Ba ne ba ka Etsa Ntho e Joalo Joang?
BATHO ba ile ba lokafatsa khoebo ea makhoba joang? Bo-rahistori ba bontša hore ho fihlela lekholong la bo18 la lilemo, ke batho ba ’maloa ba neng ba belaela ka boitšoaro ba bokhoba. Buka The Rise and Fall of Black Slavery ea hlokomela: “Nakong eo Columbus a ileng a fihla West Indies a sa lebella ka eona, ha ho baruti kapa mangolo ao kereke e a amohetseng a ileng a neha bajaki ba nakong e tlang pontšo ea hore ho qobella batho ho ba sebeletsa ho tla nkoa e le boitšoaro bo sa amoheleheng, le hoja baruti ba seng bakae ba ile ba bolela ka ho sa tobang hore ba belaella hore sena se tla etsahala. . . . Ho ne ho se pontšo ea hore ho kenngoa tšebetsong ha bokhoba, ho neng ho ama sechaba sohle sa Europe, ho lokela ho belaelloa.”
Ka mor’a hore khoebo ea ho tšela Leoatle la Atlantic e tote, baruti ba bangata ba ile ba sebelisa likhang tsa bolumeli ho tšehetsa bokhoba. Buka American Slavery e re: “Baruti ba Prostanta [Amerika] ke bona ba neng ba itlhomme pele ho buella bokhoba . . . Mohlomong khang ea bolumeli e neng e jele setsi haholo le e neng e sebetsa ka ho atlehileng e ne e le khopolo e bonolo ea hore bokhoba e ne e le karolo ea morero oa Molimo oa ho pepesetsa batho ba bahetene litlhohonolofatso tsa Bokreste.”
Empa hangata tšoaro e sehlōhō le e mabifi e neng e etsoa makhoba e ne e hloka ho fetang feela ho itokafatsa le boikhakanyo ba “litlhohonolofatso tsa Bokreste.” Kahoo litsebi tsa bo-ralikolone le bangoli le bo-rafilosofi ba Europe ba ile ba ipolella hore batho ba batšo ha ba tšoane le ba basoeu. Edward Long, mong’a tšimo ea neng a tla ngola History of Jamaica o ile a hlokomela: “Ha re nahana ka sebōpeho sa batho bana, le ho se tšoane ha bona le moloko oohle oa batho, na ha rea lokela ho fihlela qeto ea hore ke ba mofuta o mong osele?” Liphello tsa monahano o joalo li ile tsa hlalosoa ke ’musisi oa Martinique: “Ke fihletse boemo ba ho lumela ka ho tiileng hore motho o tlameha ho tšoara Manegro ka tsela eo motho a tšoarang liphoofolo ka eona.”
Qetellong kameho ea moruo le ea boiketlo ba sechaba e ile ea tlatsetsa ho feleng ha khoebo ea makhoba ho tšela Leoatle la Atlantic. Ho tloha qalong batho ba Afrika ba ne ba le khahlanong le ho etsuoa ha bona makhoba, ’me ho ea bofelong ba lekholo la bo18 la lilemo, bofetoheli bo ne bo tloaelehile. Benghali ba tšohileng ba ne ba iphumana ba sa sireletseha ka ho eketsehileng. Ba ile ba ipotsa hore na ebe mohlomong ho ke ke ha bitsa chelete e fokolang ho hira basebetsi ha ba hlokahala ho e-na le ho hlokomela makhoba.
Ka nako e tšoanang, likhang tsa boitšoaro bo amohelehang, tsa bolumeli le tsa boiketlo ba sechaba li ile tsa fumana tšehetso e eketsehileng Europe le Amerika Leboea le Amerika Boroa. Mekhatloana e loanelang ho felisa bokhoba e ile ea e-ba matla. Ho sa tsotellehe ho felisoa ka molao ha khoebo ea makhoba linaheng tse ngata ho tloha selemong sa 1807 ho ea pele, liphello tsa bokhoba li ile tsa sala.
Pale e tsoelang pele ea thelevishene, The Africans: A Triple Heritage, e ile ea hlalosa maikutlo a sithabetsang a bara le barali ba Afrika: “Nako e telele pele khoebo ea makhoba e simolla, re ne re phela . . . Afrika. Joale ho ile ha fihla basele ’me ba nka ba bang ba rōna. Kajeno, re tletse-tletse hohle hoo le ka mohla letsatsi le ke keng la likela moo bana ba Afrika ba leng teng.” Boteng ba batho ba limilione ba lesika la Afrika Amerika Leboea le Boroa, Caribbean le Europe ka ho totobetseng ke phello ea khoebo ea makhoba.
Batho ba sa ntse ba phehisana khang ka hore na ke mang ea jarang molato oa khoebo ea makhoba ho tšela Leoatle la Atlantic. Basil Davidson, setsebi sa histori ea Afrika oa ngola bukeng ea hae The African Slave Trade: “Afrika le Europe li ne li ameha ka ho kopaneng.”
“Ho Tle ’Muso oa Hao”
Ho na le seo ho ka ithutoang sona—ntho e amang puso ea batho. Monna ea bohlale o ile a ngola: “Ke ile ka bona liketso tsohle tsa bohatelli tse neng li etsoa tlas’a letsatsi,—jo! meokho ea ba hatelletsoeng, ’me ba ne ba hloka motšelisi, ’me ka lehlakoreng la bahatelli ba bona ho na le matla.”—Moeklesia 4:1, Rotherham.
Ka masoabi, mantsoe ao, a ngotsoeng nako e telele pele khoebo ea makhoba a Afrika e simolla, a tsoela pele ho ba ’nete kajeno. Ba hatelletsoeng le bahatelli ba ntse ba le teng, ’me linaheng tse ling ho na le makhoba le benghali ba ’ona. Bakreste baa tseba hore haufinyane, ka puso ea ’Muso oa Molimo, Jehova “o tla lopolla mohloki ea llang ho eena, le mohlōphehi ea hlokang mothusi.” (Pesaleme ea 72:12, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ka lebaka leo le a mang, ba tsoela pele ho rapela Molimo: “Ho tle ’muso oa hao.”—Mattheu 6:10.