Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 2/8 maq. 23-24
  • Na Ke Tharollo e Bonolo Bakeng sa Bolutu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ke Tharollo e Bonolo Bakeng sa Bolutu?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lisosa tsa Motheo tsa Bolutu
  • Ho Fokotsa Bolutu—Joang?
  • Na Bophelo ba Hao bo Jesa Bolutu? U ka bo Fetola!
    Tsoha!—1995
  • Na ho Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng ho Tla Qetella ho Tena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • U ka Fumana Boithabiso—Bo Khathollang
    Tsoha!—1997
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 2/8 maq. 23-24

Na Ke Tharollo e Bonolo Bakeng sa Bolutu?

HO LOKISETSA boithabiso bo sa feleng bakeng sa batho bana ba limilione ba jeoang ke bolutu ke khoebo e khōlō. Linako tse sa tloaelehang tsa phomolo, thepa ea elektronike e rarahaneng haholo, mesebetsi ea ho itlosa bolutu e tsoetseng pele kaofela li sebeletsa ho fetisa nako ea batho bana ba jeoang ke bolutu. Leha ho le joalo, bolutu e ntse e le bothata bo boholo. Esita leha ba le phomolong, batho ba matsatsing a phomolo ba jeoang ke bolutu ba hloka lintho tse ka ba etsang hore ba lule ba thabile. ’Me batho ba bangata ba khothaletseng ho matha ba utloa eka ho na le ntho ea bohlokoa e haellang ha ba se na seea-le-moea se jaroang pel’a bona.

Ha ho pelaelo hore boithabiso, bo kang ho shebella thelevishene, bo hlahisa thabo ’me bo felisa bolutu, empa ka nako e kae? Ho ba bang ho joaloka sethethefatsi se lemaletsoeng. Nakong e latelang, ho hlokahala ntho e khōloanyane e susumetsang le thabo e eketsehileng—ho seng joalo boikutlo bo tepeletsang ba hore motho o se a kile a e bona boa tota. Ho e-na le ho ba tharollo, boithabiso bo joalo bo ka qetella e le le leng la mabaka a tlatsetsang ho jeoeng ke bolutu.

TV ka boeona, ha e bake bolutu, empa ho shebella thelevishene ka ho feteletseng le hona ho ke ke ha felisa bolutu. Ho sa le joalo, ho hobe le ho feta ke hore ha u qeta nako e ngata haholoanyane u shebeletse TV, u ka arohanngoa haholoanyane le boemo ba sebele bophelong. Hangata taba ena e etsahala ho bana. Phuputsong e ’ngoe eo ho eona bana ba lilemo tse ’nè le tse hlano ba ileng ba botsoa hore na ba ka rata ho lahla TV kapa ntat’a bona, karolo ea bona ea a le mong ho ba bararo e ile ea etsa qeto ea hore bophelo bo ne bo ka theosetsa haholoanyane ntle le ntate!

Ho khotsofatsa takatso e ’ngoe le e ’ngoe le hona hase tharollo. Motlatsi oa moeta-pele oa mokha oa Social Democratic ka palamenteng ea Jeremane o hlokometse hore hona joale bacha ba bangata ba “hōlisoa nakong ea katleho linthong tse bonahalang, ba na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea ho bapala, nako le nako baa phomola, ba fumana feshene e ’ngoe le e ’ngoe e ncha.” Na ho na le ntho leha e le efe eo ba ntseng ba ka ithabisa ka eona? Ho ka etsahala hore ebe batsoali ba botsoalle ba nehang bana ba bona thepa e ngata e rarahaneng ea elektronike ka sebele ba ba betlela tsela ea hore e tle e be batho ba baholo ba hlasetsoeng ke bolutu bo sa khaotseng.

Lisosa tsa Motheo tsa Bolutu

Ho balehela bolutu ka ho feletseng ke pakane eo eseng ea sebele. Lefatšeng lena, le ka mohla bophelo bo ke ke ba tsoela pele e le bo thabisang le bo nyakallisang feela. Ho ka etsahala hore tebello e joalo eo eseng ea sebele e bake ho se khotsofale ho sa hlokahaleng. Ka nako e tšoanang, ho na le mabaka a tobileng a mpefatsang litaba.

Ka mohlala, kajeno malapa a mangata le ho feta aa qhalana. Na ho ka etsahala hore ebe ’mè le ntate ba tšoarehile haholo ka boithabiso ba bona hoo ba seng ba sa qete nako e lekaneng ba e-na le bana ba bona? Hase ho makatsang ha bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 ba ipatlela litsela tsa bona tsa ho ithabisa ka ho ea disco, libakeng tseo ho bapaloang lipapali tsa livideo, litsing tsa mabenkele, le tse ling tse joalo. Ka lebaka leo, malapeng a mangata ho intša ka lelapa le mesebetsi e meng e kopanetsoeng li fetohile lintho tsa nako e fetileng.

Ho ntse ho le joalo, ba bang ha baa khotsofalla bophelo ba bona bo tenang hoo ba fetohang pulumo-ea-seema-nosi ba sa hlokomele, ba iketsetsa se ba thabisang, ba sa hopole motho leha e le ofe. ’Me ha ba ntse ba ikarola haholoanyane, ba nahana ka tšepo ea lefeela ea ho finyella se ka bitsoang ho ikhotsofatsa ha motho ka boeena. Empa ho hang litaba ha li be joalo. Etsoe, motho ke motho ka batho ba bang. Re hloka botsoalle le puisano. Ka hona, ke ntho e ke keng ea qojoa hore batho ba itšehlang thajana ’me ba ikarola ba eketsa bolutu, ka ho se tsebe ba etsa hore bophelo e be bo tepeletsang ho bona hammoho le ho batho ba ba potolohileng.

Leha ho le joalo, bothata bona bo batla bo tebile haholoanyane, joalokaha rafilosofi oa Lefora oa lekholong la bo17 la lilemo, Blaise Pascal, ka ho toba a hlokometse: “Ho tepella ho [hlaha] botebong ba pelo moo e nang le metso ea eona ea tlhaho ’me e [tlatsa] kelello ka chefu ea eona.” Ke ’nete hakaakang!

Hafeela pelo e tletse lipelaelo tse supang liphoso mabapi le morero oa bophelo, bolutu bo tlamehile ho lula bo le teng. Ho hlokahala hore motho a kholisehe ho tloha botebong ba pelo hore bophelo ba hae bo na le morero. Leha ho le joalo, ke joang motho leha e le ofe a ka talimang bophelo ka pono e nepahetseng ha a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha a le teng, a se na lipakane, a se na tšepo e thehiloeng mabakeng a utloahalang bakeng sa nako e tlang?

Ke mona moo ho phahamang lipotso tsa mantlha: Morero oa bophelo ke eng? Ke hobane’ng ha ke le teng? Ke ea hokae? Dr. Viktor Frankl o hlokometse: “Ho phehella ho fumana morero bophelong ba hao ke tšusumetso e khōlō ho motho.” Leha ho le joalo, morero o joalo o ka fumanoa hokae? Ke hokae moo lipotso tsee li ka arabeloang ka tsela e khotsofatsang?

Ho Fokotsa Bolutu—Joang?

Buka ea khale ho feta tsohle e fana ka tlhahiso-leseling lipotsong tse joalo tsa mantlha. Seroki sa Lejeremane sa lekholong la bo19 la lilemo, Heinrich Heine se itse: “Tlhahiso-leseling eo ke nang le eona e itsoela feela ho baleng buka.” Buka efe? Bibele. Ka ho tšoanang, Charles Dickens o itse: “Ke buka e molemo ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng kapa e tla ’ne e be teng lefatšeng, hobane e u ruta lithuto tse molemohali tseo ka tsona sebōpuoa leha e le sefe se motho . . . se ka tataisoang.”

Ha ho na pelaelo mabapi le seo. Bibele ke tataiso e tšepahalang ho lebisa bophelong bo nang le morero. Ho tloha qalong ho ea qetellong, e bontša ka ho hlaka hore Molimo o nehile motho mosebetsi oo a lokelang ho o etsa. Motho o ne a lokela ho hlokomela lefatše, a le etse botle, a lebele liphoofolo ka lerato, ’me ka holim’a tsohle, a rorise ’Mōpi, Jehova. Ona ke mosebetsi o mongata, o neng o se na ho siela motho monyetla oa ho jeoa ke bolutu! Bakreste ba mafolo-folo ba limilione ba fumane hore ho tšehetsa lehlakore la Molimo tsekong, ho inehela ho eena ka ho feletseng, ka sebele ho eketsa morero bophelong ebile ho thibela bolutu.

Bolutu bona bo jeleng setsi e ka ’na eaba ke taba e itlhahelang morao tjena—ho bonahala lipuo tse ngata tsa boholo-holo li se na lentsoe le tšoanang le lona. Ho ntse ho le joalo, Bibele, ho kopanyeletsa le ho re bontša morero bophelong, e na le litlhahiso tse sebetsang bakeng sa ho loantša bolutu. Ka mohlala, e bolela hore ‘motho ea ikhethang ho ba bang, . . . khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.’ (Liproverbia 18:1) Ka mantsoe a mang, se ke ua ba pulumo-ea-seema-nosi!

Ka tlhaho motho o rata ho ba le botsoalle. Ho hlokahala hore a be le likamano le batho ba bang, ’me o na le tlhoko ea botsoalle eo a tsoetsoeng le eona. Ho khina takatso ena e tloaelehileng ea ho kopana le batho ba bang—ho ba ea mong, ho ba moshebelli feela tjee—hase bohlale. Ka ho tšoanang, ho lekanyetsa likamano tsa rōna tsa botho hore e be tse sa tebang ho tšoana le ho hlokomoloha bohlale bohle bo sebetsang.

Ka ho hlakileng, ho bonolo haholoanyane ho shebella li-movie motho a lutse feela kapa ho lekanyetsa puisano ea rōna ka ho kenya boitsebiso bo itseng ho computer. Ho ikamahanya le batho ba bang ke phephetso e khōlō. Leha ho le joalo, ho ba le ntho ea bohlokoa eo u ka e buang le ho arolelana likhopolo le maikutlo le ba bang hoa putsa ebile ho siea sebaka se senyenyane sa bolutu.—Liketso 20:35.

Salomone, eo e neng e le mohlokomeli ea chesehang oa sebōpeho sa motho, o ile a buella taba ena e matla: “Ho molemo ho khotsofatsoa ke se ka pel’a mahlo a hao ho feta ho laoloa ke takatso.” (Moeklesia 6:9, The New English Bible) Ka mantsoe a mang, leka ho fumana khotsofalo le molemo ka ho feletseng maemong a hao a hona joale. Ameha haholo ka seo u se bonang hona joale. Seo se molemo ho feta hore u laba-labele ho balehela boemo ba sebele kapa ‘u laoloe ke takatso,’ joalokaha Salomone a boletse.

Matsatsi a raliloeng hantle, lipakane tse tobileng, le takatso e tiileng ea ho tsoela pele ho ithuta le tsona li tla u thusa ho hlōla bolutu. Ka sebele, esita le ka mor’a ho tlohela mosebetsi, motho o ntse a ka ’na a finyella lintho tse ngata. E mong oa Lipaki tsa Jehova Lihleke-hlekeng tsa Baleares, monna ea seng a behile meja fatše ea lilemong tsa bo-70, o ithuta Sejeremane ka cheseho. Pakane ea hae ke efe? O batla ho bua ka Lentsoe la Molimo ho baeti ba bangata ba jeoang ke bolutu ba tsoang Jeremane. Ka sebele bolutu hase bothata ho eena!

Qetellong, ho thoe’ng ka ho etsa ntho e itseng ka matsoho a hao? Ke hobane’ng ha u sa fumane litsebo ka mesebetsi e itseng ea matsoho, ho penta, kapa ho bapala seletsa se itseng sa ’mino? Boikutlo ba ho itšepa boa hōla ha ho e-na le boikutlo ba ho finyella se itseng. Ke hobane’ng ha u sa nahane ka ho hlobola kobo ’me u etse tsoho la monna ka lapeng? Ho na le lintho tse ngata tse nyenyane tseo ka tloaelo li hlokang ho lokisoa lelapeng leha e le lefe. Ho e-na le ho nahanisisa ka bophelo ba hao bo jesang bolutu, iketse hore u fumanehe, etsa mosebetsi o nang le morero lapeng, e-ba le tsebo mosebetsing o itseng. U tla putsoa.—Liproverbia 22:29.

Ho feta moo, Bibele e re eletsa hore re sebetse ka moea oohle morerong leha e le ofe oo re ka o etsang. (Ba-Kolosse 3:23) Ka ho hlakileng seo se bolela ho itahlela ka setotsoana, hore ka sebele re thahaselle seo re se etsang. E ka ’na ea e-ba habohlokoa ho hopola hore lentsoe la Senyesemane “interest [thahasello],” le tsoa lentsoeng la Selatine interesse, leo ha e le hantle le bolelang “ho ba lipakeng, kapa har’a,” ka mantsoe a mang ho tšoareha ka ho feletseng mosebetsing o etsoang. Seo se tla o etsa o thahasellisang.

Keletso ena eohle e molemo e ngotsoeng lilemong tse ngata tse fetileng, haeba e sebelisoa, e tla etsa phapang ea bohlokoahali ho batho ba hlaseloang ke khatello ea maikutlo nakong ea phomolo. Ka hona, tšoareha ka ho feletseng nthong eo u e etsang. Ikamahanye le batho ba bang. Etsetsa ba bang lintho. Tsoela pele ho ithuta. Buisana le ba bang ka bolokolohi. Fumana morero oa sebele oa bophelo. Ka ho etsa sena sohle, u ke ke ua ba le tšekamelo ea ho sisimoha ka hore: ‘Ke hobane’ng ha bophelo bo jesa bolutu hakaale?’

[Lebokose le leqepheng la 24]

Kamoo Bolutu bo ka Hlōloang

1. Se ke ua lumella hore ho iqapela lintho ka bouena ho fokolisoe ke boithabiso bo seng bo ntse bo entsoe. E-ba ea hloaeang ha ho tluoa tabeng ea litšitiso le boithabiso.

2. Ikamahanye le batho.

3. Tsoela pele ho ithuta. E-ba le lipakane tsa botho.

4. Iqapele lintho. Etsa ho hong ka matsoho a hao.

5. Ka holim’a tsohle, e-ba le morero bophelong. Kenya Molimo ho seo u se nahanang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela