Na Bophelo ba Hao bo Jesa Bolutu? U ka bo Fetola!
KA MONGOLLI OA TSOHA! SPAIN
MARGARET le Brian ba ne ba le lilemong tse bohareng tsa bo-50 ha ba hlaheloa ke monyetla o motle ka ho fetisisa: ho tlohela mosebetsi kapele le ho fumana penshene e ngata. Ke ha joale ba rera ho ea ka boroa khanyeng ea letsatsi le mabōpong a leoatle la Mediterranean. Ho se ho se ntho e ba tšoenyang, ho se ntho e ba khathatsang—bophelo ba ho hlaba khobe ka lemao bo ne bo ba letetse ntlong ea bona e lebōpong la leoatle.
Ka mor’a lilemo tse peli, boemo bo ile ba fetoha bo sa thabiseng le bo sa khotsofatseng. Brian o ile a hlalosa: “Ho ne ho bonahala e le ntho e se nang molemo kaofela—letsatsi le letsatsi ho se na ntho e ka etsoang. Ka ho hlakileng ke ne ke sesa, ke bapala kolofo kapa tenese hanyenyane, le ho bua mo-sa-feleng le motho leha e le ofe ea neng a mamela. Ka eng? Ka lintho tse sa reng letho.”
Gisela, ’mè ea lilemong tse qalang tsa bo-20, o na le ngoananyana ea motle. Ka tloaelo, ’mè le morali, ba ea serapeng sa lifate motšehare oa mantsiboea, moo morali a bapalang ka lehlabathe, a tšoarehile ka ho feletseng, ka thabo a iketsetsa liqubu le liqhobosheane tsa lehlabathe. Ka nako e tšoanang, ’mè o lutse haufinyane bencheng ea moo serapeng sa lifate ’me o shebile ngoana eo oa hae e monyenyane. Kapa na ka sebele o shebile ngoana eo oa hae ka hloko? O lutse moo, a mametse ka hloko seea-le-moea sa hae se jaroang. Ka har’a mosi oa sakerete sa hae, ha a sa bona ngoana oa hae e monyenyane. O jeoa ke bolutu hoo a ka ’nang a lla.
Peter, seithuti sa sekolo se phahameng se lilemo li 17, o lutse ka kamoreng ea hae, a pota-potiloe ke thepa ea elektronike e entsoeng ka bohlale bo hlollang. Ha a bulela e ’ngoe ea lipapali tsa hae tsa video, o fumana hore ha e sa mo thahasellisa ho hang. O se a e bapetse ka makhetlo-khetlo, ’me joale o se a tseba kamoo a ka hlōlang mochine oo kateng. Na a ka mamela ’mino? Leha ho le joalo, ha ho na lipina tseo a nang le tsona tseo a e-song ho ka a li mamela ka makhetlo a mangata. A jeoa ke bolutu haholo, oa tletleba: “Ha ke tsebe seo nka se etsang.”
Na U Fetisa Nako?
Ha e le hantle, hase motho e mong le e mong ea sa thabang le ea hlonameng. Ba bangata ba ntse ba phela bophelo bo thabisang bo nang le morero, ba fumana khotsofalo ka lintho tse ncha tseo ba ithutang tsona, ka ho khotsofatsa litšekamelo tsa bona tsa tlhaho, le ka ho hlaolela likamano tse ntle le batho ba bang—’me ho bileng ho leng bohlokoa le ho feta, kamano le Molimo.
Leha ho le joalo, bolutu bo ama batho ba maemo ’ohle a bophelo—ho latela patlisiso ea morao tjena, bo ama Lejeremane le le leng ho a mang le a mang a mararo. Motho oa sehlopha se bohareng sechabeng ea ratang botumo ea sa khaotseng ho etela libaka tsohle tsa boithabiso tse tloaelehileng toropong, mocha ea sa sebetseng ea fetisang nako ka ’mino o lerata le ka biri e sa bitseng chelete e ngata, motho ea lilemong tse bohareng ea etsang mosebetsi oa matsoho ea qetang mafelo-beke a shebelletse thelevishene, motsamaisi ea ikutloang a lahlehile ha a tsoa ka ofising ea hae—kaofela ba tšoeroe ke pelaelo e tšoanang: bolutu.
Bo-rafilosofi ba boholo-holo ba ne ba bo bitsa taedium vitae (ka Selatine ke hore mokhathala bophelong). Ka Sejeremane ke Langeweile (nako e telele). Nako e tsamaeang butle, mosebetsi o bonahalang eka ha o na morero, taba-tabelo ea “ho balehela seo sohle” ke matšoao a tloaelehileng haholo a khethollang bolutu.
Esita le ba ruileng baa ameha. Ka mor’a ho hlalosa mokhoa oa bophelo oa ho senya oa barui ba senyang chelete e ngata haholo, Roger Rosenblatt oa makasine oa Time o hlokometse: ‘Ka mor’a ho reka ntlo e khōlō le serapa se seholo, le liphoofolo tse ngata, le ka mor’a ho ea meketeng e meholo le ho tloaelana le batho ba bohlokoa, boholo ba barui ba lefatše ba senyang chelete e ngata bo re’ng? Ba bolela hore ba jeoa ke bolutu. Ba bolutung.’
Ka nako e ’ngoe ho ne ho nahanoa hore boiketlo bo eketsehileng e ne e tla ba makhona-tsohle bakeng sa bolutu. Ho ne ho nkuoa hore maemo a motho a mosebetsi, ho felisa mosebetsi o tenang oa nako e fetileng, le nako e ngata ea boiketlo li ka etsa hore bophelo e be bo putsang ho motho ea tloaelehileng. Leha ho le joalo, ka bomalimabe, ha ho bonolo hakaalo. Ho etsa qeto ea hore na ho etsoe eng ka nako ena eohle ea bolokolohi ho ipakile e le bothata bo boholo ho feta kamoo ho neng ho lebeletsoe. Ka cheseho ba bangata nakong eohle ea beke ba lebella mafelo-beke a monate, ha nako eo e fihla ba fumana hore ha e thabise ho ea kamoo ba neng ba e lebeletse kateng.
Liphello tse Mpe tsa Bolutu
Ba bang ba batla ho balehela bolutu ka ho itahlela ka setotsoana tšebetsong e matla. Ba bang ba fetohile makhoba a mosebetsi hobane feela ba ne ba sa tsebe seo ba ka se etsang ka nako ea bona ha ba se ofising. Ba bang ba leka ho felisa bolutu ka ho sebelisa hampe lino tse tahang kapa ba batle ho susumetsa maikutlo ka ho leka ho sebelisa lithethefatsi. Ha lipontšo tsa tsona li felile, likhalala tse ngata tse phelang bophelo bo phathahaneng ba boithabiso li sebetsana le boikutlo ba ho hloka morero ka ho sebelisa lithethefatsi tse kang cocaine. Bolutu bo ’nile ba khetholloa e le le leng la mabaka a etsang hore palo ea bo-’mè ba sa nyaloang e ’ne e eketsehe, bao boholo ba bona ho ka etsahalang hore ba ne ba nahana hore lesea le tla khotsofatsa bophelo ba bona bo se nang morero.
Bolutu bo bile bo amahanngoa le tlōlo ea molao e ntseng e hōla. Makasine oa Time o hlokometse hore bacha ba bangata ba tlohela sekolo ha ba le lilemo li 16 ’me ha ho na ntho eo ba ka e etsang le hore batho ba sa sebetseng ba Europe Bophirimela, ha ba bapisoa le lithaka tsa bona tse sebetsang, “ba na le monyetla o moholoanyane oa hore ba ipolaee, ba bulehetsoe ke hore ba sebelise lithethefatsi hampe haholoanyane, ba na le tšekamelo e khōloanyane ea ho emarela matšehong ’me ba na le tšekamelo ea ho tlōla molao.” Sena se bonahala se boela se tiisa maele a khale a hore “Satane o ntse a fumanela matsoho a botsoa ntho e mpe eo a ka e etsang.”—Bapisa le Ba-Efese 4:28.