Bacha Baa Botsa . . .
Ke Mang ea Reng ke ho Nkeha Maikutlong a Lerato Feela?
NA u kile ua ba le maikutlo a lerato ka e mong ha u sa le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20?” Motlalehi oa Tsoha! o ne a lebisitse potso ena sehlopheng sa batho ba baholo, ba lilemo tse 21 ho ea ho tse 70. Karabelo ea kapele ebile efe? Setšeho—le likhopotso tse ferekaneng.
“Ke ’na!” ho arabela Jerry.a “Ke ne ke le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, ’me ke ne ke nkehile maikutlong ka ngoanana ea mphetang ka lilemo tse tšeletseng. O ne a le motle haholo—a na le mahlo a maholo a masootho! Empa ke ne ke patile maikutlo a ka. Hoo le ’mè a neng a sa bone hore ke rata ngoanana eo.”
“Ke ne ke na le maikutlo a matla a lerato ka tichere ea neng a re ruta botšoantsisi,” ho hopola Valerie eo hajoale a seng a nyetsoe. “O ne a le motle.” Jane, ’mè oa bana ba babeli, o re: “Ha ke ne ke le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, ke ne ke nkehile maikutlong a lerato ka sebini seo ke neng ke se rata haholo. Ke ne ke tsoha hoseng e le hore nka fumana setulo se moleng o ka pele likonsareteng tsa sona. Ka nako e ’ngoe ’na le banana ba bang ra mathela ka kamoreng ea sona ea ho itokisa! Empa qetellong ha ke ’mona, ka ikemela moo ke itse ahla.” Setho se hōlileng sa sehlopha sena se hopola se kile sa nkeha maikutlong a lerato ka naleli ea libaesekopo!
E, ipotsetse leha e le sehlopha sefe feela sa batho ba baholo ’me u tla fumana hore kaofela ba kile ba nkeha maikutlong a lerato ha ba ne ba le banyenyane. Hangata maikutlo ana a lebisitsoe bathong ba ke keng ba fumaneha—matichere, likhalala tsa ’mino, batho ba baholo ba tsejoang. Seithuti sa kelello Kathy Morieca o re: “Ho nkeha maikutlong a lerato ke karolo ea ho hōla. E batla e le bacha bohle ba nkehang maikutlo.” ’Me ba bangata ba atleha ho hlōla maikutlo ao—boikhohomoso le ho nka lintho ka ho teba. Ka sebele, lilemo hamorao ba bangata ba ka tšeha phihlelo ena.
Leha ho le joalo, ha u hapuoe maikutlong a lerato, ha ho bonahale ho ena le ntho e ka tšehuoang. “Ke ne ke soabile,” ho hopola Jerry, “hobane ho ne ho se letho leo nka le etsang. Ke ne ke tseba hore o moholo ho ’na, empa ke ne ke mo rata. Taba ena e ne e nkutloisitse bohloko haholo.” Valerie o’a eketsa: “Ka ipona ka monahano ke nyetsoe ke tichere ea ka. Re ne re tla ba le bana ba bane ’me re lule ntlong e ntle. Ho ne ho hlile ho le thata ho mo lebala.”
Ho bohloko ho tsotella motho eo u ke keng ua mo fumana le ka mohla. ’Me ho bolelloa hore maikutlo a hao ke lefeela le hore ke maikutlo a bongoana ho ke ke ha etsa hore u ikutloe ka tsela e sele. Maikutlo ao kea sebele ho uena! ‘Hobane’ng ha ho se ea nkholoang ha ke re ke a ratana?’ u’a ipotsa.
Seo ho Nkeha Maikutlo ka Lerato ho Leng Sona
“Lerato le tsoa ho Molimo,” ho bolela moapostola Johanne. (1 Johanne 4:7) Kahoo ha se sebe ho ba le maikutlo a matla a lerato ka e mong—kantle leha maikutlo ao a se na boitšoaro ’me a se matle (joaloka ho rata motho ea lenyalong). Leha ho le joalo, lerato la Bokreste le theiloe melao-metheong, e seng litakatsong. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 13:4-7.) ’Me Bibele e hokahanya lerato le joalo le Bakreste “ba hōlileng” moeeng, kapa lilemong, e seng le bacha.—Ba-Efese 4:13-15, NW.
Ha u sa le mocha, “litakatso tsa bocha” li ee li buse menahano ea hao le liketso. (2 Timothea 2:22) Ke ’nete, nako ea ho hōla e hlahisa maikutlo a macha le a matla. Ho ba bangata ba rōna ho re nka lilemo ho ithuta hore na ke joang re ka laolang litakatso tse joalo. Ke ho thahasellisang, buka ena The Individual, Marriage, and the Family e tsoela pele hore: “Ka lebaka la ho buelloa haholo ha likhopolo tse monate tsa lerato, motho e mocha. . . o lora ka lerato pele a ka ba boemong bo botle kapa ho fumana morero o nepahetseng oa lerato.”
Ho soabisa hakaakang ho ba le maikutlo a matla a lerato—’me ho se ea ka a arabelang! Ho feta moo, hangata “banana ba atisa ho itšoara hantle le ho tloaelana le batho ba baholo lilemong ho feta lithaka tsa bona tsa bashemane,” joaloka ha makasine oa Seventeen o hlokomela. Ka lebaka leo, “ba ee ba fumane matichere le banna ba hōlileng ba hōhela ho feta bashemane bao ba ithutang le bona ka klaseng.” Kahoo ngoanana a ka ’na a nahana hore tichere eo a e ratang, sebini sa pop, kapa batho ba bang ba baholo bao a ba tsebang ke banna ba “sebele.” Le bashemane ba nkeha maikutlong.
Leha ho le joalo, monyetla oa ho ratoa ke tichere eo e hōhelang kapa sebini se ratehang o fokola ka sebele. Ka ho utloahalang, ho rata batho ba joalo ho tsoa likhopolong tse monate tsa lerato e seng nthong ea sebele. Ha ho makatse ha The Individual, Marriage, and the Family e re ho nkeha maikutlong a lerato ho joalo ke ha “nakoana”! Kapa joaloka ha makasine oa ‘Teen o e hlalosa: “Ho bacha ba bangata ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ho nkeha maikutlong a lerato ho tloaelehile joaloka ho tšoaroa ke sefuba.” Leha ho le joalo, bacha ba bang ba khomarela likhopolong tsa bona tsa lerato, ba phehella hore ba utloa lerato la ’nete.
Ho Nkeha Maikutlong a Lerato ho Kotsi kapa Che?
‘Empa ha e mong le e mong a nkeha maikutlong a lerato, kotsi ke efe?’ u ka botsa. E, ‘ho e ka bang e mong le e mong’ ho rōna o kile a tsoa maselese. ’Nete ke hore, ho nkeha maikutlong a lerato ho ka ba kotsi.
Lebakeng le leng, lipheo tse ngata tsa lerato la bacha ha li na pono ea Bokreste. Monna ea bohlale o itse: “Bothoto bo ee bo beoe tulong tse phahameng.” (Moeklesia 10:6) Kahoo sebini se ratoa joaloka molimo hobane se na le lentsoe le mololi kapa chebahalo e hohelang. Empa se itšoere joang? Na mekhoa ea bophelo ea libini tse ratoang joaloka melimo ea ’mino oa rock ha se ea bothoto? Bibele e boela e eletsa Bakreste: “Ho rata lefatše ke ho loantša Molimo.” (Jakobo 4:4) Na ho bea pelo ea hao mothong eo Molimo o nyatsang boitšoaro ba hae ho ke ke ha bea setsoalle sa hao le oona kotsing? Ho boetse ho phoso ho rata motho ea lenyalong.—Liproverbia 5:15-18.
Bibele e tsoela pele e re: “Itšabiseng melimo ea bohata.” (1 Johanne 5:21) Ho joalo leha ea ratoang joaloka molimo a phela bophelo bo botle le bo amohelehang. U ka re’ng ha kamore ea mocha e khabisitsoe ka litšoantšo tsa naleli ea ’mino? Na ha ho kotsi joaloka borapeli ba litšoantšo? “Ha ke mo rapele ho hang,” ho bolela ngoanana e mong ka sebini seo a se ratang haholo. Empa hape o’a lumela: “Kamehla ke nahana ka sona. . . ke lokela ho se ntša maikutlong a ka.”
Ka sebele, ba bang ba lumella likhopolo tsa bona tse monate ho hlōla kelello. Ngoanana e mong o re ka ho nkeha maikutlong ka sebini se tummeng: ‘Ke batla hore e be mohlanka oa ka, ’me ke rapetse hore sena se etsahale! Ke ne ke tloaetse ho robala ke samme albamo ea hae hobane e ne e le tsela feela eo nka bang haufi le eena ka eona. Ha ke sa mo fumane ke tla ipolaea.’ Na takatso e joalo e hlokang kelello e ka thabisa Molimo, ea re eletsang hore re mo sebeletse ka kelello e “bontšang kahlolo e molemo?”—Ba-Roma 12:3.
Ho Liproverbia 13:12 Bibele e re: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” Ho hlaolela “tšepo” likhopolong tse monate tsa lerato ka kamano e ke keng ea etsahala ho ka u babisa pelo. Lingaka li bolela hore lerato le sa khutlisoeng ke lebaka la “ho hateleha maikutlong, ho belaela, le ho tsieleha. . . ho hlobaela, botsoa, ho ba le mahlaba sefubeng kapa ho hema ka thata.”
Hape, nahana ka tšenyo eo u e bakang ha u lumella khopolo e monate ea lerato ho laola bophelo ba hao. Ngaka Lawrence Bauman o hlokomela hore bo bong ba bopaki ba ho nkeha maikutlong a lerato ho sa laoleheng ke “ho felloa ke matla mosebetsing oa sekolo.” Ho ikarola ho metsoalle le lelapa ke phello e ’ngoe e tloaelehileng ea ho nkeha maikutlong a lerato. (Bapisa le Liproverbia 18:1.) “Le lelapa leso le ne le utloile bohloko haholo ka boitšoaro ba ka,” ho lumela ngoanana ea neng a “rata” sebini se tummeng hoo a neng a hlokomoloha batho ba bang.
Le moo liphello tse kotsi li sa hlaheng, ho boetse ho teng ho tlontloleha ka ho iketsa sethoto. “Ke soabile ho lumela sena,” ho rialo mongoli Gil Schwartz, “empa ke ne ke itšoara joaloka sethoto nakong eo ke neng ke nkehile maikutlo ka Judy.” Nako kamor’a ho fela ha maikutlo ao, likhopolo tsa ho rata e mong li ka fella sebakeng.
Ka lehlohonolo, joaleka batho ba baholo ba boletsoeng qalong, bacha ba bangata ba hlōla ho nkeha maikutlong a lerato. ’Me sehlooho se latelang se tla thusa ba sa etseng joalo. Khabareng, keletso e molemo ke ho hlokomela hore na ho nkeha maikutlo ho bakoa ke eng—khopolo e monate ea lerato la bocha.
Mohlomong ho ka ’na ha eba le matšeliso a mang a ho ‘rata le ho lahleheloa.’ Leha ho le joalo, le ka mohla u se lumelle ho nkeha maikutlong a lerato ho se nang tšepo ho buse bophelo ba hao kapa ho u senye maikutlo. Mongoli Gil Schwartz o hopola kamoo ho sa thuseng kateng. “Hobane lerato lohle le merero ea ka ke ne ke li behile ho Judy,” o’a hopola, “ke ne ke sa hopole hore a ka mphoqa.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ho nkeha maikutlong a lerato ka batho ba baholo—ba ke keng ba fumaneha—ho tloaelehile haholo bathong ba batona le ba batšehali