Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/12 maq. 22-23
  • Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Linaleli li ka Ama Bokamoso ba Rōna?
  • Na Linaleli li ka Ama Botho ba Rōna?
  • Mohloli o Molemo oa Tataiso
  • Linaleli le Motho na ho na le Kamano?
    Tsoha!—1994
  • Linaleli li U Tšoaretse Molaetsa!
    Tsoha!—1994
  • Linaleli Li U Tšoaretse Eng?
    Tsoha!—1994
  • Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 10/12 maq. 22-23

Pono ea Bibele

Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?

Na oa nthata?

Ebe nka tsamaea kajeno?

Na ke tla fumana mosebetsi oo?

E LE hore ba fumane likarabo tsa lipotso tse kang tseo, ba bangata ba retelehela bonoheng ba linaleli.a Empa na linaleli li hlile li laola bophelo ba hao? Na li ka u thusa hore u tsebe bokamoso ba hao, kapa u itsebe? Bibele e re’ng?

Na Linaleli li ka Ama Bokamoso ba Rōna?

Batho ba bang ba lumela hore re ke ke ra phema qetello eo re e reretsoeng esale pele. Ba re bokamoso bo se bo reriloe, ’me linaleli li ka bo senola. Empa Bibele e bua se fapaneng le seo. E re bolella hore Molimo o tlohela batho hore ba iketsetse liqeto, e leng se bolelang hore ba ka ba le bokhoni bo itseng ba ho laola se ba etsahallang. Ka mohlala, o ile a bua le Baiseraele a re: “Ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna.”—Deuteronoma 30:19.

Ka mantsoe ao, Jehova Molimo o ne a hlakisetsa batho ba hae hore se tla ba etsahalla nakong e tlang se itšetlehile haholo ka liketso tsa bona. Haeba ba ne ba ka mamela melao ea hae ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso. Haeba ba sa e mamele ba ne ba tla itlisetsa mathata.

Ak’u Nahane: Haeba bokamoso ba Moiseraele e mong le e mong bo ne bo ngotsoe linaleling, na e ne e tla ba ho utloahalang hore Molimo a ba phehelle hore ba khethe bophelo? Na e ne e tla ba ho utloahalang hore Molimo a nke hore baa ikarabella ka liketso tseo ba neng ba se na matla a ho li laola?

Thuto ea Bibele e hlakile: Lintho tse re etsahallang bophelong li itšetlehile ka liqeto tseo re li etsang—e seng ka linaleli.—Bagalata 6:7.

Na Linaleli li ka Ama Botho ba Rōna?

Linohe tsa linaleli tse ngata ha li nkele hloohong thuto ea hore qetello e reriloe esale pele. Se seng se re: “Re na le seabo tabeng ea hore na bophelo ba rōna bo tla fella joang,” empa se phaella ka ho re: “Ka lehlakoreng le leng, nako eo re tsoetsoeng ka eona e ama botho ba rōna.” Batho ba bangata ba lumellana le sona. Ba na le maikutlo a hore kaha linaleli le lipolanete li na le tšusumetso e itseng lefatšeng la rōna, ha e le hantle li ka ba le matla a mohlolo ho rōna. Bibele eona e re’ng?

Bibele hase buka ea saense e bolelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ’mele oa motho le bokahohle. Leha ho le joalo, e hlalosa morero oo ka oona Jehova a entseng lihloliloeng tsa leholimo. Genese 1:14 e re: “Molimo a tsoela pele ho re, ‘Ho ke ho be le mehloli ea leseli sepakapakeng sa maholimo ho etsa karohano pakeng tsa motšehare le bosiu; ’me e tla ba lipontšo le linako tsa selemo le matsatsi le lilemo.’”

Ak’u Nahane: Haeba Molimo a ne a entse hore linaleli li ame botho ba rōna, na a ka be a sa re bolella? Ke hobane’ng ha Bibele e bua feela ka hore maseli a re thusa ho lekanyetsa nako?

Re ka etsa qeto efe? Ea hore linaleli ke tse ling tsa lintho tseo Molimo a li bōpileng empa ha li ame botho ba rōna.

Mohloli o Molemo oa Tataiso

Hoa babatseha hore re batle ho tseba bokamoso kapa ho itseba. Empa ho na le buka e molemo eo re ka batlang tataiso ho eona e seng linaleling.

Bibele e re Jehova Molimo ke ea “bolelang qetello ho tloha tšimolohong.” (Esaia 46:10) O na le morero oo a tla o phethahatsa. (Esaia 55:10, 11) Re ka ithuta ka morero oa Molimo ka hore re bale Bibele. Buka ena e halalelang ea boholo-holo e re hlalosetsa lebaka leo re utloang bohloko ka lona le kamoo Molimo a tla felisa maemo a bakelang batho mahlomola.b—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4.

Ha ho tluoa tabeng ea ho itlhahloba le ho ntlafatsa botho ba rōna, Bibele ke buka e molemo ka ho fetisisa e ka re tataisang. Hobane’ng? Hobane ho e bala ho re thusa hore re itlhahlobe ka botšepehi. Ka mohlala, Bibele e re Jehova Molimo o “mosa,” o ‘lieha ho halefa’ ebile o “itokiselitse ho tšoarela.” (Exoda 34:6; Pesaleme ea 86:5) Empa na le rōna re joalo? Bibele e ka senola menahano ea rōna e fosahetseng ’me ea re thusa ho bona moo ho hlokahalang hore re ntlafatse.

Ka lebaka leo, ha ho hlokahale hore re talime linaleli e le tsona tse ka re thusang ho itseba kapa ho tseba bokamoso ba rōna. Ho ka ba molemo hore re ee Bibeleng, e leng buka e ‘bululetsoeng ke Molimo e molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.’—2 Timothea 3:16, 17.

a Bonohe ba linaleli ke ho hlahloba letsatsi, khoeli, lipolanete le linaleli, ka tumelo ea hore lintho tsena lia re ama ’me li ka re thusa hore re itsebe hantle.

b Fumana lintlha tse eketsehileng mabapi le morero oa Molimo khaolong ea 3 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

NA U KILE UA IPOTSA?

  • Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa lihloliloeng tsa leholimo?—Genese 1:14, 15.

  • U ka itlhahloba joang ka tsela e se nang leeme?—Baheberu 4:12.

  • U ka tseba joang hore na bokamoso bo u tšoaretse’ng?—Esaia 46:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela