Haufinyane—Lefatše le se Nang Bohloko!
NA LEFATŠE le se nang bohloko lea tla haufinyane? Tseo e ne e tla ba litaba tse thabisang hakaakang ho ba tšoeroeng ke mafu a sa foleng—e-bang bohloko ba bona ke ba ’mele, ba kelello, kapa ba maikutlo! Ka mohlala, ba limillione ba ne ba tla thabela ho tlosoa ha bohloko bo matla ba ’mele bo bakoang ke mefuta e meng ea kankere haholo, bohloko ba tic douloureux, le lefu la pelo angina pectoris. Ba hlokofatsoang ke mathata a tebileng a kelello ba ne ba tla thabela ho lopoloha matšoenyehong a bona ao hangata e leng a sitoang ho hlalosoa. ’Me ba bang ba eketsehileng ba limillione ba ne ba tla thaba hafeela bohloko ba bona ba maikutlo bo bakoang ke maikutlo a kang tšabo, masoabi, ho ikutloa ba le molato, ho touta, le ho ferekana bo ne bo ka fela. Empa na kannete re batla ho bona bohloko bohle bo felile?
Setsebi sa ho qanolla le ho hlahloba likaroloana tsa lintho tse phelang Allan Basbaum oa Univesithi ea California e San Francisco se re: “Ho se utloe bohloko ho hang ke koluoa.” Se buile polelo ena ka lebaka le letle. Joaloka ntho e lemosang ka kotsi, bohloko ’meleng bo re tsebisa hore ntho e ’ngoe e kotsi ea etsahala.
Ho se khone ho utloa bohloko ’meleng kannete ho ka tlisa koluoa. Sena se bontšoa tlalehong ena ea makasine oa Time: “Pososelo ea moshemane ea lilemo li leshome le metso e ’meli e etsa phapang e sisinyang maikutlo habohloko ha e bapisoa le ponahalo ea hae e haulang. Matsoho le maoto a hae a tlohile sebōpehong sa ’ona ’me a kobehile, joalokaha eka o ne a le likhuru. Ha a na menoana e meng. Leqeba le leholo le ahlameng le koahetse lengole le leng, ’me o itlhahlathile molomo oo o bososelang hoo o tsoileng maqeba a mabe. O shebahala hantle feela joaloka ngoana ea shapuoeng haholo . . . O tsoetsoe a e-na le kholofalo ea lefutso e sa atang ho hang e mo etsang hore a se utloe bohloko. Menoana ea hae e ka ’na eaba e ile ea pitloa kapa ea cha hobane a sa ka a tlosa letsoho la hae linthong tse chesang kapa tse kotsi. Masapo a hae le manonyeletso a tlohile sebōpehong sa ’ona hobane o ne a tila fatše ka ’ona haholo ha a tsamaea kapa a matha. Lengole la hae le ntšitsoe leqeba ke ho khasa holim’a lintho tse hlabang tseo a neng a sa li utloe. Leha a ka robeha lesapo kapa masapo a hae a noka a tloha malulong, a ke ke a utloa bohloko hoo a ka kōpang thuso.”
Batho ba bang ba potlakela ho beha Molimo molato bakeng sa ho hlokofatsoa ke lintho tse joalo le ka bomalimabe bo hlahelang ba limillione. Leha ho le joalo, na ka nepo re ka beha Molimo molato ka mahlomola a bohloko a batho?
Na Molimo o Molato?
Ka lilemo tse ka bang 6 000 joale, batho ba bile bokhobeng ba bohloko ba ’mele, ba kelello, le ba maikutlo. Ha e le hantle, makholong a ka bang 19 a lilemo a fetileng, moapostola oa Mokreste Pauluse ka nepo o ile a hlokomela: “Tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale.” (Ba-Roma 8:22) Ho sa tsotellehe lipilisi tse ngata tse bolaeang bohloko tse fumanehang mabenkeleng a lithethefatsi hammoho le boiteko ba lingaka tsa mafu a ’mele le lingaka tsa mafu a kelello, bokhoba bo pharalletseng ba bohloko ba mefuta eohle bo tsoela pele. E, ba bang ba rohakile Molimo ka lebaka la mahlomola a bona, joalokaha le mosali oa Jobo a ile a mo phehella ho etsa joalo makholong a mangata a lilemo a fetileng! Leha ho le joalo, joalokaha Jobo ka boeena a ile a hlokomela, moea o joalo ke booatla ’me ha oa lokela.—Jobo 2:9, 10.
Bokhoba ba hona joale ba motho ba bohloko ka nepo bo ke ke ba boleloa e le molato oa Molimo. Ho e-na le hoo, molato o holim’a raleshano ea sa bonahaleng le ho batsoali ba rōna ba pele. Ho joalo joang?
Mangolo a bontša hore le hoja qalehong se ne se lokile, sebōpuoa se seng sa moea se ile sa ba le meharo ea ho fumana matla le bophahamo. Qalehong ea bophelo ba motho lefatšeng, se ile sa nahana ka moloko oa batho lefatšeng la paradeise, bohle ba fana ka boinehelo bo felletseng ho Molimo o Matla ’Ohle, Jehova. Se susumetsoa ke pelo e neng e se e fetohile e mpe, sebōpuoa sena sa moea se ile sa fetohela ’Mōpi, sa batla hore borapeli ba batho le boinehelo li ee ho sona. Merero ea sona e khopo e ile ea iponahatsa ha ka mano se bua leshano. Sena, hamorao, se ile sa tlisa sebe lefatšeng.
Jehova Molimo o ile a bolella motho oa pele, Adama, hore ho ja tholoana ea sefate sa ho tseba botle le bobe ho ne ho tla fella ka lefu. (Genese 2:15-17) Empa Eva, mosali oa Adama, o ile a susumelletsoa ho se utloe. A sebelisa noha joaloka ’muelli, Mothetsi oa moea o ile a ’molella: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna [a Eva le a monna oa hae] a tla tutuboloha, ’me [bobeli ba lōna] le tla ba joalo ka melimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:1-5) Leo e ne e le leshano la pele, ’me le ile la tšoaea sebōpuoa sena se khopo sa moea e le ‘ntat’a mashano.’ (Johanne 8:44, NW) Ho sebelisa ha sona noha ketsahalong eo tšimong ea Edene ho lumellana le ha Mangolo a se tsebahatsa e le “noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane.”—Tšenolo 12:9.
Sebe se ile sa tlisetsa batho ho feheloa le bokhoba ba bohloko. Joalokaha Molimo o ne o boletse, hona letsatsing leo Adama a entseng sebe ka lona, Molimo o ile oa phatlalatsa kahlolo ea lefu ho bafosi. Ho latela kahlolo, ponong ea Jehova, Adama le Eva ba ile ba shoa letsatsing leo. (Bapisa le Luka 20:37, 38.) Edene, Jehova o ile a bolella mosali oa pele eo joale e neng e se e le moetsalibe: “Ke tla u atisetsa bohloko ba hao haholo-holo kemarong ea hao: u tla beleha bana ka bohloko.” (Genese 3:16) Adama o ne a tla sebetsa ka thata a phela habohloko ka ntle ho serapa sa Edene lefatšeng leo ka boleng le neng le le hōle le ho ba paradeise. Jehova o ile a re: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:17-19) Ka hona bokhoba ba bohloko bo ile ba qaleha joalo bakeng sa moloko oa batho.
Ha ho le joalo, he, bokhoba ba bohloko bo amahanngoa le ho se phethahale, sebe, le lefu tse futsitsoeng ho Adama. Joalokaha moapostola Pauluse a behile litaba: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Empa Lentsoe la Molimo le re thusa ho mamella bohloko, hobane le re bolella lebaka la hore e be Jehova o bo lumelletse ’me le re tiisetsa hore haufinyane bo tla fela. Molimo o ile oa lumella ‘ntat’a mashano’ ea kang noha, Satane Diabolose, ho hlokofatsa Jobo ea lokileng e le ho leka botšepehi ba hae. Khang ea Diabolose e ne e le hore Jobo o ne a sebeletsa Molimo ka lebaka la boithati, eseng ka lerato. (Jobo 1:8-12) Empa Jobo o ile a lula a tšepahala ho Molimo, a paka hore batho ba sa phethahalang ba ka O sebeletsa ka lerato ’me ka botšepehi ba ka phahamisa bobusi ba Oona ho sa tsotellehe liteko tse matla tumelong ea bona. Mamello ea Jobo joaloka ’moloki oa botšepehi e ile ea tlatsetsa ho halaletsoeng ha lebitso la Jehova, ea paka hore Satane ke raleshano, ’me ea tlisetsa mopatriareka eo ea behileng mohlala o motle moputso o moholo. (Jobo 42:12-17; Jakobo 5:11) Ho tsoa phihlelong ea Jobo, re ka etsa qeto ea hore ha morero oa Molimo o phethahetse, bokhoba ba batho ba bohloko bo tla fela. Empa re ka tiiseha ka see joang?
Kamoo Bohloko bo Tla Fela ka Teng
Ha e le hantle, Jehova o fane ka mokhoa o sebetsang ka hohle-hohle ho felisa bokhoba ba motho ba sebe. Sena o se entse motheong oa sehlabelo sa topollo sa Mora oa hae, Jesu Kreste. Jesu ke “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Johanne 1:29) O tlile lefatšeng, ha aa ka a “tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae [bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho] ho ba topollo ea ba bangata.” (Mattheu 20:28) Ka ho se utloe, Adama o ile a lahleheloa ke bophelo bo phethahetseng ba botho, hammoho le litokelo le litebello tsohle tsa bona. ’Me seo ke sona hantle se lopolloang ka sehlabelo sa Jesu sa topollo. (1 Timothea 2:5, 6; Ba-Heberu 7:26) Ke sebele, “Molimo o ratile lefatše [la batho] hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Hape ka ho toba Molimo o tšepisitse hore bokhoba ba bohloko bo tla fela. Ha a bolela esale pele ka nako eo ka eona bohloko bo tlisitsoeng ke sebe bo tla be bo se bo le sieo, moapostola oa Mokreste Johanne o ile a bululeloa ke Molimo ho ngola:
“Ka bona leholimo le lecha, le lefatše le lecha, hobane leholimo la khale le lefatše la khale li fetile, ’me leoatle ha le sa le eo. . . . Ka utloa lentsoe le phahameng, le tsoang teroneng, le re: ‘Bona, leaho la Molimo ke leo har’a batho. O tla aha le bona; bona e tla ba sechaba sa hae, ’me Molimo ka sebele a be le bona, e le Molimo oa bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, esita le mahlomola, kapa lillo, kapa bohlōkō; hobane tsa khale li fetile.’ Ea lutseng teroneng [Jehova Molimo] a re: ‘Bona, ke nchafatsa tsohle.’ A ba a re: ‘Ngola: lipolelo tsena lia tšepahala, ke tsa ’nete.’”—Tšenolo 21:1-5, TLP.
Haufinyane batho ba utloang ba tla amohela molemo o felletseng oa sehlabelo sa Jesu sa topollo. Sena se tla etsahala tlas’a puso ea ’Muso oo ba lokileng e leng khale ba o rapella, ba re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe, ’Muso oa hao o tle, thato ea hao e etsoe lefatšeng joaloka leholimong.” (Mattheu 6:9, 10, TLP) ’Musong oa leholimo, Jesu Kreste o tla busa ho fihlela a behile lira tsohle ka tlas’a maoto a hae, ho akarelletsa bokhoba ba bohloko le ba sera sa ho qetela, lefu.—1 Ba-Korinthe 15:25, 26.
E, mabapi le batho ba utloang, haufinyane Molimo ‘o tla hlakola meokho eohle, ’me lefu, mahlomola, lillo kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.’ (Tšenolo 21:4, TLP) Joale mantsoe a latelang a boprofeta ao hona joale a sebetsang ka tsela ea moea a tla boela a phethahale ka tsela ea sebele: “Boka Jehova, moea oa ka . . . ea tšoarelang makhopo a hao ’ohle, ea folisang maloetse a hao kaofela.” “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Pesaleme ea 103:1-3; Esaia 33:24, NW.
Bohloko bo Tla Fela Neng?
Ho fela ha bokhoba ba bohloko ho haufi. E, ho tla etsahala nakong ea rōna, ’me moloko oona ona o tla ho bona. Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore re phela bofelong ba tsamaiso ena e khopo ea lintho. Lintoa tseo ho e-s’o be le tse tšoanang le tsona, litlala, le litšisinyeho tsa lefatše, esita le boboleli ba litaba tse molemo ba Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara, ke karolo ea “pontšo” e akarelletsang lintho tse ngata ea “boteng” ba Jesu bo sa bonahaleng khanyeng ea ’Muso oa leholimo.—Mattheu 24:3-14, 21, 34, NW.
Haufinyane, “leholimo la khale le lefatše la khale,” tsamaiso ea lintho e hlophisitsoeng ea Satane Diabolose ka tlhophiso ea eona ea mebuso, e tla feta. “Leoatle” le moluba-lube la batho ba khopo le ke ke la hlola le e-ba teng. Ka hona re eme monyakong oa puso e hlohonolofalitsoeng ke Molimo ea “leholimo le lecha” holim’a “lefatše le lecha,” mokhatlo o lokileng oa batho. Ho tsena e tla ba moo “ho loka ho ikahetseng teng.”—Tšenolo 21:1; 2 Petrose 3:13.
Ha mahlohonolo a joalo tlas’a puso e ncha—’Muso oa Molimo—a se a atametse hakana, khothala. Batla tsebo e eketsehileng ka lefatše le lecha le se nang bohloko le lefu. Ka sebele, talima pele letsatsing le hlohonolofetseng le seng le le haufi joale la ha bohle ba ratang le ba mamelang Jehova Molimo ba tla phela lefatšeng le se nang bohloko.