Tloo U Tl’o Bona ’Maraka oa Afrika
E ’NGOE ea litsela tse molemo ka ho fetisisa ea ho ithuta setso, meetlo le lijo tsa batho ba naha e itseng ke ho etela ’marakeng oa moo. Ha u le moo u ka bona tsela eo batho ba teng ba phelang ka eona, ua latsoa lijo tsa bona le ho reka thepa ea bona. U ka boela ua kopana le barekisi ba thahasellisang ba lekang ka hohle ho buisana le uena—ho sa tsotellehe hore na u bua puo efe.
Ho ka ba thata haholo hore motho a fumane limmaraka tse thahasellisang ho feta tsa Afrika. Li phethesela batho ’me li na le lihlahisoa tsa mefuta ena kaofela eo u ka e nahanang. Ha u le moo u tla bona tsela e ikhethang eo batho ba Afrika ba phelang ka eona. Tloo re etele ’marakeng oa Douala, o mona Cameroon.
Ho ea ’Marakeng ka Tsela ea Seafrika
Litoropong tse ngata tse khōlō tsa Afrika, mokhoa o sa bitseng chelete e ngata le o potlakang ka ho fetisisa oa ho ea ’marakeng ke oa ho palama sethuthuthu. Hoo e ka bang k’honeng e ’ngoe le e ’ngoe ea seterata, bakhanni ba lithuthuthu ba thaotha bapalami. Haeba u ikutloa u le sebete, u ka kōpa e mong oa bona hore a u palamise. Naheng ea Cameroon, mokhoa ona ke oona o litefello li tlaase ka ho fetisisa o bileng o potlakang.
Haeba u le motho ea letsoalonyana, ho boetse ho na le litekesi tse ngata. Bapalami ba ’maloa ba atisa ho petetsana ka har’a koloi e le ’ngoe e le hore ba arolelane tefello ea eona.
Litafole Tse Makholo-kholo
Motho ea qalang ho etela ’marakeng oo a ka ’na a hlolloa ke boieane ba batho le litafole tse ngata tse kolokileng literateng. Barekisi ba bangata ho akarelletsa le bana, ba roetse lintho tseo ba li rekisang. Ha u shebisisa hantle u tla fumana hore ka har’a libaskete tsa bona ho na le likhoho tse phelang, lilamunu tse ebotsoeng le meriana har’a tse ling.
Litafoleng tsa mapolanka tse makholo-kholo ho behiloe lihlahisoa tse kang lik’habeche, lihoete, likomkomere, li-eggplant, mokopu, linaoa, lipatata, litamati, yam, le mefuta e fapaneng ea lethise. Baeti ba tsoang lik’honthinenteng tse ling ba ka ’na ba se ke ba tseba lihlahisoa tse ling, kaha ke lintho tse ratoang ke batho ba moo, ’me ha lia tloaeleha libakeng tse ling tseo e seng tsa Afrika. Mohlomong litafole tse mebala e khanyang ka ho fetisisa ke tseo ho tsona ho rekisoang pepere e khubelu le e tšehla, e foreshe hoo e phatsimang ha e otloa ke letsatsi la hoseng. Litafoleng tse ngata ho na le li-avocado, libanana, li-grapefruit, mahapu, liphaenapole, lilamunu le lisirilamunu. Lia khalisa ’me li theko e tlaase! Lijo tse tloaelehileng tsa moo—e leng yam, cassava le raese—le tsona li teng ka bongata, hammoho le hanyanese le konofolo tse tsoang linaheng tse ling.
Ho e ’ngoe ea limmaraka tsa Douala, barekisi ba bangata ke ba morabe oa Mahausa le oa Mafula. Barekisi bana ba ikhetha ho ba bang ka liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo tse atisang ho ba ’mala o moputsoa, o mosoeu kapa o mosehla tse bitsoang li-gandoura kapa li-boubou le ka tsela e botsoalle eo ba lumelisang ka eona ka Sefulfulde. Ka ’marakeng, batho ba iketlile. Ha re ntse re le moo, morekisi e mong ea bitsoang Ibrahim, o ile a khetha lihanyanese tse tharo tse khōlō eaba o mpha tsona. ’Me a re: “U bolelle mosali oa hao hore a katele raese e tšetsoeng linōko ka har’a tsona ebe o li pheha ka mollo o tlaase.”
Pejana mane ho rekisoa nama ea liphoofolo tse sa tsoa hlajoa—boholo ba eona ke ea khomo le ea pōli. Banna ba linatla ba jara mokhekhetho oa nama ebe ba o lahlela holim’a tafole. Barekisi ba ntseng ba tsoka lithipa tsa bona ka boqhetseke, ba bitsa bareki hore ba tl’o ikhethela nama eo ba e batlang. Ho boetse ho rekisoa lipōli tse phelang, likhoho le lifariki bakeng sa bareki ba ratang ho itlhabela tsona.
Tloo U Tl’o Jella Reschorenteng
Limmarakeng tsa Afrika ho na le libaka tseo ho jelloang ho tsona. Naheng ea Cameroon, litafole tseo ho rekisoang lijo ho tsona li bitsoa lireschorente. Litafoleng tse ling ’mino o letsetsoa holimo e le ho bitsa bareki, empa ho tse ling ho khutsitse ’me motho a ka reka lijo tsa Seafrika le ho kopana le batho ba moo. Lijo tse rekisoang li ka ’na tsa ngoloa botong, ’me mang kapa mang ea sa tloaelang lijo tsa moo a ka ’na a hloka motho ea mo hlalosetsang.
Lijo tse peli tsa motheo ke raese le fufu, e leng cassava e kopantsoeng le tholoana e kang banana, kapa yam. U ka boela ua reka tlhapi e besitsoeng, nama ea khomo le ea khoho e tsamaeang le sopho e entsoeng ka okra, peanut butter, kapa litamati. Batho ba iketlile lireschorenteng tsena, e leng se ba fang ka nako e ngata ea ho qoqa.
Basali ba babeli ba sebetsang moo ba re tlisetsa lijo. E mong o tla a nkile terei e khōlō e behileng lipoleiti tse tletseng raese e kubellang, linaoa le fufu. Lijo tsena li natefisoa ka sopho ea okra ’me li tšeloa nama le tlhapi. Ho boetse ho na le sekotloloana se tšetseng sopho ea chilisi e khubelu bakeng batho ba ratang lijo tse babang haholo. E mong o tla le thaole le beisine ea metsi e le hore re hlape matsoho. Sena ke sa bohlokoa kaha ka tloaelo lijo tsa mona li jeoa ka letsoho. Hase mohlolo ho bona moreki e mong a rapela pele a ja ebe batho ba lutseng tafoleng e pel’a hae ba mo tlatsa ka ho re “Amen.”
Ho Buisana le ba Bang ka Litaba Tse Molemo ’Marakeng
Ka nako e telele limmaraka li ’nile tsa phetha karolo ea bohlokoa mekhoeng ea bophelo ea lichaba tse ngata. Ha li thuse batho feela ho reka le ho rekisa empa li boetse li ba thusa hore ba buisane, ba kopane le metsoalle le hore ba fumane mosebetsi. Bibele e re Jesu o ne a etela limmarakeng moo a neng a ruta batho ka Molimo le ho folisa ba kulang. Moapostola Pauluse le eena o ne a behelana mabaka le “ba neng ba e-ba teng ’marakeng.” (Liketso 17:16, 17; Mareka 6:56) Ka ho tšoanang kajeno, Lipaki Tsa Jehova tsa Cameroon li hlokometse hore ’maraka ke sebaka se setle seo li ka bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho sona.—Se nehetsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Lipepere tse mebala-bala