Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 10/8 leq. 24
  • Lekhotla Le Otlang Bakhelohi Mexico—Le Bile Teng Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lekhotla Le Otlang Bakhelohi Mexico—Le Bile Teng Joang?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Sokolla” Baahi Bao e Leng Matsoalloa
  • Lekhotla le Otlang Bakhelohi Khahlanong le Batho Bao e Leng Matsoalloa
  • Lekhotla le Otlang Bakhelohi Khahlanong le Melata
  • “Ofisi e Halalelang” ea Hlomamisoa
  • Khanyetso e Tobileng ho Bokreste
  • Nyeoe le Polao ea “Mokhelohi”
    Tsoha!—1997
  • Kereke ea K’hatholike Spain—Tšebeliso e Mpe ea Matla
    Tsoha!—1990
  • Kahlolo ea Molimo Khahlanong le “Motho ea Hlokang Molao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Puso ea Baruti—Na ke Eona Karabelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 10/8 leq. 24

Lekhotla Le Otlang Bakhelohi Mexico—Le Bile Teng Joang?

NAHANA u le ka pel’a lekhotla la bolumeli le batlang ho u qobella hore u lumele se rutoang ke bolumeli boo. Ha u tsebe hore na ke mang ea u qosang kapa hore na u qosetsoa eng. Ho e-na le ho bolelloa, u qobelloa hore u fane ka lebaka la ho tšoaroa ha hao, u hlalose hore na u qosetsoa eng, ’me u bolele hore na moqosi ke mang.

Hlokomela kamoo u arabang kateng—u ka ’na ua bolela ntho e ’ngoe eo u neng u sa e qosetsoa ebe u mpefatsa boemo ba hao le ho feta! U ka ba ’na ua kenya tšotso linaleng batho ba sa amaneng le seo u se qosetsoang.

Haeba u sa ipolele, u ka ’na ua hlokofatsoa ka ho khaqisoa metsi a mangata. Kapa u ka ’na ua tlamelloa maoto le matsoho ka thata tafoleng ea tlhokofatso ho fihlela bohloko e le bo bakang mahlomola. Thepa ea hao e se ntse e nkuoe ka mahahapa ke lekhotla, ’me mohlomong u ke ke ua hlola u e fumana. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoa sephiring. Haeba u fumanoa u le molato, u ka ’na ua lelekoa naheng ea heno kapa esita le ho chesoa u ntse u phela.

Lekholong lena la bo20 la lilemo, u ka ’na ua fumana ho le thata ho utloisisa ketso ea bolumeli e tšosang haholo joaloka ena. Empa makholo a lilemo a fetileng, liketso tse sehlōhō joalo li ne li etsahala Mexico.

“Ho Sokolla” Baahi Bao e Leng Matsoalloa

Ha seo hona joale e leng Mexico se ne se haptjoa ke Maspanishe lekholong la bo16 la lilemo, tlhōlo ea bolumeli e ile ea etsahala ka ho tšoanang. Tšokoloho ea bolumeli ea batho bao e leng matsoalloa a moo e ne e batla e le ho nkeloa sebaka ha lineano le mekhoa, kaha baprista ba seng bakae ba K’hatholike ba ne ba amehile ka ho ruta Bibele. Ha baa ka ba itšoenya ka ho ithuta puo ea matsoalloa a moo kapa hona ho ba ruta Selatine, seo thuto ea bolumeli e neng e fumaneha ka sona.

Ba bang ba ne ba nahana hore Moindia o lokela ho fumana thuto e feletseng ea bolumeli. Empa ba bang ba neng ba e-na le maikutlo a tšoanang le a Forere Domingo de Betanzos, eo, ho latela Richard E. Greenleaf bukeng ea hae Zumárraga and the Mexican Inquisition, “a neng a lumela hore Moindia o lokela ho tingoa thuto ka Selatine hobane seo se ne se tla lebisa ho hlokomeleng ha hae kamoo baruti ba hlokang tsebo kateng.”

Lekhotla le Otlang Bakhelohi Khahlanong le Batho Bao e Leng Matsoalloa

Haeba matsoalloa a Mexico a ne a sa amohele bolumeli bo bocha, a ne a talingoa e le barapeli ba litšoantšo ’me a ne a hlorisoa habohloko. Ka mohlala, e mong oa bona o ile a shapuoa lithupa tse lekholo pontšeng bakeng sa ho rapela litšoantšo tsa bohetene, tseo a neng a li patile tlas’a setšoantšo sa Bokreste-’mōtoana ’me a iketsa eka o etsa borapeli ba “Bokreste.”

Ka lehlakoreng le leng, Don Carlos Ometochtzin, morena oa morabe oa Texcoco ebile e le setloholo sa morena oa Maaztec, Netzahualcóyotl, o ile a hlasela kereke ka mantsoe. Greenleaf o bolela hore “Don Carlos ka ho khethehileng o ne a khopisitse Kereke hobane a ne a boleletse matsoalloa a moo ka boitšoaro bo hlephileng ka ho fetisisa ba bo-forere.”

Ha Forere Juan de Zumárraga, moqosi oa bakhelohi oa mehleng eo, a tseba ka sena, o ile a laela hore Don Carlos a tšoaroe. A qosetsoa ho ba “mokhelohi ea rutang maikutlo a hae,” Don Carlos o ile chesetsoa thupeng ka la 30 November, 1539. Matsoalloa a mangata a sebakeng seo a ile a ahloleloa liqoso tsa boloi.

Lekhotla le Otlang Bakhelohi Khahlanong le Melata

Melata e neng e lula Mexico e neng e hana ho amohela bolumeli ba Bok’hatholike e ne e qosetsoa ho ba bakhelohi, Maluthere, kapa Bajode. Lelapa la Mopotoketsi la ha Carvajal e ne e le mohlala oa sena. Ba qosetsoa ho ba litho tsa bolumeli ba Bojode, hoo e ka bang kaofela ha bona ba ile ba hlokofatsoa ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi. Polelo e latelang e ileng ea phatlalatsoa khahlanong le setho sa lelapa la hae e bontša sehlōhō: “Ea boleloang hore ke Doña Mariana de Carvajal [ke hlile] ke mo ahlolela hore a . . . fuoe ketane [sesebelisoa sa ho khama] ho fihlela a e-shoa ka tlhaho, e be joale o chesoa khabong ea mollo ho fihlela a fetoha molora ’me ho se sale letho la hae esita le ho hopoloa.” Seo ke sona se ileng sa etsahala.

Neng le neng ha motho eo e leng molata a ne a sokela matla a baruti, o ne a qosoa. Monna ea bitsoang Don Guillén Lombardo de Guzman o ile a qosetsoa ho batla ho lokolla Mexico. Leha ho le joalo, qoso e ileng ea etsoa ke Ofisi e Halalelang bakeng sa ho tšoaroa le ho qosoa ha hae e ne e le bakeng sa ho ba molepi oa linaleli le ho ba setho sa sehlopha sa bokhelohi sa Calvin. Nakong ea ho koalloa ha hae teronkong o ile a hlanya. Qetellong o ile a chesoa a ntse a phela thupeng ka la 6 November, 1659.

Buka Inquisition and Crimes, ea Don Artemio de Valle-Arizpe, e hlalosa ketsahalo eo: “Ba ne ba tsamaea ba fasitse bafosi, ba ba tlameletse thupeng ka ketane ho potoloha le ’metsong. . . . Litetema tsa mollo tse halalelang tsa tumelo li ne li qalella ho tuka setsokotsaneng sa mosi le mollo. Don Guillén . . . o ile a itihela fatše ka tšohanyetso ’me ketane e neng e mo tšoere ka molala e ile ea mo khama, ka mor’a moo ’mele oa hae oa nyamela khanareng e tšabehang ea lelakabe. O ile a shoa ka mor’a lilemo tse leshome le metso e supileng a ntse a hlokofatsoa butle kamehla literonkong tse lefifi tsa Ofisi e Halalelang. Litetema tsa mollo li ile tsa tima butle-butle, malakabe a tsona a mafubelu bo boputsoa a ferekanyang a ntse a fela, ’me ha a se a timme, ho ne ho setse feela pokella e khanyang ea molora o chesang e ileng ea tloheloa e hlenne bosiu.”

“Ofisi e Halalelang” ea Hlomamisoa

Joalokaha ho se ho hlokometsoe, matsoalloa a mangata a Mexico le melata e tsoaletsoeng teng ba ile ba ahloloa, ’me ba bang ba ile ba bolaoa bakeng sa ho nyatsa kapa ho se amohele bolumeli bo bocha. Sena se ile sa etsa hore ho hlahe lekhotla le otlang bakhelohi le entsoeng ka bo-forere ’me hamorao ka babishopo. Leha ho le joalo, Moqosi oa Bakhelohi e Moholo Mexico, Don Pedro Moya de Contreras, o ne a tsoa Spain ka 1571 ho tla theha ka molao Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Ofisi e Halalelang sebakeng seo. Lekhotla lena le ile la khaotsa ho sebetsa ka 1820. Kahoo, ho tloha ka 1539, ho ne ho e-na le lilemo tse ka bang makholo a mararo tsa tlhekefetso, tlhokofatso, le polao ea ba neng ba sa lumellane le litumelo tsa K’hatholike.

Ha motho a ne a qositsoe, o ne a hlokofatsoa ho fihlela a ipolela. Lekhotla le ne le mo lebeletse hore a latole mekhoa ea hae e leng khahlanong le Bok’hatholike le hore a amohele litumelo tsa kereke. Moqosuoa o ne a lokolloa hafeela a ne a ipaka a se na molato, haeba ho ba ha hae le molato ho ne ho ke ke ha pakoa, kapa, qetellong, haeba a ne a ipolela ’me a baka. Boemong ba haeba a baka, ho ne ho baloa lipolelo tsa hae phatlalatsa tsa hore o nyonya khopiso ea hae le hore o tšepisa hore o tla lefa puseletso bakeng sa seo a se entseng. Ho sa tsotellehe seo, o ne a lahleheloa ke thepa ea hae ’me o ne a tlameha ho lefella kotlo ea hae e boima. Haeba a fumanoa a le molato, o ne a neheloa ho ba boholong ba lefatše hore a otloe. Ka kakaretso sena se ne se fella ka hore a chesoe thupeng, mohlomong a ntse a phela kapa ka mor’a hore pejana a behoe tlhokofatsong e matla.

Bakeng sa likahlolo tsa ho bolaoa phatlalatsa, ho ne ho tšoaroa mokete o moholo oa ho bolaea mokhelohi. Ho ne ho etsoa phatlalatso sechabeng ho pholletsa le motse kaofela ho tsebisa e mong le e mong ka letsatsi le sebaka sa ho kopana. Letsatsing leno ba ahlotsoeng ba ne ba tsoa literonkong tsa Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Ofisi e Halalelang ba apere sambenito (mofuta oa seaparo sa ka holimo se se nang matsoho), ba tšoere likerese matsohong a bona, ba haretsoe ka ropo molaleng, ’me ba roetse coroza (katiba e motlorutlo). Ka mor’a hore ho baloe litlōlo tsa molao khahlanong le tumelo ea K’hatholike, ho ne ho fanoa ka kotlo e lekanyelitsoeng le e etselitsoeng qeto holim’a phofu ka ’ngoe.

Ka tsela ena ba bangata ba ile ba ahloloa ’me ba otloa ka lebitso la bolumeli. Bokhopo le ho hloka mamello ha baruti li ne li totobetse ho matšoele a neng a shebeletse ha liphofu li shoella thupeng.

Khanyetso e Tobileng ho Bokreste

Kreste Jesu o ile a laela barutuoa ba hae ho sokollela batho Bokresteng ba ’nete. O ile a laela: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute, ho boloka tsohle tseo le laetseng tsona.”—Mattheu 28:19, 20.

Leha ho le joalo, le ka mohla Jesu ha aa ka a bontša hore batho ba lokela ho sokolloa ka ho qobelloa. Ho e-na le hoo, Jesu o itse: “E mong le e mong ea sa le amoheleng, le polelo tsa lōna a sa li utloe, ha le e-tsoa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerōle la maoto a lōna.” (Mattheu 10:14) Kahlolo ea ho qetela ea batho bana e tloheloa ho Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova, ntle le hore Bakreste ba kenelle ka tsela ea sebele.

Ka ho hlakileng, kae kapa kae moo Lekhotla le Otlang Bakhelohi le neng le ntšetsoa pele lefatšeng, le ne le etsoa ka ho ba khahlanong le melao-motheo ea Bokreste ka ho toba.

Boemo ba ho mamella bolumeli bo teng hona joale Mexico bo lumella batho ho sebelisa tokoloho mabapi le tsela eo ba rapelang Molimo ka eona. Empa makholo a lilemo a ho bitsoang Lekhotla le Halalelang le Otlang Bakhelohi a sala e ntse e le leqephe la bokhopo historing ea Kereke e K’hatholike ea Mexico.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela