Nyeoe le Polao ea “Mokhelohi”
KA MONGOLLI OA TSOHA! ITALY
KA LEHLAKORENG le leng ka lekhotleng le nang le ponahalo e tepelletsang ho na le setulo se seholo ka ho khethehileng seo ho sona ho lutseng baahloli. Setulo sa molula-setulo se leng bohareng se na le sekhurumetso sa lesela le letšo ’me ka holim’a sona ho na le sefapano se seholohali sa thupa se bonahalang ho bohle ka lekhotleng. Ka pel’a sona ke moo ho emang moqosuoa.
Ke kamoo hangata ho neng ho hlalosoa pono e harolang letsoalo ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi la K’hatholike. Baqosuoa bana ba malimabe ba ne ba qosoa ka “bokhelohi,” e leng lentsoe le hopotsang motho ka litšoantšo tsa tlhokofatso le ho bolaoa ka ho chesoa thupeng. Lekhotla le Otlang Bakhelohi (Inquisition, ka Senyesemane, e tsoang leetsing la Selatine inquiro, “ho batlisisa”) e ne e le lekhotla le khethehileng la kereke le thehetsoeng ho fothola bokhelohi, ke hore, maikutlo kapa lithuto tsa bolumeli tse neng li sa lumellane le thuto e hlomamisitsoeng ea Roma e K’hatholike.
Mehloli ea K’hatholike e bolela hore lekhotla lena le ile la hlomamisoa ka mehato. Mopapa Lucius III o ile a theha Lekhotla le Otlang Bakhelohi Sebokeng sa Verona ka 1184, ’me ho hlophisoa ha lona hammoho le mekhoa ea tšebetso li ile tsa ntlafatsoa—haeba lentsoe le joalo le ne le ka sebelisoa ho hlalosa lekhotla le joalo le tšosang—ke bapapa ba bang. Lekholong la bo13 la lilemo, Mopapa Gregory IX o ile a theha Makhotla a Otlang Bakhelohi likarolong tse fapaneng tsa Europe.
Lekhotla le Otlang Bakhelohi le tummeng hampe la Spain le ile la thehoa ka 1478 ka taelo ea Mopapa Sixtus IV ho latela kōpo ea morena Ferdinand le mofumahali Isabella. Le ile la thehoa bakeng sa ho loantša Mamarrano, e leng Bajuda ba ileng ba ikhakanya ka hore ba sokolohetse Bok’hatholikeng molemong oa ho phema tlhoriso; Mamorisco, balateli ba Islamo ba sokolohetseng Bok’hatholikeng ka lebaka le tšoanang; le bakhelohi ba Spain. Ka lebaka la cheseho ea hae e feteletseng, eo e ileng ea e-ba motho oa pele ea ka sehloohong ea hlomang lipotso Spain, Tomás de Torquemada, moforere oa Modominike, e bile letšoao la litšobotsi tse mpe ka ho fetisisa tsa Lekhotla le Otlang Bakhelohi.
Ka 1542, Mopapa Paul III o ile a theha Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Roma, le neng le e-na le taolo lefatšeng lohle la K’hatholike. O ile a khetha lekhotla le bohareng la bak’hadinale ba tšeletseng le bitsoang Congregation of the Holy Roman and Universal Inquisition, e leng lekhotla la kereke le ileng la fetoha “’muso oa tšabo o ileng oa tlatsa Roma eohle ka tšabo.” (Dizionario Enciclopedico Italiano) Ho bolaoa ha bakhelohi ho ile ha tšosa linaha tseo ho tsona sehlopha se phahameng se busang sa K’hatholike se neng se e-na le taolo e feletseng.
Nyeoe le ho Chesoa ha Mokhelohi
Histori e tiisa hore batho ba hlomang lipotso ba ile ba hlokofatsa batho ba qosoang ka bokhelohi ka ho ba qobella ho lumela hore ke bakhelohi. Ka boiteko ba ho fokotsa ho ba molato ha Lekhotla le Otlang Bakhelohi, bahlalosi ba K’hatholike ba ile ba ngola hore nakong eo tlhokofatso e ne e le ntho e tloaelehileng esita le makhotleng a lefatše. Empa na seo se lokafatsa mosebetsi oa tlhokofatso o etsoang ke basebeletsi ba ipolelang hore ke baemeli ba Kreste? Na ba ne ba sa lokela ho bontša kutloelo-bohloko eo Kreste a e bontšitseng ho lira tsa hae? Hore re talime sena ka maikutlo a matle, re ka nahana ka potso ena e bonolo: Na Kreste Jesu a ka be a ile a hlokofatsa ba neng ba sa lumellane le eena lithutong tsa hae? Jesu o ile a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna, ho etsetsa ba le hloileng se molemo.”—Luka 6:27.
Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ne le sa fane ka tiisetso ea toka leha e le efe ho moqosuoa. Ha e le hantle, motho ea hlomang lipotso o ne a e-na le matla a sa lekanyetsoang. “Ho belaela, liqoso, esita le litaba tsa bo-bare, li ne li lekane hore motho ea hlomang lipotso a ka ntša samane ea hore motho a hlahe ka pel’a hae.” (Enciclopedia Cattolica) Italo Mereu, ramolao oa histori o tiisa hore ke sehlopha se phahameng se busang sa K’hatholike ka bosona se ileng sa qapa le ho amohela tsamaiso ea ho otla bakhelohi tsamaisong ea toka, le ho lahlela matjoing tsamaiso ea khale ea ho qosa e thehiloeng ke Baroma. Molao oa Roma o ne o hloka hore moqosuoa a pake boikemelo ba hae. Haeba ho ne ho e-na le pelaelo leha e le efe ea hore o molato, ho ne ho le molemo hore motho a hlakoleloe molato ho e-na le ho ahlola motho ea se nang molato. Sehlopha se phahameng se busang sa K’hatholike se ile sa nkela khopolo ena ea motheo sebaka ka khopolo ea hore pelaelo e bontša ho ba molato, ’me ke moqosuoa ea neng a lokela ho paka ho hloka molato ha hae. Mabitso a lipaki tsa mochochisi (limpimpi) a ne a bolokoa e le pinyane, ’me ’muelli oa moqosuoa, haeba a ne a le teng, o ne a le kotsing ea ho senya botumo ba hae bo botle le ho lahleheloa ke mosebetsi haeba a atleha ho sireletsa motho eo ho nkoang hore ke mokhelohi. Ka lebaka leo, Enciclopedia Cattolica ea lumela, “ha e le hantle, baqosuoa ba ne ba se na tšireletso. Seo ’muelli a neng a ka se etsa feela e ne e le ho eletsa ea molato ho ipolela!”
Kahlolo e ne e fihla sehlohlolong ka auto-da-fé (ho chesoa ha mokhelohi), e leng polelo ea Sepotoketsi e bolelang “ketso ea tumelo.” E ne e le eng? Litšoantšo tsa histori tsa nakong eo li bontša hore baqosuoa ba malimabe ba qosetsoang bokhelohi e bile bahlaseluoa ba ponahalo e nyarosang. Dizionario Ecclesiastico e hlalosa ho chesoa ha mokhelohi e le “ketso ea pontšeng ea poelano e etsoang ke bakhelohi ba ahlotsoeng le ba bakileng” ka mor’a hore kahlolo ea bona e baloe.
Kahlolo le polao ea bakhelohi e ne e chechisetsoa morao e le hore bakhelohi ba ahlotsoeng ba ka kopanngoa ponahalong e le ’ngoe e nyarosang habeli ka selemo kapa ho feta moo. Mokoloko oa bakhelohi o ne o tsamaisoa ka pel’a bashebelli ba neng ba kopanela ka tšabo e kopaneng le ho thabela bokhopo bo feteletseng. Baqosuoa ba ne ba emisoa holim’a sek’hafole lepatlelong le leholo la motse ebe ho baloa likahlolo tsa bona ka lentsoe le phahameng. Ba neng ba ikoahlaea, ke hore ba lahla lithuto tsa bokhelohi, ho khaoloa ha bona ho ne ho fanyehoa ’me ba ne ba ahloleloa likotlo tse fapaneng ho akarelletsa ho hlola bophelo bohle chankaneng. Ba neng ba sa ikoahlaee empa qetellong ba ipolela melato ea bona ho moprista ba ne ba isoa ho babusi ba sechaba hore ba khangoe, ba fanyehoe kapa ba khaoloe hlooho ’me ho latele ho chesoa. Ba neng ba sa bake ba ne ba chesoa ba ntse ba phela. Polao ka boeona e ne e etsahala hamorao, ka mor’a ponahalo e ’ngoe ea phatlalatsa.
Liketso tsa Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Roma e bile pinyane. Esita le kajeno, liithuti ha lia lumelloa ho batlisisa boitsebiso bona lipolokelong tsa litlaleho tsa histori. Leha ho le joalo, patlisiso e seli e utolotse litokomane tse ngata tsa linyeoe tsa lekhotla la Roma. Li senola eng?
Nyeoe ea Moruti
Pietro Carnesecchi, ea hlahetseng Florence mathoasong a lekholo la lilemo la bo16, o ile a hatela pele haholo mosebetsing oa hae oa boruti lekhotleng la Mopapa Clement VII, ea ileng a mo khethela ho ba mongoli oa hae. Leha ho le joalo, mosebetsi oa Carnesecchi o ile oa fela hang feela ha mopapa a shoa. Hamorao, o ile a tloaelana le sehlopha sa batho ba phahameng le baruti, bao joaloka eena, ba neng ba amohela lithuto tse ngata tse neng li rutoa ke Nchafatso ea Bolumeli ea Boprostanta. Ka lebaka leo, o ile a qosoa ka makhetlo a mararo. A ahloletsoe lefu, o ile a khaoloa hlooho ’me ’mele oa hae o ile oa chesoa.
Bahlalosi ba ile ba hlalosa ho koalloa chankaneng ha Carnesecchi e le bophelo ba motho ea shoeleng a ntse a tsamaea. Ho etsa hore a sekisetse, o ile a hlokofatsoa le ho bolaisoa tlala. Ka la 21 September, 1567, ho chesoa ha hae ho hlomolang ho ile ha etsoa phatlalatsa pontšeng ea hoo e ka bang bak’hadinale bohle ba Roma. Carnesecchi o ile a balloa kahlolo ea hae a emisitsoe holim’a sek’hafole pontšeng ea letšoele. E ile ea qetella ka mantsoe a tloaelehileng le ho rapella litho tsa lekhotla la sechaba, leo mokhelohi a neng a tla isoa ho lona, hore li se ke tsa ‘mo fa kotlo e feteletseng kapa hona ho mo ahlolela lefu kapa ho mo hlokofatsa ka ho feteletseng.’ Na see e ne e se boikaketsi bo feteletseng? Batho ba hlomang lipotso ba ne ba iketsa eka ba kōpa ba boholong ho ba le mohau, ka tsela eo ba sireletsa botumo ba bona, le ho jarisa ba bang moroalo oa molato oa mali. Ka mor’a hore kahlolo ea Carnesecchi e baloe, o ile a apesoa sanbenito—e leng seaparo se sesehla sa lesela le mahoashe se takiloeng lifapano tse khubelu ho ba bakileng kapa se setšo se takiloeng malakabe le bo-diabolose ho ba sa bakang. Kahlolo e ile ea lihoa matsatsi a leshome hamorao.
Ke hobane’ng ha enoa eo pele e neng e le mongoli oa mopapa a ne a qosoa ka bokhelohi? Litlaleho tsa molao tsa nyeoe ea hae, tse ileng tsa sibolloa ho ea qetellong ea lekholo la ho qetela la lilemo li bontša hore o ile a fumanoa a le molato liqosong tse 34 tse lekanang le lithuto tseo a neng a hanyetsana le tsona. Har’a tsona ho ne ho e-na le lithuto tse mabapi le pelekatori, bosoha ba baprista le baitlami, thuto ea hore ka mohlolo bohobe le veine li fetoha ’mele le mali a Kreste, litiiselletso, maipolelo, ho thibeloa ha lijo, ho fumana tšoarelo ea libe ka sakaramente le lithapelo tse eang ho “bahalaleli.” Qoso ea borobeli ke e thahasellisang ka ho khethehileng. (Bona lebokose, leqepheng la 15.) Ka ho ahlolela lefu ba neng ba amohela “lentsoe la Molimo le boletsoeng ka Mangolong a Halalelang” e le lona feela motheo oa tumelo, ka ho hlakileng Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la bontša hore Kereke e K’hatholike ha e nke Bibele e Halalelang e le eona feela mohloli o bululetsoeng. Ka lebaka leo ha ho makatse hore lithuto tse ngata tsa kereke ha lia thehoa Mangolong, empa li thehiloe neanong ea kereke.
Polao ea Seithuti se Senyenyane
Pale e khutšoanyane le e susumetsang ea bophelo ba Pomponio Algieri, ea hlahetseng haufi le Naples ka 1531 ha e tsebahale haholo, empa ha nako e ntse e tsamaea e ile ea hlahella ka lebaka la lipatlisiso tse hlokolosi tsa histori tsa liithuti tse ngata. Ka ho iteanya le matichere le liithuti tse tsoang likarolong tse fapaneng tsa Europe ha a ntse a ithuta Univesithing ea Padua, Algieri o ile a tsebisoa batho ba neng ba bitsoa bakhelohi hammoho le lithuto tsa Nchafatso ea Bolumeli ea Prostanta. Thahasello ea hae Mangolong e ile ea hōla.
O ile a qala ho lumela hore Bibele ke eona feela e bululetsoeng, ’me ka lebaka leo, o ile a hana lithuto tse ngata tsa K’hatholike tse kang maipolelo, litiiselletso, pelekatori, thuto ea hore ka mohlolo bohobe le veine li fetoha ’mele le mali a Kreste, ho fetisa lithapelo ha “bahalaleli” hammoho le ho ruta hore mopapa ke moemeli oa Kreste.
Algieri o ile a tšoaroa le ho qosoa ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi Padua. O ile a bolella ba mo hlomang lipotso: “Ke khutlela chankaneng ka boithatelo, mohlomong esita le lefung la ka haeba seo e le thato ea Molimo. Ka khanya ea hae, Molimo o tla chabisetsa e mong le e mong leseli ka ho eketsehileng. Ke tla mamella tlhokofatso e ’ngoe le e ’ngoe ka thabo ka lebaka la hore Kreste, Motšelisi ea phethahetseng oa meea e hlorisoang, eena eo e leng leseli la ka le khanya ea ’nete, o khona ho leleka lefifi lohle.” Qetellong, Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Roma le ile la etsa hore a inehele ’me la mo ahlolela lefu.
Algieri o ne a e-na le lilemo tse 25 ha a shoa. Letsatsing leo a neng a bolaoa ka lona Roma, o ile a hana ho etsa maipolelo kapa hona ho ja Selallo. Sesebelisoa sa polao ea hae e ne e le se sehlōhō le ho feta se tloaelehileng. Ha a ka ba a chesoa ka patsi. Ho e-na le hoo, kasterole e khōlō e tletseng motsoako o tukang habonolo—oli, sekontiri le resin—e ile ea beoa holim’a sek’hafole moo letšoele le neng le bona ka ho hlakileng. A tlanngoe sekolokoto, mohlankana eo o ile a kenngoa ka har’a kasterole ’me motsoako ona o ile oa hotetsoa. O ile a chesoa butle-butle a ntse a phela.
Sesosa se Seng sa Molato o Tebileng Haholo
Carnesecchi, Algieri, le ba bang ba ileng ba bolaoa ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi ba ne ba e-na le kutloisiso e sa fellang ea Mangolo. Leha ho le joalo, tsebo e ne e sa ntse e tla ‘eketseha nakong ea bofelo’ ba tsamaiso ena ea lintho. Empa leha ho le joalo, ba ne ba ikemiselitse ho shoela bonyane bo fokolang feela ba ‘tsebo ea ’nete’ eo ba ileng ba khona ho e fumana Lentsoeng la Molimo.—Daniele 12:4.
Esita le Maprostanta, ho akarelletsa le ba bang ba Banchafatsi ba Bolumeli, ba ile ba felisa bakhelohi ka ho ba chesa thupeng kapa ba bolaea Mak’hatholike ka thuso ea ba boholong. Ka mohlala, Calvin, le hoja a ne a khetha hore bakhelohi ba khaoloe lihlooho, o ile a etsa hore Michael Servetus a chesoe a ntse a phela thupeng hobane a ne a nkoa e le mokhelohi ea leng khahlanong le Boraro-bo-bong.
’Nete ea hore ho hlorisoa le ho bolaoa ha bakhelohi ho ne ho tloaelehile har’a Mak’hatholike le Maprostanta ho hang ha e lokafatse liketso tseo. Empa lihlopha tse phahameng tse busang tsa bolumeli li boetse li jara boikarabelo bo eketsehileng—ka ho lokafatsa lipolao tseo ka Mangolo le ka ho etsa eka Molimo ke eena ea laetseng liketso tse joalo. Na see ha se bokelle thohako lebitsong la Molimo? Liithuti tse ngata li tiisa hore Augustine, “Ntate oa Kereke” ea tummeng oa K’hatholike, e bile eena oa pele oa ho tšehetsa molao-motheo oa ho sebelisa tšusutlello “ea bolumeli,” ke hore, ho sebelisa matla ho loantša bokhelohi. A sebelisa Bibele boitekong ba ho lokafatsa mokhoa ona, o ile a qotsa mantsoe a setšoantšo sa Jesu a fumanoang ho Luka 14:16-24: “Ba qobelle ho kena.” Ka ho hlakileng, mantsoe ana, a sothiloeng ke Augustine, a ne a bontša moea oa ho amohela baeti ka seatla se bulehileng, eseng tšusutlello e sehlōhō.
Ke habohlokoa ho hlokomela hore esita le ha Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ne le ntse le sebetsa, ba tšehetsang maikutlo a ho hlompha pono ea ba bang ea bolumeli ba ne ba hanyetsa ho hlorisoa ha bakhelohi, ba qotsa setšoantšo sa koro le mofoka. (Matheu 13:24-30, 36-43) E mong oa bona e ne e le Desiderius Erasmus oa Rotterdam, ea ileng a bolela hore Molimo, Mong’a tšimo, o ne a batla hore ho hlomphuoe pono ea bakhelohi, e leng ba tšoantšetsoang ke mofoka. Ka lehlakoreng le leng, Martin Luther o ile a hlohlelletsa pefo khahlanong le bakhelohi ba sa rutehang ba boemo bo tlaase ’me ba ka bang 100 000 ba ile ba bolaoa.
Ka ho hlokomela boikarabelo bo tebileng boo malumeli a Bokreste-’mōtoana a bileng le bona ho hlohlelletseng ho hlorisoa ha batho ba neng ba bitsoa bakhelohi, ke eng seo re lokelang ho susumelletseha ho se etsa? Ka sebele re tlameha ho batlisisa tsebo ea ’nete ea Lentsoe la Molimo. Jesu o boletse hore letšoao le khethollang Mokreste oa ’nete e ne e tla ba lerato la hae ho Molimo le moahisani—e leng lerato leo ka ho hlakileng le neng le ke ke la lumella pefo.—Matheu 22:37-40; Johanne 13:34, 35; 17:3.
[Lebokose le leqepheng la 15]
Tse Ling Tsa Liqoso Tseo Carnesecchi a Ileng a Fumanoa a le Molato ho Tsona
8. “[U tsoetse pele ho bolela] hore ha ho letho kantle ho lentsoe la Molimo le boletsoeng ka Mangolong a Halalelang le tlamehang ho lumeloa.”
12. “[U lumetse hore] ho ipolela pele motho a amohela sakaramente hase de jure Divino [ho latela molao oa bomolimo], hore ha hoa hlomamisoa ke Kreste kapa hona ho tiisoa ke Mangolo, kapa hona hore mofuta leha e le ofe oa maipolelo oa hlokahala haese ho ipolela ho Molimo ka boeena.”
15. “U jetse moea oa pelaelo mabapi le pelekatori.”
16. “U talimile buka ea Maccabees, e nang le lithapelo bakeng sa bafu, e le lengolo la neano leo e seng karolo ea Bibele.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]
The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck