Na Hase Karolo ea Lefatše?
KA MONGOLLI OA TSOHA! JEREMANE
“HASE karolo ea lefatše‚ feela joalokaha le ’na ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16, NW) Ka mantsoe ana Jesu o ile a hlalosa boemo ba balateli ba hae ba ho se nke lehlakore ka ho feletseng mabapi le litaba tsa lipolotiki. Na ba ipolelang e le Bakreste kajeno ba finyella tekanyetsong ee?
Nahana ka litlhaloso tse latelang tsa khatiso mabapi le ho itšunya-tšunya ha Bokreste-’mōtoana ho seo pele e neng e le German Democratic Republic (GDR), eo ho fihlela ho qhaloeng ha eona ka 1990 e ’nileng ea busoa ke lequloana la ’muso oa Bokomonisi.
• “Kaha joale Kereke ea Lutere GDR e ne e se e ile ea thabela khanya ka nakoana joaloka ’mè oa phetohelo e nang le khotso, ho ratoa ha eona ke bongata ho bonahala ho nyamela ka potlako. Ho ba bangata e bonahala e bile setšehetso sa lequloana la ’muso le lebala la Stasi (Tšebeletso ea Tšireletso ea Naha).”—Die Zeit, November 1991.
• “Likereke tse sa tšoaneng tsa profensi tsa Lutere . . . li hlalositse tsieleho mabapi le ho itšunya-tšunya ha basebetsi ba kereke le batho ba pharishe le Stasi.”—Evangelische Kommentare, January 1991.
• “Baeta-pele ba Kereke ea [Lutere] ba utloa litletlebo tsa hore baprista ha ba sa tsotella batho ba bona joalokaha ba ne ba etsa, hobane ba mafolo-folo lipolotiking.”—Süddeutsche Zeitung, February 1990.
• “Weizsäcker [eo e neng e le mopresidente oa Federal Republic of Germany] o ile a re Kereke ea [Lutere] kamehla e ’nile ea phetha karolo e thusang likamanong tsa lipolotiki tsa Linaha tse peli tsa Jeremane.”—Wetterauer Zeitung, February 1992.
Ho itšunya-tšunya lipolotiking ho ne ho sa lekanyetsoa Kerekeng ea Lutere feela. The European e ile ea tlaleha: “Hoo e ka bang tlhophiso e ’ngoe le e ’ngoe ea kereke ea [Prostanta] e ne e tletse baemeli ba Stasi.” Manfred Stolpe, eo The European e mo hlalosang e le “motsamaisi oa lipuisano ea ka sehloohong oa kereke ea prostanta le balaoli ba bokomonisi,” boitšireletsong ba hae o ile a re: “Ke ne ke tla lumelisana ka letsoho le Diabolose haeba ho etsa joalo ho ne ho ka ntšetsa pele morero oa rōna.”
Guardian ea London e ile ea tlaleha ka kamano e haufi-ufi lipakeng tsa baruti le Mokhatlo oa Likhukhuni tsa Lipolotiki tsa Italy. E ile ea bolela: “Kereke le Cosa Nostra li ile tsa tsamaisana ka khotso ka nako e telele hoo hangata kereke e nģosoang ka ho kopanela liketsong tse mpe.”
Toronto Star e ile ea hatisa sehlooho se mabapi le tšebelisano ea baprista ba Orthodox ea Russia le seo e neng e le KGB. Tlaleho ea bolela: “Ho senoleha ha tšebelisano ea kereke le lequloana la ’muso oa bokomonisi ho bontša ho sithabela ho hoholo. . . . Boitsebiso bo tsoang sebakeng sa KGB seo ho bolokoang litlaleho ho sona . . . bo bontša hore batsamaisi ba baholo ba kereke hase feela hore ba ile ba tsoa melao-motheo ea bona tlaase empa ba ne ba ikemiselitse ho sekisetsa e le ho pepesetsa baeta-pele ba bolumeli nyelisong ka ho pharaletseng.”
Ha likereke tsa Bokreste-’mōtoana li tsoela pele li ntse li kena-kenana le lipolotiki, Bakreste ba ’nete ba khomarela temosong ea Jesu ea ho se be karolo ea lefatše.