Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 7/8 leq. 3
  • Linaleli Li U Tšoaretse Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Linaleli Li U Tšoaretse Eng?
  • Tsoha!—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bonohe ba Linaleli bo Senola Bokamoso ba Hao?
    Tsoha!—2005
  • Linaleli le Motho na ho na le Kamano?
    Tsoha!—1994
  • Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 7/8 leq. 3

Linaleli Li U Tšoaretse Eng?

KA MONGOLLI OA TSOHA! BRAZIL

“NA U utloile se boleloang ke linaleli, hore July e tlang re thulana le Mars?” Mantsoe ana a pina ea Cole Porter e tletseng thabo a hlalosa hantle tumelo e tloaelehileng ea boholo-holo ea hore bokamoso ba motho bo amana le linaleli ka tsela e itseng.a Empa na ho na le kamano e itseng ea sebele lipakeng tsa pōpo eo ea leholimo le bophelo ba moloko oa batho lefatšeng lee? Haeba ho joalo, moloko oa batho o ameha joang? Ha ho se joalo, ha e le hantle linaleli li phetha morero ofe?

Ha ho makatse hore batho ba bangata hakana ba thahasella bokamoso ha re nahana ka liketsahalo tsa morao tjena tse makatsang—ho oa ha Lerako la Berlin le ho qhaqhoa ho potlakileng ha hoo e neng e le Soviet Union, ho haella ha tšepo baeta-peleng ba lipolotiki, lehloeo la merabe le hlahellang Afrika le Europe, bora ba bolumeli India le Ireland, ho theoha ha matla a chelete ho tsoelang pele ka potlako ho amang linaha tse ngata haholo, le borabele ba bacha. Ho latela tlaleho e tsoang Univesithing ea Hamburg, 1992 e ne e le selemo se tletseng ntoa ka ho fetisisa hoba Ntoa ea II ea Lefatše e lale, ho bile le lintoa tse 52 tsa lihlomo linaheng tse fapaneng. Joalokaha ho ka lebelloa batho ba ratang khotso baa botsa: ‘Re ka leba kae bakeng sa botsitso, khotso, le tšireletseho?’

Ho se kholisehe ka bokamoso ho entse hore ho bolela lintho esale pele ka mefuta ea hona e fapaneng ho ate. Mohlomong bonohe ba linaleli ke bona bo tsejoang ka ho fetisisa. Ho fapana le saense ea bolepi ba linaleli, bonohe ba linaleli ke “bonohe ka tšusumetso ea linaleli le lipolanete e hopoloang hore e teng mesebetsing ea atho le liketsahalong tsa lefatše ho itšetlehiloe ka libaka tsa tsona le kamano ea tsona.” Kajeno, batho ba limilione ba sitoa ho ithiba ho se bale ka linaleli tsa nako eo motho a hlahileng ka eona bakeng sa litlhahiso tsa bokamoso ba bona.b

Libaka tse ling tseo linohe tsa linaleli li bolelang hore li bolela bokamoso esale pele li akarelletsa phello ea mathata a manyalo le mathata a bophelo, ho behoa le ho ketoha ha baeta-pele ba lipolotiki, letsatsi le molemohali la ho qala khoebo e ncha, le linomoro tse lokelang ho sebelisoa ho hapa lottery.

Sehlooho sa Reuters se ile sa tlaleha hore senohe sa linaleli Joan Quigley kamehla se ne se eteloa ke Nancy Reagan mabapi le hore na monna oa hae, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa United States, o lokela ho fana ka lipuo tsa hae neng le hore na sefofane sa hae se lokela ho tloha neng le ho lula neng. New Catholic Encyclopedia e ile ea senola hore “bonohe ba linaleli bo ile ba sebelisoa ke Mopapa Julius II [1503-13] ho beha letsatsi la hore a roesoe moqhaka le ke Paul III [1534-49] ho lekanyetsa hora e nepahetseng ea Seboka se seng le se seng.” Alfred Hug, motsamaisi oa feme ea Switzerland e sebelisang bonohe ba linaleli ho eletsa ba bolokang chelete ’marakeng oa matsete, o fana ka tiiso ea liphello tse molemohali. Oa tiisa: “Ho ngotsoe linaleling.”

Ka ho hlakileng, ba bangata ba na le boikutlo ba hore linaleli li susumetsa bophelo ba batho. Bonohe ba linaleli bo ile ba qala joang? Na ho na le seo buka ea boholo-holo Bibele e se bolelang ka bonohe ba linaleli le linohe tsa linaleli?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Chaena ea boholo-holo, . . . lipontšo tse leholimong haesita le likoluoa tsa tlhaho li ne li nkoa li bonahatsa liketso tse ntle le tse mpe tsa Moemphera le ’muso oa hae.”—The International Encyclopedia of Astronomy.

b Linaleli tsa nako eo motho a hlahileng ka eona ke “setšoantšo sa libaka tse itseng tsa lipolanete le lipontšo tsa linaleli ka nako e itseng (joaloka ha motho a hlaha)” ’me e sebelisoa ke linohe tsa linaleli ho leka ho bolela esale pele liketsahalo tsa nako e tlang bophelong ba motho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela