Basireletsi ba Koae ba Tsoibila Libalune Tsa Bona Tsa Lefeela
LILEMONG tsa bo-1940, London e ne e le motse o thibeletsoeng. Lifofane tsa ntoa tsa Jeremane le lifofane tse itsamaisang tse jereng libomo li ne li baka tšabo le tšenyo. Empa hoja boemo e ne e sa ka ea e-ba bo tebileng hakaalo, mohlomong baahi ba ka be ba ile ba tšehisoa ke pono e sa tloaelehang ho hang.
Li fasitsoe ka mehala e metelele, libalune tse likete-kete li ne li fokaela holimo. Morero oa tsona e ne e le ho thibela tlhaselo ea lifofane tsa ntoa tse fofelang fatše ’me ho ne ho tšeptjoa hore li tla thibela lifofane tse itsamaisang tse jereng libomo tse neng li le sebakeng. Le hoja mokoallo oo oa libalune o ne o entsoe ka bohlale, o ile oa ba le katleho e fokolang.
Ka ho tšoanang lik’hamphani tsa lisakerete li iphumane li le tlas’a ho thibelloa ho joalo. Mebuso e ntseng e ata ea koae, eo pele e neng e le liqhobosheane tse ke keng tsa hlōloa tse matla lipolotiking le moruong, hona joale li hlaseloa ka hohle.
Lefapha la bongaka le hlahisa lingoliloeng tse ngata haholo tsa liphuputso tse fanang ka bopaki. Basebeletsi ba bophelo bo botle ba phethang morero ona oa phekolo ba sebelisa boemo bona bakeng sa ho ithuisa molemo. Batsoali ba halefileng ba qosa ka hore bana ba bona ba etsoa bahlaseluoa. Baetsi ba molao ba ikemiselitseng ba thibetse ho tsuba mehahong ea liofisi, mabenkeleng a lijo, liahelong tsa sesole, le lifofaneng. Linaheng tse ngata, liphatlalatso tsa koae li thibetsoe thelevisheneng le seea-le-moeeng. United States, likarolong tsohle tsa naha eo, lik’hamphani tsa koae li lefa makhotla lidolara tse limilione litšenyehelong tsa ho hlokomela bophelo. Esita le babuelli ba molao baa kenella ntoeng ena.
Kahoo boitekong ba tsona ba ho lelekella bahlaseli ba tsona thōko, lik’hamphani tsa koae li tsoibitse libalune tsa tsona tsa lefeela. Leha ho le joalo, li bonahala li tletse lipolelo tsa lefeela.
Selemong sena se fetileng, sechaba sa United States se ile sa khona ho hlokomela ka mokhoa o hlakileng ha baetsi ba molao ba halefileng, le basebeletsi ba ’muso ba bophelo bo botle ba ne ba hlophisa tlhaselo e matla khahlanong le indasteri ea koae. Nakong ea nyeoe ka pel’a moifo oa lekhotla la sechaba la United States ka April 1994, batsamaisi ba supileng ba lik’hamphani tsa koae tse khōlō tsa Amerika ba ile ba bolelloa sefahla-mahlo ka lipalo-palo tse ba behang molato: Maamerika a 400 000 a shoang selemo le selemo le a limilione tse eketsehileng a kulang, a lekhatheng la ho shoa, le ao e leng makhoba.
Ba ile ba re’ng ha ba itšireletsa? Ha ba itšireletsa, batsamaisi ba keneng ntoeng ba ile ba bua lipolelo tse thahasellisang: “Ha joale . . . ho tsuba ha ho e-s’o ka ho pakoa hore ho na le karolo e bakang tsoelo-pele ea maloetse,” kamoo ho ileng ha tiisa ’muelli oa Mokhatlo oa Koae. Ho feta moo, tloaelo ea ho tsuba e ile ea bontšoa e le e se nang kotsi joaloka ketso leha e le efe e thabisang, e kang ho ja lipompong kapa ho noa kofi. Motsamaisi e mong e moholo oa k’hamphani ea koae o itse: “Boteng ba bokoali ha bo etse hore lisakerete e be sethethefatsi, kapa hore ho tsuba e be ntho e ka lemalloang.” Rasaense e mong oa k’hamphani ea koae o ile a tiisa: “Monahano oa hore bokoali bo sakereteng bo hlahisa temallo hase ’nete boemong leha e le bofe.”
Komiti e ile ea botsa, haeba lisakerete ha li hlahise temallo, ke hobane’ng ha lik’hamphani tsa koae ka bolotsana li lekile ho fetola tekanyo ea bokoali lihlahisoeng tsa tsona? Motsamaisi e mong e moholo oa k’hamphani ea koae o ile a hlalosa: “Ho eketsa tatso.” Na ho na le ntho e mpe ho feta sakerete e se nang tatso? Ha a bontšoa liqubu tsa patlisiso tse tsoang lifaeleng tsa k’hamphani ea hae tse bontšang hore bokoali bo hlahisa temallo, o ile a tsitlella maikutlong a hae.
Ka ho totobetseng, eena hammoho le ba bang ba tla tsitlella maikutlong a bona ho sa tsotellehe hore na litša tsa mabitla li ntse li tlala hakae ka bahlaseluoa ba koae. Mathoasong a 1993, Dr. Lonnie Bristow, molula-setulo oa Boto ea Bookameli ea Mokhatlo oa Bongaka oa Amerika o ile a hlahisa phephetso e thahasellisang. The Journal of the American Medical Association ea tlaleha: “O ile a mema batsamaisi ba baholo ba lik’hamphani tse khōlō tsa koae tsa United States hore ba tsamaee le eena ho pholletsa le liphaposi tsa bakuli hore ba bone tse ling tsa liphello tsa ho tsuba—bakuli ba tšoeroeng ke kankere ea matšoafo le ba bang ba holofetseng matšoafo. Ha ho le ea mong ea ileng a amohela memo eo.”
Indasteri ea koae e ithorisa ka hore e fana ka mesebetsi e metle moruong oa lefatše oo ho oona ho hloka mosebetsi ho ntseng ho hōla. Ka mohlala, Argentina, mesebetsi e milione e hlahisoa ke indasteri eo, le mesebetsi e meng e eketsehileng e limilione tse ’nè e amanang le indasteri eo ka mokhoa o sa tobang. Liphaello tse khōlōhali tsa lekhetho li entse hore lik’hamphani tsa koae li ratoe ke mebuso e mengata.
K’hamphani e ’ngoe ea koae ka ho khethehileng e ile ea ema ka lehlakoreng la karolo e fokolang ea baahi ba fapaneng le ba bang ka ho ba fa limpho ka bolokolohi—e leng ho bonahalang eka ke pontšo ea ho hlokomela litlhoko tsa sechaba. Leha ho le joalo, litokomane tsa ka hare tsa k’hamphani eo li ile tsa senola sepheo sa ’nete sa ‘chelete ena ea moralo oa ntšetso-pele ea lebatooa’—bakeng sa ho iketsetsa botsoalle har’a batho ba neng ba ka ’na ba ba voutela.
Eona k’hamphani ena ea koae e bile e iketselitse metsoalle le ba etsang mesebetsi ea matsoho ka ho fana ka tlatsetso e khōlō litsing tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa, likolong, likolong tsa ho ithutela tantši, le litsing tsa ’mino. Batsamaisi ba mekhatlo ea mesebetsi ea matsoho ba etsa qeto ea ho amohela chelete e hlokahalang haholo ea koae. Haufinyane tjena, litho tsa mokhatlo oa mesebetsi ea matsoho oa New York City li ile tsa tobana le bothata bo sa tloaelehang ha k’hamphani eona ena ea koae e ne e kōpa hore li e tšehetse boitekong ba eona ba ho susumetsa basebeletsi ba sechaba ba etsang molao hore ba hanane le molao o khahlanong le ho tsuba.
’Me ho hlakile hore lik’hamphani tse khōlō tsa koae ha lia tšoha hore li abele bo-ralipolotiki chelete, ba ka sebelisang tšusumetso ea bona khahlanong le likhothaletso leha e le life tse sa lumellaneng le lithahasello tsa koae. Bahlanka ba ’muso ba maemong a phahameng ba ’nile ba buella morero oa lik’hamphani tsa koae. Ba bang ba na le maqhama a lichelete le indasteri ea koae kapa ba ikutloa ba na le khatello ea ho buseletsa lik’hamphani tsa koae bakeng sa tšehetso ea tsona ka chelete ea koae mohoong oa likhetho.
Ho ea ka tlaleho, monna e mong ea ka lekhotleng la sechaba la United States o ile a amohela chelete e fetang lidolara tse 21 000 (R76 000) e le mpho e tsoang lik’hamphaning tsa koae ’me ka lebaka leo o ile a akhela voutu ea hae e hananang le litaba tse ngata tse khahlanong le koae.
Eo pele e neng e le setho sa lekhotla la sechaba le etsang molao, le eo ka nako e ’ngoe e kileng ea e-ba setho sa senate le setsubi se matla, haufinyane tjena o sibolotse hore o tšoeroe ke kankere ea ’metso, ea matšoafo, le ea sebete. Hona joale o ikoahlaea haholo ebile o lla ka hore “ho paqama moo ka lebaka la ntho eo u ipaketseng eona” ho etsa hore motho a ikutloe joaloka leoatla.
Ka ho senya chelete e ngata haholo phatlalatsong ka sepheo sa ho susumetsa batho, lik’hamphani tse khōlō tsa koae ka matla li hlasela ba khahlanong le tsona. Phatlalatso e ’ngoe e tsoka folaga ea tokoloho, e lemosang ka ho teba, “Kajeno ke Lisakerete. Hosasa?” E fana ka maikutlo a hore caffeine, joala, le li-hamburger e tla ba tsona tse latelang tse tla hlaseloa ke batho ba buellang lithibelo bao ho nahanoang hore ba cheseha ka ho feteletseng.
Liphatlalatso tse hlahang likoranteng li ’nile tsa batla ho nyelisa phuputso e qotsoang hohle ea Mokhatlo oa Tšireletso ea Tikoloho oa United States e ileng ea bontša hore ho ba har’a mosi oa motho ea tsubang ho baka kankere. Indasteri ea koae e ile ea phatlalatsa merero ea ho itoanela ka molao. Lenaneo la thelevishene le ile la qosa k’hamphani e ’ngoe ea koae ka hore ka bolotsana e fetole tekanyo ea bokoali bakeng sa ho baka temallo. K’hamphani ea thelevishene e neng e hasa pontšo eo kapele-pele e ile ea qosoa lekhotleng la molao ka lidolara tse limilione tse likete tse 10 (liranta tse limilione tse likete tse 36).
Lik’hamphani tsa koae li ’nile tsa loana ka matla, empa liqoso li ntse li phaellana haholoanyane. Nakong ea lilemo tse 40 tse fetileng ho ’nile ha etsoa liphuputso tse ka bang 50 000, tse feletseng ka bopaki bo ntseng bo hōla ho ea ho ile ba likotsi tsa ho sebelisa koae.
Lik’hamphani tsa koae li ’nile tsa leka ho qoba liqoso tse tobisoang ho tsona joang? Ka manganga li ’nile tsa itšoarella tabeng ena eo ho nahanoang hore ke ’nete: Litsubi li khaotsa ho tsuba. Ka hona, ba bolela hore bokoali ha bo bake temallo. Leha ho le joalo, lipalo-palo li bontša se fapaneng. Ke ’nete hore Maamerika a limilione tse 40 a khaolitse ho tsuba. Empa a limilione tse 50 a eketsehileng a ntse a tsuba, ’me karolo ea 70 lekholong ea litsubi tsena e bolela hore e batla ho khaotsa ho tsuba. Har’a ba limilione tse 17 ba lekang ho khaotsa ho tsuba selemo le selemo, ba etsang karolo ea 90 lekholong ba hlōleha le pele selemo se fela.
Ka mor’a hore ba buuoe ka lebaka la kankere ea matšoafo, hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea litsubi tsa United States e khutlela tloaelong eo ea eona. Har’a litsubi tse ileng tsa e-ba le tlhaselo ea pelo, karolo ea 38 lekholong ea tsona e qala ho tsuba esita le pele ba tloha sepetlele. Karolo ea 40 lekholong ea litsubi tseo qoqotho ea tsona e tlositsoeng ka lebaka la kankere e tla leka ho tsuba hape.
Har’a litsubi tse lilemong tse ka tlaase ho 20 tse limilione tsa United States, karolo ea tsona ea tse tharo ho tse ’nè e bolela hore bonyane ka lekhetlo le le leng e ile ea etsa boiteko bo matla ba ho khaotsa ho tsuba empa li hlōlehile. Lipalo-palo li boetse li bontša hore ho bacha ba bangata, ho tsuba koae ke mohato o lebisang ho sebeliseng lithethefatsi tse lemalloang. Ho na le menyetla e fetang makhetlo a 50 ea hore litsubi tse lilemong tsa bocha li sebelise cocaine ho feta ba sa tsubeng. Setsubi se lilemo li 13 sea lumela. Se ile sa ngola: “Ha ho pelaelo kelellong ea ka hore lisakerete ke sethethefatsi se bulelang motho khoro ea ho sebelisa lithethefatsi tse lemalloang haholoanyane. Hoo e ka bang motho e mong le e mong eo ke mo tsebang, ntle le batho ba bararo, ba qalile ho tsuba pele ba sebelisa lithethefatsi.”
Ho thoe’ng ka lisakerete tse nang le tere e tlaase? Liphuputso li bontša hore ha e le hantle, li ka ba kotsi haholoanyane—ka mabaka a mabeli: La pele, hangata setsubi se hula moea ka ho tebileng haholoanyane e le hore se monye bokoali boo ’mele oa sona o bo lakatsang, se pepesetsa lisele tse eketsehileng tsa matšoafo liphellong tse chefu tsa mosi; la bobeli, maikutlo a fosahetseng a hore se tsuba sakerete e “molemonyana” a ka ’na a se thibela ho etsa boiteko ba ho khaotsa ho tsuba ka ho feletseng.
Ho entsoe liphuputso tse fetang 2 000 ka bokoali feela. Li senola hore bokoali ke e ’ngoe ea lintho tse bakang temallo ka ho fetisisa tseo motho a li tsebang, le e kotsi ka ho fetisisa. Bokoali bo eketsa lebelo leo pelo e otlang ka lona ’me bo honyetsa methatsoana ea mali. Bo monyela maling ka metsotsoana e supileng—esita le kapele ho feta ente e kenngoang mothapong ka ho toba. Bo etsa hore boko bo batle bo eketsehileng, e leng takatso eo ba bang ba reng e baka temallo ka makhetlo a mabeli ho feta heroine.
Ho sa tsotellehe ho hana ha tsona, na lik’hamphani tsa koae li hlokomela litšobotsi tse bakang temallo tsa bokoali? Ho na le lipontšo tsa hore li tsebile seo ka nako e telele. Ka mohlala, tlaleho ea 1983 e bontša hore mofuputsi oa k’hamphani e ’ngoe ea koae o ile a hlokomela hore likhoto tsa laboratori li ne li bonahatsa matšoao a sebele a temallo, kamehla li itšella likarolo tsa bokoali ka ho ipulela menyakonyana. Ho tlalehoa hore kapele-pele phuputso eo e ile ea etsoa pinyane ke indasteri eo ea koae ’me e sa tsoa tsebahala morao tjena.
Lik’hamphani tse khōlō tsa koae ha lia ka tsa lula li phuthile matsoho feela ha li hlaseloa ka hohle. Lekhotla la Phuputso ka Koae la New York City le tsamaisa seo The Wall Street Journal e se bitsang “letšolo la boitsebiso bo fosahetseng le ’nileng la khema ka nako e telele ka ho fetisisa historing ea khoebo ea United States.”
Le le tlas’a lebitso la ho tsamaisa phuputso e ikemetseng, lekhotla leo le behile letsete la lidolara tse limilione bakeng sa ho loantša bahlaseli ba lona. Sena sohle se qalile ka 1953 ha Dr. Ernst Wynder oa Setsi sa Kankere sa Memorial Sloan-Kettering a ne a fumana hore bokoali ba koae bo tlotsitsoeng ka mekokotlong ea litoeba bo baka hlahala. Indasteri eo e ile ea hloma lekhotla bakeng sa ho senya pokello eo ea bopaki bo hlakileng bo khahlanong le sehlahisoa sa eona, ka hore le hanyetse bopaki ba saense bo fumanoeng ke eona.
Leha ho le joalo, ke joang bo-rasaense ba lekhotla leo ba neng ba ka hlahisa liphello tse khahlanong le seo ba neng ba se fumane phuputsong ea lekhotla leo kaofela? Litokomane tse lokolotsoeng morao tjena li senola leraba la ho qhekella le ileng la etsoa ka hloko. Bafuputsi ba bangata ba lekhotla leo, ba thibeloa ke litumellano tse ngotsoeng ’me ba laoloa ke lihlopha tsa babuelli ba molao ba mahlo a bohale, ba ile ba fumana hore ho na le motheo o utloahalang oa ho ba le tšabo ka bophelo ba bona. Empa ha lekhotla leo le ne le tobane le linnete, ho ea ka The Wall Street Journal, “ka linako tse ling le ne le hlokomoloha, kapa esita le ho hana ka ho feletseng, liphuputso tse entsoeng ke lona tse neng li fana ka maikutlo a hore ho tsuba ho kotsi bophelong.”
Ka lilemo tse ngata ho ’nile ha batloa ka lekunutu sakerete e se nang kotsi. Ho etsa joalo phatlalatsa, e ne e tla ba ho lumela ntle ho pelaelo hore ka sebele ho tsuba ho kotsi bophelong. Bofelong ba lilemo tsa bo-1970, ’muelli e moholo oa molao oa k’hamphani ea koae o ile a buella hore boiteko ba ho hlahisa sakerete “e se nang kotsi” bo lahloe e le bo se nang thuso le hore litokomane tsohle tse amanang le boiteko boo li bolokeloe nakong e tlang.
Lintho tse peli li ile tsa hlaka litekong tse ’nileng tsa etsoa ka lilemo: Ka sebele bokoali bo baka temallo, ’me ho tsuba sakerete ho hlile hoa bolaea. Le hoja lik’hamphani tsa koae li hanyetsa phatlalatsa linnete tsena ka matla, li bontša ka liketso tsa tsona hore li tseba linnete tsena hantle haholo.
Ha a qosa ka taba ea ho laola tekanyo ea bokoali ka boomo, David Kessler, mokomishinara oa Tsamaiso ea Lijo le Lithethefatsi ea United States (FDA) o itse: “Ha e le hantle tse ling tsa lisakerete tsa kajeno li ka ’na tsa tšoaneleha hore li bitsoe tsamaiso e phahameng ea theknoloji ea ho tsamaisa bokoali e tsamaisang bokoali ka manane a lekanyelitsoeng hantle . . . a lekaneng ho hlahisa temallo le ho e boloka e le teng.”
Kessler o ile a senola hore lik’hamphani tsa koae li na le litokomane tse ngata tsa ’muso tse lumellang boqapi ba tsona le ho paka morero oa tsona. E ’ngoe ke bakeng sa mofuta oa koae o fetotsoeng mokhoeng oa eona oa tlhaho e nang le bokoali bo holimo ka ho fetisisa bo tsejoang. Tšebetso e ’ngoe ke e kenyang bokoali litomping le lipampiring tse phuthelang sakerete bakeng sa ho eketsa matla. Tšebetso e ’ngoe hape e fana ka bokoali bo eketsehileng methamong ea pele ea setsubi ho feta ho e qetellang. Ho phaella moo, litokomane tsa indasteri li bontša hore metsoako ea ammonia e ekelletsoa lisakereteng bakeng sa ho ntša bokoali bo bongata koaeng. Tlaleho ea The New York Times e re: “Hoo e batlang e le tekanyo e habeli e tloaelehileng eo setsubi se e hohang e kena phallong ea mali.” FDA e phatlalalitse hore bokoali ke sethethefatsi se bakang temallo ebile morero oa bona ke ho laola lisakerete ka ho tiileng haholoanyane.
Mebuso le eona e itšetlehile ka koae ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, ka selemo ’muso oa United States o fumana lidolara tse limilione tse likete tse 12 (liranta tse limilione tse likete li 43,5) makhethong a ’muso ka lihlahisoa tsa koae. Leha ho le joalo, Ofisi ea Tlhahlobo ea Theknoloji ea ’muso e lekanyetsa hore ka selemo ’muso o lahleheloa ke lidolara tse limilione tse likete tse 68 (liranta tse limilione tse likete li 246,8) ka lebaka la koae, ha ho ipapisitsoe le litšenyehelo tsa ho hlokomela bophelo le tahlehelo e bang teng tlhahisong.
Ho ipolelisa ka meputso ea moruo le mesebetsi e mengata, tšehetso e molemo mesebetsing ea matsoho, ho latola ka mabifi likotsi tsa koae bophelong—ka sebele, indasteri ea koae e tsoibitse libalune tse bonahalang li makatsa tsa ho itšireletsa. Hore na li bonahala li atleha haholoanyane ho feta mokoallo oa libalune o neng o le ka holim’a London kapa che, ho tla bonahala.
Empa ho totobetse hore lik’hamphani tse khōlō tsa koae li ke ke tsa hlola li pata sebōpeho sa tsona sa ’nete. Li entse limilione, ebile li bolaile ba limilione, empa li bonahala li sa ameha ka hore liphello tse ba teng ke tšenyo e tšabehang bophelong ba batho.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
Li bonahala li tletse lipolelo tsa lefeela
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
Phuputso ea ’muso e fana ka maikutlo a hore ho ba har’a mosi oa motho ea tsubang ho baka kankere
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
Bokoali ke e ’ngoe ea lintho tse bakang temallo ka ho fetisisa tse tsejoang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Li entse limilione; li bolaile ba limilione
[Lebokose le leqepheng la 26]
Liphuputso Tse 50 000—Li Fumane Eng?
Mona ke mehlala e seng mekae ea kameho ka bophelo e hlahisitsoeng ke bafuputsi mabapi le tšebeliso ea koae:
KANKERE EA MATŠOAFO: Litsubi li etsa karolo ea 87 lekholong ea ba bolaoang ke kankere ea matšoafo.
LEFU LA PELO: Litsubi li kotsing e khōloanyane e etsang karolo ea 70 lekholong ea ho tšoaroa ke lefu la pelo.
KANKERE EA MATSOELE: Basali ba tsubang lisakerete tse 40 kapa ho feta letsatsi ka leng ba kotsing e etsang karolo ea 74 lekholong haholoanyane ea ho bolaoa ke kankere ea matsoele.
BOTHATA BA HO UTLOA: Masea ao bo-’m’a ’ona ba tsubang a thatafalloa haholoanyane ho utloa molumo.
LIKOTSI TSA LEFU LA TSOEKERE: Batho ba nang le lefu la tsoekere ba tsubang kapa ba porompang ba kotsing e khōloanyane ea ho senyeha liphio ’me ba potlakela ho ba le bohloko ba ho senyeheloa ke pono (ho se sebetse ha methapo ea pono).
KANKERE EA MALA: Liphuputso tse peli tse amanang le batho ba 150 000 li bontša kamano e hlakileng e teng pakeng tsa ho tsuba le kankere ea mala.
ASMA: Ho phefumoloha mosi oa koae ha motho e mong a tsuba ho ka mpefatsa asma ho bana.
TŠEKAMELO EA HO TSUBA: Barali bao bo-’m’a bona ba neng ba tsuba nakong eo e leng baimana, ba na le menyetla e mene e eketsehileng ea hore ba tsube.
KANKERE EA MALI: Ho bonahala ho tsuba ho baka kankere ea mali e amang ’moko.
LIKOTSI TSA HO HLAKISA ’MELE: Ho ea ka phuputso ea Lebotho la Sesole la United States, litsubi li na le menyetla e eketsehileng ea hore li hlahe likotsi ha li ntse li hlakisa ’mele.
HO HOPOLA: Litekanyo tse phahameng tsa bokoali li ka ’na tsa fokotsa ho hlasimoloha ha kelello ha motho a ntse a etsa mesebetsi e rarahaneng.
HO TEPELLA MAIKUTLO: Litsebi tsa mafu a kelello li ntse li batlisisa bopaki ba kamano e teng pakeng tsa ho tsuba le ho tepella maikutlo haholo hammoho le lefu la kelello.
HO IPOLAEA: Phuputso ea baoki e bontšitse hore ho bile le ho ipolaea ho imenneng habeli har’a baoki ba neng ba tsuba.
Likotsi tse ling tse ka ekelletsoang lethathamong lena: Kankere ea molomo, ea qoqotho, ea ’metso, ea sefuba, ea manyeme, ea moholu, ea mala, ea senya, ea liphio, le ea pōpelo; stroke, tlhaselo ea pelo, lefu la matšoafo le sa foleng, lefu la phallo ea mali, liso tsa ka maleng tse amanang le ho siloa ha lijo, lefu la tsoekere, ho se belehe, masea a hlahang a le boima bo tlaase, lefu la ho fokola ha masapo, le tšoaetso ea litsebe. Likotsi tsa mollo li ka ekelletsoa ka ho tšoanang, kaha ho tsuba ke sesosa se seholo sa mollo malapeng, lihoteleng, le lipetlele.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Koae e se Nang Mosi–Ntho e Kotsi e Nkelang Sakerete Sebaka
Indasteri ea senefi e atlehileng ka ho fetisisa, e etsang lidolara tse limilione tse likete tse 1,1 (liranta tse limilione tse likete tse ’nè) ka masene e hohela batho ba qalang ho tsuba ka senefi sa eona se latsoehang. Se na le mefuta e latsoehang e ratoang haholo. “Boikutlo bo monatjana ba koae” boo li fanang ka bona boa khotsofatsa empa eseng ka nako e telele. Eo pele e neng e le molula-setulo oa k’hamphani ena ea koae o itse: “Batho ba bangata ba ka ’na ba qala ka lihlahisoa tse batlang li latsoeha haholoanyane, empa qetellong, ba tla sebelisa [mofuta o matla ka ho fetisisa].” E phatlalatsoa ka hore ke “Porompi e Matla Bakeng sa Banna ba Matla” ebile, “Ea Khotsofatsa.”
The Wall Street Journal, e ileng ea tlaleha ka leqheka lena la k’hamphani ena, e bile ea qotsa boitatolo ba k’hamphani eo ba hore “e fetola litekanyo tsa bokoali.” Journal e boetse ea bolela hore batho ba babeli bao pele e neng e le litsebi tsa metsoako tsa k’hamphani ena, ha ba bua ka lekhetlo la pele, ba ile ba re “le hoja k’hamphani e sa laole litekanyo tsa bokoali, ehlile e laola tekanyetso ea bokoali boo litsubi li bo amohelang.” Ba boetse ba bolela hore k’hamphani e eketsa lik’hemik’hale bakeng sa ho eketsa ho baba ha senefi sa eona. Ha senefi se baba haholoanyane, “bokoali bo bongata haholoanyane boa tsoa.” Mabapi le senefi le koae ea ho porompa, Journal e eketsa tlhaloso ena: “Senefi, seo ka linako tse ling se ferekanngoang le koae ea porompi, ke koae e sitsoeng eo batho ba e sebelisang, ba e momonang, empa eseng ho e hlafuna. Batho ba e sebelisang baa tsipa, kapa baa ‘qotsa,’ ebe ba e kenya pakeng tsa lerama le marenene, ba ntse ba e isa koana le koana ka maleme ’me ba tšoela mathe nako le nako.”
Mefuta e latsoehang e etselitsoeng ba qalang, e ntša feela karolo ea 7 le ea 22 lekholong ea bokoali ba eona bo kenang maling. Mofuta o matlahali o ka bipetsa ba qalang ho e sebelisa. E sitsoe hasesanyane bakeng sa banna ba “sebele.” Bokoali ba eona bo etsang karolo ea 79 lekholong bo lutse bo “lokolohile,” bo fumaneha hore bo kene kapele-pele maling. United States, batho ba e sebelisang ba qala ho tsipa ha ba le lilemo li robong ka karolelano. ’Me ke ngoana ofe ea lilemo li robong eo ka nako e telele a tlang ho ithiba hore a se fetele mefuteng e matlahali ’me a kopanele le banna ba “sebele”?
Ha e le hantle phello e bang teng ea motsoako oa bokoali e ba matla ho feta ea sakerete. Ho ea ka tlaleho batho ba e sebelisang ba na le menyetla e mene ea hore ba tšoaroe ke kankere ea molomo, ’me ho na le menyetla e 50 ea hore ba tšoaroe ke kankere ea ’metso ho feta batho ba sa e sebeliseng.
Ho ipelaetsa ha sechaba United States ho ile ha hlahella ka matla ha k’hamphani e ’ngoe ea koae e ne e qosoa ke ’mè oa moshemane eo pele e neng e le khalala ea lipapali tsa baatlelete sekolong se phahameng ea ileng a bolaoa ke kankere ea molomo. O ile a fumana thini ea mahala ea senefi tlhōlisanong ea ho bontša bohlale ba ma-cowboy ha a le lilemo li 12 ’me o ile a fetoha raporompi ea qetang lithini tse ’nè ka beke. Ka mor’a hore ka makhetlo a mangata a fete ho buuoeng ka thipa ho bohloko ho ileng ha fefa leleme la hae, mohlahare, le molala, lingaka tsa hae li ile tsa tela. Mohlankana eo o ile a shoa ha a le lilemo li 19.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Kamoo U ka Khaotsang Kateng
Batho ba limilione ba itokolotse ka katleho temallong ea bona ea bokoali. Haeba u setsubi, esita le haeba e bile ka nako e telele, le uena u ka khona ho tlohela tloaelo ena e kotsi. Litlhahiso tse ’maloa ke tsena tse ka ’nang tsa thusa:
• Tseba esale pele seo u lokelang ho se lebella. Matšoao a ho tlohela a ka ’na a akarelletsa ho tšoenyeha, ho khopeha le feela, ho ferekana kelellong, ho tšoaroa ke hlooho, ho felloa ke boroko, ho tšoaroa ke mala, ho lapa, ho ba le takatso e matla haholo, ho hlōleha ho tsepamisa mohopolo, le ho thothomela. Ka sebele hase tebello e thabisang, empa matšoao a matla ka ho fetisisa a tšoarella matsatsi a se makae feela ebe butle-butle aa fela ha ’mele o felloa ke bokoali.
• Joale ka tieo ho qaleha ntoa ea kelello. Hase feela hore ’mele oa hao o lakatsa bokoali empa kelello ea hao e ne e se e tloaetse boitšoaro bo amanang le ho tsuba. Hlahlobisisa mokhoa oa hao oa ho etsa lintho ho bona hore na ke neng ho neng ho iketsahalla hore u nanabele sakerete, ’me u fetole mokhoa oo. Ka mohlala, haeba kamehla u ne u tsuba hang feela ka mor’a lijo, ikemisetse hore u eme hang-hang ’me u otlolle maoto kapa u hlatsoe lijana.
• Ha takatso e matla e u hlasela ka tšohanyetso, mohlomong ka lebaka la motsotso o sithabetsang, hopola hore ka tloaelo tšusumetso eo e tla feta pele metsotso e mehlano e fela. Itokisetse ho etsa hore kelello ea hao e phathahane ka ho ngola mangolo, ho hlakisa ’mele, kapa ho ja lijo tse bobebe tse nang le phepo. Thapelo ke thuso e matla mabapi le ho itšoara.
• Haeba u nyahamisoa ke boiteko bo hlōlehileng ba ho tlohela, se ke ua tela. Ntho ea bohlokoa ke ho tsoela pele u leka.
• Haeba monyetla oa ho nona o u sitisa, hopola hore melemo ea ho tlohela lisakerete ke ea bohlokoa haholo ho feta lik’hilograma tse seng kae tse eketsehileng. Ho ka ’na ha thusa hore u lule u e-na le litholoana le meroho. ’Me u noe metsi a mangata.
• Ho khaotsa ho tsuba ke taba e ’ngoe. Ho lesa koae ka ho feletseng e boetse ke taba e fapaneng. Ipehele lipakane tsa linako tseo u tlang ho lula u se na koae—letsatsi le le leng, beke e le ’ngoe, likhoeli tse tharo, ka ho sa feleng.
Jesu o itse: “Rata oa heno joalo ka ha u ithata.” (Mareka 12:31) Hore u rate oa heno, khaotsa ho tsuba. Hore u ithate, khaotsa ho tsuba.—Hape bona “Ho Tsuba—Pono ea Bokreste,” ho Tsoha! ea July 8, 1989, maqepheng a 13-15.