Ntoa ea Batho Khahlanong le Likoluoa
LILEMO tse tharo li ne li se li fetile, ’me mongoli-kakaretso ea Machaba a Kopaneng Boutros Boutros-Ghali o ne a sa thaba. Mathoasong a 1993 o ile a bolella sehlopha sa litsebi: “Ha rea nka bohato kapele ka ho loketseng. Ho le kōpa hore le kopane hona joale ho e-na le hamorao, sepheo sa ka e ne e le ho bona hore na re ka lefeletsa nako eo e senyehileng joang.” Nako e senyehileng? O ne a hopotse eng? Litlhaku tse hlano: IDNDR. Li bolela eng? ’Me ke hobane’ng ha ho potlakuoe?
Se seng sa litsebi tse neng li le teng sebokeng seo e ne e le Frank Press, setsebi sa thuto ea lihloliloeng le “mothei” oa IDNDR. Lilemo tse 11 tse fetileng, Dr. Press o ile a qala ho bokella lekhotla la bo-rasaense lefatšeng ka bophara bakeng sa ho eketsa ntoa khahlanong le likoluoa tsa tlhaho. Lilemo tse hlano hamorao, ka December 1989, Machaba a Kopaneng a ile a arabela pitsong ea hae ea ho felisa lesisitheho ka ho khetha lilemo tsa ho tloha ka 1990 ho ea ho 2000 e le International Decade for Natural Disaster Reduction, kapa IDNDR. Sepheo sa eona ke sefe?
Ho Hlokahala ho Fetola Monahano
Umberto G. Cordani, moprofesa oa thuto ea mafika oa Brazil ebile e le setho sa Komiti ea Saense le ea Theknoloji ea IDNDR, o ile a bolella Tsoha! hore IDNDR ke boipiletso sechabeng sa lefatše hore se tlatsetse ka tsebo le matlotlo a sona ’me se sebetse hammoho ho fokotsa mahlomola, tšenyo, pherekano, le tahlehelo ea bophelo tse bakoang ke likoluoa tsa tlhaho. Moprofesa Cordani o ile a hatisa: “Ho finyella sepheo seo, ho hlokahala phetoho lefatšeng ka bophara ea ho tloha ponong ea ho arabela ka mor’a koluoa ho ea ho nkeng bohato pele ho koluoa.”
Leha ho le joalo, phetoho ea monahano lefatšeng ka bophara e thata ho feta ho khetha lilemo tse itseng tse leshome, hobane UNESCO Environment and Development Briefs, e bolela hore “batho ba etsang liqeto ba atisa ho lebisa tlhokomelo liphallelong ba sa re letho ka thibelo.” Ka mohlala, kajeno chelete eohle e sebelisoang mabapi le ho sebetsana le likotsi tsa tlhaho Latin America, karolo e fetang 90 lekholong e ea liphallelong ’me karolo e ka tlaase ho 10 lekholong e ea thibelong. Pampitšana ea litaba ea IDNDR, Stop Disasters, e hlokomelisa hore etsoe bo-ralipolotiki ba “fumana tšehetso e eketsehileng ea ho tšelisa ba hlasetsoeng ke koluoa ho feta ha ba kōpa makhetho bakeng sa ho nka mehato e sa susumetseng maikutlo e ka beng e entse hore ho qojoe kapa ho fokotsoe koluoa.”
Ho Etsa Lipakane
E le ho fetola mokhoa ona oa tšebeliso ea lichelete, Machaba a Kopaneng a ile a hlalosa lipakane tse tharo bakeng sa lilemo tse leshome. Ka selemo sa 2000, linaha tsohle li lokela hore li be li itokiselitse (1) tlhahlobo ea maemo a kotsi a ka hlahisoang ke likotsi tsa tlhaho, (2) boitokisetso ba nako e telele le meralo ea thibelo, le (3) mekhoa ea ho fana ka temoso. Ho ile ha thehoa likomiti tsa linaha bakeng sa ho fetola lifilosofi le meralo e metle ea IDNDR hore e be meralo e tiileng, ’me ka May 1994, Japane, ho ile ha tšoaroa Seboka sa Lefatše Mabapi le Phokotso ea Likoluoa Tsa Tlhaho se neng se tšehelitsoe ka lichelete ke Machaba a Kopaneng. Ka mesebetsi ena eohle e reriloeng kapa e ntseng e tsoela pele, ke hobane’ng ha Boutros-Ghali a ne a sa khotsofala? Ka lebaka la tšekamelo e itseng e tšoenyang.
Tšekamelo e Tšoenyang
Ka lehlakoreng le leng, boiteko ba IDNDR boa atleha. Tlhokomelo ea bo-rasaense ea hore likoluoa li fokotsoe e eketsehile, ’me mehato e meng, e kang mekhoa e ntlafetseng ea ho fana ka temoso, e pholosa bophelo ebile e fokotsa tahlehelo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe melemo ena, Dr. Kaarle Olavi Elo, motsamaisi oa ofisi ea bongoli ea IDNDR, o bontša hore “palo le boholo ba likoluoa li tsoela pele ho hōla, li ama batho ba eketsehileng haholoanyane.” Setsebi se seng sa Machaba a Kopaneng se tiisa hore: “Re bone keketseho e imenneng hararo ho tloha lilemong tsa bo-1960 ho ea ho tsa bo-1980, le keketseho e khōloanyane hape ka bo-1990.” Ka sebele, ka 1991, likoluoa tse khōlō tse 434 li bolaile batho ba 162-000 lefatšeng ka bophara, ’me ka 1992, litšenyehelo li ile tsa feta lidolara tse likete tse limilione tse 62 (U.S.) (liranta tse likete tse limilione tse 225). James G. Speth, motsamaisi oa UNDP (United Nations Development Program) o etsa qeto ea hore lefatše le fetohile “mochini oa koluoa, o hlahisang maqakabetsi a tsietsang kamehla.” (UNDP Update, November 1993) Ke eng e bakang tšekamelo ee e tšoenyang?
Ke Hobane’ng ha li Eketseha?
E le ho araba seo, taba ea pele hlokomela phapang pakeng tsa kotsi ea tlhaho le koluoa ea tlhaho. Ea pele ke ketsahalo ea tlhaho—e kang sekhohola kapa tšisinyeho ea lefatše—e nang le monyetla oa ho fetoha koluoa empa hase kamehla e bang joalo. Ka mohlala, likhohola tse bang teng libakeng tse se nang baahi tse pel’a nōka ea Amazon, Brazil, ke liketsahalo tsa tlhaho tse bakang kotsi e fokolang. Leha ho le joalo, likhohola tse hlaselang Bangladesh molomong oa nōka ea Ganges moo ho nang le baahi ba bangata-ngata li baka tahlehelo bophelong ba batho, linthong tse bonahalang le tikolohong. Hangata tahlehelo e joalo e baka koluoa hoo metse e hlasetsoeng e ke keng ea khona ho loana ka katleho le boemo boo ka ntle le thuso e tsoang libakeng tse ling. Boemong bo joalo, kotsi ea tlhaho e fetohile koluoa ea tlhaho. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha likhohlano tsena tse bakang koluoa pakeng tsa motho le tlhaho li ntse li eketseha?
Setsebi sa likoluoa James P. Bruce o hlokomela hore “tšekamelo e teng mabapi le likotsi tse khōloanyane le tse etsahalang khafetsa” e ka ’na ea e-ba “sesosa se tlatsetsang.” Leha ho le joalo, eena le bo-rasaense ba bang baa lumellana hore sesosa sa ho eketseha ha likoluoa hase keketseho ea likotsi tsa tlhaho empa ke ho pepesetsoa ha motho ka ho eketsehileng likotsing tsena. Makasine oa World Health o bontša hore ho pepesetsoa likotsi hona ka ho eketsehileng, ho bakoa ke “ho kopana ha maemo a ho eketseha ha baahi, a tikoloho le a theknoloji.” Ke likarolo life tse ling tsa sehlooho tsa ho kopana hoo tse bakang likoluoa?
Karolo ea pele ke keketseho ea baahi ba lefatše. Ha boholo ba lelapa la motho bo ntse bo eketseha, ka ho tšoanang monyetla oa hore kotsi ea tlhaho e tla fumana ba bang ba batho ba lefatše ba likete tse limilione tse 5,6 o-oa hōla. Ho phaella moo, sepenya sa baahi se tsoela pele ho qobella batho ba futsanehileng ba limilione hore ba lule mehahong e sa sireletsehang libakeng tse tummeng ka ho hlaseloa ke tlhaho kamehla. Liphello hase tse makatsang: Ho tloha ka 1960, baahi ba lefatše ba eketsehile habeli, empa tahlehelo e bakoang ke likoluoa e eketsehile ka makhetlo a ka bang leshome!
Liphetoho tsa tikoloho li eketsa mathata. Ho tloha Nepal ho ea Amazon le ho tloha masabasabeng a Amerika Leboea ho ea lihleke-hlekeng tsa Pacific, motho o rema lifate, o lema naha ka ho feteletseng, o senya mabōpo a leoatle, ’me ka lebaka la liketso tsa hae tikoloho e-ea ameha—empa o fumana moputso. Eo pele e neng e le motsamaisi oa IDNDR, Robert Hamilton, o bolela hore “ha re ntse re hatisa matla a ho mamella a tikoloho ea rōna ’me re fetola mokhoa oa eona, ho na le monyetla o eketsehileng oa hore kotsi ea tlhaho e ka ’na ea fetoha koluoa.”
Leha ho le joalo, haeba liketso tsa batho li tlatsetsa ho ngoloeng ho ntseng ho eketseha ka likoluoa lihloohong tsa litaba tsa kajeno, ka ho tšoanang ho etsa se fapaneng le seo e ne e tla ba ’nete: Ka ho nka mehato ea thibelo, motho a ka fetola lihlooho tsa litaba tsa hosasane. Lefu le tšenyo li ka fokotsoa. Ka mohlala, litsebi li bolela hore karolo ea 90 lekholong ea mafu a bakoang ke litšisinyeho tsa lefatše, e ka qojoa. Leha ho le joalo, le hoja mabaka a ho etsa thibelo e le a tlamang, batho ba bangata ba tsoela pele ho talima likoluoa e le tse ke keng tsa qojoa. UNESCO Environment and Development Briefs e tlaleha hore tumelo ea hore batho ba ke ke ba qoba lefu ke eona “tšitiso e le ’ngoe e khōlō ka ho fetisisa bakeng sa ho fokotsa likoluoa.” U ka lehlakoreng lefe la tšitiso eo?
Li ke ke Tsa Qojoa Kapa Li ka Fokotsoa?
Haholo-holo linaheng tse tsoelang pele moruong, boikutlo bona ba ho hloka thuso bo atile—’me hase ho makatsang! Har’a batho bohle ba ileng ba bolaoa ke likoluoa tsa tlhaho lilemong tse 50 tse fetileng, karolo ea 97 lekholong ea bona e ne e phela linaheng tse tsoelang pele moruong! Stop Disasters e hlokomela hore linaheng tse ling tsa tsena, “lebelo leo likoluoa li etsahalang ka lona le phahame hoo ho leng thata ho tšoaea pakeng tsa ho fela ha koluoa le ho qaleha ha e ’ngoe.” Ha e le hantle, karolo ea 95 lekholong ea likoluoa tsohle e etsahala linaheng tse tsoelang pele moruong. Ho tsena ekelletsa ka letoto le sa khaotseng la likoluoa tsa botho—bofutsana, ho hloka mesebetsi, ho phela tlas’a maemo a bohloko—’me u ka bona hore na ke hobane’ng ha boikutlo ba ho hloka thuso bo aparetse mafutsana joaloka leqhubu le phahamang. Ba amohela tahlehelo e bakoang ke likoluoa tse ipheta-phetang e le karolo ea bophelo e bohloko empa e le e ke keng ea qojoa. Leha ho le joalo, na tahlehelo ee e ke ke ea qojoa?
Seo U ka se Etsang le Seo U ke Keng Ua se Etsa
Ke ’nete hore u ke ke ua laola lebelo kapa matla a likotsi tsa tlhaho, empa seo ha se u etse hore u be le boikutlo ba ho hloka thuso ka ho feletseng. U ka fokotsa ho pepesetsoa ha hao liketsahalong tsena. Joang? Nahana ka papiso ena.
Ha re re motho o batla ho fokotsa ho pepesetsoa ha hae letsatsing (ketsahalo ea tlhaho) e le ho thibela hore a tšoaroe ke kankere ea letlalo (koluoa). Ke mehato efe eo a ka e nkang? Ho totobetse hore a ke ke a laola ho chaba le ho likela ha letsatsi (lebelo la ketsahalo). Leha e le hore a ka laola tekanyo ea mocheso oa letsatsi o fihlang tikolohong ea hae (matla a ketsahalo). Empa na seo se mo etsa hore e be ea hlokang mokhoa oa ho ithusa? Che, a ka fokotsa ho pepesetsoa ha hae letsatsing. Ka mohlala, a ka lula ka tlung linakong tse chesang haholo tsa letsatsi, kapa haeba seo se sa khonehe, a ka roala katiba le ho apara liaparo tse sireletsang ha a le kantle. Sena se eketsa tšireletso ea hae khahlanong le letsatsi (ketsahalo) ’me se fokotsa kotsi ea hae ea hore e be mohlaseluoa oa kankere ea letlalo (koluoa). Mehato ea hae ea ho itšireletsa e ka etsa phapang!
Ka ho tšoanang, le uena u ka nka mehato e eketsang tšireletso ea hao khahlanong le phello ea likotsi tse itseng tsa tlhaho. Ka tsela eo, u tla fokotsa ho hlaseloa ha hao habonolo le tahlehelo ha koluoa e hlasela. Bakeng sa ba phelang linaheng tse tsoetseng pele moruong, litlhahiso tse sebetsang tse lebokoseng le reng “Na U Itokisitse?” li ka ba molemo. ’Me haeba u phela naheng e tsoelang pele moruong, mehlala e lebokoseng le reng “Lintlafatso Tse Sebetsang Tsa Litšenyehelo Tse Tlaase” e ka ’na ea u fa maikutlo a itseng ka mofuta oa mehato e sa rarahanang e fumanehang hona joale. E ka ’na ea e-ba molemo haholo ho pholoseng bophelo le ho fokotseng tahlehelo. Frank Press, setsebi sa thuto ea lihloliloeng o hopotsa hore ka theknoloji ea kajeno e fumanehang, “tumelo ea hore batho ba ke ke ba qoba lefu ha e sa amoheleha.” Ha ho pelaelo hore mabapi le likoluoa tsa tlhaho, ka sebele thibelo e molemo ho feta phekolo.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Na U Itokisitse?
FEDERAL Emergency Management Agency ea United States e buella litsela tse ngata tsa ho sebetsana ka katleho le likotsi. Tse latelang ke tse ling tsa lintlha tse khōlō.
Fumana boitsebiso. Iteanye le ofisi e sebetsanang le maemo a tšohanyetso ea sebakeng sa heno ’me u fumane hantle hore na ke likoluoa life tse ka hlaselang sebaka sa heno. E ka ’na eaba u hlokomela tse ling, empa tse ling li ka ’na tsa u tsometsa. Haeba u hlokomela hore lehae la hao le pepeselitsoe likotsing tsa tlhaho:
◻ Kopana le lelapa la hao ’me le buisane ka mefuta ea likotsi tse ka le sokelang. Hlalosa se ka etsoang boemong ka bomong.
◻ Lokisetsa hore na lelapa la hao le tla kopana joang haeba le arohanngoa ke ketsahalo e joalo. Khetha libaka tse peli tsa ho kopana: se seng se be kantle ho lehae la lōna haeba ho hlaha boemo ba tšohanyetso, joaloka mollo, ’me se seng se be kantle ho sebaka sa habo lōna haeba ho etsahala hore le se ke la khutlela lapeng.
◻ Kōpa motsoalle hore e be eo lelapa la hao le ka ikopanyang le eena e le hore haeba le ke ke la fihla libakeng tsa lōna tse lokiselitsoeng tsa ho kopana, litho tsohle tsa lelapa li ka letsetsa enoa ea le kopanyang ’me li bolele hore na li hokae. Khetha motsoalle ea lulang hōle le sebaka sa heno hobane ka mor’a koluoa hangata ho bonolo ho letsetsa libakeng tse hōle ho feta ho letsetsa sebakeng se anngoeng ke koluoa. Ruta bana ho letsetsa motsoalle enoa. Buisanang ka se lokelang ho etsoa ha le tlameha ho tloha sebakeng seo. Nahanang ka hore na le tla thusa baahisani ba lōna joang ba ka ’nang ba hloka thuso e khethehileng. Lokisetsang kamoo le tla hlokomela liphoofolo tsa lōna tsa lapeng.
◻ Khomaretsa linomoro tsa thelefono tsa boemo ba tšohanyetso founong e ’ngoe le e ’ngoe.
◻ Tseba moo mithara ea motlakase e leng teng, moo meini ea metsi le ea khase e leng teng. Bontša litho tsa lelapa tse nang le boikarabelo hore na li time lintho tsena joang le hore na neng, ’me u boloke lithuluse tse hlokahalang pel’a li-switch tse khōlō.
◻ Itokisetse mollo. Kenya lialamo tse llang ha mosi o le teng, haholo-holo pel’a liphaposi tsa ho robala.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Lintlafatso Tse Sebetsang Tsa Litšenyehelo Tse Tlaase
BANKA ea Lefatše e tlaleha hore baahi ba ka bang ka tlaase ho halofo ea baahi ba lefatše, ba phela ka liranta tse 18 kapa ka tlaase ho moo ka beke. Litsebi li bolela hore esita le haeba u le boemong boo, ho na le mehato e pakiloeng eo u ka e sebelisang. Alberto Giesecke, setsebi sa likoluoa sa Peru o hatisa hore u ithute eona, hobane thuto “ke mohato o ka sehloohong o litšenyehelo li tlaase oa ho fokotsa liphello.” Mehlala e ’meli ke ena e tsoang Amerika Boroa:
Buka ea litaelo ea Machaba a Kopaneng e bitsoang Mitigating Natural Disasters e hlalosa se ka etsoang bakeng sa ho haha matlo a molemonyana a setene, kapa a mobu:
◻ Libakeng tse lithaba, cheka setša bakeng sa ho etsa lebala le phahameng leo ntlo e tla lula ho lona.
◻ Matlo a nang le mabota a lekanang a mane a matla ka ho fetisisa; haeba u hloka eo lebota le ka pele le le ka morao a lekanang ka bolelele, haha lerako le leng hore le be lelelele ka makhetlo a mabeli le halofo ho feta le leng.
◻ Etsa motheo ka majoe kapa konkoreiti bakeng sa ho fokotsa matla a tšisinyeho ea lefatše.
◻ Haha marako a bapileng ao boima, matla, le bophahamo ba ’ona li lekanang. A etse hore a be masesaane ’me a be tlaase. Matlo a hahiloeng ka mokhoa ona a ile a senyeha hanyenyane nakong ea litšisinyeho tsa lefatše ho feta matlo a tloaelehileng a mobu.
Mohaho o entsoeng ka lithupa o tloaelehileng (quincha) ke oa bohlale bo bong bo pakiloeng. Stop Disasters e bolela hore matlo a quincha a na le moralo oa lehlaka le lohiloeng le makala a manyenyane a tšehelitsoeng ka lipalo tse tšekaletseng le tse otlolohileng ’me a na le karolo e fokolang feela e entsoeng ka mobu. Mofuta ona oa mohaho, o nang le marako a bophara ba lisenthimithara tse 10 ho ea ho tse 15, o lumella matlo ho sisinyeha nakong ea tšisinyeho ea lefatše, ’me ha tšisinyeho ea lefatše e khaotsa, mehaho e khutlela malulong hape. Ha ho ne ho e-na le tšisinyeho ea lefatše ka 1991, matlo a mofuta oo kaofela ha ’ona a ile a sala a eme ha matlo a mang a 10 000, ao bophara ba marako a ’ona e neng e le mithara e le ’ngoe, a ile a putlakana, a bolaea batho ba 35. Ho ea ka setsebi sa mehaho sa UNESCO, John Beynon, litšisinyeho tsa lefatše ha li bolaee batho; mehaho e helehang ke eona e ba bolaeang.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Libakeng tse ling, motho o rema meru ka bohlasoa, a bula tsela bakeng sa likoluoa tsa tlhaho tse eketsehileng