Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/09 maq. 19-21
  • Liphoso Tse Ileng Tsa Lebisa Ntoeng ea Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liphoso Tse Ileng Tsa Lebisa Ntoeng ea Lefatše
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likulo Tse Peli Tse Ileng Tsa Fetola Lefatše
  • Ba ne ba Emetse Ntoa
  • Ho Qala Moteoloha oa Liketsahalo
  • “Tlokotsi e Khōlō ka ho Fetisisa ea Lipolotiki Mehleng ea Kajeno”
  • Sarajevo—Ho Tloha ka 1914 ho Fihlela ka 1994
    Tsoha!—1994
  • Ntoa e Ileng ea Fetola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Marena Ana a Qothisanang Lehlokoa a Kena Lekholong la Bo20 la Lilemo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • 1914—Selemo se Ileng sa Tšosa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 8/09 maq. 19-21

Liphoso Tse Ileng Tsa Lebisa Ntoeng ea Lefatše

Na ntoa ea boraro ea lefatše e ka ’na ea qhoma ho sa lebelloa? Na baeta-pele ba lefatše le baeletsi ba bona litabeng tsa sesole ba ka etsa phoso e khōlō ea ho se hlahlobisise maemo ’me seo se felle ka hore batho ba limilione ba shoe?

HA RE tsebe. Empa seo re se tsebang ke hore ho ile ha etsahala ntho e tšoanang nakong e fetileng. Lilemong tse lekholo tse fetileng, baeta-pele ba linaha tsa Europe ba ile ba lebisa linaha tsa bona Ntoeng e Khōlō, eo hamorao e ileng ea bitsoa Ntoa ea I ea Lefatše, ba sa lemohe hore na ho ne ho tla etsahala masetla-pelo a makaakang ka mor’a moo. David Lloyd George, eo e neng e le tona-khōlō ea Brithani ho tloha ka 1916 ho isa ho 1922, o ile a re: “Re ile ra kena ntoeng re ferekane.” Ak’u nahane ka liketsahalo tse ling tse ka sehloohong tse ileng tsa lebisa polaong eo e sehlōhō ea batho ba bangata.

Rahistori e mong ea bitsoang A.J.P. Taylor o ile a ngola, a re: “Ha ho ’musi ea neng a batla ntoa e khōlō hakaalo, empa ba ne ba batla ho tšosa ba bang le ho ba hlōla.” Morena oa Russia o ne a nahana hore ho lokela ho etsoe sohle se khonehang molemong oa hore ho be le khotso. O ne a sa batle ho jara molato oa polao e sehlōhō ea batho ba bangata. Empa lintho li ile tsa tsoa taolong ka mor’a hore sethunya se khabole habeli hoo e ka bang ka 11:15 hoseng ha la 28 June, 1914.

Likulo Tse Peli Tse Ileng Tsa Fetola Lefatše

Ka 1914, bora bo neng bo bile teng ka nako e telele pakeng tsa linaha tse hlaheletseng ka mahetla tsa Europe bo ne bo bakile tsitsipano e matla ’me bo li arotse ka lilekane tse peli, ’me li sa okhelane mollo: Linaha Tse Tharo Tsa Selekane e leng Austria-Hungary, Italy le Jeremane esita le Linaha Tse Tharo Tsa Tumellano e leng Brithani, Fora le Russia. Ho phaella moo, linaha tseo li ne li e-na le maqhama a matla a lipolotiki le a moruo le linaha tse ling tse ngata, ho akarelletsa le Linaha Tsa Balkan.

Ka nako eo, sebaka se neng se bitsoa Linaha Tsa Balkan se ne se sa tsitsa lipolotiking, linaha tsa teng li sa rate ho busoa ke mebuso e matla, ’me ho e-na le mekhatlo e mengata ea sekhukhu e neng e le ’momoring oa hore e fumane boipuso. Bacha ba seng bakae ba moo ba ile ba rera ho bolaea Khosana Francis Ferdinand oa Austria ka la 28 June, ha a etetse Sarajevo, e leng motse-moholo oa Bosnia.a Kaha ho ne ho e-na le mapolesa a seng makae, seo se ile sa ba nolofalletsa ho phetha morero oa bona. Leha ho le joalo, babolai bao ba ne ba se na boiphihlelo bo bokaalo. Mocha e mong o ile a akhela bomo e nyenyane empa ea oela hosele, ’me ba bang ba se ke ba etsa seo ba neng ba lokela ho se etsa ka nako ea bona. Gavrilo Princip, ea neng a le teng ’momoring oo, e leng eena ea ileng a atleha ho bolaea khosana, o ile a mpa a thuloa ke seo. Joang?

Ha Princip a bona hore bomo eo ha ea ntša khosana kotsi ’me e ntse e itsamaela ka koloi, o ile a leka ho lelekisa koloi eo empa a hlōleha. O ile a tšela ’mila a nyahame a ikela reschorenteng. Ho sa le joalo, kaha khosana e ne e halefisitsoe ke boiteko boo ba ho e bolaea ka bomo, e ile ea etsa qeto ea ho tsamaea ka tsela esele. Leha ho le joalo, motho ea e khannelang o ne a sa tsebe hore e fetotse maikutlo, kahoo a tsamaea ka tsela esele ’me a tlameha ho tjekisa koloi. Ka nako eo Princip o ne a tsoa ka reschorenteng ’me a re ptjangptjang le phofu ea hae e lutse ka koloing e butsoeng ka holimo, e le bohōle ba limithara tse ka tlaase ho tse tharo ho tloha ho eena. Princip o ile a atamela koloi eaba o thunya ka makhetlo a mabeli, ’me a bolaea khosana eo le mosali oa eona.b Princip e ne e le Moserbia ea sa tsebeng letho ea neng a chesehela hore naha ea habo e fumane boipuso, eo ho ka etsahalang hore ebe o ne a sa bone hore na seo a se entseng se tla ba le liphello life. Empa hase eena feela ea neng a le molato ka masetla-pelo a ileng a latela.

Ba ne ba Emetse Ntoa

Pele ho 1914, batho ba bangata ba Europe ba ne ba nka hore ntoa ke ntho e ratehang. Ba ne ba nka hore e molemo, ea khahleha le hore ea babatseha—le hoja ba ne ba ipolela hore ke Bakreste. Baeta-pele ba bang ba ne ba lumela hore ntoa e tla kopanya sechaba ’me e se matlafatse! Ho feta moo, balaoli ba bang ba ne ba tiiselitse babusi ba bona hore ba tla e hlanaka kapele ’me ba hlōle ka ho feletseng. Molaoli oa Jeremane o ile a ikotla sefuba, a re: “Re tla hlōla Fora ka libeke tse peli feela.” Ho ne ho se na motho ea nahanang hore banna ba limilione ba ne ba tla qeta lilemo ba le ntoeng.

Ho feta moo, buka e ’ngoe e bitsoang Cooperation Under Anarchy e hlalosa hore lilemong tsa pele ho ntoa “ho ne ho rena moea o matla oa bochaba Europe. Likolo, liunivesithi, ba mecha ea phatlalatso le bo-ralipolotiki kaofela ba ile ba e-ba ntsoe-leng ho khothalletsa moea ona o feteletseng oa bochaba le oa ho inkela holimo.”

Baeta-pele ba bolumeli ha baa ka ba etsa letho ho loantša moea oo o mobe. Rahistori Paul Johnson o re: “Ka lehlakoreng le leng, e ne e le Jeremane ea Boprostanta, Austria ea Bok’hatholike, Bulgaria ea Boorthodox le Turkey ea Bomosleme. Athe ka lehlakoreng le leng, e ne e le Brithani ea Boprostanta, Fora le Italy tsa Bok’hatholike le Russia ea Boorthodox.” O phaella ka hore baruti ba bangata “ba ne ba nka hore Bokreste bo tšoana le ho rata naha. Masole a Bakreste a malumeli ’ohle a ne a khothalletsoa hore a bolaeane ka lebitso la Mopholosi oa ’ona.” Esita le baruti le baitlami ba ile ba ea ntoeng ’me hamorao baruti ba likete ba shoela teng.

Lilekane tsa linaha tsa Europe, tse neng li reretsoe ho thibela ntoa e khōlō, e ka ’na eaba ke tsona tse ileng tsa tlatsetsa hore e qale. Ka tsela efe? Buka ea Cooperation Under Anarchy e re: “Tšireletso ea linaha tse matla tsa Europe e ne e itšetlehile haholo ka tse ling. Naha ka ’ngoe e ne e nka hore tšireletso ea eona e itšetlehile ka tseo e entseng selekane le tsona ’me kahoo e ne e nka hore e tlameha ho li thusa—esita le haeba linaha tseo e le tsona tse qhololitseng bahlaseli ba tsona.”

Ntho e ’ngoe e neng e le kotsi e ne e le Leano la Jeremane la Schlieffen, le neng le reheletsoe ka molaoli oa mabotho a Jeremane ea bitsoang Molaoli Alfred von Schlieffen. Ho ea ka leano leo, Jeremane e ne e lokela ho qala ho hlasela kapele, e nahanne hore e tla loantša Fora le Russia. Sepheo e ne e le hore Jeremane e hlōle Fora kapele, ebe e tsometsa Russia moo e reng ea itokisa. World Book Encyclopedia e re: “Hang ha leano [la Schlieffen] le se le qalile, ho ile ha totobala hore ho tla ba le ntoa e akaretsang Europe, kaha linaha li ne li entse lilekane tsa sesole.”

Ho Qala Moteoloha oa Liketsahalo

Le hoja ho ea ka lipatlisiso tsa ’muso ho ne ho se na bopaki bo bontšang hore ’muso oa Serbia o nkha lefotha polaong ea khosana eo, Austria e ile ea ikemisetsa ho thibela Maslav hore a se ke a hlola a etsa morusu. Rahistori J. M. Roberts o re Austria e ne e batla “ho ruta Serbia thuto eo e ke keng ea e lebala.”

Nicholas Hartwig, eo e neng e le moemeli oa Russia motse-moholo oa Serbia, o ile a leka ho fokotsa tsitsipano e neng e rena ka ho buella hore linaha tseo li etse tumellano. Empa o ile a hlaseloa ke lefu la pelo ’me a shoa a tšoere seboka le moifo oa Austria. Qetellong, ka la 23 July, Austria e ile ea romella Serbia lethathamo la lintho tseo e neng e e laela hore e li etse. Kaha Serbia e ile ea hana ho mamela litaelo tse ling, Austria e ile ea khaola maqhama le eona hang-hang. Motsotsong oo oa bohlokoa, lipuisano li ile tsa khaotsa.

Leha ho le joalo, ho ile ha ’na ha etsoa boiteko bo itseng ba ho thibela ntoa. Ka mohlala, United Kingdom e ile ea etsa tlhahiso ea hore ho tšoaroe seboka sa machaba, ’me moemphera oa Jeremane a khothalletsa morena oa Russia hore a se ke a itokisetsa ho ea ntoeng. Empa lintho li ile tsa tsoa taolong. Buka e bitsoang The Enterprise of War e re: “Baeta-pele ba linaha le balaoli ba sesole hammoho le batho ka kakaretso ba ne ba tsielehile ke lintho tse khōlō tse neng li le mothating oa ho etsahala.”

Ka la 28 July, moemphera oa Austria, a tšepile hore Jeremane e tla mo thusa, o ile a phatlalatsa hore o hlasela Serbia. Russia e ile ea phallela Serbia, kahoo ea leka ho thibela Austria ka ho phatlalatsa hore e romela masole a Russia a ka bang milione moeling oa Austria. Kaha seo se ne se tla bolela hore moeli o pakeng tsa Russia le Jeremane o sala o sa sireletseha, morena oa Russia o ile a ba leqe ho romela masole ’ohle.

Morena oa Russia o ile a leka ho tiisetsa moemphera oa Jeremane hore ha aa ikemisetsa ho mo hlasela. Leha ho le joalo, ha Russia e itokisetsa ho ea ntoeng seo se ile sa etsa hore Jeremane e nke khato kapele ’me ka la 31 July Jeremane e ile ea qala ho sebelisa leano la ntoa la Schlieffen, eaba e hlasela Russia ka la 1 August ’me matsatsi a mabeli ka mor’a moo ea hlasela Fora. Kaha leano la Jeremane le ne le hloka hore masole a eona a paroletse le Belgium, Brithani e ile ea lemosa Jeremane hore e tla e loantša haeba e ka kenya Belgium litabeng tsa ntoa. Ka la 4 August, masole a Jeremane a ile a feta le Belgium. Eaba ke ha ntoa e qalile.

“Tlokotsi e Khōlō ka ho Fetisisa ea Lipolotiki Mehleng ea Kajeno”

Rahistori Norman Davies o ile a ngola, a re: “Ha Brithani e phatlalatsa ntoa, seo se ile sa baka tlokotsi e khōlō ka ho fetisisa ea lipolotiki mehleng ea kajeno.” Rahistori e mong ea bitsoang Edmond Taylor o ile a ngola hore ka mor’a hore Austria e phatlalatse ntoa ka la 28 July, “pherekano e ile ea phetha karolo e khōlō tabeng ea ho susumelletsa linaha hore li ee [ntoeng]. Ho ne ho etsahala lintho tse ngata ka potlako libakeng tse ngata. . . . Batho ba seli le ba hlaphohetsoeng kelellong ba ne ba se ba sa utloisise lintho tsohle tseo ba li bolelloang.”

Masole le baahi ba fetang limilione tse 13 ba ile ba shoa ‘pherekanong’ eo. Tšepo ea hore lintho li ne li tla ntlafala nakong e tlang e ile ea fela ha lichaba tseo ho thoeng li tsoetse pele, tse hlometseng haholo ka libetsa tse matla tsa morao-rao li bolaeana ka tsela e e-s’o ka e bonoa. Lefatše le ne le ke ke la hlola le tšoana le pele.—Sheba lebokose le reng “Ntoa ea Lefatše—Na ke Pontšo ea Linako?”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hona joale Bosnia ke karolo ea Bosnia le Herzegovina.

b Princip o ile a bolaea mosali oa khosana ka phoso. O ne a rerile ho thunya ’musisi oa Bosnia, e leng Molaoli Potiorek, ea neng a tsamaea le banyalani bao ka koloing, empa a ferekanngoa ke ho hong.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]

NTOA EA LEFATŠE​—NA KE PONTŠO EA LINAKO?

Bibele e ile ea bolela esale pele hore lintoa e ne e tla ba karolo ea pontšo e tšoaeang matsatsi a ho qetela a lefatše lena le khopo. (Matheu 24:3, 7; Tšenolo 6:4) Ho phethahala ha pontšo eo kajeno ho bontša hore re ntse re atamela ka potlako nakong eo puso ea ’Muso oa Molimo e tlang ho laola lefatše ka ho feletseng.—Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10.

Ho feta moo, ’Muso oa Molimo o tla felisa matla a sa bonahaleng a susumetsang lintho tse etsahalang lefatšeng—e leng meea e khopo e tataisoang ke Satane Diabolose. Johanne oa Pele 5:19 e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Tšusumetso e mpe ea Satane e baketse moloko oa batho mahlomola a mangata, ao ntle ho pelaelo a kopanyelletsang litlokotsi tse ileng tsa lebisa Ntoeng ea I ea Lefatše.—Tšenolo 12:9-12.c

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

c Boitsebiso bo eketsehileng bo buang ka matsatsi a ho qetela le ka meea ena e khopo bo ka fumanoa bukeng e thusang batho ho ithuta Bibele e reng, Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. National Archives photo

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Polao ea Khosana Ferdinand

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Mary Evans Picture Library

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela