Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 5/8 maq. 13-16
  • Makolopetso a Isang Tharollong ea Sephiri sa Raleqhoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Makolopetso a Isang Tharollong ea Sephiri sa Raleqhoa
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Bolokehile Joang?
  • “Lesole la Boholo-holo le Nkileng Sethunya”
  • Ötzi le Batho ba Hahabo
  • Ho Fumana Leseli ka Kelello ea Raleqhoa le Batho ba Hahabo
    Tsoha!—1995
  • Setopo se Bolokehileng Hantle se Tsoang Serameng
    Tsoha!—1995
  • ‘Lithabeng le Tla Rafa Koporo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Tsoha!—1995
g95 5/8 maq. 13-16

Makolopetso a Isang Tharollong ea Sephiri sa Raleqhoa

KA LILEMO tse makholo, Ötzi o ne a phomotse sebakeng se setle. O ne a le limithareng tse 3 200 ka holimo ho bophahamo ba leoatle molatsoaneng o mosesaane, ka mokoting o tletseng lehloa o mo sirelelitseng ho sisinyeheng ha qhoqhoane e haufi. Haeba ’mele oa hae o ile oa hoama ka har’a qhoqhoane e khōlō, o ka be o tsekollohile ka ho feletseng le ho hoholeha. Ho ka etsahala hore tsela eo a neng a robetse ka eona a sireletsehile e ile ea etsa hore a se tsekolohe.

Limithara li se kae thōko ho setopo ho ne ho na le lintho tseo ka ho hlakileng e neng e le karolo ea bophelo ba hae ba letsatsi le letsatsi: seqha se se nang lerapo la ho khoephetsa se entsoeng ka thupa ea yew, khohlopo ea letlalo la letsa e nang le metsu e 14 (e ’meli e loketse ho sebelisoa, e meng e ne e le hona e tla qeteloa), thipa e entsoeng ka lejoe la morema-phofu, selepe, le ntho eo ho nahanoang hore ke mokotlana o jaroang oa boholo-holo, mokotlana oa letlalo, sekotlolo sa lehong, likhechana tsa masela, haesita le lisebelisoa le lintho tse ling.

Ha Monna oa Similaun (le leng la mabitso a hae) a fumanoa, o ne a ntse a apere tse ling tsa liaparo tsa hae le ho roala lieta tsa letlalo tse topetsoeng joang ho mo sireletsa serameng. Haufi le hlooho ea hae ho ne ho na le “moseme.” Joalokaha eka o ile a hlōloa ke mokhathala le serame mantsiboeeng a mang, Raleqhoa o ile a ithoballa ka khotso e le feela hore a tle a “bone” khanya ea letsatsi lilemo tse likete hamorao. Ntho ena ea bohlokoa e sibolotsoeng e ne e fana “ka leselinyana la nako, la sechaba le la batho ba tsoalanang haufi,” kamoo ho bolelang setsebi sa thuto ea ho epolla lintho tsa khale Francesco Fedele, ea hlalositseng Monna oa Similaun e le “polokelo ea boitsebiso ba bohlokoa.”

O Bolokehile Joang?

Hase bohle ba lumellanang ka se entseng hore Ötzi a bolokehe hantle ka nako e telele hakana maemong a joalo. Nature e re: “Ho bolokeha ha hae e batla e le mohlolo, esita leha motho a nahana ka tšireletso eo a bileng le eona mokoting oo a fumanoeng ho oona.” Khopolo eo hona joale e nkoang e le e kholisang ke hore o bolokehile ka lebaka la ho kopana ha “liketsahalo tse tharo tseo ho ka etsahalang hore hase ’nete”: (1) ho omella ka potlako ka tlhaho (ho felloa ke metsi ’meleng) ka lebaka la mohatsela, letsatsi, le moea o chesang, o ommeng; (2) ho koaheloa ka potlako ke lehloa ho ileng ha sireletsa setopo libataneng; le (3) ho sireletsoa qhoqhoaneng e ritsang ka lebaka la ho kena moo se hohlometseng. Leha ho le joalo, ba bang ba fumana tlhaloso ena e sa kholise, ba lumela hore moea o chesang o ommeng o ke ke oa finyella bophahamo bo bokaalo karolong eo ea lithaba tsa Alps.

Leha ho le joalo, lintho tse ling ka Raleqhoa ke ’nete. Ho ile ha ba bonolo ho tiisa hore o ne a le pakeng tsa lilemo tse 25 le 40, hore o ne a le bolelele ba limithara tse 1,6, le hore boima ba hae e ne e batla e le lik’hilograma tse 50. O ne a le mosesaane ’me a le litšika, moriri oa hae o mosootho o ne o hlokometsoe hantle ’me ho bonahala o ne o kutoa kamehla. Liphuputso tsa morao-rao tsa lisampole tsa DNA li tiisitse hore o ne a na le liphatsa tsa lefutso tse tšoanang le tsa baahi ba Europe bohareng le leboea. Meno a hae a kumehileng a senola hore o ne a ja bohobe bo lithōllo, ho fanang ka maikutlo a hore mohlomong o tsoa sechabeng sa balemi, joalokaha ho tiisoa ke lithōllo tsa koro tse fumanoeng liaparong tsa hae. Ka ho thahasellisang, ho bile bonolo ho lekanyetsa hore o shoele ho ea bofelong ba lehlabula kapa qalong ea lehoetla. Joang? Ka mokotlaneng oa hae ho ile ha fumanoa mesaletsa ea mefuta e mengata ea lipurumu tsa naheng tse butsoang ho ea bofelong ba lehlabula; mohlomong, e ne e le karolo ea lijo tsa hae tsa ho qetela.

“Lesole la Boholo-holo le Nkileng Sethunya”

Empa Ötzi o senola eng? Koranta ea Italy Archeo e akaretsa lipotso tse ngata tse ileng tsa botsoa mabapi le ntho ena ea bohlokoa e sibolotsoeng ka tsela ena: “Na e ne le mohlabani kapa setsomi? Na e ne e le motoai-toai o itšehlileng thajana, na o ne a tsamaea le sehlopha sa hae, kapa na ka lehlakoreng le leng o ne a solla lithabeng tseo a na le sehlotšoana sa hae se khethiloeng? . . . Na o ne a le mong, a lika-likelitsoe ke leqhoa leo, kapa na re ka lebella ho fumana litopo tse ling?” Litsebi li lekile ho tiisa likarabo haholo-holo ka ho hlahloba lintho tse fumanoeng Thabeng ea Similaun le ka ho leka ho fumana moelelo oa tsona. Ho fanoe ka likhopolo tse ngata hore na ke hobane’ng ha Ötzi a iphumane a le bophahamong ba limithara tse fetang 3 200, empa khopolo ka ’ngoe e hanyetsana le boitsebiso bo bong. Ha re nahaneng ka mehlala e meng.

Seqha seo ho seng mohla se kileng sa ba le lerapo la ho khoephetsa, le metsu kapele-pele li fana ka maikutlo a hore e ne e le setsomi. Na seo se rarolla sephiri? Mohlomong, empa seqha se ka bang botelele ba limithara tse ka bang 1,8 “se ne se le seholo haholo bakeng sa monna oa seemo sa hae,” kamoo ho bolelang setsebi sa thuto ea ho epolla lintho tsa khale Christopher Bergman, ’me “ka ho tiileng se ne se le seholo haholo bakeng sa ho tsoma liphoofolo tsa lithabeng tsa Alps.” Ke hobane’ng ha a ne a na le seqha seo a neng a ke ke a khona ho se sebelisa? Ho feta moo, ho hlokahala hore motho ea tsamaeang lithabeng a fokotse moroalo ’ohle o mongata, “e leng sona se makatsang ka ho khethehileng hore seqha sa motho enoa le metsu e 12 ho e 14 li ne li e-s’o qetoe, empa libetsa tsa hae tse ling (thipa le selepe) li ne li le nthithi ka lebaka la ho sebelisoa haholo,” kamoo ho hlokometseng Nature.

Ho thoe’ng ka selepe se fumanoeng limithara li se kae pel’a hae? Pele ho ne ho nahanoa hore ke selepe sa bronze, empa liteko li senotse hore ha e le hantle, se ne se entsoe ka koporo. Ka lebaka lena le a mang, litsebi tse ngata tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale li sekametse hore Ötzi o phetse qalong ea nako e bitsoang Mehla ea Koporo, ke hore, lilemo tse likete tse ’nè ho isa ho tse tharo B.C.E. Makasine oa Audubona o re: “Liteko tsa carbon 14 . . . li tiisa hore o phetse mahareng a lilemo tse 4 800 le 5 500 tse fetileng.” Leha ho le joalo, lintho tse ling li qobella litsebi ho nahana hore Raleqhoa ke oa khajana ho feta moo. Ka ho hlakileng, ho thata ho bolela ka ho tobileng hore Monna oa Similaun o phetse nakong e itseng ka ho khethehileng ea tsoelo pele ea boholo-holo. Mabapi le selepe sa koporo, setsebi se seng sa thuto ea ho epolla lintho tsa khale se lumela hore Ötzi “o ne a na le sebetsa sa moetso o tsoetseng pele haholo bakeng sa mehla eo a neng a phela ho eona. Ho ne ho tšoana le hoja re fumane lesole la boholo-holo le nkile sethunya. Ha e le hantle, nakong eo, koporo e ne e tsebahala feela setsong sa Bochabela.”

Ho feta moo, joalokaha re se re bone, mohlomong selepe e ne e le ntho ea bohlokoa haholo har’a lithaka tsa Raleqhoa. Lisebelisoa tse ling tse kang selata sa thipa ea hae, e ne e le tsa boleng bo phahameng haholo ’me ka ho hlakileng e ne e le “lintho tsa botumo.” Empa haeba Ötzi e ne e le motho ea phahameng, ea kang morena, ke hobane’ng ha a ne a le mong nakong eo a shoang ka eona?

Ho latela makasine oa Popular Science, Konrad Spindler, oa Univesithi ea Innsbruck, o ile a hlalosa maikutlo a hae tjena: “Hoo pele ho neng ho nahanoa hore ke matšoao a chesellelitsoeng letlalong ho ne ho le hantle manonyeletsong a senyehileng a mangole le a maqaqailana le masapong a hae a mokokotlo a senyehileng. Mohlomong ngaka ea Raleqhoa e ne e phekola boemo bona ka ho chesa letlalo ka tšepe ka holim’a karolo e opang, ebe joale e sesetsa leqeba ka molora oa litlama.”

Haufinyane litsebi li ile tsa buisana ka khopolo ena sebokeng sa saense ea kamano ea meriana le tšebeliso ea eona Chicago, hore mohlomong Ötzi e ne e le ’malehi ea ileng a tetekoa ’me a shoa ha a ntse a ipatetse ba neng ba mo batla. Ho ile ha fumanoa a na le likhopo tse seng kae tse robehileng le mohlahare o peperaneng. Leha ho le joalo, ho ke ke ha boleloa ka nepo hore na likotsi tsena li etsahetse neng—pele kapa ka mor’a lefu. Haeba e ne e le mohlaseluoa oa pefo, Archeo ea botsa, “ke hobane’ng ha lisebelisoa tsohle tsa hae li ne li ntse li le teng, esita le ‘tsa bohlokoa’” tse kang selepe sa koporo?

Bafuputsi ba bolela hore makolopetso a leng teng ha aa lekana ho fana ka maikutlo a se etsahetseng, ’me lipotso tse ngata li setse li sa arabeloa. Empa ho hlakile hore tsoelo pele ea mehleng ea Ötzi e ne e le ea boleng bo phahameng le e rarahaneng.

Ötzi le Batho ba Hahabo

Ha litsebi li hlalosa batho ba hahabo Monna oa Similaun, li tšehetsa maikutlo a tsona ka se fumanoeng libakeng tsa Alps moo ho nahanoang hore lithaka tsa hae li ne li lula teng. Leha ho le joalo, litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale li re bolella hore libaka tse ling li ne li tsoetse pele ho feta tse ling, le hore mekhoa e mengata e tsoetseng pele haholo theknolojing, joaloka ho sebetsa ka koporo, e qalile Bochabela ho Hare.

Ho latela setsebi sa tsosoloso ea lintho, ho ka etsahala hore ebe Ötzi o ne a phela ho e meng ea metsana ea balemi ea Nōka ea Adige. Nōka ena e ne e le tsela ea bohlokoa ea khoebo e kopanyang Hlohla ea Italy le Europe Bohareng. Ho fumanoe metse e mengata libakeng tse fapaneng karolong eo ea lithaba tsa Alps, esita le bophahamong ba limithara tse 2 000. Metse ea balemi ea mehleng eo e ne e entsoe ka matlo a mararo kapa a mane, kapa mohlomong a seng makae. E ne e le matlo a mofuta ofe? Ho epolla ho senotse feela lebala, leo hangata e leng mobu o katuoeng. Matlo a ne a na le kamore e le ’ngoe, hangata a ne a na le leifo har’a ntlo ’me ka linako tse ling ho ne ho na le onto. Ho ka etsahala hore ebe marulelo a ne a na le sehlōhlōlo, a tšoana le matlo a neng a fumanoa matšeng a lithaba tsa Alps a neng a tšehelitsoe ka lipilara. Ntlo ka ’ngoe ea mokhoro mohlomong e ne e robala lelapa le le leng.

Ho ne ho na le kamano efe mahareng a metse e joalo ea barui ba likhomo le balemi? Ntle ho pelaelo, e ne e le ea khoebo. Ka mohlala, selepe se fumanoeng Thabeng ea Similaun se ne se tšoana le se entsoeng ho elella ka ’ng̀a boroa, mabōpong a Letša la Garda, ’me mohlomong e ne e le mohloli oa litšebelisano tsa khoebo. Har’a lisebelisoa tse ling tsa Ötzi ho ne ho na le majoe a morema-phofu, e leng lintho tsa bohlokoa haholo khoebong ho iphaphatha le tsela ea Phula ea Adige. E meng ea mesebetsi e entseng hore batho ebe bo-hloma-u-hlomolle ebile ho koeba ha liphoofolo. Joalokaha ba ntse ba etsa Tirol kajeno, balisana ba ne ba fetisa mehlape ea bona makhalong a lithaba tsa Alps ho batla makhulo a macha. Ke liqeto life tse ling tse fihletsoeng ka tšimoloho ea Raleqhoa?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka ho se tšepahale ha liteko tsa carbon 14, bona Awake! ea September 22, 1986, maqepheng 21-6, le Life—How Did It Get Here?—By Evolution or by Creation?, leqepheng la 96, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[’Mapa o leqepheng la 14]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Raleqhoa o fumanoe hantle feela moeling oa Italy Qhoqhoaneng ea Similaun

JEREMANE

AUSTRIA

Innsbruck

SWITZER- LAND

SLOVENIA

ITALY

Bolzano

Qhoqhoane ea Similaun

Leoatle la Adriatic

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

X e tšoaea sebaka moo Ötzi a fumanoeng teng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Litšoantšo tse hare: 1. Selepe sa koporo, 2. Thipa ea lejoe la morema-phofu, 3. Seo ho ka etsahalang hore ebe ke thatho, 4. Lenaka le kentsoeng mofeng oa thupa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Fotos 1-4: Archiv Österreichischer Alpenverein/Innsbruck, S.N.S. Pressebild GmbH

Foto: Prof. Dr. Gernot Patzelt/Innsbruck

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela