Moo AIDS e Leng Seoa
KA LILEMO tse ka tlaase ho tse 15, bohloko ba AIDS bo aparetse lik’honthinente tsohle tsa lefatše. Ka lilemo tse seng kae feela, bomo ena ea bophelo e phatlohile ho ba seoa se koahelang sebaka se seholo. WHO (Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo) e hakanyelitse hore ho pholletsa le lefatše batho ba 5 000 ba tšoaetsoa letsatsi le leng le le leng. Hoo ho bolela batho ba ka holimo ho ba bararo motsotso o mong le o mong! Linaha tse amehang haholo-holo ke tse futsanehileng haholo, tse bitsoang linaha tse hōlang moruong. WHO e ile ea bolela esale pele hore ka selemo sa 2000, linaha tsena li tla be li e-na le ba etsang karolo ea 90 lekholong ea bohle ba nang le kokoana-hloko ea HIV ’me qetellong e be karolo ea 90 lekholong ea bohle ba tšoeroeng ke AIDS.
Ba Hlokofatsoang ka ho Fetisisa
Rose o ne a e-na le lilemo tse 27 ’me a nyetsoe, a e-na le bana ba bararo ha ka tšohanyetso monna oa hae a qala ho kula. A shoa likhoeli tse seng kae hamorao. Sesosa sa lefu la monna oa hae se ne se e-so ho nepisisoe ka nako eo. Lingaka li ile tsa fumana hore o ne a e-na le lefuba. Beng ka eena ba ne ba re o louoe. Beng ka monna ba ile ba qala ho amoha Rose thepa ea hae. Ba bohali ba hae ba ile ba nka bana ba hae ka mahahapa ha a ne a le sieo. Rose o ile a qobelloa ho khutlela motseng oa habo. Lilemo tse peli hamorao o ile a qala ho hlaseloa ke lehlatso le letšollo. Ke hona a ileng a elelloa hore monna oa hae o bolailoe ke AIDS le hore le eena o tšoaelitsoe. Rose o ile a shoa lilemo tse tharo hamorao, a le lilemo li 32.
Liketsahalo tse utloisang bohloko joaloka ena li tloaelehile hona joale. Libakeng tse ling ho ’nile ha shoa malapa ’ohle esita le metse eohle.
“Bothata bo Boholo ka ho Fetisisa ba Bophelo ba Mehla ea Rōna”
Mebuso e linaheng tse hōlang moruong e thulana le litšitiso tse khōlō ha e leka ho loantšana le bothata bona. Ka lebaka la mehloli e fokolang ea lichelete le litlhoko tse ling tsa bohlokoa le tse batlang lichelete tse ngata tse lokelang ho etsoa pele, AIDS e fetoha ea ho qetela eo ho sebetsanoang le eona. Ho theoha ha moruo lefatšeng ka bophara, khaello ea lijo, likoluoa tsa tlhaho, lintoa, ho phetha meetlo le litumela-khoela li hōlisa bothata bona le ho feta. Ho fana ka tlhokomelo e khethehileng e akarelletsang thepa le kalafo ea meriana bakeng sa bakuli ba AIDS ba tšoaroang khafetsa ke mafu a mang ho theko e boima. Lipetlele tse ngata tse khōlō hona joale li na le bakuli ba bangata ho feta tekano, boemo ba litšebeletso boa theoha hape basebetsi ba tsona baa fokola. Boholo ba bakuli ba tšoeroeng ke AIDS hona joale bo lokolloa lipetlele e le hore bo ka lula hae ho fihlela bo e-shoa ho etsa hore libethe li fumanehe molemong oa palo e hōlang e sa khaotse ea bakuli ba bang ba hlokang thuso. Ho bile le keketseho e tšosang ea mafu a mang a tsamaellanang le AIDS a kang lefuba. Linaha tse ling li tlalehile hore mafu a bakoang ke lefuba a imenne habeli lilemong tse tharo tse fetileng, ’me ba ka etsang karolo ea 80 lekholong ea bakuli ba lipetlele ba tšoeroeng ke AIDS ba na le lefuba.
Phello ea AIDS Sechabeng
Liphello tsa seoa sa AIDS ha li ame feela tsamaiso ea tlhokomelo ea bophelo empa li ama le likarolo tsohle tsa moruo le tsa sechaba. Ba ka etsang karolo ea 80 lekholong ea ba tšoeroeng ke AIDS ba lipakeng tsa lilemo tse 16 le tse 40, e leng batho ba nang le ho hongata ka ho fetisisa hoo ba ka ho etsang sechabeng. Bongata ba ba sebeletsang moputso bakeng sa ho phelisa lelapa bo hona lilemong tseo. Malapa a mangata a itšetlehile ka bona, empa ha ba qala ho kula ’me qetellong ba e-shoa, ba banyenyane haholo le maqheku ba sala ba se na ea ba hlokomelang. Sechabeng leha e le sefe sa Maafrika, ha motsoali oa ngoana a e-shoa, ka tloaelo ngoana eo o nkuoa ke beng ka eena le ho hōlisoa ke bona. Leha ho le joalo, kajeno ha motsoali a e-shoa, batsoali ba batsoali ba ngoana eo kapa beng ka eena ba sa ntseng ba phela hangata ba tsofetse haholo kapa ba se ba ntse ba imetsoe ke ho leka ho fumanela bana ba bona tseo ba li hlokang. Boemo bona bo lebisitse qakeng ea bokhutsana le keketseho ea bana ba se nang mahae. WHO e boletse esale pele hore karolong ea Afrika e ka boroa ho Sahara feela, bana ba ka holimo ho limilione tse 10 e tla be e le likhutsana qetellong ea lekholo lena la lilemo.
Basali ba fumana tlhokofatso ea AIDS e le e ba hatellang maikutlo haholo le e ba imelang. Ke basali bao haholo-holo ba lebelletsoeng ho fana ka tlhokomelo ea booki bosiu le motšehare ba sa khaotse e hlokoang ke ba kulang le ba shoang—ho phaella mesebetsing e meng eohle ea lelapa eo ba tlamehang ho e phetha.
Se Ntseng se Etsoa
Mathoasong a bo-1980, bahlanka ba bangata ba ’muso, ka lebaka la leeme leo ba bileng le lona ka sekhobo se amanang le AIDS ’me ba sa hlokomele lebelo leo e tla ata ka lona, ba ne ba sa bontše thahasello ebile ba sa tsotelle. Leha ho le joalo, ka 1986 ’muso oa Uganda o ile oa phatlalatsa ntoa khahlanong le AIDS. Lilemong tse robong tse fetileng, Uganda e fumane tlotla ea ho ba le “boiteko bo bocha bo fetang bohle ba ho laola ho ata ha AIDS ho fihlela le kajeno.”
Kajeno, ho na le mekhatlo ea sechaba le ea machaba e kaholimo ho 600 le liofisi tsa boemeli Uganda tse amehileng ka ho leka ho laola ho ata ha AIDS. Liofisi tsena tsa boemeli tsa thuso ea sechaba li hlomme litsi tsa thuto ka AIDS naheng eohle. Temoso ea phatlalatsa ka tlhokofatso ea AIDS e fetisetsoa sechabeng ka litšoantšiso, metjeko, lipina, mananeo a seea-le-moea le a TV, likoranta le thelefono. Ho phaella tlhokomelong ea lapeng le thuso ea lintho tse bonahalang, ho fanoa ka thuso ho ba nang le AIDS, bahlolohali le likhutsana.
Har’a Lipaki tsa Jehova, ho hlokomela likhutsana le bahlolohali ho talingoa e le karolo ea borapeli ba Bakreste. (Jakobo 1:27; 2:15-17; 1 Johanne 3:17, 18) Phutheho ha e amohe litho tsa malapa boikarabelo ba tsona ba ho hlokomela beng ka tsona. Empa haeba ho se na litho tse haufi tsa lelapa, kapa haeba likhutsana le bahlolohali ba sa khone ho itjara ka bobona, phutheho ka lerato e-ea ba thusa.
Ka mohlala, Joyce e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova tse lulang Kampala, motse-moholo oa Uganda. O ne a tšoeroe ke AIDS ’me a shoa ka August 1993. Pele a e-shoa o ile a ngola taba e latelang: “Ke ile ka hōla ke le Moprostanta ’me hamorao ka nyaloa ke Mok’hatholike. Leha ho le joalo, ke ne ke bona ba bangata kerekeng ea heso ba itšoere hampe, kahoo ke ile ka khaotsa ho ea. Ausi oa ka e moholo o ne a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me ha a ne a nchaketse, o ile a mpolella lintho tseo a neng a ithuta tsona Bibeleng.
“Monna oa ka o ne a hanyetsa haholo ho ithuta ha ka Bibele. Esita le batsoali ba ka ba ile ba qala ho nkhanyetsa, haholo-holo ntate oa ka. Khanyetso ena e ile ea tsoela pele ka lilemo tse peli, empa ha e-ea ka ea ’nyahamisa, kaha ke ne ke kholisehile hore ke ne ke ithuta ’nete. Ha ke bolella monna oa ka hore ke lakatsa ho kolobetsoa, o ile a halefa haholo. O ile a nkotla ’me a nteleka lapeng. Kahoo ke ile ka tloha ’me ka lula ke le mong kamoreng e nyenyane e hiriloeng.
“Hamorao monna oa ka o ile a nkōpa hore ke khutle. E ne e se nako e telele ka mor’a hore ke khutle ha a qala ho fokola le ho kula. Ke ne ke maketse, kaha ka linako tsohle o ne a phela hantle. Qetellong re ile ra hlakeloa hore o ne a tšoeroe ke AIDS. A shoa ka 1987. Ka nako ena ke ne ke le pula-maliboho ea kamehla [moevangeli oa nako e tletseng], ’me le hoja ke ne ke se ke le mohlolohali ea nang le bana ba bahlano, ke ile ka tsoela pele ka tšebeletso ea ka ea bopula-maliboho.
“Lilemo tse ’nè hamorao, ka 1991, ke ile ka hlokomela hore monna oa ka o ne a ntšoaelitse AIDS. Ke ile ka qala ho fokola ’meleng le ho khophoha, boima ba ka ba ’mele bo ile ba theoha kapele-pele ’me ka hlaseloa khafetsa ke ntaramane. Ke ne ke ntse ke tsoela pele ke bula maliboho ’me ke ne ke khanna lithuto tsa Bibele tsa lehae tse 20, empa ha bophelo bo ntse bo fokola, ke ile ka tlameha ho li fokoletsa ho tse 16. Ba supileng ho liithuti tsena ba ile ba qetella ba kolobelitsoe.
“Le ka mohla ha kea ka ka ikutloa ke qheletsoe ka thōko kapa ke hatellehile maikutlo, kaha phutheho e ile ea e-ba setšehetso sa sebele ho ’na. Qetellong, ka hlōleha ho ea libokeng tse ling ka lebaka la ho fokola ’meleng. Baena ba ile ba nkhatisetsa tsona k’haseteng, ’me ka tsoela pele ke feptjoa moeeng. Baholo ba phutheho ba ile ba etsa lenane e le hore banab’eso ba batšehali ba moea ba ka nthusa ka litlhoko tsa ka ba fapanyetsana esita le ka ho hlola bosiu ba ntlhokometse. Leha ho le joalo, ke ne ke khathatsoa ke ntho e le ’ngoe—bana ba ka. Ke ile ka ipotsa, ‘Ho ne ho tla etsahala’ng ka bona ha ke shoele?’
“Afrika, hangata thepa ea mofu e nkuoa ke beng ka eena, kahoo ke ile ka rapela Jehova ke sa phetse ka taba ena. Ke ile ka qeta ka hore ke rekise ntlo ea ka le ho haha likamore tse nyenyane tse hirisoang e le hore bana ba ka ba ka ba le bolulo ka nako tsohle le chelete e seng kae e kenang kamehla. Baena ba phuthehong ba ile ba rekisa ntlo ea ka ’me ba khona ho reka setša se seng, ’me ba nkahela likamore tseo. Ke ile ka lula ka ho e ’ngoe ea tsona ’me ka ikutloa ke na le khotso ea kelello ka ho tseba hore bana ba ka ba ne ba tla hlokomeloa.
“Beng ka ’na ba ne ba halefile haholo hore e be ke ile ka rekisa ntlo, ’me ba ile ba nka khato ea molao khahlanong le ’na. Lekhetlong lena hape, baena ba ile ba ntšehetsa ’me ba ntšebeletsa taba eo. Re ile ra hlōla nyeoe eo ea molao. Le hoja hona joale ke ikutloa ke fokotse ho feta leha e le neng, mokhatlo o hlophisitsoeng o lerato oa Jehova le tšepo ea ’Muso li nthusa hore ke tsoele pele. Ka lebaka la boemo ba ka hona joale ke kene sepetlele. Ke ntse ke e-na le banab’eso ba batšehali ba moea ba ntlhokomelang le ho nthusa ka litlhoko tsa ka bosiu le motšehare, kaha sepetlele ha se fane ka lijo le mealo tse lekaneng.”
Ka mor’a hore Joyce a qete likhoeli tse tšeletseng a le sepetlele, o ile a lokolloa. Matsatsi a mabeli hamorao a shoa. Bana ba hae ba bahlano hona joale ba hlokomeloa ke khaitseli oa pula-maliboho ka phuthehong eo le eena a nang le bana ba bararo.
Tharollo
Uganda, moo AIDS e seng e ntse e le seoa, Mopresidente Yoweri Kaguta Museveni o ile a bolela: “Ke lumela hore karabelo e molemo ka ho fetisisa tšokelong e hlahisitsoeng ke AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ke hore ho tiisoe hape phatlalatsa le ka ho toba tlotla, tlhompho le boikarabelo tseo motho e mong le e mong a lokelang ho li bontša moahelani oa hae.” Ka bokhutšoaane, ho na le tlhokahalo ea hore ho khutleloe boitšoarong ba ho ba le molekane a le mong feela kahare ho tokisetso ea lenyalo. E mong le e mong o-oa lumela hore ena ke eona feela tsela ea ho bolokeha le tsela feela eo AIDS e ka laoloang ka eona. Leha ho le joalo, ba fokolang ba lumela hore litekanyetso tse joalo tsa boitšoaro li ka fihlelloa.
Lipaki tsa Jehova li har’a ba sa lumeleng feela hore boitšoaro bo joalo bo ka etsahala empa li hlile li itšoara joalo. Ho feta moo, joaloka Joyce, li na le tumelo tšepisong ea Molimo ea maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho tla ikahela teng. (2 Petrose 3:13) Joale lefatšeng le felisitsoeng bokhopo bohle, Jehova Molimo o tla phethahatsa tšepiso e tlalehiloeng ho Tšenolo 21:4: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ntate o nkile mora oa hae, ea bolauoeng ke AIDS, ho ea mo pata
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
WHO/E. Hooper