae le khotsofatsang ho ’na.” E, ho e-na le ho tšoenyeha ka libaka tseo u li siileng, ke hobane’ng ha u sa sebeletse ho etsa sebaka seno se secha hae? The Teenager’s Survival Guide to Moving e etsa tlhahiso: “Hang-hang ha u qeta ho falla, leka ho etsa hore kamore ea hao e ncha e be e khathollang le e tloaelehileng.” Ka mohlala, u ka ’na ua khabisa kamore ea hao e ncha ka lintho le litšoantšo tseo u li tloaetseng. Haeba u arolelana kamore le ngoan’eno, leka ho etsa seo boiteko bo kopanetsoeng.
Mehleng ea Bibele mopesaleme o ile a khothaletsa batho ba Molimo ho itloaetsa motse-moholo oa bona, a re: “Potang Sione le marako a hae, le bale litora tsa hae, . . le lekole matlo a borena a teng.” (Pesaleme ea 48:12, 13) Ka tsela e tšoanang, tseba sebaka sa tikoloho eo. Batla hore na litsi tsa mabenkele, sekolo se secha seo u tla se kena, laebrari ea tikoloho eo, le lintho tse ling li hokae. Sena se tla u thusa hore u phutholohe haholoanyane.
Ntle le pelaelo u ne u e-na le mokhoa o itseng o tsitsitseng oa ho etsa lintho, kapa tsela ea ho etsa lintho, lehaeng leno la khale. Ha u etsa hore u boele mokhoeng oo oa hao oa khale kapele, u tla ikutloa u phutholohile ka pele. U lokela ho ‘tsoela pele ho tsamaea ka tlhophiso ka mokhoa [ona] o tšoanang’ haholo-holo mabapi le lintho tsa moea tse kang liboka tsa Bokreste le thuto ea Bibele.—Ba-Filippi 3:16, NW.
Matsatsi a Sekolo
Ho tloaela sekolo se secha ke phephetso ka bohona, haholo-holo haeba le faletse bohareng ba selemo. Linaheng tse ling lenaneo la thuto la sekolo le reroa sebakeng ka seng, ’me e ka ba le fapaneng haholo le la lithuto tseo u neng u li etsa sekolong seo u neng u se kena. U ka ’na ua iphumana u saletse morao haholo ho liithuti tse ling sekolong se secha; u ka ba ’na ua lokela ho isoa sehlopheng se tlaase.
Le hoja sena se ka bonahala se tlotlolla ka nako eo, u se ke ua khathala matla; ho salla morao lithutong ke phello e tloaelehileng ea ho falla. Ka ntle le moo, le hoja likolo tsa sebakeng sa heno li ka ’na tsa e-ba le lenaneo le tšoanang la lithuto, khatello ea ho falla le ho tloaela batho ba sa tšoaneng, maemo, le meetlo, haesita le khatello ea ho leka ho hopola mabitso a mangata a macha—lintho tsena kaofela li ka kopana ho khathatsa matla a motho a ho tsepamisa mohopolo nthong e itseng. Tharollo? Leka ho ipha nako e eketsehileng ea ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsoang hae, ’me u fokotse nako eo u e qetang u shebeletse TV. Ka mor’a nako mohlomong tšebetso ea hao lithutong e tla ntlafala.
Ho Etsa Metsoalle e Mecha
Mocha e mong ea bitsoang Brian eo lelapa labo le ileng la fallela karolong e ka boroa ea United States o re: “Ho etsa metsoalle e mecha e ne e hlile e le senotlolo [sa ho tloaela]. Ka mor’a hore ke fumane metsoalle e ’maloa eo e leng lithaka tsa ka eo ke nang le lithahasello tse ngata tse tšoanang le eona, lintho tsohle li ile tsa e-ba bonolo. Ntho feela eo ke ntseng ke e hlōloheloa lehaeng leso la khale ke ho bapala ice hockey.” Joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, Brian ka bohlale o ile a batla metsoalle har’a bacha ba tšabang Molimo ba kopanelang Holong ea ’Muso ea sebaka seo. Haeba le uena u batla metsoalle e nang le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro le e hlileng e u tsotellang ka sebele, Holo ea ’Muso ea sebaka sa heno ke sebaka se molemohali seo u ka batlang ho sona.—Liproverbia 13:20.
Ka ho hlakileng, le ka mohla u ke ke ua etsa metsoalle ka ho topola kapa ho ikarola. (Bapisa le Liproverbia 18:1.) Anita o re: “Tsela eo ke ileng ka etsa metsoalle e mecha ka eona ke ka ho phetha karolo ea ka ka ho itsebisa ba bang. Ke boetse ke hlokometse hore ka ho ba le boikutlo bo lokileng—ka ho bososela le ka ho bonahala u thabile—batho ba tla tla ba itsebise uena.” E, batho ba tla khahloa ke uena haeba u ba fa ntho e khahlang—pososelo e nang le botsoalle le botho bo thabileng! Hape u be le mamello. Setsoalle se nka nako e telele ho thehoa.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka ’na ua qala hantle ka ho haha setsoalle ka ho etela moo e tla ba lehae leno le lecha pele le falla. Laura ea lilemo li 13 o re: “Ke ne ke hlile ke fetse pelo ha ke utloa ka lekhetlo la pele hore re tla tlameha ho falla haufinyane. Empa ke khonne ho qeta nako ke leka ho tseba ba bang ba bana ba moo re tla fallela teng ’me seo se hlile se nthusitse hore ke ikutloe hamolemonyana ka ho falla.”
Setsoalle se Hahang ha se Bapisoa le se sa Haheng
Na u bolela hore ho na le setsoalle se fokolang se hahang se ka fumanoang har’a bacha ba motseng oa heno o mocha? Joale ‘atoloha’ setsoalleng sa hao. (2 Ba-Korinthe 6:11-13, NW) Etsoe, se seng sa setsoalle se mofuthu ka ho fetisisa se tlalehiloeng ka Bibeleng se ne se le lipakeng tsa batho ba nang le phapang e khōlō ea lilemo—joaloka Davida le Jonathane, le Pauluse le Timothea. (1 Samuele 18:1; 1 Ba-Korinthe 4:17) Kahoo ke hobane’ng ha u lekanyetsa setsoalle sa hao lithakeng tsa hao feela? Ho na le ba baholo ka phuthehong ea Bokreste bao u ka thabelang botsoalle ba bona haholo.
Empa, bao ba ke ke ba khona ho bapa le uena papaling ea bolo ea maoto. Leha e le hore ba ka khahloa ke ho mamela ’mino oo u o ratang haholo. Ho ntse ho le joalo, ba ka fana ka ho hongata ntlheng ea botsoalle bo hahang. Kaha tsela e molemohali ea ho ba le motsoalle ke ho ba motsoalle, u ka qalisa ka ho batla ho etsetsa e mong oa bana ba hōlileng ntho e itseng. Kapa ke hobane’ng ha u sa botse hore na ho tla loka ha u ka ba etela? Ho ka ’na ha hōla setsoalle se khotsofatsang.
Ka lehlakoreng le leng, ha u ikoalla ka kamoreng ea hao ebe u ikutloela bohloko, ho ka etsahala habonolo hore u jeoe ke bolutu le ho tepella maikutlong. Sena se ka etsa hore u hlaseloe habonolo ke litakatso tsa ho theha setsoalle le metsoalle e fosahetseng. Ka mohlala, likenke tsa bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ke bothata bo boholo libakeng tse ngata. Li tšepisa bacha ba jeoang ke bolutu botsoalle le boikutlo ba ho ba ea haufi-ufi. Empa joaloka mehleng ea Bibele, bacha bao ba ka boela ba leka ho etsa hore u kenelle linthong tse fosahetseng, ka ho re: “Tloo . . . A re hlaseleng batho ba se nang molato bakeng sa monyaka!” Empa Morena Salomone ea bohlale o ile a lemosa: “Mora, u se ke ua tsamaea le batho ba joalo. U lule hōle le bona. Ba potlakela ho etsa ntho e mpe.”—Liproverbia 1:10-16, Today’s English Version.a
Lebisa Tlhokomelo ho ba Bang
Tsela e ’ngoe e tiileng ea ho tlosa mohopolo oa hao bolutung ba hao ke ka ho batla litsela tsa ho khothatsa ba bang—haholo-holo litho tsa lelapa leno. Makasine Current Health oa hopotsa: “Ho falla ha ho bonolo le ho batsoali, ’me ba ka ananela tšehetso eohle eo ba ka e fumanang.” ’Mè kapa ntate e ka ’na eaba ba tloaela mesebetsi e mecha. Ntlo e ncha kapa folete e ncha e ka ’na eaba ha e botleng kapa ha e ratehe joaloka ea khale. Hape haeba u na le baena kapa likhaitseli, mohlomong le bona ba latsoa nako ea ho jeoa ke bolutu le ho nyahama. Ke hobane’ng ha u sa bone hore na u ka etsa’ng ho thusa? Botsa batsoali ba hao hore na ho na le mesebetsi e eketsehileng eo u ka e etsang. Haeba banab’eno ba bonahala ba jeoa ke bolutu, leka ho qeta nako u e-na le bona. Hopola ‘lerato le hahisa’ ba le amohelang le ba le bontšang.—1 Ba-Korinthe 8:1.
Kahoo, qetellong hore na u rata lehae leno le lecha kapa che ho tla itšetleha haholo ka uena. Re hopotsoa pale ea monna-moholo ea bohlale ea ileng a atameloa ke likoloi tse peli tse neng li tletse batho bao a sa ba tsebeng. Lelapa le ka koloing ea pele le ile la re: “Re batla ho fallela mona. Batho ba moo ba joang?” Monna-moholo o ile a arabela: “Batho ba moo le tsoang teng ba joang?” Lelapa leo le ile la arabela: “Re tsoa motseng o nang le botsoalle haholo. Batho ba teng ba na le moea oa ho fana ba mosa ’me ba na le thahasello ea sebele ho batho basele.” Monna-moholo o ile a bososela. O ile a re: “Ke nahana hore le tla rata sebaka sena. Batho ba mona ba joalo hantle.”
Monna-moholo o ile a botsa lelapa le ka koloing ea bobeli potso e tšoanang. Le ile la arabela: “Re tsoa motseng o monyenyane o lonya. Batho ba teng ba botsoa ba rata litaba tsa batho ’me ba bua ka batho haholo.” Monna-moholo o ile a tiisa sefahleho. O ile a re: “Ha ke kholoe hore le tla rata sebaka sena. Batho ba mona ba joalo hantle.”
Pale eo e hlakisa ntlha efe? Batho ba batla ba tšoana hohle. ’Me hore na u thabela ho ba le bona kapa u nyonya ho ba le bona ho itšetlehile haholo ka mekhoa ea hao, menahano, le litsela tsa ho sebelisana le ba bang. Kahoo lula u e-na le maikutlo a nepahetseng! Etsa qeto ea hore u tla etsa ka hohle hore u thabele ho falla ha hao. Che, lintho li ka ’na tsa se hlole li tšoana. Empa ka boiteko le mamello, u ka etsa hore lintho li be molemonyana ho feta pele. Hafeela u e-na le ba hlileng ba u ratang, sebaka se seng le se seng e ka ba hae ka sebele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Na ke Lokela ho Kena Kenkeng?” se hlahang tokollong ea Tsoha! ea June 8, 1991.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Nka mohato oa pele oa ho etsa metsoalle e mecha