Sarajevo—Ho Tloha ka 1914 ho Fihlela ka 1994
KA MONGOLLI OA TSOHA! SWEDEN
Ho se ho fetile lilemo tse 80 ho tloha haesale ka bomalimabe likulo li thunyetsoa Sarajevo ka la 28 June, 1914. Likulo tseo li ile tsa bolaea Khosana Francis Ferdinand le mosali oa hae, Khosatsana Sophie, ’me ka lebaka leo bora mahareng a Austria-Hungary le Serbia bo ile ba fetoha Ntoa ea I ea Lefatše. Ho banna ba bacha ba fetang limilione tse 65 ba ileng ba isoa mabaleng a ntoa, ba ka bang limilione tse 9 ha baa ka ba khutla le ka mohla. Ho akareletsa le baahi ba tsoileng likotsi, kakaretso ea batho ba limilione tse 21 e ile ea bolaoa. Ba bang ba sa ntse ba bua ka ho qhoma ha ntoa eo ka August 1914 e le nako eo “lefatše le ileng la hlanya ka eona.”
MOLUMO oa likulo o boetse oa utloahala hohle Sarajevo. Hase Sarajevo feela empa hape le lirephabliking tse ling tse tšeletseng tsa naha eo pele e neng e le Yugoslavia.a Buka Jugoslavien—Ett land i upplösning (Yugoslavia—Naha e Arohanang Litsekana) e re: “Ke ntoa ea baahi moo moahisani a loantšang moahisani. Likhohlano tsa nako e telele le ho belaellana li ile tsa fetoha lehloeo. Lehloeo lena le lebisitse ntoeng ’me ntoa eona ea lebisa lipolaong le tšenyong e eketsehileng. Ho tšoana le letoto la liketsahalo moo karabo bothateng bo bong e bakang bothata bo bong kapa, ho hlile ho tšoana le lehloeo le eketsehang, lipelaelo, le lipolao.”
Ha lintoa li qhoma Yugoslavia ka June 1991, ho ne ho sa makatse ha batho ba bangata ba ile ba hopola likulo tse ileng tsa thunyetsoa Sarajevo ka June 1914. Na khohlano ena e ncha e tla lebisa liphellong tse tšoanang tse senyang? Na khotso e tla sokeloa Europe? Na lenaneo la “tlhoekiso ea morabe” (polao ea ka boomo le ho lelekoa ha sehlopha sa morabe o itseng, lipolotiki kapa setso) le ile la namela le likarolong tse ling tsa lefatše? Khatello ea machaba e ’nile ea sebelisoa ho leka ho felisa ntoa. Empa ha e le hantle sesosa sa likhathatso tsa naha eo pele e neng e le Yugoslavia ke sefe? Na liketsahalo tsa haufinyane tsa Sarajevo li amana le polao ea 1914?
Yugoslavia le Ntoa ea I ea Lefatše
Likhohlano ha li ncha. Qalong ea lekholo lena la lilemo, Balkan Peninsula e ile ea hlalosoa e le “sebaka se mabifi ka ho fetisa Europe.” Jugoslavien—Ett land i upplösning e re: “Re sebetsana le ho tsekoloha ha ’muso oa kopano moo khatello e ’nileng ea hōla ka nako e telele. Ha e le hantle, likhohlano li ne li se li le teng ha ’Muso oa Serbia, Croatia le Slovenia [lebitso la naha eo pele e neng e le Yugoslavia] o ba teng bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše.” Semelo sa histori se tla re thusa ho bona kamoo likhohlano tsa hona joale li amanang kateng le Ntoa ea I ea Lefatše.
Histori e re bolella hore nakong ea ho bolaoa ha Francis Ferdinand ka 1914, linaha tsa Maslav tse ka Boroa tsa Slovenia, Croatia, le Bosnia le Herzegovina e ne e le liprofensi tsa ’Muso oa Austria-Hungary. Ka lehlakoreng le leng, Serbia e ne e le ’muso o ipusang ho tloha ka 1878, ’me o ne o tšehelitsoe ka matla ke Russia. Leha ho le joalo, Maserbia a mangata a ne a lula liprofensing tse neng li busoa ke Austria-Hungary, ’me ka lebaka leo Serbia e ne e batla hore Austria-Hungary e tlohele libaka tsohle tsa Balkan Peninsula. Esita le hoja ho bile le likhohlano mahareng a Croatia le Serbia, tsona li ne li kopane takatsong e le ’ngoe: ho itokolla ho babusi ba sa ratoeng ba linaha tse ling. Mokha o buellang boipuso ba sechaba o ne o nahana ho kopanya Maslav ’ohle a ka Boroa ho ba ’muso o le mong. Maserbia e ne e le ’ona tšusumetso e matla ka ho fetisisa ea hore ho thehoe naha e joalo e ipusang.
Moemphera Francis Joseph ea neng a busa nakong eo, o ne a le lilemo li 84. Kapele-pele Khosana Francis Ferdinand e ne e tla ba moemphera e mocha. Maserbia a buellang boipuso ba sechaba a ne a bona Francis Ferdinand e le tšitiso takatsong ea hore ’muso oa Slavonia Boroa e be oa bona.
Liithuti tse ling tse ncha tsa Serbia li ne li tletse khopolo ea ho ba teng ha naha ea Slavonia Boroa e lokolohileng ’me li ne li ikemiselitse ho tšehetsa khopolo ena. Bacha ba bang ba ile ba khethoa ho bolaea Khosana. Ba ile ba fuoa libetsa le ho koetlisoa ke sehlopha sa sekhukhu sa Serbia se buellang boipuso ba sechaba se bitsoang Black Hand. Ba babeli ba bacha bana ba ile ba etsa boiteko ba ho bolaea, ’me e mong oa bona o ile a atleha. Lebitso la hae e ne e le Gavrilo Princip. O ne a le lilemo li 19.
Polao ena e thusitse ho phethahatsa morero oa bahlohlelletsi. Ha ntoa ea pele ea lefatše e letse, puso ea borena ea Austria-Hungary e ne e felile, ’me Serbia e ile ea etella pele ho kopanya Maslovenia ho ba ’muso o le mong. Ka 1918 ’muso oo o ile oa tsebahala e le ’Muso oa Maserbia, Macroatia le Maslovenia. Lebitso lena le ile la fetoleloa ho Yugoslavia ka 1929. Leha ho le joalo, nakong eo ho neng ho se ho sa hlokahale hore lihlopha tse fapaneng li be ntsoe-leng ka bora ba tsona khahlanong le Austria-Hungary, ho ile ha hlaka hore ho na le liphapang har’a lihlopha ka botsona. Ho na le lihlopha tsa merabe e fapaneng tse ka bang 20, lipuo tse lumeletsoeng ka molao tse ’nè le tse ngata tse tlaasana, lialfabeta tse peli tse fapaneng (tsa Roma le Cyril), le malumeli a mararo a maholo—K’hatholike, Bomosleme le Orthodox ea Serbia. Bolumeli bo tsoela pele ho ba lebaka la sehlooho le bakang karohano. Ka mantsoe a mang, ho bile le mabaka a mangata a karohano ea nako e telele ’Musong o mocha.
Yugoslavia le Ntoa ea II ea Lefatše
Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Jeremane e ile ea hlasela Yugoslavia, ’me ho latela buka The Yugoslav Auschwitz and the Vatican, “batho ba fetang 200-000, bao boholo e leng Maserbia a Orthodox, ba ile ba bolaoa ka leano le itseng” ke Mak’hatholike a Croatia a neng a sebelisana le Manazi. Leha ho le joalo, Josip Tito oa Croatia, hammoho le metsoalle ea hae ea Makomonisi, ka tšebelisano-’moho le Mabrithani le Maamerika, ba ile ba khona ho phekhola Majeremane. Ha ntoa e lala, o ile a tuma joaloka moeta-pele oa naha ’me o ile a tsoela pele ho e busa ka letsoho la tšepe. E ne e le monna ea itsamaisang. Esita le Stalin o ne a ke ke a mo hatella hore a etse hore Yugoslavia e tšoane le linaha tsohle tsa Bokomonisi.
Ba bangata ba tsoang naheng eo pele e neng e le Yugoslavia ba itse: ‘Haeba Tito e ne e se ’musi, ’muso oa kopano o ka be o tsekolohile e sa le pele. Ke eena feela ea neng a e-na le boikemisetso le matla a hlokahalang ho o boloka o kopane.’ Sena se ipakile e le ’nete. E bile ka mor’a lefu la Tito ka 1980 moo likhohlano tsena li ileng tsa simolla hape, tsa e-ba matla ho fihlela ho qhoma ntoa ea baahi ka 1991.
Likulo tse Fetotseng Lefatše
Mongoli Frederic Morton bukeng ea hae Thunder at Twilight—Vienna 1913/1914 o ngotse ka polao ea Francis Ferdinand: “Kulo e ileng ea mo nepa molaleng e ile ea qalisa polao e sehlōhō ka ho fetisisa eo moloko oa batho o sa kang oa e tseba ho fihlela nakong eo. E ile ea qalisa phetoho e ileng ea lebisa Ntoeng ea II ea Lefatše. . . . Maemo a tlatsetsang boemong ba joale ba lefatše a bakiloe ke linaha tse moeling oa Danube selemo le halofo pele ho polao ea Khosana.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Liketsahalo tsa haufinyane naheng eo pele e neng e le Yugoslavia hase tsona feela bopaki ba “maemo a tlatsetsang boemong ba joale ba lefatše” a ka hlahlobjoang ka ho khutlela morao ho 1914. Rahistori Edmond Taylor o bua ka ho hong hoo bo-rahistori ba lumellanang ka hona: “Ho qhoma ha Ntoa ea I ea Lefatše ho ile ha kenya ‘Nako ea Likhathatso’ ea lekholo la mashome a mabeli la lilemo . . . Ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang pherekano eohle ea lilemo tse fetileng tse mashome a mahlano e qalile ho tloha ka 1914.”
