Reisi—U Thabela e Fubelitsoeng Kapa e Tala?
KA MONGOLLI OA TSOHA! INDIA
‘U JA reisi e fubelitsoeng kapa e tala?’ Eo ke potso eo u ka ’nang ua e botsoa ha u le moeti lelapeng la Moindia. India hoo e ka bang karolo ea 60 lekholong ea reisi e jeoang, ke e fubelitsoeng (e belisitsoeng hanyenyane). Empa ho tseba hore lichabeng tsa ka Bophirimela, hoo e ka bang e mong le e mong o ja seo Maindia a se bitsang reisi e tala, ho ka ’na ha u makatsa!
Sena sohle se ka ’na sa se ke sa utloahala se makatsa hakaalo ha u hlokomela hore re bua ka mokhoa oo Maindia a o sebelisang ha a lokisa litlhaku tsa reisi ha e ntse e kotuloa, eseng oa ho e apeha. Kahoo, ho etsoa eng tokisong e joalo, hona hobane’ng? Ho shebisisa reisi le ho lokisoa ha eona e le tlhaku ea lijo ho tla fana ka likarabo tse behang leseling.
Sejalo Seo Limilione li se Lemang Haholo
Se fumanoang ho litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale le litlalehong tsa boholo-holo se bontša hore India le Chaena reisi e ile ea lengoa morao koana seketeng sa boraro sa lilemo B.C.E. Baahi ba boholo-holo ba India ba ne ba e bitsa dhanya, kapa “mofepi oa moloko oa batho.” E sa ntse e le lebitso le loketseng hobane batho ba eketsehileng ba phela ka reisi ho feta sejalo leha e le sefe se seng se jeoang. Bongata ba batho bana bo phela Asia, moo, ho latela mohloli o mong, batho ba fetang limilione tse 600 ba fumanang halofo ea lik’hilojoule tsa lijo tsa letsatsi le letsatsi reising feela, le moo karolo e ka holimo ho ea 90 lekholong ea reisi ea lefatše e hlahisoang teng le ho jeoa.
Molomong oa Ganges, moo ho chesang ho bileng ho leng mongobo ke se seng sa libaka tse etellang pele tlhahisong ea reisi lefatšeng. Pula e ngata le mocheso, haesita le basebetsi ba bangata, li etsa hore sebaka sena e be se loketseng bakeng sa ho lema reisi. A re amoheleng memo ea metsoalle e lulang motsaneng oa sebaka sena ’me re bone ka mahlo ha reisi e kotuloa le ho lokisoa.
Ho Kotula Liqoapi
Bese ea rōna e re isa Jaidercote, Bengal Bophirimela, ’me re tsoela pele ka leeto la rōna ho kenella hare ka baesekele e mabili a mararo. Kapele re bona mosebetsi o etsoang ka mahlaha-hlaha masimong. Ha re bone mechine e kotulang le ho pola le ho hloekisa litlhaku mona! Ho e-na le hoo, bo-ntate, bara, bo-rangoane, le bara ba motho ba phathahane ka har’a liqoapi tsa reisi, ka mafolo-folo ba hela mahlaka a tletseng letsoho ka nako ka lisekele tse nyenyane. E mong oa bakotuli, ha a hlokomela k’hamera ea rōna, o potlakela ho qeta ho tlama ngata ea hae ka thapo ea seteroi ’me o e phahamisetsa holimo ka tsela ea ho itokisetsa ho nka foto. Re qaboloa ke kamoo batho ba metsaneng ba seng ba khona ho hlokomela hore ba nkoa lifoto.
Mangata a anehoa letsatsing ka nako e etsang letsatsi kapa a mabeli hore a ome. Joale bana ba banyenyane lapeng leo ba ka thusa ka ho isa libale tse nyenyane tsa mangata a ommeng a ntseng a hoasa a tsitsisitsoe lihloohong tsa bona ka bohlale.
Qetellong re ile ra fihla motsaneng. “U phela joang, Dada?” re lumelisa ea re amohetseng, re sebelisa polelo e bontšang tlhompho. Pososelo ea hae e re kholisa hore tsohle li tsamaea hantle, ’me re bona mosali oa hae a tsamaea ka potlako a il’o etsa tee.
Ha re ntse re noa tee ea rōna ea hoseng, re botsa hore na kotulo ea selemo seo e bile joang. O araba ka tsela ea sehoai ea sebele ea ho laola maikutlo a sona o re: “E ne e se mpe hakaalo,” empa joale o lla ka hore ka lebaka la ho sebelisa lipeō tse eketsang chai lilemong tsa morao tjena, matsoai a lefatše aa feela. Pele ba ne ba hlahisa ho neng ho bonahala eka ke lijalo tsa mohlolo, empa hona joale boemo bo fapane haholo. Menontša ea lik’hemik’hale e hlokahalang bakeng sa lipeō tse eketsang chai e bitsa chelete e ngata, ’me ha a khone ho e reka.
Ho Pola le ho Fubetsa
Ha re ntse re qetela lijo tse bobebe, re phehella lelapa lena hore le tsoele pele ka mosebetsi oa lona oa ho kotula, oo re tlil’o o bona. Lelapeng lena ho se ho potsoe. Ho ella tlaasenyana tseleng, lelapeng la boahisani, basali ba maphatha-phathe. Ba pola mangata ka bonngoe holim’a mohaoloana oa leqala ’me ba etsa hore litlhaku li kene le mapetsong. Seteroi se setseng se etsoa qubu.
Reisi e sa hloekisoang, eo hape e bitsoang liqoapi, e koahetsoe ke litlhoka tse mahoashe, tse sa sileheng habonolo ka maleng. Kahoo ho ba thabelang reisi e tala, mohato oa ho qetela ke ho tlosa litlhoka, ’me mohlomong le ho e hloekisa ho se hokae le ho tlosa lerōle le phoofo haeba sehlahisoa sena se etsetsoa ’maraka oa melata e hlokolosi haholo.
Leha ho le joalo, mona se kotuloang ha se romeloe kantle ho naha empa se tla jeoa ke malapa a lihoai ka booona. Ba bokella litlhaku ka har’a tikri, kapa moliko o moholo o ruletsoeng. Batho ba molomong oa Ganges ka kakaretso ba ja reisi e fubelitsoeng, empa ka bonolo feela re soasoa le ea re amohetseng ka ho etsa tlhahiso ea hore a etse reisi e tala selemong sena.
Oa arabela: “Le hanyenyane. Sebakeng sena re tloaetse reisi e fubelitsoeng ’me ehlile ha re thabele e tala.”
Re ile ra utloa hore reisi e fubelitsoeng e etsoa ka ho e inela le ho e fubetsa, empa ha rea tiiseha hore na sena se etsoa joang. Re thabile hobane motsoalle oa rōna o ithaopela ho re bontša mokhoa oo lelapa la hae le o sebelisang. Ha ho hlokahale lisebelisoa tse khethehileng hobane ho etsoa e nyenyane feela lekhetlo ka leng ho khahlametsa litlhoko tsa lelapa tsa beke e le ’ngoe kapa tse peli. Ba tlatsa hanri e khōlō, kapa pitsa e khōlō ka litlhaku tse koahetsoeng ke litlhoka tse behiloeng ka har’a tikri ebe joale ba tšela metsi a ka etsang lithara e le ’ngoe. E futhumatsoa ka mollo o seng bohale oa setofo se besitsoeng ka seteroi, se bitsoang oonoon, ho fihlela metsi a e-cha. Joale e robatsoa e inetsoe ka faking ea metsi a hloekileng, ’me ka mor’a hore e sefshoe, e busetsoa ka har’a hanri hore e bele ho fihlela e omme hape. Qetellong, litlhaku tsena li anehoa fatše hore letsatsi le li thatafatse, nako le nako li ntse li fetoloa ka leoto.
Ho rōna sena se ile sa bonahala e le mosebetsi o mongata o sa hlokahaleng, empa mokhoa ona o na le melemo ntle le ho lumellana le seo lelapa le se thabelang. Ho fubetsa ho etsa hore livithamine le limatlafatsi tse itseng tse leng tlhakung ea reise li monyele ka ho teba pelong, kapa karolong ea lijo, ea qoapi. Joale ha li tsoe habonolo nakong eo e hlatsuoang le ho apehoa. Phello e ba lijo tse matlafatsang haholoanyane. Molemo ona o mong oa lijo tsena ka sebele e ka ba taba ea bophelo le lefu ho ba phelang ka reisi e le sejo sa bona se ka sehloohong.
Molemo o mong oo ntle ho tika-tiko o ananeloang ke lihoai ka botsona ke hore litlhaku tse fubelitsoeng li bolokeha habonolo haholoanyane ’me ho bonolo haholoanyane ho tlosa litlhoka. Seo, hammoho le ho ba thata haholoanyane, se etsa hore e se thuehe ka bongata.
Tatso ea Tlhaku
Ea re amohetseng o re: “Joale ke nako e ’ngoe ea tee le lijo tse bobebe.” Re khutlela ha hae moo Dida (Nkhono) a etsang moori. Reisi ena e kokomohileng e sa tsoa etsoa e ratoa haholo ke bohle, haholo-holo bana. Dida o kokometse pel’a oonoon, o halika likopi tse seng kae tsa reisi e fubelitsoeng e se nang litšifa eo a ileng a e kolobisa pele ’me a e tšela ka letsoai le seng lekae. Hona joale litlhaku tsena li omme ’me ha li tšoarane e le hore lekhetlo ka leng a ka fafatsa tse seng kae ka lepaneng la tšepe le nang le lehlabathe le chesang. Ha a ntse a futhumatsa lehlabathe ka ho eketsehileng, reisi e ntse e kokomoha hoo e fetang hōle boholo ba eona bo tloaelehileng. Moori o seng o lokile o okoloa lehlabatheng ka potlako ka lithupa pele o e-cha. Lithupa tsena li boetse li sebelisoa bakeng sa ho shapa matsohonyana a laba-labelang ho kena ka basketeng ea moori o chesang.
Re ja moori ea rōna ka kokonate e qetang ho khuoa, empa re hlokolosi hore re se ke ra ja haholo kaha rea hopola hore re se re tla ja lijo tsa motšehare.
Mohato oa ho qetela oa ho e lokisa oo re lokelang ho o bona ke oa ho tlosa litlhoka. Hase khale haholo ha sena se ne se etsoa ka tšiloana ea leoto le motulo o bitsoang dhenki, empa hona joale, esita le libakeng tse hōle, mechine e tlosang litlhoka e etsa mosebetsi ka potlako e khōloanyane. Phetoho ena e belaetsa ba bang ba hōlileng, kaha reisi eo litlhoka tsa eona li tlosoang ka dhenki ha e tlose boholo ba letlalo le lefubelu le ka hare la tlhaku (pepe), le etsang hore lijo li be le tatso ea tlhaho le limatlafatsi tse eketsehileng. Empa, mochine o tlosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe—tlhoka, tšemilisi, le boholo ba lefi—e siea feela pelo e tšoeu, e nang le setache e lelekisoang haholo kajeno.
Joale basali ba lakatsa hore re je lijo tse monate tseo ba neng ba ntse ba li lokisa. Ba apehile reisi e fubelitsoeng ka ho e belisa, ’me hona joale ho tšeloa e ngata lipoleiting tsa lekhasi la sefate sa banana e ntse e kubella. Joale ho latela lensisi, meroho ea sebaka seo, le tlhapi ea letamong e le hore ho ka jelelloa reisi ka tsona. Kaofela ha rōna rea lumela hore ena ke e ’ngoe ea likarolo tse thabisang ka ho fetisisa tsa ketelo ea rōna.
E, ho sa tsotellehe hore e jeoa e fubelitsoe kapa e sa fubetsoa, reisi ke tokisetso e monate, mofuta o mong oa joang bo botala oo Molimo a entseng hore o mele e le ‘semela se lokelang batho.’—Pesaleme ea 104:14.
[Lebokose le leqepheng la 18]
Jhal Moori
Likarolong tse ngata tsa India, lijo tse bobebe tsa reisi e kokomohileng li rekisoa literateng ke barekisi ba apereng liaparo tse mebala e hohelang. Jhal moori e hlabosang le e matlafatsang e ka etsoa habonolo ’me e fapane le lijo tse bobebe tse ka lipaketeng.
U ka qala ka kopi e tletseng reisi e kokomohileng e sa natefisoang, e phurehang, o nyanyatse ka tse latelang, hore ho be le tatso eo u e thabelang: litamati tse khabetsoeng hasesaane, eiee, komkomere, pepere e tala e babang (u ka ikhethela), makotomane a seng makae, chick-peas (u ka ikhethela), chaat masala (motsoako oa linōko tse phoofo, tse fumanehang mabenkeleng a India) kapa letsoai le seng lekae le pepere, halofo ea khaba ea tee ea oli ea mosetareta kapa oli e ’ngoe ea salate. Kopanya metsoako ena hammoho ka ho fuluha ka matla ’me u je hang-hang.
Kaha litatso tsa batho ha li tšoane, morekisi oa moori o lumella motho ea e jang hore a khethe mefuteng ea hae e mengata e sa tšoaneng ea meroho e khabetsoeng le linōkong hore ho tšeloe eng hona ka tekanyo e kae. U ka tšela metsoako lijaneng tse nyenyane tse sa tšoaneng, e le hore baeti ba hao ba ka iketsetsa moori ea bona.
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
(1) Ho pola mahlaka a reisi (2) Ho ōlōsa (3) Dida o etsa “moori” (4) Basekete ea “moori” e na le metsoako e sa tšoaneng