Setopo se Bolokehileng Hantle se Tsoang Serameng
KA MONGOLLI OA TSOHA! ITALY
Ha u se re heli! se ne se bonahala eka ke pono ea moo ho etsahetseng bokebekoa. Setopo se omeletseng se oele ka sefahleho ’me halofo ea sona e tšoasehile leqhoeng. Na ke lefu le etsahetseng ka kotsi? Na ke polao ea boiphetetso? Kapa e mpa e le e mong feela oa ba shoang ba e-hloa lithaba? Leha ho le joalo, o ne a etsa’ng moo lithabeng tse khutsitseng tsa Alps tsa Tirol tse limithara tse 3 200 ka holimo ho bophahamo ba leoatle? E ne e le mang? O shoele joang?
“RALEQHOA,” ka-moo a ileng a phakisa a bitsoa kateng, kapa Homo tyrolensis, joalokaha bo-rasaense ba ’mitsa joalo, o ile a fumanoa ka kotsi ka September 1991 ke banyalani ba Majeremane ba neng ba hloa Thaba ea Similaun (lithabeng tsa Alps tsa Ötztaler) moeling oa Austria le Italy. Lehlabula le chesang ka ho khethehileng selemong seo le ile la qhibilihisa boholo ba lehloa, ’me la utolla mesaletsa eo mohlomong e neng e tla lula e patehile—ke mang ea tsebang hore na e ne e tla pateha nako e kae? Ka mor’a hore bafuputsi ba tlose ho tsila-tsila ka hore na ba fumane’ng, setopo se ile sa chekoa hampe feela sa ntšoa leqhoeng, ’me se ile sa lemala nakong eo se ntšoang. Leha ho le joalo, kapele-pele ho ile ha hlaka hore e ne e le setopo se sa tloaelehang. Haufi le sona ho ne ho na le lintho tse ’maloa tse fapaneng haholo le tseo hangata li sebelisoang ke batho ba mehleng ea joale ba nkang maeto a boikhathollo ba leng sebete sa ho fihla bophahamong bo bokaalo.
Ba bang ba ile ba hlokomela hore setopo sena e ne e le sa khale haholo. Ka mor’a liteko tsa pele, Konrad Spindler oa Univesithi ea Innsbruck, Austria, o ile a bua polelo e makatsang—hore setopo se omeletseng se fumanoeng Thabeng ea Similaun se ne se na li lilemo tse likete tse ’maloa! Ho phaella moo tlhahlobo le phuputso moo setopo se fumanoeng teng li entse hore bafuputsi ba fihlele qeto ea hore setopo seo ba neng ba se hlahloba “e ne e le sa motho oa khale ka ho fetisisa ea kileng a fumanoa a ntse a feletse.” (Time, October 26, 1992) Litsebi tsa thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale li lumela hore Raleqhoa, ea rehiloeng lebitso la bosoasoi Ötzi (ho tsoa ho Ötztal, lebitso la Sejeremane la khohlo e haufi le moo), o shoele hoo e ka bang ka 3000 B.C.E.
Hang ha ho hlokomeloa bohlokoa ba se fumanoeng, litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale li ile tsa khutlela ka makhetlo a mangata Thabeng ea Similaun ho batla mesebetsi e meng ea matsoho e ka ba hlahang leseling ho utloisisa se ileng sa hlahela monna eo makholong a lilemo a fetileng. Ke eng seo ba se sibollotseng? Ke hobane’ng ha ho na le thahasello e kaale ho setopo se omeletseng se neng se epetsoe leqhoeng? Na ho ile ha ba bonolo ho fumana sephiri leha e le sefe ka eena?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ötzi, Raleqhoa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto: Archiv Österreichischer Alpenverein/Innsbruck, S.N.S. Pressebild GmbH