Ho entsoe boiteko ho hlalosa lebaka leo likulo tsa Sarajevo li bileng le phello e kotsi hakana. Ke joang likulo tse peli tse tsoang ho “moshemane oa sekolo” li neng li ka tsosa moea oa ntoa har’a lichaba le ho qalisa nako ea pefo, pherekano le ho nyahama tse tsoetseng pele ho fihlela mehleng ea rōna?
Boiteko ba ho Hlalosa 1914
Bukeng ea hae Thunder at Twilight—Vienna 1913/1914, mongoli o leka ho bontša se bakileng ntoa ka ho supa seo a se bitsang “matla a macha” a ileng a susumetsa lichaba ka 1914. O bolela hore ka sebele “matla” ana e ne e le litšobotsi tse ngata tse sebetsang hammoho. Likhopolo tse seng kae tse tiileng tse ileng tsa boleloa li ile tsa senngoa ke mohoo oa ntoa o eketsehang. Tšusumetso ea naha e ’ngoe e ile ea potlakisa tšusumetso linaheng tse ling. Matla a puso a ile a tlosoa ho babusi ba hlomamisitsoeng ho ea ho balaoli ba mabotho. Ntoeng batho ba bangata ba ile ba bona monyetla o babatsehang oa ho latsoa “phihlelo e khōlō e thabisang le e tsotehang ea sechaba” ’me ka ho etsa joalo ba ke ba balehele bophelo ba letsatsi le letsatsi bo tepelletsang. Hamorao, ofisiri e ile ea ngola: “Joaloka batho ba laba-labelang pula ea lialuma ho ba imolla mochesong oa lehlabula, kahoo moloko oa 1914 o ne o lumela phomolong e neng e tla tlisoa ke ntoa.” Kahoo mongoli oa Lejeremane Hermann Hesse o boletse hore ntoa e ne e tla tsoela batho ba bangata molemo, ba ke ba intše ka har’a “bophelo ba sechaba bo tenang ba bok’hapitale.” Mantsoe a hore ntoa ke “tlhoekiso, tokoloho le tšepo e khōlō” a ile a amahanngoa le mongoli oa Lejeremane ea hapileng moputso oa Nobel Thomas Mann. Esita le Winston Churchill, a thabisitsoe haholo ke khopolo ea ntoa, o ile a ngola: “Litokisetso tsa ntoa li bile le phello e hohelang ka ho tšosang ho ’na. Ke rapela hore Molimo a ntšoarele bakeng sa maikutlo a joalo a lefeela a fetelletseng.”
E bile ka lebaka la ‘matla ana a macha’ moo libaka tse ntle li ileng tsa senngoa hohle Europe ha masole a e-ea ntoeng. Ho ile ha tlamelloa makhasi a matala likepising tsa ’ona, moqhaka oa lirosa o ne o pota-potile likanono, ho bapala sehlopha sa orchestra, basali ba tsoka lisakatuku tsa bona ka lifensetere, ’me bana ba thabileng ba matha ba bapile le masole. Ho ne ho tšoana leha eka batho ba keteka ho fihla ha ntoa. Ntoa ea lefatše e fihlile e ikhakantse joaloka monyaka.
Ena ke kakaretso ea lintho tse ling tse boletsoeng ke Morton ea qotsitsoeng pelenyana, tseo a li bitsitseng “matla a macha” a neng a lokela ho re thusa ho utloisisa sesosa sa ntoa ea pele ea lefatše. Empa “matla” ana a ne a tsoa hokae? Rahistori Barbara Tuchman o ngotse hore liindasteri li file moloko oa batho matla a macha le likhatello tse ncha. Ha e le hantle, “sechaba . . . se ne se . . . tletse likhatello tse ncha le ho ipokella matla.” Stefan Zweig, setsebi se secha se tsoang Vienna ka nako eo se ile sa ngola: “Ha ho tlhaloso e ’ngoe eo nka e sebelisang ha e se ena ea ho ipokella matla a eketsehileng, e leng phello e kotsi ea matla a kahare a ileng a bokelloa lilemong tse mashome a mane tsa khotso ’me hona joale a batla ho intša ka mabifi.” Mantsoe “ha ho tlhaloso e ’ngoe” a fana ka maikutlo a hore setsebi sena ka bosona se thatafalloa ho hlalosa. Ho selelekela sa buka ea hae Thunder at Twilight, Morton oa ngola: “Ke hobane’ng ha seo se etsahetse ka nako eo le sebakeng seo? Hona joang? . . . Na ho na le leselinyana le ka thusang ho utloisisa liketsahalo tsee tsohle tse makatsang?”
E, ba bangata ba lekang ho hlalosa 1914 ba ikutloa hore ho thata ho utloisisa mabaka a motheo. Ke hobane’ng ha ntoa e sa fella ho ba amehang ka ho tobileng feela? Ke hobane’ng ha e ile ea ja setsi ho fihlela e fetoha ntoa ea lefatše? Ke hobane’ng ha e ile ea lelefatsoa le ho senya hakaalo? Ha e le hantle matla ana a makatsang a neng a laola moloko oa batho ka hoetla 1914 e ne e le eng? Sehlooho sa rōna se latelang, se leqepheng la 10, se tla tšohla likarabo tsa Bibele lipotsong tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Yugoslavia e bolela “Naha ea Maslav a ka Boroa.” Lirephabliki ke Bosnia le Herzegovina, Croatia, Macedonia, Montenegro, Serbia le Slovenia.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Joaloka batho ba laba-labelang pula ea lialuma ho ba imolla mochesong oa lehlabula, kahoo moloko oa 1914 o ne o lumela phomolong e neng e tla tlisoa ke ntoa.”—Ernest U. Cormons, motsamaisi oa lipuisano mahareng a linaha oa Austria
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
1914 Bibele e boletse esale pele ka litlokotsi tse neng li tla etsahala ho tloha ka 1914
“’Me ha tsoa pere e ’ngoe e khunong, ’me ea e kaletseng a fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane, ’me a neoa lerumo le leholo. Eare hobane e manolle tiiso ea boraro, ka utloa sebopuoa se phelang sa boraro se re: Tloo. Eaba kea talima, ka bona pere e ntšo, ’me ea e kaletseng a tšoere sekala letsohong la hae. ’Me ka utloa lentsoe mahareng a libopuoa tse phelang tse ’ne, le re: Khala e le ’ngoe ea koro e rekoe ka denare, le khala tse tharo tsa harese ka denare; empa u se ke ua senya oli le veine. Hobane e manolle tiiso ea bone, ka utloa lentsoe la sebopuoa se phelang sa bone, le re: Tloo. Eaba kea talima, ka bona pere e tšehla, ’me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletsoe ke nģalo ea bafu; a fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše ho bolaea batho ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu, le ka libatana tsa naha.” Tšenolo 6:4-8 (Bona le Luka 21:10-24; 2 Timothea 3:1-5.)
“Ntoa e Khōlō ea 1914-18 e tšoana le sebataolo se arolang nako eo ho ea rōna. Ka ho bolaea batho ba bangata hakaalo ba neng ba tla ’ne ba phele lilemo tse neng li tla latela, ka ho felisa litumelo, ho fetola likhopolo, ho siea maqeba a ke keng a fola a ho hloka tšepo, e bakile lekhalo la sebele haesitana le la kelello pakeng tsa linako tse peli.”—Selelekela sa The Proud Tower, ka Barbara W. Tuchman.
“Lilemo tse ’nè tse ileng tsa latela [1914] joalokaha Graham Wallas a ngotse, ‘e bile lilemo tse boima ka ho fetisisa le tseo moloko oa batho o kileng oa etsa boiteko bo sebete ka ho fetisisa.’ Ha boiteko boo bo fetile, litebello tsa bohata le cheseho e lebisitseng ho 1914 butle-butle li ile tsa fetoha masoabi. Bakeng sa moputso o lefiloeng, phaello e khōlō ea moloko oa batho e bile ho hlokomela mefokolo ea ’ona e utloisang bohloko.”—Sephetho sa buka e boletsoeng ka holimo.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
The Bettmann Archive
The Trustees of the Imperial War Museum, London
National Archives of Canada, P.A. 40 136
[’Mapa o leqepheng la 7]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Europe Kamoo e Neng e le Kateng—August 1914
1. Great Britain le Ireland 2. Fora 3. Spain 4. ’Muso oa Jeremane 5. Switzerland 6. Italy 7. Russia 8. Austria-Hungary 9. Romania 10. Bulgaria 11. Serbia 12. Montenegro 13. Albania 14. Greece
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Gavrilo Princip
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Majeremane a amohela lipalesa ha a le tseleng ho ea ntoeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The Bettmann Archive
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Culver Pictures