Ke Mang eo e Bang Lekhoba, Hona Hobane’ng?
HA U ntse u khanna koloi ea hao tseleng e khōlō, u utloa lerata le sa tloaelehang le hlaha enjineng. U tla etsa’ng? Na u tla sheba ka enjineng ho hlahloba bothata? Kapa u tla nyolla molumo oa seea-le-moea hore u se utloe lerata leo?
Karabo e bonahala e hlakile, empa batho bao e leng makhoba ba tsoela pele ho etsa khetho e fosahetseng—eseng ka makoloi a bona, empa ka bophelo ba bona. Ka ho ba makhoba a lintho tse kang lithethefatsi, tahi, esita le lijo, ba bangata ba leka ho itebatsa mathata a bona ho e-na le ho sebetsana le ’ona ka katleho.
Motho a ka tseba joang ha e le lekhoba? Ngaka e ’ngoe e hlalosa tjena: “Ha e le hantle, tšebeliso ea sethethefatsi kapa mosebetsi ke bokhoba haeba e baka mathata bophelong ba hao empa leha ho le joalo u ntse u tsoela pele ka eona.”
Ha ho le joalo, hangata ho na le bothata bo tebileng haholoanyane ka enjineng, kamoo ho ka boleloang, bo lokelang ho hlahlojoa pele boitšoaro bo etsang motho lekhoba bo ka fetoloa.
Lithethefatsi le Tahi
Ke eng e kenyang motho tseleng ea bokhoba ba lithethefatsi le tahi? Hangata khatello ea lithaka le ho batla ho tseba se eketsehileng ho phetha karolo e khōlō, haholo-holo ho bacha. Ka sebele, lebaka leo batho ba bangata e bang makhoba ke litloaelano tsa bona tse mpe le ba sebelisang hampe tahi le lithethefatsi. (1 Ba-Korinthe 15:33) Sena se ka hlalosa phuputso ea United States e ileng ea senola hore karolo ea 41 lekholong ea ba etsang selemo sa ho qetela sekolong se phahameng ba khaqa tahi ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli.
Leha ho le joalo, ho na le phapang lipakeng tsa tšebeliso e mpe le bokhoba. Ba bangata ba sebelisang lintho hampe hase makhoba.a Bana ba ka khaotsa tšebeliso eo e mpe ebe ha ba be le se ba qobellang ho boela ho eona. Empa bao e leng makhoba ba iphumana ba sa khone ho khaotsa. Ho feta moo, monyaka oa ho thaba haholo oo pele ba neng ba e-ba le oona o koahetsoe ke tsieleho. Buka Addictions ea hlalosa: “Tsela e tloaelehileng ea makhoba ke hore, ka nako e ’ngoe e itseng, a qala ho itlhoea, ’me a hlorisoa haholo ke taolo eo bokhoba ba ’ona bo nang le eona.”
Ba bangata ba itšetlehileng ka tahi kapa lithethefatsi ba li sebelisa e le litsela tsa ho pholoha maemo a boima a maikutlo. Maemo a joalo a boima a tloaelehile haholo kajeno. ’Me sena ha sea lokela ho re makatsa haholo, kaha Bibele e hlalosa mehla ena e le ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ena ea lintho, ha ho tla ba le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho e tla ba “ba ratang chelete,” “ba ikhohomosang,” “ba sa tšepahaleng,” “ba bohale,” “baeki,” le “ba tletseng boikakaso.” (2 Timothea 3:1-4, NW) Mekhoa ena e bōpile tikoloho eo e leng mobu o nonneng oa bokhoba.
Maemo a boima a maikutlo a Susan a ile a bakoa ke ho se tšoaroe hantle ha a hōla. Kahoo, o ile a retelehela ho cocaine. O re: “E ne e mpha boikutlo ba bohata ba ho laola le boitšepo. E ne e mpha boikutlo ba matla boo ke neng ke sa bo utloe ka letsatsi le letsatsi.”
Phuputso ea makhoba ao e leng bacha ba batona e ile ea senola hore ba fetang karolo ea boraro ba ne ba kile ba hleka-hlekoa ’meleng. Phuputso e ’ngoe ea basali ba hōlileng bao e leng makhoba a tahi ba 178 e ile ea bontša hore karolo ea 88 lekholong e ne e ile ea tšoaroa hampe haholo ka tsela e ’ngoe e itseng. Bibele ho Moeklesia 7:7 e re: “Hloriso e ee e hlantše ea hlalefileng.” Motho ea utloang bohloko maikutlong ka lebaka la phihlelo e itseng e bohloko ea bophelo hamorao ntle le ho inahana a ka retelehela lithethefatsing kapa tahing bakeng sa ho itšoasolla.
Empa lithethefatsi le tahi hase tsona feela tse ka etsang motho lekhoba.
Bothata ba ho Ja
Bothata ba ho ja (hoo litsebi tse ling li ho bitsang bokhoba) ka linako tse ling bo sebeletsa e le tšitiso maikutlong a seng monate. Ka mohlala, ba bang ba sebelisa boima ba ’mele bo feteletseng e le mokhoa oa ho balehela matšoenyeho a botho. Jennie o re: “Ka linako tse ling ke itlohela ke le motenya hobane sohle se fosahetseng bophelong ba ka se ka nkoa se bakiloe ke hona. Ka tsela ena haeba motho a sa nthate, ka linako tsohle nka beha molato boimeng ba ka ba ’mele.”
Bakeng sa ba bang, lijo li fana ka boikutlo ba bohata ba ho laola.b Lijo e ka ba eona feela tikoloho eo motho a utloang a na le matla ho eona. Ba bangata ba nang le bothata ba ho ja ba nahana hore ka tsela e itseng ba na le kholofalo. Bakeng sa ho nyolla maikutlo a ho ikutloa e le ba bohlokoa, ba loanela ho hlōla takatso ea ’mele ea bona ea lijo. Mosali e mong o ile a re: “Ka ’mele oa hao u iketsetsa ’muso oa hao moo u leng ’mampoli, molaoli ka ho feletseng.”
Liphihlelo tse boletsoeng ka holimo ho hang hase tlhaloso e feletseng ea bokhoba ba lithethefatsi, tahi, le lijo. Ho ka ameha mabaka a fapaneng. Litsebi tse ling li bile li supa kamano ea liphatsa tsa lefutso e etsa ba bang ba hlaseloe habonolo ke ho ba makhoba ho feta ba bang. Jack Henningfield oa Mokhatlo oa Sechaba oa Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi o re: “Seo re se bonang ke motsoako oa botho, tikoloho, tšebetso ea bophelo le ho amoheloa sechabeng. Ha re batle ho thetsoa ke ho sheba lebaka le le leng feela.”
Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ha ho lekhoba—ho sa tsotellehe lebaka le mo entseng lekhoba—le feletsoeng ke tšepo ’meleng kapa maikutlong. Thuso ea fumaneha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka ho hlakileng, tšebeliso e mpe ea tahi kapa lithethefatsi tse ling—hore na e baka bokhoba kapa che—ea silafatsa ’me e tlameha ho qojoa ke Bakreste.—2 Ba-Korinthe 7:1.
b Boitsebiso bo eketsehileng mabapi le bothata ba ho ja bo ka fumanoa tokollong ea Awake! ea December 22, 1990, le Tsoha! ea March 8, 1992.
[Lebokose le leqepheng la 14]
Seoa sa Lefatše ka Bophara sa Bokhoba
◼ Patlisiso e ’ngoe Mexico e ile ea senola hore motho a le mong ho ba robeli ba lilemo tse lipakeng tsa 14 le 65 ke lekhoba la tahi.
◼ Mosebeletsi oa sechaba Sarita Broden o tlaleha ho ata ha bothata ba ho ja Japane. O re: “Lipakeng tsa 1940 le 1965, tekanyo ea bothata ba ho ja e ile ea eketseha ka botsitso ’me ha e-ba le keketseho ka tatellano bakuling ba robalang sepetlele le ba orohelang hae lipakeng tsa 1965 le 1981. Leha ho le joalo ho tloha ka 1981, keketseho ea ho itima lijo motho a nahana hore o motenya ka sepheo sa ho theola boima ba ’mele le ho ja ho sa laoleheng ho lateloang ke ho itlhatsisa e bile khōlō.”
◼ Chaena palo ea ba sebelisang heroin e bonahala e phahama ka potlako. Dr. Li Jianhua, ea sebetsang Setsing sa Liphuputso sa Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi sa Kunming, o re: “Heroin e se e fetile sebakeng sa moeling ho kenella ka hare, ho tloha mahaeng ho ea litoropong, le bathong ba bacha haholoanyane.”
◼ Zurich, Switzerland, thekiso ea lithethefatsi ea lipatlisiso e ile ea fella ka masoabi. Dr. Albert Weittstein o re, ha a bolela hore ba ne ba mpa ba fumana bahoebi le basebelisi ba tsoang hōle: “Re ne re nahana hore re tla khathatsa bahoebi ba tsona matla, empa re ile ra hlōleha.”