Bohloko bo ke Keng Ba Hlola Bo E-Ba Teng
BOHLOKO bo tla felisoa phethahatsong ea tšepiso ea Bibele ke bohloko bo tlileng ka lebaka la ho se phethahale ha motho oa pele. Bohloko bona bo akareletsa se ka hlalosoang e le bohloko bo sa feleng.
Ho e-na le ho ba tsamaiso e hlokomelisang ka mafu kapa kotsi, bohloko bo sa feleng bo ’nile ba tšoantšoa le “mokhosi oa bohata” o ke keng oa khutsisoa habonolo. Ke bohloko bona bo etsang hore bakuli ba sebelise liranta tse limilione tse likete selemo le selemo bakeng sa ho batla pheko, ’me bo senya bophelo ba batho ba limilione.
Setsebi sa bohloko Dr. Richard A. Sternbach o ngotse: “Ho fapana le bohloko bo sekhahla ba nakoana, bohloko bo sa feleng hase letšoao la bohloko; bohloko bo sa feleng hase letšoao la tlhokomeliso.” Emergency Medicine e ile ea hatella: “Bohloko bo sa feleng ha bo na morero ho hang.”
Ka hona, lingaka tse ngata lilemong tsa morao tjena li talima bohloko bo joalo e le tlhokofatso ea sebele. Dr. John J. Bonica ho The Management of Pain oa hlalosa: “Ho bohloko bo sekhahla ba nakoana, lehlaba ke letšoao la lefu kapa kotsi. Ho bohloko bo sa feleng lehlaba ke lefu ka bolona.”
Boiteko ba ho Utloisisa Bohloko
Bohloko bo sa ntse bo sa utloisisoe ka ho feletseng. Makasine oa American Health o itse: “Khoheli ea ka ho sa feleng ea ho leka ho fumana seo bohloko bo leng sona e entse hore bo-rasaense ba sebetse ka matla.” Mashome a lilemo a fetileng, ba ne ba nahana hore bohloko ke boemo ba ho se ikutloe, joaloka ho bona, ho utloa, le ho tšoara, bo utluoang ke lintlha tsa methapo e khethehileng letlalong ’me bo fetisoa ke lintlha tsa methapo e itseng ea kutlo ho ea bokong. Empa kutloisiso ena e bonolo ea bohloko e fumanoe e se ’nete. Joang?
Lebaka le leng le lebisitseng temohong e ncha e bile phuputso ka mosali e mong e mocha ea neng a sa utloe bohloko. Ka mor’a lefu la hae ka 1955, tlhahlobo ea boko ba hae le tsamaiso ea methapo e ile ea lebisa khopolong e ncha ka ho feletseng ka sesosa sa bohloko. Joalokaha The Star Weekly Magazine ea July 30, 1960 e hlalosa, lingaka “li ne li batla lintlha tsa methapo ea kutlo. Haeba [a] ne a se na tsona, seo se ne tla ikarabella bakeng sa ho se utloe bohloko ha ngoanana enoa. Empa lintlha tsa methapo ea kutlo li ne li le teng ’me ka ho hlakileng li sebetsa hantle.
“Ho latelang, lingaka li ile tsa hlahloba lintlha tsa methapo tseo ho nahanoang hore li hokahanya lintlha tsa methapo ea kutlo le boko. Ka sebele, mona ho ne ho lokeloa ho fumanoa phoso. Empa ho ne ho se joalo. Lintlha tsohle tsa methapo ea kutlo ho fihlela moo ho neng ho bonoa ho fihlela teng, ka ntle ho tse neng li senyehile ka lebaka la kotsi, li ne li sebetsa hantle.
“Qetellong, ho ile ha etsoa litlhahlobo tsa boko ba ngoanana enoa, ho boetse ha se ke ha fumanoa phoso ea mofuta leha e le ofe. Ho latela tsebo eohle e leng teng le khopolo-taba, e lokela hore ebe ngoanana enoa o ne a utloa bohloko ka tsela e tloaelehileng, empa leha ho le joalo o ne a sa utloe le botsikinyane feela.” Leha ho le joalo, o ne a utloa khatello letlalong ’me o ne a khona ho khetholla hlooho ea phini le ntlha ea eona e hlabang, le hoja ho hlaba ha eona ho ne ho sa mo utloise bohloko.
Ronald Melzack, eo lilemong tsa bo-1960 a ileng a qapa khopolo e ncha e tummeng ea ho hlalosa bohloko, o fana ka mohlala o mong oa ho rarahana ha bona. O hlalositse: “Mofumahali Hull o ’nile a supa leoto la hae le neng le le sieo [le ne le khaotsoe], ’me a hlalosa ka bohloko bo boholo bo kang o chesoa ka tšepe e khubelu e kenngoang pakeng tsa menoana ea hae.” Ka 1989 Melzack o ile a bolella makasine oa Maclean’s hore o sa “ntse a batla litlhaloso tsa seo a se bitsang bohloko bo ‘inahaneloang.’” Ho phaella moo, ho na le bohloko bo bong moo motho a kulang karolong e itseng ea ’mele empa bo utloahale karolong e ’ngoe.
Kelello le ’Mele Lia Ameha
Joale bohloko bo hlalosoa e le “kamano e rarahaneng ka ho fetisisa ea kelello le ’mele.” Bukeng ea hae ea 1992 Pain in America, Mary S. Sheridan o bolela hore “phihlelo ea bohloko ke e matla haholo kelellong hoo ka linako tse ling kelello e ka latolang boteng ba bona ’me ka linako tse ling e bake bohloko le ho bo boloka ka nako e telele hoba bo fele.”
Maikutlo a motho, ho tsepamisa mohopolo, botho ba motho le ho amohela litlhahiso le mabaka a mang kaofela ke tsa bohlokoa mokhoeng oo motho a arabelang ka ’ona bohlokong. Ngaka ea bohloko Dr. Bonica oa hlokomela: “Tšabo le ho tšoenyeha li baka karabelo e fetelelitsoeng.” Ka hona, motho a ka ithuta ho utloa bohloko. Dr. Wilbert Fordyce, moprofesa oa thuto ea kelello ea sebetsanang le mathata ana a bohloko ka ho khethehileng oa hlalosa:
“Taba hase hore na bohloko boo ke ba sebele kapa che. Ha e le hantle ke ba sebele. Taba ke hore na ke mabaka afe a bohlokoa a bo susumeletsang. Haeba pele ho lijo tsa motšehare ke buisana le uena ka bohobe bo kentsoeng nama, u ka qala ho lutlisa mathe. Sena ke ntho ea sebele. Empa sena se etsahala ka lebaka la boemo. Ha ho bohobe bo kentsoeng nama mono. Batho ba hlokolosi haholo maemong. A susumetsa boitšoaro ba motho, ho lutlisa mathe, khatello ea mali, sekhahla sa ho siloa ha lijo, bohloko, le lintho tse ling tse ngata.”
Feela joaloka maikutlo a hao le monahano li ka totisa bohloko, li ka boela tsa bo hatella kapa ho bo thethefatsa. Nahana ka mohlala ona: Ngaka ea methapo ea kelello e boletse hore ha esale mocha e kile ea hoheloa ke ngoanana ha ba ntse ba lutse lerakong le nang le lehloa le pota-potileng ntlo hoo a sa kang a utloa mohatsela o matla kapa bohloko maraong. O hlalositse: “Ke ile ka batla ke ntšuoa kotsi ke mohatsela. Re ne re lutse moo hoo e ka bang metsotso e 45, ’me ha kea utloa letho.”
Ho na le mehlala e mengata e joalo. Libapali tsa bolo ea maoto tse tsoang likotsi tse mpe papaling kapa masole ntoeng e mahlo-mafubelu ba ka tsoa likotsi tse tšabehang ’me ba utloe bohloko hanyenyane feela kapa ba se bo utloe ka nako e itseng. Mofuputsi ea tummeng oa Afrika David Livingstone o bolela ka ha a ne a hlaseloa ke tau e ileng ea mo rusolla “joalokaha ntja e rusolla toeba. Letsoalo . . . le ile la mo bakela ho phofa ho itseng hoo a neng a sa utloe bohloko.”
Ke ho thahasellisang ho hlokomela hore le bahlanka ba Jehova Molimo, ba talimmeng ho eena ka khutso ka tšepo e feletseng, le bona ka linako tse ling ba bile le phihlelo ea ho hatelloa ha bohloko ba bona. Mokreste e mong ea ileng a tetekoa o ile a tlaleha: “Le hoja sena se ka bonahala se sa tloaeleha, ka mor’a ho otloa ka makhetlo a ’maloa a pele, ka sebele ha kea ka hlola ke utloa letho. Ho e-na le hoo, ho ne ho tšoana le hoja ke utloa ho tetekoa feela ho tšoanang le ho letsoa ha moropa hōjana.”—Awake! ea February 22, 1994, leqephe 21.
Kamoo ho Utloa Bohloko ho Kokobetsoang
Boitekong ba ho hlalosa litšobotsi tse ling tsa bohloko tseo e leng sephiri, ka 1965 moprofesa oa thuto ea kelello, Ronald Melzack, le moprofesa oa thuto ea kaheho ea ’mele, Patrick Wall, ba ile ba qapa khopolo ea taolo ea likeiti tsa mahlaba e thoholetsoang ka ho pharaletseng. Khatiso ea 1990 ea buka ea Dr. Bonica e buang ka bohloko e bolela hore khopolo ena ea bohloko “e bile har’a tse ling tsa likhatelo-pele tsa bohlokoa ka ho fetisisa phuputsong ea bohloko le phekolo.”
Ho latela khopolo ena, ho buloa le ho koaloa ha keiti e inahaneloang lesapong la mokokotlo ho lumella melaetsa ea bohloko kapa hona ho e thibela ho fetela bokong. Haeba boikutlo bo bong boo eseng ba bohloko bo bokellana likeiting, joale melaetsa ea bohloko e finyellang bokong e ka fokotsoa. Ka mohlala, bohloko bo fokotsoa ka ho pikitla kapa ho silila monoana o cheleng ka mokhoa o bonolo kaha melaetsa e meng eo eseng ea bohloko e romeloa lesapong la mokokotlo moo e tla e sitisa ho feta.
Tšibollo ea 1975 hore ’mele ea rōna e hlahisa metsoako ea eona e bitsoang li-endorphin e boetse e thusa patlisisong ea ho utloisisa litšobotsi tsa sephiri tsa bohloko. Ka mohlala, batho ba bang ba utloa bohloko hanyenyane kapa ha ba bo utloe ho hang hobane ba hlahisa li-endorphin tse ngata haholo. Li-endorphin li ka boela tsa hlalosa sephiri sa hore na ke hobane’ng ha bohloko bo fokotsoa kapa bo felisoa ka acupuncture, e leng mokhoa oa phekolo moo linalete tse sehlopha tse tšesanyane li kenngoang ’meleng. Ho latela litlaleho tsa paki e boneng ka mahlo, ho buuoa ha pelo ho entsoe mokuli a ntse a shebile, a hlaphohetsoe, ’me a phutholohile ho sebelisoa sehlopha sa linalete joaloka sebolaea-mahlaba! Ke hobane’ng a ne a sa utloe bohloko?
Ba bang ba lumela hore mohlomong linalete li susumetsa tlhahiso ea li-endorphin tseo ka nakoana li felisang bohloko. Monyetla o mong ke hore ho hlaba ka sehlopha sa linalete ho bolaea bohloko hobane linalete li susumetsa methapo ea kutlo e romelang melaetsa e meng eo eseng ea bohloko. Melaetsa ena e bokellana likeiting tsa lesapo la mokokotlo, e thibele ho feta ha melaetsa ea bohloko ka mahahapa ho ea bokong moo bohloko bo utloahalang teng.
Khopolo ea ho koala le ho bula ha likeiti, le hore ’mele o hlahisa libolaea-mahlaba tsa ’ona, ho hlalosa lebaka leo boikutlo ba motho, likhopolo, le maikutlo li amang tekanyo e itseng ea bohloko bo utloahalang. Ka hona, letsoalo la tšohanyetso la ho hlaseloa ke tau ho ka etsahala hore ebe le ile la susumetsa tlhahiso ea li-endorphin tsa Livingstone esita le ho tlatsa lesapo la mokokotlo ka melaetsa e meng eo eseng ea bohloko. Ka lebaka leo, ho utloa ha hae bohloko ho ile ha fokotseha.
Leha ho le joalo, joalokaha ho hlokometsoe pele, kelello ea motho le maikutlo li ka ba le phello e fapaneng. Khatello e matla ea letsatsi le letsatsi ea bophelo ba kajeno e ka eketsa ho utloa ha motho bohloko ka ho hlahisa pelaelo, khatello le ho tsitsipana ha mesifa.
Leha ho le joalo, ka thabo bakuli ba hlokofatsoang ke bohloko ba na le lebaka la ho ba le tšepo. Ho joalo hobane hona joale bakuli ba bangata ba rua molemo mekhoeng e ntlafalitsoeng ea phekolo. Lintlafatso tse joalo li felletse ka kutloisiso e molemo haholoanyane ea lefu lena le tšabehang. Dr. Sridhar Vasudevan, mopresidente oa Sekolo sa Bongaka sa Amerika sa Bohloko o hlalositse: “Khopolo ea hore ka linako tse ling bohloko e ka ba lefu ka boeona e fetotse ka ho feletseng phekolo ea lilemong tsa bo-1980.”
Phekolo ea bohloko e fetotsoe ka ho feletseng joang? Ke liphekolo life tse bonahalang li atleha?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
“Acupuncture” e fokotsa bohloko kapa ho bo felisa joang?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
H. Armstrong Roberts