Bophelo ba ba Limilione bo Eang le Mosi
KE SE seng sa lihlahisoa tse rekisoang ka ho fetisisa lefatšeng. Se na le bareki ba tšepahalang ba bangata-ngata ’me se ntse se e-ba le ’maraka o atolohang ka potlako. Lik’hamphani tsa sona tse thabileng li ithorisa ka liphaello tse khōlōhali, tšusumetso ea sona lipolotiking, le botumo. Bothata bo teng feela ke hore bareki ba sona ba ka sehloohong ba ntse ba e-shoa lenyele-nyele!
The Economist ea hlokomela: “Lisakerete li har’a lihlahisoa tsa lefatše tse rekisoang tse fanang ka phaello ka ho fetisisa. Hape ke tsona feela (tse molaong), tse sebelisoang ka morero oa ho fetola basebelisi ba bangata ba tsona hore e be makhoba, ’me hangata lia ba bolaea.” Sena se bolela liphaello tse khōlōhali ho lik’hamphani tsa koae empa ho bolela tahlehelo e khōlōhali ho bareki ba tsona. Ho ea ka Litsi tsa Taolo le Thibelo ea Mafu tsa United States, bophelo ba litsubi tsa Maamerika bo fokotsoa ka lilemo tse limilione tse hlano selemo ka seng, e leng hoo e ka bang motsotso o le mong o fokotsoang boleleng ba nako ea tsona ea bophelo motsotsong o mong le o mong oo li o qetang li tsuba. Makasine oa Newsweek oa tlaleha: “Ho tsuba ho bolaea Maamerika a 420 000 ka selemo. Ao ke makhetlo a 50 ho feta a bolaoang ke lithethefatsi tse sa lumelloang ka molao.”
Ho potoloha lefatše, ka selemo batho ba limilione tse tharo—e leng ba tšeletseng ka motsotso o mong le o mong—baa shoa ka lebaka la ho tsuba, ho ea ka buka Mortality From Smoking in Developed Countries 1950-2000, e hatisitsoeng ke Letlōle la Lipatlisiso ka Kankere la ’Muso oa Brithani, WHO (Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo), le Mokhatlo oa Kankere oa Amerika. Tlhahlobo ena e entsoeng mabapi le tloaelo ea ho tsuba lefatšeng, e pharaletseng ka ho fetisisa ho fihlela lena le holimo, e akarelletsa linaha tse 45. Richard Peto oa Letlōle la Lipatlisiso ka Kankere la ’Muso oa lemosa: “Linaheng tse ngata, likhōlō li sa tla. Haeba mekhoa ea ho tsuba ea hona joale e phehella, nakong eo litsubi tsa kajeno tse nyenyane lilemong li fihlang lilemong tse bohareng kapa tsa botsofali, ho tla shoa batho ba ka bang limilione tse leshome ka selemo ka lebaka la koae—ho shoe motho a le mong ka metsotsoana e meng le e meng e meraro.”
Dr. Alan Lopez oa WHO o re: “Ho tsuba ha ho tšoane le likotsi tse ling. Qetellong ho tla bolaea setsubi se le seng ho tse peli.” Ka ho tšoanang Martin Vessey oa Lefapha la Bophelo Sechabeng Univesithing ea Oxford o re: “Lipatlisiso tsena tse entsoeng ka lilemo tse fetang 40 li lebisa qetong e tšosang haholo ea hore halofo ea litsubi e tla qetella e bolauoe ke tloaelo ea tsona—ke khopolo e tšosang e le ka ’nete.” Ho tloha ka bo-1950, batho ba limilione tse 60 ba shoele ka lebaka la ho tsuba.
Ka sebele e boetse ke khopolo e tšosang ho lik’hamphani tsa koae. Haeba hona joale batho ba limilione tse tharo lefatšeng ka bophara ba e-shoa selemo le selemo ka lebaka la mafu a amanang le ho tsuba, ’me ba bang ba bangata ba khaotsa ho tsuba, joale litsubi tse ncha tse fetang limilione tse tharo li tlameha ho fumanoa selemo le selemo.
Ho hlahile sebaka se seng hape sa litsubi tsa kamoso ka lebaka la seo lik’hamphani tsa koae li se thoholetsang e le tokoloho ea basali. Ka lilemo tse ngata ho tsuba ha basali e ’nile ea e-ba ho tloaelehileng linaheng tsa Bophirimela ’me hona joale ho atolohela le libakeng tseo pele ka tloaelo ho neng ho talingoa e le mahlabisa-lihlong. Lik’hamphani tsa koae li rerile ho fetola seo sohle. Li batla ho thusa basali hore ba keteke borui le tokoloho ea bona eo ba e fumaneng bocha. Mefuta e khethehileng ea lisakerete e ipolelang hore e na le litekanyo tse tlaase tsa tere le bokoali e hohela basali ba tsubang le ba fumanang ho tsuba ho joalo ho se thata haholo. Lisakerete tse ling li tšeloa setlolo se nkhang hamonate kapa e be tsa moetso o motelele, o mosesaane—e leng ponahalo eo basali ba tšepang hore ba tla ba le eona ha ba tsuba. Liphatlalatso tsa koae Asia li bontša limotlelara tse jeleng koto tsa Asia li apere ka mokhoa o hohelang oa botle bo khanyang ba Bophirimela.
Leha ho le joalo, lipalo tsa mafu a amanang le ho tsuba li ntse li khema ’moho le “tokoloho” ea basali. Palo ea bahlaseluoa ba kankere ea matšoafo har’a basali e eketsehile habeli lilemong tse 20 tse fetileng Brithani, Japane, Norway, Poland, le Sweden. United States le Canada, lipalo tseo li eketsehile ka karolo ea 300 lekholong. Phatlalatso e ’ngoe ea khoebo e re: “U hatetse pele, ngoana!”
Mekhatlo e meng ea khoebo e hlahisang koae e na le maqheka a eona. Ba k’hamphani e ’ngoe ea Philippines, naheng eno eo Mak’hatholike a leng mangata haholo, ba ile ba aba lialmanaka tsa mahala tse nang le setšoantšo sa Maria Moroetsana ho bile ho ngotsoe lepetjo la mofuta oa sakerete ea bona ka mokhoa o tlontlollang tlas’a setšoantšo seo. Dr. Rosmarie Erben, moeletsi oa tsa bophelo oa WHO, Asia, o itse: “Ke ne ke e-s’o bone ntho e joalo pele. Ba ne ba leka ho hokahanya khopolo ea setšoantšo seo le ea koae, ho etsa hore basali ba Philippines ba ikutloe ba phutholohile ka khopolo ea ho tsuba.”
Ho hakanyetsoa hore Chaena ba etsang karolo ea 61 lekholong ea banna bao e leng batho ba baholo baa tsuba, ha basali bona e le karolo ea 7 lekholong feela e tsubang. Lik’hamphani tsa koae tsa Bophirimela li lebisa tlhokomelo ea tsona ho se bitsoang “tokoloho” ea mafumahali ana a ratehang a Bochabela, ao a limilione a ’ona a ’nileng a haneloa ka “menate” e hohelang ea bo-ausi’a ’ona ba Bophirimela. Leha ho le joalo, tšitiso e khōlō ke hore: K’hamphani ea koae ea ’muso e fana ka lisakerete tse ngata.
Leha ho le joalo, hanyane ka hanyane, lik’hamphani tsa Bophirimela li ntse li fumana monyetla bakeng sa lihlahisoa tsa tsona. Li e-na le menyetla e fokolang ea ho phatlalatsa, lik’hamphani tse ling tsa lisakerete li shebile ho lokisa bareki ba tsona ba kamoso ka tsela e patehileng. Chaena e reka libaesekopo tse tsoang Hong Kong, ’me ho tse ngata tsa tsona, libapali lia lefuoa bakeng sa hore li tsube—ke ho phehella ka tsela e bonolo hakaakang hore batho ba reke!
Ka lebaka la khanyetso ea ho tsuba e hōlang naheng ea habo tsona, lik’hamphani tsa koae tsa Amerika lia atoloha hore li tšoase bahlaseluoa ba bacha. Linnete li bontša hore li lebisitse boiteko ba tsona bo matla ba ho bolaea lichabeng tse tsoelang pele moruong.
Lefatšeng ka bophara bahlanka ba bophelo ba ntse ba fana ka temoso. Lihlooho tsa litaba lia phatlalatsa: “Afrika e Loantšana le Lefu la Seoa le Lecha—Ho Tsuba Lisakerete.” “Ho Tsuba Hoa Chesa Asia ha ’Maraka oa Lisakerete o Hōla.” “Sekhahla Seo ho Tsujoang ka Sona Asia se Tla Lebisa Seoeng sa Kankere.” “Ntoa e Ncha ea Linaha tse Tsoelang Pele Moruong e Mabapi le Koae.”
K’honthinente ea Afrika e ’nile ea hlaseloa ke komello, ntoa ea lehae, le seoa sa AIDS. Ho ntse ho le joalo, Dr. Keith Ball, ngaka ea Brithani ea tšebetso ea pelo le mafu a eona, o bolela hore, “Ntle le ntoa ea nyutlelie kapa tlala ea sekoboto, ho tsuba lisakerete ke tšokelo e le ’ngoe e khōlō ka ho fetisisa bophelong ba kamoso ba Afrika.”
Lik’hamphani tse matla li hira lihoai tsa libakeng tseo hore li leme koae. Lihoai tsena li rema lifate tse hlokahalang haholo bakeng sa ho pheha, ho besa, le ho etsa matlo ’me li li sebelisa e le libeso tsa ho omisa koae. Li lema lijalo tsa koae tse ruisang haholo ho e-na le lijalo tseo e leng lijo tse nang le phaello e fokolang. Ka tloaelo Maafrika a futsanehileng a qeta karolo e khōlō ea cheletana ea ’ona lisakereteng. Kahoo malapa a Maafrika a felloa ke matla ka lebaka la khaello ea phepo e nepahetseng ha lik’hamphani tsa koae tsa Bophirimela li ntse li nonopela ka lebaka la liphaello.
Afrika, Europe Bochabela, le Latin America kaofela ha tsona li shebiloe ke lik’hamphani tsa koae tsa Bophirimela, tse talimang linaha tse tsoelang pele moruong e le monyetla o mong o moholohali oa khoebo. Empa Asia e nang le baahi ba bangata haholo ke mohloli o enneng ka ho fetisisa oa seo ba se lakatsang ho feta e meng kaofela. Hona joale Chaena feela e na le litsubi tse fetang baahi bohle ba United States—limilione tse 300. Ka ho makatsang, ka selemo ba tsuba lisakerete tse libilione tse 1,6, e leng karolo ea boraro ea kakaretso ea tse tsujoang lefatšeng!
The New York Times ea tlaleha: “Lingaka li bolela hore liphello tse bang teng bophelong tse bakoang ke ho ata ha khoebo ea koae Asia ka sebele ke tse tšosang.” Richard Peto o hakanyetsa hore mafu a limilione tse leshome a amanang le ho tsuba ao ho lebeletsoeng hore a tla ba teng nakong ea lilemo tse 20 kapa tse 30, a limilione tse peli a tla ba Chaena feela. Peto o bolela hore bana ba limilione tse 50 ba Machaena ba phelang kajeno ba ka ’na ba shoa ka lebaka la maloetse a amanang le ho tsuba.
Dr. Nigel Gray o ile a e akaretsa ka tsela ena: “Histori ea ho tsuba ea lilemo tse fetileng tse ka holimo ho mashome a mahlano Chaena le Europe Bochabela e ahlolela linaha tseo lefu la seoa le leholo la koae.”
Dr. Prakit Vateesatokit oa Letšolo le Khahlanong le ho Tsuba la Thailand o ile a botsa: “Ke joang sehlahisoa seo e leng sesosa sa mafu a tlang pele ho nako a 400 000 selemo ka seng United States, sehlahisoa seo ’Muso oa United States o lekang ka matla ho thusa baahi ba eona hore ba se tlohele, ka tšohanyetso se ka fetohang se fapaneng ha se le ka ’nģane ho meeli ea Amerika? Na bophelo bo fetoha boo eseng ba bohlokoa ha sehlahisoa sona seo se rekisetsoa linaha tse ling?”
Likhoebo tse hōlang tsa koae li na le setsoalle se matla le ’muso oa United States. Li le hammoho li ’nile tsa loanela ho fumana libaka tse tsitsitseng tsa ho qalisa khoebo linaheng tse ling, haholo-holo limmarakeng tsa Asia. Ka lilemo tse ngata lisakerete tsa Amerika li ne li sa lumelloa hore li rekisetsoe Japane, Taiwan, Thailand, le linaha tse ling, e leng tse ling tsa tseo mebuso ea tsona e neng e e-na le taolo e feletseng lihlahisoeng tsa koae. Lihlopha tse khahlanong le ho tsuba li ne li ipelaetsa ka lisakerete tsa Amerika tse kenang Asia, empa ba tsamaiso ea puso United States ba ile ba tsoka sebetsa se phehellang—tšokelo ea ho sebelisa likotlo-qobello tsa khoebo.
Ho tloha ka 1985 ho ea pele, linaha tse ngata tsa Asia li ile tsa bula likhoro tsa tsona ka lebaka la ho ba tlas’a khatello e matla ea ’muso oa United States, ’me lisakerete tsa Amerika li ’nile tsa kena ka bongata. Lisakerete tsa United States tse rekisetsoang Asia li ile tsa eketseha ka karolo ea 75 lekholong ka 1988.
Mohlomong bahlaseluoa ba kotsing ka ho fetisisa ba tlhōlisano ea ho rekisa koae ke bana. Phuputso e ’ngoe e tlalehiloeng ho The Journal of the American Medical Association e bolela hore “bana le bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba etsa 90% ea litsubi tsohle tse ncha.”
Sehlooho se seng ho U.S.News & World Report se hakanyetsa palo ea bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 bao e leng litsubi United States ho limilione tse 3,1. Letsatsi le leng le le leng ba 3 000 ba thaothuoeng ba qalisa ho tsuba—e leng ba 1 000 000 ka selemo.
Phatlalatso e ’ngoe ea sakerete e bontša setšoantšo sa kamele e qabolang, e ratang boithabiso, le e batlang menyaka, hangata e momme sakerete molomong. Phatlalatso ena ea sakerete e qosetsoa ho hohella bana bokhobeng ba bokoali le pele ba utloisisa likotsi tse amehang bophelong. Ka nako e sa feteng lilemo tse tharo e ntse e etsa phatlalatso ena, k’hamphani ea lisakerete e ile ea thabela keketseho ea karolo ea 64 lekholong thekisong ea lisakerete tsa eona ho bacha. Phuputso e ileng ea etsoa Kolecheng ea Bongaka ea Georgia (U.S.A.) e ile ea fumana hore karolo ea 91 lekholong ea bana ba lilemo li tšeletseng ba ileng ba hlahlojoa ba ne ba amohela mokhoa oa ho tsuba oa setšoantšo sena se qabolang.
Setšoantšo se seng se tummeng haholo ke sa le-cowboy le bonahatsang matla le iketsetsang borata leo ho ea ka mocha e mong ea lilemong tse ka tlaase ho 20, molaetsa oa lona o reng, “Ha u tsuba, ha ho ea ka u emang ka pele.” Ho boleloa hore mofuta oa sehlahisoa se rekisoang ka ho fetisisa lefatšeng ke sakerete e laolang karolo ea 69 lekholong ea ’maraka oa sona har’a litsubi tsa bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ’me ke mofuta o phatlalatsoang ka ho fetisisa. E le mokhoa oa ho susumetsa ka ho eketsehileng, lebokose ka leng le tla le e-na le setlankane, seo ho tla fapanyetsanoa ka sona bakeng sa libokate, likatiba, le liaparo tsa ho bapala tseo bacha ba li ratang haholo.
Ha li hlokomela matla a hlollang a phatlalatso, lihlopha tse khahlanong le ho tsuba li atlehile hore li thibele liphatlalatso tsa koae thelevisheneng le seea-le-moeeng linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, tsela e ’ngoe eo baphatlalatsi ba koae ba masene ba hlōlang mokhoa oo oa tšitiso, ke ka hore ka bohlale ba behe mamatjana a phatlalatso lipapaling. Ka hona, khasong ea papali ea bolo thelevisheneng, moo ho nang le bashebelli ba bangata ba morolo o mosesaane, ho ka ’na ha bontšoa sebapali seo ba se ratang haholo se itokiselitse ho nka khato karolong e pel’a bashebelli ’me lematjana la phatlalatso ea sakerete le fokaelang holimo le nanarela ka morao.
Libakeng tse khōlō tsa khoebo litoropong kapa ka pel’a likolo, mosali ea tenneng sekete se sekhutšoaane kapa le-cowboy le tenneng sutu ea safari ba fana ka lisakerete tsa mahala ho bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 ba chesehang kapa ba tletseng bohele-hele. Litsing tsa boithabiso, libakeng tsa disco, le likonsareteng tsa ’mino oa rock, ho fanoa ka lisampole tsa lisakerete mahala. Lenaneo la thekiso la k’hamphani e ’ngoe le neng le entsoe pinyane le ileng la tsejoa ke bahatisi ba likoranta le ile la bontša hore mofuta o itseng oa sakerete Canada o ne o lebisitse tlhokomelo ho batho ba batona ba buang Sefora ba lilemo li 12 ho ea ho 17.
Molaetsa o hlahelletseng ke oa hore ho tsuba ho tlisa thabo, bophelo bo botle ’meleng, matla a bonna, le botumo. Moeletsi e mong oa tsa phatlalatso o itse: “Moo ke neng ke sebetsa, re ne re leka ka matla ho susumetsa bana ba neng ba le lilemo li 14 hore ba qale ho tsuba.” Liphatlalatso tsa Asia li bontša mehlala ea baatlelete ba Bophirimela ba shahlileng ba ntseng ba tlōlaka mabōpong a leoatle le mabaleng a bolo—ho hlakile hore ba ntse ba tsuba. Koranta e ’ngoe ea khoebo e hlalositse: “Limotlelara tsa Bophirimela le mekhoa ea teng ea bophelo li bōpa litekanyetso tse hohelang hore li etsisoe, ’me litsubi tsa Asia li chesehela haholo ho etsisa mekhoa ea bophelo ea Bophirimela.”
Kamor’a ho qeta liranta tse likete tse limilione tsa ho phatlalatsa, barekisi ba koae ba fumane katleho e khōlōhali. Tlaleho e khethehileng ea Reader’s Digest e bontšitse hore ho phahama ha lenane la bacha ba tsubang hoa tšosa. Tlaleho eo e bolela hore “hona joale Philippines, karolo ea 22,7 lekholong ea batho ba lilemo tse ka tlaase ho 18 e-ea tsuba. Metseng e meng ea Latin America, ho makatsang, palo ea bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 e etsa karolo ea 50 lekholong. Hong Kong, bana ba banyenyane ho tloha ka ba lilemo li supileng baa tsuba.”
Leha ho le joalo, feela joalokaha koae e ketekela tlhōlo ea eona mose ho maoatle, lik’hamphani tsa lisakerete li hlokomela habohloko koluoa e sokelang linaheng tsa habo tsona. Ke menyetla efe eo koae e nang le eona ea hore e hlōle?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
Bareki ba sona ba ka sehloohong ba shoa lenyele-nyele
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]
Asia, mabala a macha ao koae e bolaelang ho ’ona
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Karolo ea 90 lekholong ea litsubi tsohle tse ncha—bana le bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20!
[Lebokose le leqepheng la 20]
Motsoako o Bolaeang—Koae e Entsoe ka Eng?
Bahlahisi ba lisakerete ba ka ’na ba sebelisa metsoako e fihlang ho 700 e fapaneng ea lik’hemik’hale tse hlahisang temallo, empa molao o lumella lik’hamphani hore li boloke lethathamo la tsona e le lekunutu. Leha ho le joalo, lethathamong leo, ho na le mefuta e boima ea tšepe, le libolaea-likokoanyana. Metsoako e meng e chefu hoo e bileng e leng tlōlo ea molao hore e qhalloe mekoting ea lithōle. Mosi oo oa lisakerete o sothehileng le o hohelang o na le metsoako e ka bang 4 000, ho akarelletsa acetone, arsenic, butane, carbon monoxide, le cyanide. Matšoafo a litsubi le a batho ba pel’a tsona bonyane a pepeselitsoe metsoakong e 43 eo ho tsejoang hore e baka kankere.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Ba sa Tsubeng ba Kotsing
Na u lula le batho ba tsubang haholo, u sebetsa le bona, kapa u tsamaea le bona? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba u kotsing e eketsehileng ea ho tšoaroa ke kankere ea matšoafo le lefu la pelo. Phuputso ea 1993 e ileng ea etsoa ke Mokhatlo oa Tšireletso ea Tikoloho oa United States (EPA) e ile ea etsa qeto ea hore mosi oa koae o bang teng tikolohong (ETS) o oela Sehlopheng sa A sa lintho tse bakang kankere, e kotsi ka ho fetisisa. Tlaleho e khōlō e ile ea hlahlobisisa liphello tsa liphuputso tse 30 tse neng li akarelletsa mosi o lopallang ho tloha ho feleng ha lisakerete hammoho le mosing o hemeloang ka ntle.
EPA e beha molato koaeng e teng tikolohong bakeng sa mafu a 3 000 a bang teng selemo le selemo United States ka lebaka la kankere ea matšoafo. Ka June 1994, Mokhatlo oa Bongaka oa Amerika o ile oa tiisa qeto ea phuputso eo o neng o e phatlalalitse e bontšang hore basali ba e-song ho tsube empa ba pepeselitsoe ETS ba kotsing e khōloanyane ea ho ba le kankere ea matšoafo ka karolo ea 30 lekholong ho feta batho ba bang bao le ka mohla ba e-song ho tsube bophelong bohle ba bona.
Ho bana ba banyenyane, ho pepesetsoa koaeng ho fella ka hore selemo le selemo ho be le liketsahalo tse 150 000 ho isa ho tse 300 000 tsa lefu la matšoafo le pneumonia. Ho tsuba ho eketsa matšoao a asma ho bana ba 200 000 ho ea ho ba 1 000 000 selemo ka seng United States.
Mokhatlo oa Pelo oa Amerika o hakanyetsa hore ka selemo ho ba le mafu a 40 000 ka baka la maloetse a pelo le a methapo ea mali a bakoang ke ETS.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Motlelara e hohelang ea Asia, le bahlaseluoa