Bacha Baa Botsa . . .
Ho Thoe’ng Haeba Ke Rata Motho ea sa Lumelang?
Ngoanana e mong oa Mokreste o ile a lumela: “Ke na le bothata. Ke na le ho nkeha maikutlong a lerato ka moahelani oa ka. O mosa, o itšoere hantle, hape oa nahanela, empa ho na le ntho e le ’ngoe feela eo a seng eona—ho ba morati oa Jehova. Kea tseba hore ke phoso ho mo rata, empa ha ke tsebe hantle hore na nka sebetsana le maikutlo a ka joang mabapi le eena.”
Mark o ne a le lilemo li 14 ha a ne a iphumana a le boemong bo tšoanang.a O ile a nkeha maikutlong a lerato ka ngoanana eo litumelo tsa hae tsa bolumeli li neng li fapane le tsa hae. O re: “Hangata ke ne ke qapa menahano e itseng mabapi le hore na ho ka ba joang ha re le ’moho, re nyalane. Empa ke ne ke tseba hore ho fosahetse.”
HO NKEHA maikutlong a lerato ho tloaelehile nakong ea lilemo tsa bocha, ha maikutlo a lerato a phalla ka matla. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 7:36.) Ba se na mokhoa o sireletsehileng oa ho itokolla maikutlong a joalo, bacha ba sekametse ho ba le ho nkeha maikutlong a lerato ka lithatohatsi tsa matichere, tsa boithabiso, joalo-joalo. Kaha likamano tsa botho le batho ba baholo ba joalo, hangata, ha li fumanehe, ho nkeha maikutlong hona ke ha nakoana ’me ho batla ho se kotsi.b Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u e-na le maikutlo a matla ka thaka ea hao—e mong ea ikemiselitseng le ea ka khonang ho ba le kamano le uena—empa feela ka bolumeli motho eo a sa lumele lintho tseo u li lumelang?
Ba bang ba ka ’na ba talima taba ena e se bothata. Taba ke hore, bacha ba bangata ha ba na thahasello bolumeling. ’Me esita le ho ba nang le eona, ho laetsana le motho oa tumelo esele hase ka mehla ho talingoang ho sa amohelehe. Batho ba nang le likhopolo tse bulehileng ba ka ’na ba ho amohela. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba baholo ba bona mathata a ka hlahang likamanong tse joalo, haholo-holo kaha hangata li qetella ka lenyalo. Ka hona mongoli Andrea Eagan o elelitse bacha: “Ho ba le semelo se tšoanang sa bolumeli ha ho bohlokoa ha le se batho ba amehileng ka bolumeli bobeli ba lōna. Empa haeba taba ea bolumeli ke ea bohlokoa ho e mong kapa ho lōna ka bobeli, joale phapang bolumeling e lokela ho nahanisisoa. . . . Ha lea tlameha ho tšoana ha ho tluoa bolumeling . . . , empa le tlameha ho tšoanelana.”
Keletso e joalo e ka ’na ea bonahala e utloahala. Empa ha e le hantle e bontša “bohlale ba lefatše lena.” (1 Ba-Korinthe 3:19, NW) Bibele e bontša hore lerato pakeng tsa molumeli le motho ea sa lumelang le ama litaba tsa bohlokoa haholo ho feta ho tšoanelana lenyalong. Bacha har’a Lipaki tsa Jehova baa tseba hore ena ke taba ea ho utloa Lentsoe la Molimo, le khothaletsang Bakreste ho nyala feela “Moreneng.” (1 Ba-Korinthe 7:39) Kaha ho laetsana hase feela taba ea ho ikhatholla empa ke selelekela sa lenyalo, ho ke ke ha thabisa Molimo hore e mong oa bahlanka ba hae a ratane le motho e mong ea sa nehelang bophelo ba hae ho Jehova.
Esita leha ho le joalo, bacha ba bang ba Lipaki ba iphumane ba hohetsoe ke batho ba sa lumelang. See se etsahala joang? Ke’ng seo u lokelang ho se etsa haeba u iphumana u le boemong bo joalo?
Kamoo ho Etsahalang Kateng
Pele ho tsohle, hlokomela hore batho bohle ba na le tšekamelo ea ho fosa. Mopesaleme o ile a botsa: “Liphoso—ke mang ea ka li lemohang?” (Pesaleme ea 19:12, NW) Ka ho khethehileng bacha ba sekametse ho etseng liphoso litabeng tsa lerato. Hobane’ng? Ka lebaka le bonolo feela la hore ha ba na temohisiso e tlisoang ke phihlelo le lilemo. (Liproverbia 1:4) A e-na le phihlelo e fokolang ea ho sebetsana le ba batona kapa ba batšehali ho fapana le eena, habonolo feela mocha oa Mokreste a ka ’na a se ke a tseba ho sebetsana le khoheli ea lerato—kapa tlhokomelo ea ba batona kapa ba batšehali.
Sena se ile sa etsahalla Sheila ha a ne a hlokomela hore ngoana e mong eo a kenang sekolo le eena o na le ho nkeha maikutlong a lerato ka eena. Sheila o re: “Ke ne ke hlokomela hore oa nthata. Nakong ea lijo tsa motšehare o ne a e-tla ho tla ja le ’na. Nakong ea ho bala ka laebraring, o ne a mpatla.” Maikutlo a Sheila bakeng sa moshemane enoa a ile a qala ho hōla. Mark ea boletsoeng
sethathong, le eena oa hopola: “Ka mehla ke ne ke bona ngoanana enoa ka tlelaseng ea ho ithuta ho hlakisa ’mele. O ne a etsa boiteko bo khethehileng ba ho nkatamela a bua le ’na. Ho ne ho se thata hore setsoalle se hōle.” Tabeng ea Pam ea lilemo li 14, moshemane ea lulang pel’a habo o ile a ea bohōleng ba ho mo fa reng e le pontšo ea kameho ea hae ho eena.
Hoa lumeloa hore hase kamehla Paki e bang eona mohlaseluoa ea se nang molato oa likatamelo tse joalo. Ngoanana e mong o ne a mpa feela a buseletsa thahasello e totobetseng e bontšitsoeng ke moshemane oa Mokreste ea bitsoang Jim. Leha ho le joalo, o ile a qobelloa ho lumela seo a se entseng ha ka letsatsi le leng a e-tla Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, a ’matla!
Boemong leha e le bofe, e ka ’na eaba u ne u tseba hore ho fosahetse ho ameha tabeng e joalo. Empa ka linako tse ling ho thata ho hanela tlhokomelo ea ba batona kapa ba batšehali. Nahana ka Andrew. Nakong ea selemo sa hae sa pele sekolong se phahameng, batsoali ba hae ba ne ba lokisetsa ho hlalana. Oa hopola: “Ke ne ke hloka motho eo nka buisanang le eena.” Ka mehla ngoanana e mong sekolong o ne a bonahala a e-na le mantsoe a loketseng a khothatso ho eena. Kapele maikutlo a ho ratana a ile a hōla.
Likotsi
Haeba a tloheloa a sa hlokomeloa, maikutlo a joalo a ka u kenya khathatsong ea sebele. Liproverbia 6:27 e re: “Ana motho a ka ikokhella mollo sefubeng, liaparo tsa hae li sa che na?” Ka mohlala, nahana ka phihlelo ea ngoanana ea bitsoang Kim. Le hoja a ne a hōlisitsoe e le Mokreste, o ile a itumella ho ameha maikutlong a lerato le moshemane e mong sekolong. Kim oa hopola: “E ne e le e mong oa bashemane ba tummeng le ba susumetsang ka ho fetisisa sekolong.” Kapele o ne a se a e-ea meketjaneng ea boithabiso ka lenyele moo ho neng ho sebelisoa lithethefatsi pepenene. “Ke ne ke tšohile haholo, empa ke ne ke ratana le eena. Ke ile ka ima.” Kim o ile a nyalana le mohlankana oa hae, empa mohlankana oa hae o ile a qetella a le teronkong ka lebaka la bosholu ba boqhobane. Keletso ea Bibele e ne e ipakile e sebetsa hape: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Korinthe 15:33.
Sena hase ho fana ka maikutlo a hore bacha bohle bao eseng Lipaki tsa Jehova ba itšoere hampe kapa ba sebelisa lithethefatsi. Leha ho le joalo, bonyane, bacha ba joalo ha ba na melao-motheo e bohlokoa, pono ea litaba, kapa lipakane tse tšoanang le tsa bacha ba Lipaki. Ba-Korinthe ba Pele 2:14 e hlalosa habonolo feela hore motho ea sa lumelang “ha a amohele litaba tsee e leng tsa Moea oa Molimo; hobane ho eena ke bohlanya, ’me o sitoa ho li tseba, hobane li lemohuoa ka moea.” Nahana kamoo melao-motheo ea bohlokoa ea bolumeli ba hao e fetotseng maikutlo a hao kateng—thabo eo u e fumanang libokeng tsa Bokreste, nyakallo ea ho arolelana molaetsa oa Bibele le motho ea mamelang, thabo ea ho ithuta Bibele ka boeona. Na motho ea sa lumelang a ka utloisisa—re se re sa re letho ka ho kopanela—maikutlo a joalo? Le hanyenyane.
Ka hona Pauluse o khothatsa Bakreste: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang?” (2 Ba-Korinthe 6:14, 15) Sonya e monyenyane o ithutile thuto ena ka ho toba ha a ne a ameha maikutlong ka motho ea sa lumelang. Oa lumela: “Ho ba le motsoalle ea sa kopaneleng le uena ho chesehela le ho rata Jehova ke bolutu bo bobe ka ho fetisisa boo u ka nahanang ka bona. Ho utloisa bohloko maikutlong. Ha ’nete e le matla a susumetsang bophelo ba hao, u lokela ho e arolelana le e mong—u tlamehile! Ke boikutlo bo joalo bo sithabetsang ha u sitoa ho e arolelana le molekane oa hao hobane e le motho ea sa lumelang.”
Joale, kamanong e joalo, bolumeli bo atisa hore e be sebaka sa khohlano, eseng feela ntho e kopanyang. Habonolo feela u ka ’na ua ikutloa u qobellehile ho hlokomoloha lithahasello tsa hao tsa moea e le hore u boloke khotso. Empa ho etsa joalo ho tla senya bomoea ba hao feela. Mosali e mong e mocha oa hlalosa: “Ke ile ka tloaelana haufi-ufi le moshemane eo e neng e se Paki. Empa ha kamano e ntse e hōla, ke ile ka hlokomela hore ke ne ke se ke ratana le eena. Butle-butle kamano ea ka le Jehova e ile ea bonahala e se ea bohlokoa ho ’na; kamano ea ka le moshemane enoa e ile ea fetoha ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho ’na. Ke ne ke se ke sa batle ho ea libokeng, ho ba le botsoalle le baena ba ka ba Bakreste, kapa ho tsoela mosebetsing oa boboleli. Sohle seo ke neng ke se batla e ne e le ho ba le eena. Ke ile ka ba Paki e sa tsoeng ka lilemo tse peli tse latelang. ’Me ho sena sohle, ‘motsoalle’ oa ka le ka mohla haa ka a mpuseletsa lerato leo ke mo ratang ka lona. Ke ile ka lula ke ntse ke nahanne hore ka letsatsi le leng qetellong o tla etsa joalo, empa ha hoa ka ha etsahala le ka mohla.”
E, ho ratana le motho ea sa amoheleng melao-motheo ea boitšoaro le ea bolumeli e tšoanang le ea hao joang kapa joang ho tla u tlisetsa masoabi le ho hloka thabo. Tsela e bohlale ke ho ikhula jokong e joalo e sehlang. Empa u ka etsa joalo joang haeba u ikutloa u rata motho e mong
haholo? Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang sa letoto lena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Bona khaolo 28 ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Na motho ea sa lumelang o tla ba le cheseho eo u nang le eona ka lintho tsa moea?