Litebello Tsa Kamoso bakeng sa Boprotestante—Le Uena!
“JOALE ke sehlopheng sa bosupa sa lithuto tsa ka tsa boruti ba Luthere ’me ke tšepa ho ba moruti,” ao ke mantsoe a qalang a lengolo le eang ho mohlophisi oa koranta ea Jeremane Pulungoana 1986. Le tsoela pele: “Ke rata ho hlokomelisa hore koetliso ea rōna e akareletsa ho tabola Bibele likotoana—ho sala feela likoahelo tsa eona. . . . Ha tumelo ea seithuti kapa metheo ea eona, Mangolo, e sentsoe, barupeli ba bangata ba ruta seithuti ‘bolumeli bo bocha’ ba tsamaiso ea puso ea basebetsi, kahoo ba neha kereke sebopeho se fetohileng ka ho feletseng. Molimo o shoele—re phelela tsamaiso ea puso ea basebetsi! Jesu o boletse ka lebitleng la hae, re lokela ho ipholosa! ’Ona ke molaetsa oo baruti ba bangata ba buang ka ona sefaleng, Sontaha se seng le se seng. Re hloka ka potlako libaka tse ncha tse tla re ruta Bibele, empa motsotsong oona kereke e batla ho li felisa.”
Ha e le mona Lentsoe la Molimo le khelloa tlaase joalo, na ho na le tšepo ea hore kereke le batho ba eona ba sa tla hlaphoheloa tlokotsing ea khaello ea moea? Mofetoleli oa Bibele oa lekholong la bo18 la lilemo o hlokometse ka ho nepahetseng: “Boemo bo botle ba bophelo ba kereke bo bontšoa ke tsela eo bo tšoarang Mangolo ka eona.”
Motsosolosi e Mocha a ka Thusa?
“Dietrich Bonhoeffer o’a hlomphuoa ’me ho buuoa ka eena matsatsing ana ho feta seithuti leha e le sefe sa bolumeli sa lekholong la rōna la lilemo,” ho bolela Moprofesara oa bolumeli Georg Huntemann. Bonhoeffer, moetapele ea ka sehloohong oa “Kereke ea Tumelo,” o ile a koalloa chankaneng ke Manazi ka 1943 ’me a ahloloa ka 1945 kahobane ane a kopanetse leanong la polao e neng e reretsoe Hitler. Huntemann o re Bonhoeffer e ka ’na ea e-ba motsosolosi e mocha eo kereke e mo hlokang. Hlokomela mantsoe a latelang a qotsitsoeng lithutong tsa hae. Ipotse: Ho mamela mantsoe a hae ho tla bolela eng kerekeng ea Luthere? bakeng sa kereke ea ka?
“Bolumeling ntho e le ’ngoe feela ea bohlokoa bo boholo, ke ’nete.”
Sena se lumellana le se boletsoeng ke Jesu: “Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.”a—Johanne 4:24; bona le Johanne 8:32; 14:6; 16:13.
Na u kholisehile hore sohle se rutoang ke kereke ea hao e hlile ke ’nete? Na e ruta hore motho o na le moea o sa shoeng—kapa na e lumellana le Bibele, ha e re: “Moea o etsang sebe ke ’ona o tla shoa”? (Ezekiele 18:4, 20) Na kereke ea hao e u ruta hore Molimo ha o na lebitso kapa hore o bitsoa Jesu, kapa e lumellana le Bibele, ha e re: “Uena, eo lebitso la hao u ’notši e leng JEHOVA, u phahametse lefatše lohle”? (Pesaleme ea 83:18) Na kereke ea hao e u ruta hore batho bohle ba lokileng ba tla nkeloa leholimong ha lefatše le senngoa ka mollo, kapa na e lumellana le Bibele, ha e re: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng”?—Pesaleme ea 37:29; bona le Pesaleme ea 104:5.
“[Kereke] e lokela ho tsitlallela thutong e hloekileng.” Sena se lumellana le se boletsoeng ke Jesu: “Hlokomelang litomoso . . . , thuto ea Bafarisi le Basadduci.”—Mattheu 16:12; bona le 1 Ba-Korinthe 5:8.
Na kereke ea hao e amohela “maikutlo a batsi a tlhaloso eo e leng ea motho,” kapa e sebetsa tumellanong le keletso ea Molimo: “Banab’eso, hlokomelang ba hlahisang likhaohano le likhopiso tse hananang le seo le ithutileng sona; ba qobeng”?—Ba-Roma 16:17; bona le 2 Timothea 2:16-18; 2 Johanne 9, 10.
“Letsatsing la Kahlolo, Molimo o ke ke oa re botsa: Na le ketekile mekete e susumetsang ea nchafatso, empa ho e-na le hoo o tla botsa: Na le mametse Lentsoe la ka le ho le boloka?” Sena se lumellana le se boletsoeng ke Jesu: “Banab’eso ke bana ba utloang lentsoe la Molimo, le ba etsang ka lona.”—Luka 8:21; bona le Mattheu 7:21; Johanne 15:14.
Na kereke ea hao e hatella haholo litšebeletso tsa meetlo, mekete, le mehaho ho feta ho fumana tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo? Na ho se be teng kamehla kerekeng ho nkuoa ho lokile, ho fapana le keletso ea “ho se ngale ho kopana ha rōna . . . haholo-holo, ha le bona letsatsi [la kahlolo] le atamela”?—Ba-Heberu 10:25.
Na kereke ea hao e u khothaletsa ho bala Lentsoe la Molimo kamehla, ebile e fana ka thuso ea botho bakeng sa ho le utloisisa esita le ho fana ka tšusumetso ea ho etsa seo le se hlokang?
“Bolumeli ke mosebetsi, mohlomong o boima ka ho fetisisa le o halalelang haholo oo motho a ka o etsang.” Sena se lumellana le se boletsoeng ke Jesu: “Nama ea ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.”—Johanne 4:34.
Na kereke ea hao e u bolella hore mosebetsi oa Molimo bakeng sa Bakreste kajeno ke ho bolela “evangeli ena ea ’muso . . . lefatšeng lohle ebe bopaki ho lichaba tsohle”? (Mattheu 24:14; bona le Mattheu 28:19.) Na e u khothaletsa ho abelana molaetsa ’ona o khanyang oa ’Muso le “motho e mong le e mong ea botsang lebaka la tšepo e ho lōna”?—1 Petrose 3:15.
Bonyane maemong a boletsoeng kaholimo, Bonhoeffer o neile kereke ea hae keletso e molemo: “Empa ke hobane’ng ha mantsoe a hae, keletso ea hae ea nchafatso ho kereke, a sa eloe hloko ka ho feletseng?” ho botsa Huntemann. Leha ho le joalo, potso ea bohlokoahali ke ena: Ke hobane’ng ha mantsoe a keletso ea Jesu Kreste a sa eloe hloko ka tekanyo e kholoanyane?
Moruti Ulrich Betz o bolela hore mokhatlo oa Jeremane Bophirima o nahana lintho le ho li etsa lintho “ka tsela e fetiloeng ke Bokreste, ea bohetene.” Kereke ea Luthere e lokela ho jara molato ka litho tse limillione tse 25 tsa mokhatlo oo tseo e leng Maluthere. Erekaha sefate se beang litholoana tse mpe se belaetsa, ho joalo le ka kereke e nang le Bakreste ba bohata. Jesu o hlalositse: “Sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate, sefate se monate se ka sitoa ho bea litholoana tse mpe.”—Mattheu 7:16-18.
Ak’u ahlole ka botšepehi. Kereke ea ka e bea litholoana tsa mofuta ofe? Na e ntlafatsa botho ba litho tsa eona? Na e hōlisa khotso le bonngoe ba lelapa, sechaba, le ho lekana lefatšeng lohle? Na ke thebe e matla ho itšireletsa tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, boitšoaro bo bobe, le tlolo ea molao? Na u ka bolela hore lefatše e tla ba sebaka se molemo moo ho ka pheloang haeba e mong le e mong e ne e le oa kereke ea hao?
Hlokomela leqephe le bapileng hore na ke hobane’ng ha bao e neng e le Maluthere Jeremane, kamor’a kahlolo e tšepahalang, ba ileng ba ea tulong e ’ngoe ho batla tataiso ea moea.
Haeba Kereke ea Hao e Hlōleha ho Nka Bohato, Na Uena U Tla bo Nka?
Haeba, kamor’a ho etsa tlhahlobo e tšepahalang, u sa khotsofala ka seo u se bonang, etsa ho fetang feela ho tletleba. Moqolotsi oa litaba, ha a hlalosa ka polelo ea Karl Barth ea hore kereke ke litho tsa eona, ka ho utloahalang o lumetse: “Litho tsa kereke . . . li ikarabella ka seo kereke e se bolelang le ho se etsa.” Joale ipotse: Na ke ithaopela ho jara boikarabelo ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo kereke ea ka e e bolelang le ho e etsa? Na ka ’nete nka ba motlōtlō ka hore litho tsohle tsa eona ke baena ba ka ba moea?
Ha u ntse u nahana ka lipotso tsena, se hlokomolohe se boleloang ke Tšenolo 18:4, 8. Ha e bua ka ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o sa thabiseng Molimo, e re: “Tlohang ho eena, lōna batho ba ka, le se tšohe le kenya letsoho libeng tsa hae, ’me le se ke la amohela mahloko a hae . . . [ka hobane] mahloko a hae a [tla] hlaha ka letsatsi le le leng, lefu, sello, le tlala; ’me o tla chesoa ka mollo ka ho feletseng; hobane o matla Morena Molimo o mo ahlolang.”
Mohlomong ka botšepehi u ka lumela hore kereke ea hao ha se karolo ea bolumeli ba bohata boo haufinyane Molimo o tlang ho bo felisa. Empa bophelo ba hao bo itšetlehile ka hore u be ea kholisehileng kahohle-hohle. Na u kholisehile joalo?
Bolumeli ba bohata haesita le ba bo tšehetsang ha ba na bokamoso. Bolumeli ba ’nete haesita le ba bo sebelisang ba tla hlola ka ho sa feleng. Etsa khetho e nepahetseng.
[Mongolo o botlaatseng ba leqephe]
a Litemana tsohle li qotsitsoe ho King James Version.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ka mohlala, likopanong tsa tsona, Lipaki tsa Jehova li fuoa taeo e sebetsang ea ho sebelisa melao-metheo ea Bibele kamehla bophelong ka litšoantšiso tsa Bibele joalokaha li bonoa mona. Molumo ’ona o hlakileng oa terompeta ea ’nete, o sa sitisoeng ke liqhoebeshano tsa lipolotiki, kapa lithuto tsa bolumeli tse sa tšoaneng, o matlafatsa tšepo ea bona ea bokamoso ’me o susumeletsa boitšoaro ba Bokreste le mosebetsi. E ba teng kopanong ’me u inoese ka nkho!
[Lebokose le leqepheng la 11]
Bao e Neng e le Maluthere ba Hlalosa Hore ke Hobane’ng hona Joale e le Lipaki Tsa Jehova
“Se nkhahlileng ka lekhetlo la pele ka Lipaki tsa Jehova ke bohloeki le botšepehi tseo ke li boneng ho e ’ngoe ea likopano tsa bona. Hape ke khothaletsa ba bang ho ba teng ho e ’ngoe, ho ea inoesa ka nkho lerato la ’nete har’a Lipaki.”—W. R., eo e neng e le mohlokomeli oa kereke.
“Ke ne ke e-ea kerekeng Sontaha se seng le se seng. Empa hangata puo ea moruti e bolelele ba metsotso e 20, e ne e le seoelo e neng e arabela lipotso tsa ka ka morero oa bophelo kapa bophelo kamor’a lefu. Lipaki tsa Jehova li ile tsa arabela lipotso tsa ka ho tsoa ka Bibeleng, ’me ke ne ke tseba ho buisana le tsona lifahleho li bapile. Ho hongata ho lokela ho akaretsoa litšebeletsong tsa Molimo ho feta feela ho arabela tšepeng ea kereke hoseng ha Sontaha se seng le se seng, ho bina lifela, le ho mamela puo ea moruti. Ha ho ’matli ea tšepahalang oa ’nete ea ka khotsofatsoang ke seo! O batla ho etsa ho hong.”—E. B., eo e neng e le tichere ea Sekolo sa Sontaha.
“Mosebetsi oa ka ke le moholo oa kereke, le ka mohla o ne o sa amane le litaba tsa Bibele, e ne e le ho sebetsana le litaba tsa chelete. Se nthusitseng haholo ebile ho ithuta lebitso la Molimo, Jehova, lebitso leo ke neng ke e-s’o utloe le ka mohla le bitsoa kerekeng. Ke ile ka khahloa ke linnete tse ngata tse fumanoang ka Bibeleng.”—E M., eo e neng e le moholo oa kereke.
“Ka lekhetlo la pele ha Lipaki tsa Jehova li buisana le ’na, phapang [mahareng a tsona le rōna] e ile ea hla ea bonahala. Hore li ne li batla ho buisana le ’na ka Bibele ebile ntho e ncha le e makatsang. Potso ea ka ea pele ebile hore na ba fumana moputso bakeng sa mosebetsi oa bona. Ba ile ba arabela ka hore che. Potso ea ka ea bobeli ebile hore na ba bile le seabo nakong ea ntoa. Ba ile ba hlalosa hore Lipaki tse ngata li ne li le likampong tsa mahloriso. Qetellong, ke ne ke fumane batho ba ikemiselitseng, bao haeba ho hlokahala, ba ka shoelang tumelo ea bona.”—H. M., eo e neng e le mohlokomeli oa kereke.
“Ha ke kōpa moruti oa ka ho ntlhalosetsa hore na ke hobane’ng moruti e mong le e mong a e-na le litlhaloso tsa hae, a re: ‘Moruti e mong le e mong o na le tokelo ea ho inahanela Molimo ka tsela e tla Mo lumella ho sebelisoa hamolemohali phuthehong ea hae.’ Hamorao ka etela liphutheho tse peli tsa Lipaki tsa Jehova ka ho fapanyetsana. Se ’makalitseng ebile ho lumellana ho feletseng mahareng a bona. ’Me lipolelo tse rutang li ne li e-na le boitsebiso ba bohlokoa, kamehla bo ne bo tšehetsoa ka litemana tsa Bibele tseo u neng u ka ipalla tsona Bibeleng ea hao! Ebile phapang e kaakang lipuong tsa baruti tseo nkileng ka li utloa!”—U. P., eo e neng e le mosebeletsi oa sechaba le mooki oa kereke.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Likopano tsa setereke li susumeletsa Lipaki tsa Jehova ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo